Motho e Mong le e Mong o Tla Lokoloha
“Ke lekanya hore litlhokofatso tsa nako ea hona joale hase letho ha li bapisoa le khanya e tlang ho senoloa ho rōna. Etsoe tebello e nang le taba-tabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo. Etsoe rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”—BAROMA 8:18-22.
KAROLONG ena ea lengolo la hae le neng le e-ea ho Bakreste ba Roma, moapostola Pauluse o fana ka tlhaloso e totobetseng ea hore na ke hobane’ng ha bophelo bo hloka tokoloho ea sebele ’me hangata bo tsebahala ka ho hloka thabo le bohloko. O boetse o hlalosa hore na re ka fumana tokoloho ea sebele joang.
“Litlhokofatso Tsa Nako ea Hona Joale”
Pauluse ha a nyenyefatse “litlhokofatso tsa nako ea hona joale” ha a re “hase letho ha li bapisoa le khanya e tlang ho senoloa ho rōna.” Mehleng ea Pauluse, esita le hamorao, Bakreste ba ile ba utloa bohloko bo boholo tlas’a puso e thata ea bohatelli ea ba boholong Roma, ba neng ba sa tsotelle litokelo tsa batho. Ka nako e ’ngoe, Roma e kile ea lumela hore Bakreste ke lira tsa Naha, ea ba hatella ka sehlōhō. Rahistori J. M. Roberts o re: “Ka sebele, Bakreste ba bangata motse-moholo [Roma] ba ile ba shoa ka sehlōhō lebaleng la boithabiso kapa ba ile ba chesoa ba ntse ba phela.” (Shorter History of the World) Mabapi le liphofu tsena tsa mahloriso a Nero, tlaleho e ’ngoe e re: “Ba bang ba ile ba thakhisoa sefapanong, ba bang ba rokelloa matlalo a liphoofolo ’me ba tsongoa ka lintja, ba bang ba tlotsoa hohle ka boka bo botšo ’me ba chesoa ba ntse ba phela e le hore e ka ba lirumula tse phelang ha ho fifala.”—New Testament History, ka F. F. Bruce.
Ka sebele, Bakreste bao ba pele ba ne ba ka rata ho lokoloha khatellong e joalo, empa ba ne ba sa ikemisetsa ho hlokomoloha lithuto tsa Jesu Kreste hore ba lokolohe. Ka mohlala, ba ile ba lula ba sa nke lehlakore ka ho feletseng ntoeng e neng e le lipakeng tsa babusi ba Roma le Bajuda ba neng ba loanela tokoloho, ba kang Mazealot. (Johanne 17:16; 18:36) Ho latela Mazealot, “boemo boo bo bobe ba nakong eo bo ne bo sa hloke hore ho ’ne ho buuoe ka hore ho letetsoe nako e tšoanetseng ea Molimo.” A ile a re se neng se hlokahala ke “khato e mabifi khahlanong le sera,” e leng Roma. (New Testament History) Bakreste ba pele ba ile ba nahana ka tsela e fapaneng le eo. Ho bona, ho ‘letela nako e tšoanetseng ea Molimo’ e ne e le eona feela khetho e utloahalang. Ba ne ba kholisehile hore ha ho letho le ka felisang ka ho feletseng “litlhokofatso tsa nako ea hona joale,” ’me la tlisa tokoloho ea sebele e tšoarellang, haese feela hore Molimo a kenelle. (Mikea 7:7; Habakuke 2:3) Leha ho le joalo, pele re hlahloba hore na seo se tla etsahala joang, a re ke re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha qalong, “pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela.”
Ho “Behoa Tlas’a Lefeela”
Ho The Emphatic Diaglott, Benjamin Wilson o re lentsoe “pōpo” mona ha le bolele “pōpo e khopo le e se nang bophelo,” joalokaha ba bang ba bolela, empa ho e-na le hoo, le bolela “moloko oohle oa batho.” (Bapisa le Bakolose 1:23.) Le bolela lelapa lohle la motho—rōna bohle ba laba-labelang tokoloho. Re ile ra “behoa tlas’a lefeela” ka lebaka la liketso tsa batsoali ba rōna ba pele. E ne ‘e se ka thato ea rōna’ kapa ka lebaka la khetho eo motho ka mong a iketselitseng eona sena se etsahetseng. Boemo bona ba rōna re bo futsitse. Ho latela pono ea Mangolo, Rousseau o ne a fositse ha a re “motho o tsoetsoe a lokolohile.” E mong le e mong oa rōna o tsoaletsoe litlamong tsa sebe le ho se phethahale, ho ka thoe, e le lekhoba tsamaisong e tletseng pherekano le lefeela.—Baroma 3:23.
Ke hobane’ng ha see se etsahetse? Hobane batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba batla ho “ba joaloka Molimo,” ba be le tokoloho e feletseng ea ho ikhethela, ho iketsetsa liqeto tsa se nepahetseng le se fosahetseng. (Genese 3:5, NW) Ba ile ba hlokomoloha ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa ka tokoloho. Ke ’Mōpi feela ea ka bang le tokoloho e feletseng. Ke ’Musi oa Bokahohleng. (Esaia 33:22; Tšenolo 4:11) Tokoloho ea motho e lokela ho ba tokoloho e nang le meeli. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore morutuoa Jakobo a khothalletse Bakreste ba mehleng ea hae hore ba busoe ke ‘molao o phethahetseng oo e leng oa tokoloho.’—Jakobo 1:25.
Ka nepo, Jehova o ile a leleka Adama le Eva lelapeng la hae la bokahohle, ’me ka lebaka leo ba ile ba shoa. (Genese 3:19) Empa ho thoe’ng ka bana ba bona? Ka mosa, Jehova o ile a ba lumella hore ba tsoale bana, le hoja joale ba ne ba tla fetisetsa feela ho bona ho se phethahale, sebe le lefu. Kahoo, “lefu [le ile] la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12) Ka kutloisiso eo, Molimo o ile a ‘beha pōpo tlas’a lefeela.’
“Ho Senoloa ha Bara ba Molimo”
Jehova o ile a beha pōpo tlas’a lefeela “motheong oa tšepo” ea hore ka letsatsi le leng tokoloho e tla boela e be teng lelapeng la motho ka mesebetsi ea “bara ba Molimo.” “Bara [baa] ba Molimo” ke bo-mang? Ke barutuoa ba Jesu Kreste bao, joaloka ‘pōpo eohle ea batho,’ ba tsoaletsoeng bokhobeng ba sebe le ho se phethahale. Ka tsoalo, ha ba na sebaka se loketseng lelapeng la Molimo la bokahohle le hloekileng le le phethahetseng. Empa Jehova o ba etsetsa ntho e ’ngoe e khethehileng. Ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Krete, O ba lokolla litlamong tsa sebe se futsitsoeng ’me o ba bolela ba “lokile,” kapa ba hloekile moeeng. (1 Bakorinthe 6:11) Joale o ba amohela e le “bara ba Molimo,” a ba khutlisetsa lelapeng la hae la bokahohleng.—Baroma 8:14-17.
E le bara ba amohetsoeng ba Jehova, ba tla ba le tokelo e khanyang. E tla ba “baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše,” haufi le Jesu Kreste e le karolo ea ’Muso oa leholimo oa Molimo, kapa puso. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4) Ona ke ’muso o thehiloeng ka tieo melao-motheong ea tokoloho le toka—eseng khatellong le bompoling. (Esaia 9:6, 7; 61:1-4) Moapostola Pauluse o re bara bana ba Molimo ke metsoalle ea Jesu, “peō ea Abrahama” e ileng ea tšepisoa khale. (Bagalata 3:16, 26, 29) Ka hona, ba phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatseng tšepiso eo Molimo a ileng a e etsetsa motsoalle oa hae Abrahama. Karolo ea tšepiso eo ke hore ka peō ea Abrahama (kapa, bana), “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa.”—Genese 22:18.
Ke litlhohonolofatso life tseo ba li tlisetsang moloko oa batho? Bara ba Molimo ba kenya letsoho ho lokolleng lelapa lohle la motho liphellong tse bohloko tsa sebe sa Adama le ho khutlisetseng moloko oa batho phethehong. Batho ‘ba tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho’ ba ka itlhohonolofatsa ka ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste le ka ho ikokobelletsa puso ea ’Muso oa hae o molemo. (Tšenolo 7:9, 14-17; 21:1-4; 22:1, 2; Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ka tsela ena, “pōpo eohle” e tla boela e thabele “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Ona e ke ke ea e-ba mofuta o lekanyelitsoeng oa tokoloho ea nakoana ea lipolotiki, empa ho e-na le hoo, e tla ba tokoloho nthong e ’ngoe le e ’ngoe e ’nileng ea bakela lelapa la motho bohloko le tsieleho haesale Adama le Eva ba lahla bobusi ba Molimo. Hase feela moapostola Pauluse a neng a ka re “litlhokofatso tsa nako ea hona joale hase letho” ha li bapisoa le tšebeletso e khanyang eo ba tšepahalang ba tla e etsa!
“Ho senoloa ha bara ba Molimo” ho qala neng? Hona joale haufinyane, ha Jehova a hlakisa ho bohle hore na bara ba Molimo ke bo-mang. Sena e tla ba ha “bara” bana, ba tla beng ba tsoselitsoe boemong ba moea, ba kopanela le Jesu Kreste ho hloekiseng lefatše lena la bokhopo le khatello ka ntoa ea Molimo ea Harmagedone. (Daniele 2:44; 7:13, 14, 27; Tšenolo 2:26, 27; 16:16; 17:14; 19:11-21) Re bona bopaki bo ntseng bo eketseha ho re pota-pota ba hore re hare-hare ho ‘matsatsi a ho qetela,’ ha mamello ea nako e telele eo ka eona Molimo a mameletseng borabele le phello ea bona e khopo e tla fela.—2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-31.
E, joalokaha moapostola Pauluse a bolela, ke ’nete hore “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale”—empa ha e sa tla ba halelele hakaalo. Ba limilione ba phelang hona joale ba tla bona “tsosoloso ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale,” e tla kopanyelletsa ho tsosolosoa ha khotso, tokoloho le toka lelapeng lohle la motho.—Liketso 3:21.
Tokoloho ea Sebele Qetellong
U lokela ho etsa eng hore u thabele “tokoloho [ee] e khanyang ea bana ba Molimo”? Jesu Kreste o itse: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, ’me le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Ke sona senotlolo sa tokoloho—ho ithuta le ho mamela litaelo tsa Kreste le lithuto tsa hae. Sena se tlisa tokoloho e itseng esita le hona joale. Bokamosong bo haufi, se tla tlisa tokoloho e feletseng tlas’a puso ea Kreste Jesu. Tsela e molemo ke ho tseba ‘lentsoe’ la Jesu ka ho ithuta Bibele. (Johanne 17:3) Joaloka Bakreste ba pele, kopanela ka mafolofolo le phutheho ea barutuoa ba ’nete ba Kreste. Ka ho etsa joalo, u ka rua molemo linneteng tse lokollang tseo Jehova a etsang hore li fumanehe ka mokhatlo oa hae kajeno.—Baheberu 10:24, 25.
Ha u ntse u “letetse ho senoloa ha bara ba Molimo,” u ka ’na ua hlaolela kholiseho e tšoanang le eo moapostola Pauluse a neng a e-na le eona ka tlhokomelo le tšehetso tse sireletsang tsa Kreste, le ka tšehetso ea hae, esita le haeba mahlomola le ho hloka toka li bonahala eka ha li mamellehe. Ka mor’a hore a bue ka ho senoloa ha bara ba Molimo, Pauluse o ile a botsa: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste? Na e tla ba matšoenyeho kapa mahlomola kapa mahloriso kapa tlala kapa tlhobolo kapa kotsi kapa sabole?” (Baroma 8:35) Ka sebele, Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ne ba ntse ba le “litlamong” tsa matla a hatellang a mofuta ona kapa oane, ha re sebelisa mantsoe a Rousseau. Ba ne ba ‘ntse ba bolaoa letsatsi lohle’ joaloka “linku tsa ho hlajoa.” (Baroma 8:36) Na ba ile ba lumella seo hore se ba nyahamise?
Pauluse oa ngola: “Ho fapana le hoo, linthong tsena tsohle re hlaha re hlōtse ka ho feletseng ka ea ileng a re rata.” (Baroma 8:37) Na ba ne ba ka hlōla ho sa tsotellehe sohle seo Bakreste ba pele ba neng ba tlameha ho se mamella? Joang? O re ha a arabela: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe ha li na ho khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rona.” (Baroma 8:38, 39) Le uena u ka “‘hlōla’ matšoenyeho kapa mahlomola kapa mahloriso” leha e le afe ao u ka ’nang ua tlameha ho a mamella hona joale. Lerato la Molimo le re tiisetsa hore haufinyane—haufinyane haholo, hona joale—re “tla lokolloa bokhobeng [bohle] . . . ’me [re] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
“Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘Pōpo e tla lokolloa bokhobeng bohle ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo’