Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 5/1 maq. 8-13
  • “Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phethahatso e Sisimosang Nakong e Tlang e Haufi
  • Batho ba Mehleng ea Hae ba ne ba ka a Bona
  • Phethahatso e ’Ngoe e Tlang
  • Kahlolo e Larile ka Pele!
  • Na U Tla Pholoha ha Molimo a Nka Bohato?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • ‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Bolokoa ‘Molokong o Khopo’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Re Bolelle, Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 5/1 maq. 8-13

“Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala”

“Jesu . . . a re ho bona: ‘. . . Lintho tsena li lokela ho etsahala, empa ha e e-s’o be bofelo.’”—MATHEU 24:4-6.

1. Ke taba efe e lokelang ho hapa thahasello ea rōna?

HA HO pelaelo hore u thahasella bophelo bo hao le bokamoso ba hao. Joale e tlameha ebe u thahasella le taba e ileng ea hapa tlhokomelo ea C. T. Russell morao koo ka 1877. Russell, eo hamorao a ileng a theha Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a ngola The Object and Manner of Our Lord’s Return. Bukana ena e maqephe a 64 e ne e bua ka ho khutla ha Jesu, kapa ho tla ha hae ha nakong e tlang. (Johanne 14:3) Ka nako e ’ngoe ha a ne a le Thabeng ea Mehloaare, baapostola ba ile ba botsa ka ho khutla hoo: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao [kapa, “ho tla,” King James Version] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.

2. Ke hobane’ng ha ho e-na le maikutlo a mangata a hanyetsanang ka seo Jesu a se boletseng esale pele?

2 Na u tseba karabo ea Jesu ’me ua e utloisisa? E fumaneha Likosepeleng tse tharo. Moprofesa D. A. Carson o re: “Ke likhaolo tse seng kae feela tsa Bibele tse tsositseng ho se lumellane har’a bahlalosi ho feta ea Matheu 24 le tse tšoanang le eona ho Mareka 13 le Luka 21.” Joale o fana ka maikutlo a hae—ao e mpang e le a mang a maikutlo a batho a loantšanang. Hoo e ka bang lekholong la lilemo le fetileng, maikutlo a mangata a joalo a ne a bontša ho hloka tumelo. Ba neng ba fana ka ’ona ba ne ba utloisisa hore ha ho mohla Jesu a kileng a bua seo re se balang Likosepeleng, hore seo a ileng a se bua se ile sa fetoloa hamorao, kapa hore seo a se boletseng esale pele se ile sa hlōleha—ke maikutlo a qapiloeng ke tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele. Mohlalosi e mong o bile a talima Kosepele ea Mareka ‘ho latela pono ea filosofi ea Mahayana-Buddhist’!

3. Lipaki tsa Jehova li utloisisa boprofeta ba Jesu joang?

3 Ka ho fapaneng, Lipaki tsa Jehova li amohela bonnete le botšepehi ba Bibele, ho kopanyelletsa le seo Jesu a se boleletseng baapostola ba bane ba neng ba e-na le eena Thabeng ea Mehloaare matsatsi a mararo pele ho lefu la hae. Ho tloha mehleng ea C. T. Russell, butle-butle batho ba Molimo ba ’nile ba e-ba le kutloisiso e hlakileng ea boprofeta boo Jesu a ileng a fana ka bona moo. Lilemong tse seng kae tse fetileng, Molula-Qhooa o hlakisitse haholoanyane pono ea bona ka boprofeta bona esita le ho e atolosa. Na u amohetse boitsebiso boo, u bona tšusumetso ea bona bophelong ba hao?a A re bo hlahlobeng.

Phethahatso e Sisimosang Nakong e Tlang e Haufi

4. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe baapostola ba ile ba botsa Jesu mabapi le nako e tlang?

4 Baapostola ba ne ba tseba hore Jesu ke Mesia. Ka hona, ha ba ne ba utloa a bua ka lefu la hae, tsoho le ho khutla, e tlameha ebe ba ile ba makala, ‘Haeba Jesu a e-shoa ’me a tsamaea, o tla phethahatsa joang lintho tse babatsehang tseo ho lebeletsoeng hore Mesia a li phethahatse?’ Ho feta moo, Jesu o ile a bua ka bofelo ba Jerusalema le tempele ea eona. E ka ’na eaba baapostola ba ile ba ipotsa, ‘Seo se tla etsahala neng hona joang?’ Ha ba leka ho utloisisa lintho tsena, baapostola ba ile ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ha lintho tsee tsohle li reretsoe ho fihla qetellong?”—Mareka 13:4; Matheu 16:21, 27, 28; 23:37–24:2.

5. Lipolelo tsa Jesu li ile tsa phethahala joang lekholong la pele la lilemo?

5 Jesu o boletse esale pele hore ho ne ho tla ba le lintoa, litlala tsa sekoboto, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, ho hlouoa le ho hlorisoa ha Bakreste, bo-mesia ba bohata le ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso ka ho pharaletseng. Joale bofelo bo ne bo tla tla. (Matheu 24:4-14; Mareka 13:5-13; Luka 21:8-19) Jesu o buile sena mathoasong a selemo sa 33 C.E. Lilemong tse mashome tse latelang, barutuoa ba hae ba falimehileng ba ne ba ka hlokomela hore lintho tse boletsoeng esale pele li ne li hlile li etsahala ka tsela e ikhethang. E, histori e bontša hore pontšo eo e ile ea phethahala ka nako eo, e lebisa ho felisoeng ha tsamaiso ea Sejuda ea lintho ke Baroma ka 66-70 C.E. See se etsahetse joang?

6. Ho ile ha etsahala eng lipakeng tsa Baroma le Bajuda ka 66 C.E.?

6 Lehlabuleng le chesang la Judea ka 66 C.E., ba Chesehelang Bojuda ka ho Feteletseng ba ile ba etella pele tlhaselong ea balebeli ba Baroma qhobosheaneng e pel’a tempele e Jerusalema, ba tsosa pefo sebakeng se seng naheng eo. Moprofesa Heinrich Graetz, ho History of the Jews, o re: “Cestius Gallus, eo mosebetsi oa hae joaloka ’Musisi oa Syria e neng e le ho phahamisa tlhompho ea mabotho a Roma, . . . o ne a ke ke a hlola a bona ka mahlo bofetoheli bo namang ho mo potoloha a sa leke ho thibela hore bo tsoele pele. O ile a bokella mabotho a hae a sesole a maholo, ’me mahosana a linaheng tsa boahelani a ile a ithaopela ho romela makhotla a ’ona a bahlabani.” Lebotho lena la masole a 30 000 le ile la lika-liketsa Jerusalema. Ka mor’a ho loana ho ea bohōleng bo itseng, Bajuda ba ile ba chechela ka mor’a marako a pel’a tempele. “Matsatsing a mahlano a latellanang Baroma ba ile ba hlasela marako ana, empa kamehla ba ne ba tlameha ho checha ka pel’a metsu ea Bajudea. E bile feela ka letsatsi la botšelela moo ba ileng ba atleha ho cheka karolo e itseng ea lerako le ka leboea ka pel’a Tempele.”

7. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba ka talima lintho ka tsela e fapaneng le ea Bajuda ba bangata?

7 Ak’u nahane hore na Bajuda ba ile ba ferekana hakaakang, kaha e ne e le khale ba ntse ba nahana hore Molimo o ne a tla ba sireletsa le motse oa bona o halalelang! Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba ne ba ile ba lemosoa esale pele hore Jerusalema e ne e letetsoe ke tlokotsi. Jesu o ne a boletse esale pele: “Matsatsi a tla u tlela a ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota ’me li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me ha li na ho tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.” (Luka 19:43, 44) Empa na seo se ne se tla bolela lefu ho Bakreste ba leng ka har’a Jerusalema ka 66 C.E.?

8. Jesu o ile a bolela esale pele ka tlokotsi efe, ’me “bakhethoa” e ne e le bo-mang bao matsatsi a neng a tla khutsufatsoa ka lebaka la bona?

8 Ha a araba baapostola Thabeng ea Mehloaare, Jesu o ile a bolela esale pele: “Matsatsi ao e tla ba matsatsi a matšoenyeho ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo, ’me ha a na ho ba teng hape. Ha e le hantle, hoja Jehova o ne a sa khutsufatsa matsatsi ao, ha ho nama e neng e tla pholoha. Empa ka lebaka la bakhethoa bao a ba khethileng o khutsufalitse matsatsi ao.” (Mareka 13:19, 20; Matheu 24:21, 22) Ka hona, matsatsi ao a ne a tla khutsufatsoa ’me “bakhethoa” ba pholohe. E ne e le bo-mang? Ka sebele e ne e se Bajuda ba bafetoheli ba neng ba ipolela hore ba rapela Jehova empa ba lahlile Mora oa hae. (Johanne 19:1-7; Liketso 2:22, 23, 36) Bao ka sebele e leng bakhethoa morao koo e ne e le Bajuda le bao e seng Bajuda ba neng ba sebelisa tumelo ho Jesu joaloka Mesia le Mopholosi. Molimo o ne a khethile ba joalo, ’me ka Pentekonta ea 33 C.E., o ne a ba entse sechaba se secha sa moea, “Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 6:16; Luka 18:7; Liketso 10:34-45; 1 Petrose 2:9.

9, 10. Matsatsi a tlhaselo ea Baroma a ile a ‘khutsufatsoa’ joang, hona e le ka phello efe?

9 Na matsatsi a ile a ‘khutsufatsoa’ ’me bakhethoa ba tlotsitsoeng ba Jerusalema ba pholoha? Moprofesa Graetz o re: “[Cestius Gallus] o ile a ba le maikutlo a hore ha ho molemo ho tsoela pele ho loantša bahale ba chesehang le ho qalisa phutuho ea nako e telele nakong eo ea selemo, ha lipula tsa lehoetla li ne li tla tloha li qala ho na . . . ’me ho ne ho ka etsahala hore li sitise lebotho la ntoa ho fumana lijo. Ka lebaka leo, mohlomong o ile a nahana hore ho bohlale haholoanyane ho menahana le mehlala.” Ho sa tsotellehe hore na Cestius Gallus o ne a nahana eng, lebotho la ntoa la Baroma le ile la tloha motseng oo, ka tahlehelo e khōlō e bakiloeng ke Bajuda ba ba lelekisang.

10 Ho checha hoo ho makatsang ha Baroma ho ile ha lumella “nama”—barutuoa ba Jesu ba neng ba le kotsing ka har’a Jerusalema—hore ba pholohe. Histori e tlaleha hore ha monyetla ona o hlaha, Bakreste ba ile ba baleha sebakeng seo. Ke pontšo e kaakang ea matla a Molimo a ho tseba bokamoso esale pele le ho tiisa hore barapeli ba hae baa pholoha! Empa ho thoe’ng ka Bajuda ba sa lumelang ba neng ba setse Jerusalema le Judea?

Batho ba Mehleng ea Hae ba ne ba ka a Bona

11. Jesu o ile a re’ng ka “moloko ona”?

11 Bajuda ba bangata ba ne ba e-na le maikutlo a hore tsamaiso ea bona ea borapeli, eo setsi sa eona e neng e le tempele, e ne e tla tsoela pele ka nako e telele. Empa Jesu o itse: “Ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga . . . : Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, le tsebe hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi o menyako. Kannete ke re ho lōna moloko ona ho hang ha o na ho feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala. Leholimo le lefatše li tla feta, empa mantsoe a ka ho hang ha a na ho feta.”—Matheu 24:32-35.

12, 13. Barutuoa ba ne ba tla utloisisa polelo ea Jesu mabapi le “moloko ona” joang?

12 Lilemong tse etellang 66 C.E. pele, e tlameha ebe Bakreste ba ile ba bona ha likarolo tse ngata tsa motheo tsa pontšo e nang le likarolo tse ngata li phethahala—lintoa, litlala, esita le boboleli bo pharaletseng ba litaba tse molemo tsa ’Muso. (Liketso 11:28; Bakolose 1:23) Leha ho le joalo, bofelo bo ne bo tla tla neng? Jesu o ne a bolela eng ha a ne a re: ‘Moloko ona [ka Segerike, ge·ne·aʹ] ha o na ho feta’? Jesu o ne a atisa ho bitsa matšoele a mehleng ea hae a Bajuda ba hanyetsang, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli, ‘moloko o khopo, o febang.’ (Matheu 11:16; 12:39, 45; 16:4; 17:17; 23:36) Ka hona, ha a le Thabeng ea Mehloaare, o ile a boela a bua ka “moloko ona,” ho hlakile hore o ne a sa bue ka morabe ’ohle oa Bajuda ho theosa le histori; leha e le hona hore o ne a bua ka balateli ba hae, le hoja e ne e le “morabe o khethiloeng.” (1 Petrose 2:9) Jesu o ne a sa re “moloko ona” ke nako ea bolelele bo itseng.

13 Ho e-na le hoo, Jesu o ne a nahanne ka Bajuda ba hanyetsang morao koo ba neng ba tla latsoa ho phethahala ha pontšo eo a faneng ka eona. Mabapi le moo ho buuoang ka “moloko ona” ho Luka 21:32, Moprofesa Joel B. Green o re: “Kosepeleng ea Boraro, ‘moloko ona’ (le lipoleloana tse amanang le oona) kamehla o ’nile oa bolela sehlopha sa batho ba hanyetsang morero oa Molimo. . . . [O bua] ka batho bao ka manganga ba furallang morero oa Molimo.”b

14. “Moloko” oo o ile oa thulana le eng, empa ke joang ho bileng le phello e fapaneng ho Bakreste?

14 Moloko o khopo oa bahanyetsi ba Bajuda o neng o ka bona pontšo ha e phethahala le oona o ne o tla bona bofelo. (Matheu 24:6, 13, 14) ’Me o ile oa fela oa bo bona! Ka 70 C.E., lebotho la ntoa la Roma le ile la khutla, le eteletsoe pele ke Tite, mora oa Moemphera Vespasian. Mahlomola a Bajuda ba ileng ba boela ba thibelloa motseng e batla e le ao ho leng thata ho a lumela.c Paki e boneng ka mahlo Flavius Josephus e tlaleha hore ka nako eo Baroma ba neng ba ripitla motse ona ka eona, Bajuda ba ka bang 1 100 000 ba ile ba e-shoa ’me ba ka bang 100 000 ba ile ba etsoa batlamuoa, e leng bao bongata ba bona ba neng ba tla tloha ba e-shoa habohloko ka lebaka la tlala kapa ba shoella mabaleng a liketsahalo a Roma. Ka sebele, matšoenyeho a 66-70 C.E. e ne e le a maholo ka ho fetisisa ao Jerusalema le tsamaiso ea Bajuda e kileng ea e-ba ho ’ona leha e le hore e sa tla ba ho ’ona le ka mohla. Phello e ne e fapane hakaakang ho Bakreste ba neng ba etse hloko temoso ea Jesu ea boprofeta ’me ba tlohile Jerusalema ka mor’a hore mabotho a ntoa a Roma a tlohe ka 66 C.E.! Bakreste ba tlotsitsoeng, “bakhethoa,” ba ile ba “pholoha,” kapa ba bolokoa ba sireletsehile, ka 70 C.E.—Matheu 24:16, 22.

Phethahatso e ’Ngoe e Tlang

15. Re ka tiiseha joang hore boprofeta ba Jesu bo ne bo tla ba le phethahatso e khōloanyane ka mor’a 70 C.E.?

15 Leha ho le joalo, eo e ne e se qetello. Pejana, Jesu o ne a ile a bontša hore ka mor’a hore motse o ripitloe, o ne a tla tla ka lebitso la Jehova. (Matheu 23:38, 39; 24:2) Joale o ile a hlakisa sena boprofeteng ba hae ba Thabeng ea Mehloaare. Ha a se a buile ka “matšoenyeho a maholo” a tlang, o ile a re ka mor’a moo Bo-Kreste ba bohata ba ne ba tla hlaha, ’me Jerusalema e ne e tla hatakeloa ke lichaba ka nako e teletsana. (Matheu 24:21, 23-28; Luka 21:24) Na ho ka etsahala hore ebe phethahatso e ’ngoe, e khōloanyane e ne e tla tla? Linnete li araba ka e. Ha re bapisa Tšenolo 6:2-8 (e ngotsoeng ka mor’a matšoenyeho a Jerusalema ka 70 C.E.) le Matheu 24:6-8 le Luka 21:10, 11, rea bona hore ntoa, likhaello tsa lijo le mafu a seoa ka tekanyo e khōloanyane li ne li larile ka pele. Mantsoe ana a Jesu a ’nile a phethahala ka tekanyo e khōloanyane ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qhoma ka 1914.

16-18.Re lebeletse hore ho sa ntse ho tla etsahala eng?

16 Hona joale ka lilemo tse mashome, Lipaki tsa Jehova li rutile hore ho phethahala ha kajeno ha pontšo ena ho paka hore “matšoenyeho a maholo” a sa ntse a e-tla. “Moloko” o khopo oa kajeno o tla bona matšoenyeho ao. Ho bonahala hore ho tla boela ho e-ba le karolo e qalang (tlhaselo ea bolumeli ba bohata), hantle feela joalokaha tlhaselo ea Gallus ka 66 C.E. e ile ea qalisa matšoenyeho a Jerusalema.d Joale, ka mor’a khefu eo bolelele ba eona bo sa boleloang, bofelo bo tla tla—timetso ea lefatše lohle, e tšoanang le ea 70 C.E.

17 Ha a bua ka matšoenyeho a larileng ka pel’a rōna, Jesu o itse: “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao [ho felisoa ha bolumeli ba bohata] letsatsi le tla fifala, ’me khoeli ha e na ho fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha. ’Me joale pontšo ea Mora oa motho e tla bonahala leholimong, ’me joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla, ’me e tla bona Mora oa motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō.”—Matheu 24:29, 30.

18 Kahoo, Jesu ka boeena o bolela hore “ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao,” limakatso tsa leholimo tsa mofuta o itseng li tla ba teng. (Bapisa le Joele 2:28-32; 3:15.) Sena se tla tšosa le ho makatsa batho ba sa mameleng hoo ba tla “ikotla ka lebaka la ho lla.” Ba bangata ba tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Empa Bakreste ba ’nete ba ke ke ba e-ba boemong bo joalo! Bona ba tla ‘phahamisa lihlooho, hobane topollo ea bona ea atamela.’—Luka 21:25, 26, 28.

Kahlolo e Larile ka Pele!

19. Re ka fumana joang hore na papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng?

19 Hlokomela hore Matheu 24:29-31 e bolela esale pele hore (1) Mora oa motho oa tla, (2) ho tla hona ho tla ba ka khanya e khōlō, (3) mangeloi a tla ba le eena, ’me (4) meloko eohle ea lefatše e tla mo bona. Jesu o pheta likarolo tsena papisong ea linku le lipōli. (Matheu 25:31-46) Kahoo, re ka etsa qeto ea hore papiso ena e sebetsana le nako, ka mor’a ho qhoma ho qalang ha matšoenyeho, ha Jesu a e-tla le mangeloi a hae ’me a lula teroneng ea hae hore a ahlole. (Johanne 5:22; Liketso 17:31; bapisa le 1 Marena 7:7; Daniele 7:10, 13, 14, 22, 26; Matheu 19:28.) Ho tla ahloloa bo-mang, hona e le ka phello efe? Papiso ena e bontša hore Jesu o tla lebisa tlhokomelo ho lichaba tsohle, joalokaha eka li bokane ka pel’a terone ea hae ea leholimo.

20, 21. (a) Ho tla etsahala eng ka linku tsa papiso ea Jesu? (b) Lipōli li tla thulana le eng nakong e tlang?

20 Banna le basali ba kang linku ba tla behoa ka lehlakoreng le letona la Jesu la kamohelo. Hobane’ng? Hobane ba ile ba sebelisa menyetla ea bona ea ho etsetsa barab’abo se molemo—Bakreste ba tlotsitsoeng, ba tlang ho kopanela le Kreste ’Musong oa leholimo. (Daniele 7:27; Baheberu 2:9–3:1) Tumellanong le papiso ena, Bakreste ba limilione ba kang linku ba hlokometse barab’abo Jesu ba moea ’me ba ’nile ba ba tšehetsa. Ka lebaka leo, “bongata [bona] bo boholo” bo na le tšepo e thehiloeng Bibeleng ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ ebe bo phela ka ho sa feleng Paradeiseng, karolo ea lefatšeng ea ’Muso oa Molimo.—Tšenolo 7:9, 14; 21:3, 4; Johanne 10:16.

21 Phello e tla ba e fapaneng hakaakang bakeng sa lipōli! Ho Matheu 24:30 li hlalosoa e le tse ‘ikotlang ka lebaka la ho lla’ ha Jesu a e-tla. ’Me li na le lebaka la ho lla, hobane li tla be li iketselitse tlaleho ea ho hana litaba tse molemo tsa ’Muso, ea ho hanyetsa barutuoa ba Jesu le ho rata lefatše le fetang. (Matheu 10:16-18; 1 Johanne 2:15-17) Jesu—eseng morutuoa leha e le ofe oa hae oa lefatšeng—o etsa qeto ea hore na lipōli ke bo-mang. Ha a bua ka tsona o re: “Bana ba tla ea ho khaoloeng ho sa feleng.”—Matheu 25:46.

22.Ke karolo efe ea boprofeta ba Jesu eo re lokelang ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho eona?

22 Tsoelo-pele ea rōna kutloisisong ea boprofeta ba Matheu khaolo ea 24 le ea 25 e ’nile ea e-ba e thabisang. Leha ho le joalo, ho na le karolo ea boprofeta ba Jesu eo re lokelang ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho eona—‘ntho e nyonyehang e bakang lesupi e emeng sebakeng se halalelang.’ Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae ho sebelisa temoho mabapi le sena le ho itokisetsa ho nka bohato. (Matheu 24:15, 16) “Ntho e nyonyehang” ee ke eng? E ema sebakeng se halalelang neng? ’Me litebello tsa rōna tsa hona joale le tsa nakong e tlang li ameha joang? Sehlooho se latelang se tla bua ka hona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona lihlooho tse ithutoang litokollong tsa Molula-Qhooa oa February 15, 1994; October 15 le November 1, 1995; le August 15, 1996.

b Setsebi sa Brithani G. R. Beasley-Murray sea hlokomela: “Poleloana ‘moloko ona’ ha ea lokela ho bakela bahlalosi bothata. Le hoja bonneteng genea Segerikeng sa pele e ne e bolela tsoalo, bana le morabe, . . . ho [Septuagint ea Segerike] ka makhetlo a mangata e fetoletse lentsoe la Seheberu dôr, le bolelang nako, nako ea moloko oa batho kapa moloko ka kutloisiso ea batho ba mehleng ea motho ea itseng. . . . Lipolelong tseo ho thoeng Jesu o li buile, ho bonahala hore lentsoe lena le na le moelelo o habeli: ka lehlakoreng le leng hangata le bolela batho ba mehleng ea hae, ’me ka ho le leng hangata le bolela se ka utloisisoang e le ho tšoaea phoso.”

c Ho History of the Jews, Moprofesa Graetz o bolela hore ka linako tse ling Baroma ba ne ba khokhothela batšoaruoa ba 500 thupeng ka letsatsi. Bajuda ba bang ba hapiloeng ba ile ba pongoa matsoho eaba ba khutlisetsoa motseng. Ke maemo afe a neng a le teng moo? “Chelete e ne e feletsoe ke matla, hobane e ne e ke ke ea reka bohobe. Banna ba ne ba loana e mahlo-mafubelu literateng ba tseka lijo tse litšila le tse nyonyehang ka ho fetisisa, lefupu la setoroi, sekhechana sa letlalo, kapa litsekana tsa lona tse akhetsoeng lintja. . . . Litopo tse sa epeloang tseo palo ea tsona e neng e eketseha ka potlako li ile tsa etsa hore moea oa lehlabula le chesang, le mongobo li bake mafu a seoa, ’me batho feela ba tloaelehileng ba ile ba hlaseloa ke ho kula, tlala le sabole.”

d Sehlooho se latelang se bua ka karolo ena ea matšoenyeho a nakong e tlang.

Na U sa Hopola?

◻ Matheu 24:4-14 e ile ea phethahala joang lekholong la pele la lilemo?

◻ Nakong ea baapostola, ke joang matsatsi a ileng a khutsufatsoa le nama e ileng ea pholosoa, joalokaha Matheu 24:21, 22 e boletse esale pele?

◻ “Moloko” o boletsoeng ho Matheu 24:34 o ne o khetholloa ka eng?

◻ Re tseba joang hore boprofeta bo fanoeng Thabeng ea Mehloaare bo ne bo tla ba le phethahatso e ’ngoe, e khōloanyane?

◻ Papiso ea linku le lipōli e tla phethahala neng hona joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Makolopetso a mabapi le Areka ea Tite Roma, a bontšang thepa e hapiloeng ha ho timetsoa Jerusalema

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Soprintendenza Archeologica di Roma

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela