Tsoelang Pele le Tsamaea Tseleng ea Jehova
“U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše.”—PESALEME EA 37:34.
1, 2. Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho ne ho akarelletsa eng ho Morena Davida, ’me rōna ho re hloka eng kajeno?
“NTSEBISE tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona, etsoe ke phahamiselitse moea oa ka ho uena.” (Pesaleme ea 143:8, NW) Kajeno, Bakreste ba pheta ka pelo eohle mantsoe ao a Morena Davida. Ba batla ho thabisa Jehova ka lipelo tsa bona tsohle le ho tsamaea tseleng ea hae. See se akarelletsa eng? Ho Davida, se ne se bolela ho boloka molao oa Molimo. Se ne se kopanyelletsa ho tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa lilekane le lichaba. E, ho ne ho bolela ho sebeletsa Jehova ka botšepehi bo sa sekisetseng, eseng ho sebeletsa melimo ea lichaba tse neng li ahisane le bona. Ho Bakreste, ho tsamaea tseleng ea Jehova ho akarelletsa ho fetang hoo.
2 Har’a tse ling, ho tsamaea tseleng ea Jehova kajeno ho bolela ho sebelisa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste, ho lumela hore ke eena “tsela le ’nete le bophelo.” (Johanne 3:16; 14:6; Baheberu 5:9) Ho boetse ho bolela ho phethahatsa “molao oa Kreste,” o kopanyelletsang ho bontšana lerato, haholo-holo ho barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng. (Bagalata 6:2; Matheu 25:34-40) Ba tsamaeang tseleng ea Jehova ba rata melao ea hae le litaelo tsa hae. (Pesaleme ea 119:97; Liproverbia 4:5, 6) Ba nka tokelo ea bona ea ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste e le ea bohlokoa. (Bakolose 4:17; 2 Timothea 4:5) Thapelo ke karolo ea kamehla ea bophelo ba bona. (Baroma 12:12) ’Me ba ‘lula ba lebetse ka tieo hore kamoo ba tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa joaloka ba bohlale.’ (Baefese 5:15) Ka sebele, ha ba tele matlotlo a moea bakeng sa melemo ea nakoana ea lintho tse bonahalang kapa menyaka e sa lokelang ea nama. (Matheu 6:19, 20; 1 Johanne 2:15-17) Ho feta moo, ho tšepahala ho Jehova ka ho sa sekisetseng le ho mo tšepa ke lintho tsa bohlokoa. (2 Bakorinthe 1:9; 10:5; Baefese 4:24) Hobane’ng? Hobane boemo ba rōna bo tšoana hantle le ba mehleng ea Iseraele ea boholo-holo.
Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Tšepo le Botšepehi bo sa Sekisetseng
3. Ke hobane’ng ha botšepehi bo sa sekisetseng, tumelo le tšepo li tla thusa hore re lule re tsamaea tseleng ea Jehova?
3 Iseraele e ne e le sechaba se senyenyane se neng se pota-potiloe ke baahisani ba se nang botsoalle ba neng ba tšoarehile ka mekete ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali borapeling ba melimo ea litšoantšo. (1 Likronike 16:26) Ke Iseraele feela e neng e sebeletsa Molimo a le mong oa ’nete le ea sa bonahaleng, Jehova, ’me o ne a batla hore e boloke litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. (Deuteronoma 6:4) Ka ho tšoanang kajeno, ke batho ba limilione tse ’maloa feela ba rapelang Jehova, ’me ba phela lefatšeng la batho ba ka bang likete tse tšeletseng tsa limilione, bao litekanyetso tsa bona le pono ea bona ea bolumeli li fapaneng haholo le tsa bona. Haeba re le har’a bao ba limilione tse ’maloa, re lokela ho itebela hore re se ke ra susumetsoa ke tsela e fosahetseng. Joang? Botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova Molimo, tumelo ho eena, le ho tšepa ka ho tiileng hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, li tla thusa. (Baheberu 11:6) Sena se tla re thibela ho beha tšepo linthong tseo lefatše le behileng tšepo ea lona ho tsona.—Liproverbia 20:22; 1 Timothea 6:17.
4. Ke hobane’ng ha lichaba “li le lefifing likelellong”?
4 Moapostola Pauluse o ile a bontša kamoo Bakreste ba lokelang ho ba ba fapaneng kateng lefatšeng ha a ngola: “Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se hlole le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona, ha li ntse li le lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong boo e leng ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona.” (Baefese 4:17, 18) Jesu ke “leseli la ’nete.” (Johanne 1:9) Batho leha e le bafe ba mo hanang kapa ba bolelang hore ba lumela ho eena empa ba sa mamele “molao oa Kreste,” ba “lefifing likelellong.” Ho e-na le hore ebe ba tsamaea tseleng ea Jehova, ba “arohile bophelong boo e leng ba Molimo.” Ho sa tsotellehe bohlale boo ba ka ’nang ba nahana hore ba na le bona ka tsela ea lefatše, ba ‘hloka tsebo’ tabeng ea tsebo eo e leng eona feela e lebisang bophelong, ea ho tseba Jehova Molimo le Jesu Kreste.—Johanne 17:3; 1 Bakorinthe 3:19.
5. Le hoja leseli la ’nete le khanya lefatšeng, ke hobane’ng ha lipelo tse ngata li sa arabele?
5 Leha ho le joalo, leseli la ’nete lea khanya lefatšeng! (Pesaleme ea 43:3; Bafilippi 2:15) “Bohlale ba ’nete bo ntse bo hoeletsa haholo seterateng.” (Liproverbia 1:20, NW) Selemong se fetileng, Lipaki tsa Jehova li qetile lihora tse fetang limilione tse sekete li bolella baahisani ba tsona ka Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ba likete tse makholo ba ile ba arabela. Leha ho le joalo, na re lokela ho makatsoa ke hore ba bangata ba sitiloe ho arabela? Che. Pauluse o buile ka ‘ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona.’ Ba bang ba na le lipelo tse sa arabeleng ka lebaka la boithati kapa lerato la chelete. Ba bang ba susumetsoa ke bolumeli ba bohata kapa pono ea lefatše e atileng kajeno. Liphihlelo tse bohloko tsa bophelo li entse hore ba bangata ba furalle Molimo. Ba bang ba hana ho sebelisa litekanyetso tse phahameng tsa Jehova tsa boitšoaro. (Johanne 3:20) Na pelo ea motho ea tsamaeang tseleng ea Jehova e ka hloka boikutlo litabeng tse joalo?
6, 7. Le hoja Baiseraele e ne e le barapeli ba Jehova Molimo, ba ile ba kheloha maemong afe, hona hobane’ng?
6 Joalokaha Pauluse a bontšitse, sena se ile sa etsahala Iseraeleng ea boholo-holo. O ngotse: “Lintho tsena e bile mehlala ea rōna, hore re se ke ra ba batho ba lakatsang lintho tse kotsi, esita le joalokaha ba ile ba li lakatsa. Hape le se ke la ba barapeli ba litšoantšo, joalokaha ba bang ba bona e ile ea e-ba barapeli ba litšoantšo; feela joalokaha ho ngoliloe: ‘batho ba ile ba lula fatše ho ja le ho noa, ’me ba ema hore ba be le nako e monate.’ Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.”—1 Bakorinthe 10:6-8.
7 Pauluse o qala ka ho bua ka ketsahalo ea ha Baiseraele ba rapela namane ea khauta mosikong oa Thaba ea Sinai. (Exoda 32:5, 6) Hona e ne e le ho se mamele ho tobileng litaelo tsa Molimo tseo ba neng ba ile ba lumela hore ba tla li mamela libekeng tse seng kae pele ho moo. (Exoda 20:4-6; 24:3) Joale, Pauluse o bua ka nako eo Baiseraele ba ileng ba khumamela Baale le barali ba Moabe. (Numere 25:1-9) Borapeli ba namane bo ne bo khetholloa ka ho ikhotsofatsa ho feteletseng, ‘ho ba le nako e monate.’a Borapeli ba Baale bo ne bo tsamaea le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo etsoang pepenene. (Tšenolo 2:14) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba etsa libe tsee? Hobane ba ile ba lumella lipelo tsa bona hore li ‘lakatse lintho tse kotsi’—ebang ke borapeli ba litšoantšo kapa mekhoa e tsamaeang le bona ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.
8. Re ka ithuta eng ka liphihlelo tsa Baiseraele?
8 Pauluse o ile a bontša hore re lokela ho ithuta ka liketsahalo tsena. Ho ithuta eng? E ka ba mohlolo hore Mokreste a khumamele namane ea khauta kapa molimo oa boholo-holo oa Bamoabe. Empa ho thoe’ng ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali kapa ho ikhotsofatsa ho se nang meeli? Lintho tsena li tloaelehile kajeno, ’me haeba re lumella takatso ea tsona hore e hōle ka lipelong tsa rōna, li tla kena lipakeng tsa rōna le Jehova. Liphello e tla ba tse tšoanang le tsa haeba re ne re rapetse litšoantšo—karohano le Molimo. (Bapisa le Bakolose 3:5; Bafilippi 3:19.) Ka sebele, Pauluse o phetha taba ea hae ea liketsahalo tseo ka ho hlokomelisa balumeli-’moho le eena: “Le balehele borapeli ba litšoantšo.”—1 Bakorinthe 10:14.
Thuso ea ho Tsamaea Tseleng ea Molimo
9. (a) Ke thuso efe eo re e fumanang e re thusang hore re lule re tsamaea tseleng ea Jehova? (b) Tsela e ’ngoe eo re utloang ‘lentsoe ka mor’a rōna’ ka eona ke efe?
9 Haeba re ikemiselitse ho tsoela pele re tsamaea tseleng ea Jehova, ha rea lahloa kherehloa. Esaia o ile a profeta: ‘Litsebe tsa hao li tla utloa lentsoe ka mor’a hao le reng: Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona, e se re la ea ka ho le letona, kapa ka ho le letšehali.’ (Esaia 30:21) ‘Litsebe tsa rōna’ li utloa ‘lentsoe leo ka mor’a rōna’ joang? Bonneteng, ha ho na motho mehleng ena ea utloang lentsoe la sebele kapa ea fumanang molaetsa oa botho o tsoang ho Molimo. “Lentsoe” le utluoang le tla ho rōna kaofela ka tsela e tšoanang. Ntlha ea pele le e ka sehloohong, le tla ka Mangolo a bululetsoeng, Bibele, e nang le mehopolo ea Molimo le tlaleho ea litšebelisano tsa hae le batho. Kaha kamehla re lula re pepesehetse mashano a tsoang mohloling o ‘arohileng bophelong boo e leng ba Molimo,’ re hloka ho bala Bibele le ho nahana ka eona kamehla bakeng sa bophelo bo botle ba moea. Sena se tla re thusa ho qoba ‘lintho tsa lefeela’ ’me se re ‘hlomelle ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (Liketso 14:14, 15; 2 Timothea 3:16, 17) Se tla re matlafatsa, se re tiise le ho re thusa ho ‘atlehisa tsela ea rōna.’ (Joshua 1:7, 8, NW) Kahoo, Lentsoe la Jehova lea phehella: “’Me joale, Lōna bara, le ’mamele; e, ho thaba ba bolokang litsela tsa ka. Mamelang taeo ’me le hlalefe, hape le se ke la bontša ho hlokomoloha leha e le hofe.”—Liproverbia 8:32, 33, NW.
10. Tsela ea bobeli ke efe eo re utloang ‘lentsoe ka mor’a rōna’?
10 ‘Lentsoe ka mor’a rōna’ le boetse le tla ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le fanang ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Tsela e ’ngoe eo lijo tsena li fanoang ka eona ke ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ’me lilemong tsa morao tjena lijo tsena li ’nile tsa fanoa ka bongata. Ka mohlala, kutloisiso ea rōna ea boprofeta e ’nile ea ntlafatsoa ka makasine ea Molula-Qhooa. Koranteng ena, re ’nile ra khothalletsoa hore re tiisetse mosebetsing oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa ho sa tsotellehe ho se thahaselle ho ntseng ho eketseha ha batho, re ’nile ra thusoa ho qoba maraba ’me re khothallelitsoe hore re hlaolele litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste. Re nka lijo tsee tse tlang ka nako e tšoanetseng e le tsa bohlokoa hakaakang!
11. Hlalosa tsela ea boraro eo re ka utloang ‘lentsoe ka mor’a rōna’ ka eona.
11 Lekhoba le tšepahalang le le masene le boetse le fana ka lijo ka liboka tsa rōna tsa kamehla. Tsena li akarelletsa liboka tsa phutheho tsa libakeng tseo re leng ho tsona, liboka tse bang teng habeli ka selemo tsa potoloho, le likopano tse khōloanyane tsa selemo se seng le se seng. Ke Mokreste oa mofuta ofe ea tšepahalang ea sa nkeng lipokano tsee e le tsa bohlokoa? Ke thuso ea bohlokoa e re tšehetsang ha re tsamaea tseleng ea Jehova. Kaha ba bangata ba tlameha ho qeta nako e ngata ba e-na le batho ba se nang tumelo e tšoanang le ea bona mosebetsing kapa sekolong, ho bokana ha Bakreste kamehla ho hlile ho pholosa bophelo. Liboka li re fa monyetla o motle oa ho ‘susumelletsana leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheberu 10:24) Re rata barab’abo rōna, ’me re rata ho bokana hammoho le bona.—Pesaleme ea 133:1.
12. Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse eng, ’me haufinyane tjee li ile tsa bontša seo joang?
12 Ba matlafatsoa ke lijo tse joalo tsa moea, batho ba ka bang limilione tse tšeletseng kajeno ba tsamaea tseleng ea Jehova, ’me ba bang ba limilione ba ithuta Bibele e le hore ba tsebe hore na ba ka etsa joalo joang. Na ba nyahamisoa kapa ho fokolisoa ke taba ea hore ba banyenyane ka palo ha ba bapisoa le limilione tse likete tsa baahi ba lefatše? Le hanyenyane! Ba ikemiselitse ho tsoela pele ba mamela ‘lentsoe ka mor’a bona,’ ho phetha thato ea Jehova ka botšepehi bo sa sekisetseng. E le pontšo ea phatlalatsa ea boikemisetso bona, Likopanong tsa Setereke le tsa Machaba tsa 1998/99 tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo,” ba neng ba le teng ho tsona ba ile ba amohela qeto e hlalosang boemo ba bona bo tiileng. Se latelang ke taba e ngotsoeng ea qeto eo.
Qeto
13, 14. Lipaki tsa Jehova li na le pono efe ea sebele ka boemo ba lefatše?
13 “Rōna, re le Lipaki tsa Jehova tse bokaneng Kopanong ea ‘Tsela ea Molimo ea Bophelo,’ re lumela ka pelo eohle hore tsela ea Molimo ke tsela e molemohali ea bophelo. Leha ho le joalo, rea hlokomela hore boholo ba batho kajeno bo ikutloa ka tsela e fapaneng. Batho ba lekile maikutlo a mangata, lifilosofi le likhopolo tsa bolumeli mabapi le se etsang tsela e molemohali ea bophelo. Ho talima ka botšepehi histori ea batho le maemo a lefatše kajeno ho paka bonnete ba phatlalatso ea bomolimo e tlalehiloeng ho Jeremia 10:23: ‘Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.’
14 “Letsatsi le leng le le leng re bona bopaki bo eketsehileng bo tiisang bonnete ba mantsoe ao. Ka kakaretso, batho ba hlokomoloha tsela ea Molimo ea bophelo. Batho ba phehella se bonahalang se lokile mahlong a bona. Liphello e bile tse tšabehang—ho senyeha ha bophelo ba lelapa, ho sieang bana ba se na tataiso; ho phehella lerato la lintho tse bonahalang ho pharaletseng, ho fellang ka ho hloka thabo le tsieleho; tlōlo ea molao e se nang kelello le pefo, tse bolaeang batho ba bangata haholo; likhohlano tsa merabe le lintoa, tse amohang batho bophelo ka tsela e tšosang; ho ata ha boitšoaro bo bobe, bo rotetsang seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ana ke mathata a seng makae feela har’a a mangata a rarahaneng a sitisang ho phehella thabo, khotso le tšireletseho.
15, 16. Mabapi le tsela ea Molimo ea bophelo, ke boikemisetso bofe bo ileng ba hlahisoa qetong?
15 “Ka lebaka la boemo bo soabisang ba batho le bohaufi ba ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ e bitsoang Armagedone (Tšenolo 16:14, 16), rōna re le Lipaki tsa Jehova re etsa qeto ea hore:
16 “Ntlha ea pele: Re italima re le ba Jehova Molimo, hobane ka bomong re inehetse ho eena re sa itšiele letho, ’me re tla ba le tumelo e sa sisinyeheng tokisetsong ea Jehova ea topollo ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Re ikemiselitse ho tsamaea tseleng ea Molimo ea bophelo, re sebeletsa re le Lipaki tsa hae ’me re ikokobeletsa bobusi ba hae joalokaha bo bontšitsoe ka puso ea Jesu Kreste.
17, 18. Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho boloka boemo bofe mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro le mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho?
17 “Ntlha ea bobeli: Re tla tsoela pele ho khomarela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro le tsa moea tsa Bibele. Re ikemiselitse ho hana ho tsamaea joaloka lichaba tse tsamaeang ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona. (Baefese 4:17-19) Ke boikemisetso ba rōna ho lula re hloekile ka pel’a Jehova ’me re se na letheba lefatšeng lena.—Jakobo 1:27.
18 “Ntlha ea boraro: Re tla khomarela boemo ba rōna ba Mangolo re le mokhatlo oa Bokreste oa lefatše ka bophara oa bara ba motho. Re tla boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste har’a lichaba, re sa itumelle hore re tšoasehe lehloeong la morabe, la bochaba kapa la mofuta oa morabe kapa karohano.
19, 20. (a) Batsoali ba Bakreste ba tla etsa eng? (b) Bakreste bohle ba ’nete ba tla tsoela pele ho itsebahatsa e le barutuoa ba Kreste joang?
19 “Ntlha ea bone: Rōna bao re leng batsoali re tla kenya ka botebo tsela ea Molimo baneng ba rōna. Re tla beha mohlala bophelong ba Bokreste, bo akarelletsang ho bala Bibele kamehla, thuto ea lelapa, le ho kopanela ka moea oohle phuthehong ea Bokreste le tšebeletsong ea tšimo.
20 “Ntlha ea bohlano: Kaofela ha rōna re tla loanela ho hlaolela litšoaneleho tsa bomolimo tseo ’Mōpi oa rōna a re behetseng mohlala ka tsona, ’me re tla leka ka matla ho etsisa botho ba hae le litsela tsa hae, joalokaha Jesu a entse. (Baefese 5:1) Re ikemiselitse hore litaba tsohle tsa rōna li etsoe ka lerato, kahoo re itsebahatse re le barutuoa ba Kreste.—Johanne 13:35.
21-23. Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho etsa eng, hona li kholisehile ka eng?
21 “Ntlha ea botšelela: Re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo re sa phetse, re etsa barutuoa, ’me re tla ba ruta tsela ea Molimo ea bophelo le ho ba khothalletsa ho fumana koetliso e tsoelang pele libokeng tsa phutheho.—Matheu 24:14; 28:19, 20; Baheberu 10:24, 25.
22 “Ntlha ea bosupa: Re le batho ka bomong hape re le mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli, re tla tsoela pele ho beha thato ea Molimo pele bophelong ba rōna. Re sebelisa Lentsoe la hae, Bibele, e le motataisi oa rōna, re ke ke ra khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali, kahoo re tiisa hore tsela ea Molimo e phahametse litsela tsa lefatše hōle. Re ikemiselitse ho phehella tsela ea Molimo ea bophelo—ka tieo le ka botšepehi bo sa sekisetseng, hona joale le ka ho sa feleng!
23 “Re etsa qeto ena kahobane re tšepile ka ho feletseng tšepiso e lerato ea Jehova ea hore ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng. Re etsa qeto ena hobane re kholisehile hore ho phela ka litekanyetso, keletso le temoso tsa Mangolo ke tsela e molemohali ea bophelo kajeno ’me ho rala motheo o motle bakeng sa nako e tlang, e le hore re ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele. (1 Timothea 6:19; 2 Timothea 4:7b, 8) Ka holim’a tsohle, re etsa qeto ena hobane re rata Jehova Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna, meea eohle ea rōna, likelello tsohle tsa rōna le matla ’ohle a rōna!
24, 25. Karabelo e ile ea e-ba efe qetong e ileng ea hlahisoa, hona boikemisetso ba ba tsamaeang tseleng ea Jehova ke bofe?
24 “Bohle ba teng mona kopanong ena ba ratang ho amohela Qeto ena, re kōpa hore le re E!”
25 Mabala a boithabiso le a lipapali a makholo-kholo ho pota lefatše a ile a luma ha bohle ba neng ba le ho ’ona ba araba ka mantsoe a matla ba re “E!” Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore li tla tsoela pele ho tsamaea tseleng ea Jehova. Li tšepa Jehova ka ho feletseng ’me li na le tumelo ea hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Li lula li tšepahala ho eena ho sa tsotellehe se etsahalang. ’Me li ikemiselitse ho phetha thato ea hae.
‘Molimo o Eme le Rōna’
26. Boemo bo thabisang ba ba tsamaeang tseleng ea Jehova ke bofe?
26 Lipaki tsa Jehova li hopola khothatso ea mopesaleme: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše.” (Pesaleme ea 37:34) Ha li lebale mantsoe a khothatsang a Pauluse: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna? Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, ke hobane’ng hape ha a se na ho re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena?” (Baroma 8:31, 32) E, haeba re lula re tsamaea tseleng ea Jehova, o tla re ‘fa lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’ (1 Timothea 6:17) Ke sebaka sefe se ka bang molemo ho feta seo re leng ho sona—ho tsamaea tseleng ea Jehova, re le haufi le bara le barali babo rōna ba ratehang. Re e-na le Jehova lehlakoreng la rōna, e se e ka re ka ikemisetsa ho lula mona le ho mamella ho isa bofelong, re kholisehile ka hohle hore ka nako ea hae e tšoanetseng, re tla mo bona ha a phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae tsa ho qetela.—Tite 1:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha a bua ka lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘ho ba le nako e monate,’ mohlalosi e mong o re ho buuoa ka litantši tse neng li etsahala meketeng ea bohetene ’me oa phaella: “Bongata ba litantši tsena, joalokaha ho tsejoa, ka ho toba li ne li reretsoe ho tsosa takatso e matla ka ho fetisisa ea boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.”
Na U sa Hopola?
◻ Ho hlokahala eng ho Mokreste hore a tsamaee tseleng ea Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela ho tšepa Jehova le ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho eena?
◻ Ke thuso efe e fumanehang ha re ntse re tsamaea tseleng ea Jehova?
◻ Fana ka lintlha tsa sehlooho tsa qeto e ileng ea amoheloa Likopanong tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ho ile ha amoheloa qeto ea bohlokoa Likopanong tsa Setereke le tsa Machaba tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo”