Ho Batla Ponelo-pele e tšepahalang
KAPELE ka mor’a hore morena oa Macedonia ea ileng a tsejoa ka lebitso la Alexandere e Moholo a hloelle teroneng ka 336 B.C.E., o ile a etela tempelana ea Delphi, bohareng ba Greece. Merero ea hae ea nakong e tlang, e bontšang ho rata botumo e ne e le feela ho hapa boholo ba lefatše la mehleng eo. Empa o ne a batla tiisetso ea bomolimo ea hore boiteko ba hae bo boholo bo tla atleha. Ho latela polelo e tloaelehileng, letsatsing leo a neng a etetse Delphi ka lona, ho ne ho sa lumellehe hore a buisane le senohe. Kaha o ne a sa batle ho tloha a sa fumana karabo, Alexandere o ile a phehella, a qobella moprista enoa oa mosali ho bolela se tla etsahala. O ile a hooa a tsielehile: “Oho, ngoan’a ka, u ke ke ua hlōloa!” Morena enoa e mocha o ile a nka seo e le pontšo e molemo mabapi le nako e tlang—e tšepisang tlhōlo phutuhong ea sesole.
Leha ho le joalo, Alexandere a ka be a bile le boitsebiso bo molemo mabapi le phello ea phutuho ea hae haeba a ne a ile a hlahloba boprofeta bo fumanoang bukeng ea Bibele ea Daniele. Ka ho nepahala ho babatsehang, bo boletse esale pele ka ho hlōla ha hae libaka tse ngata ka potlako. Ho latela neano Alexandere o ile a qetella a bile le monyetla oa ho bona seo Daniele a neng a se tlalehile ka eena. Ho latela rahistori oa Mojuda Josephus, ha morena enoa oa Macedonia a kena Jerusalema, o ile a bontšoa boprofeta ba Daniele—mohlomong khaolo ea 8 ea buka eo. (Daniele 8:5-8, 20, 21) Ho tlalehoa hore, ka lebaka la sena, mabotho a ntoa a Alexandere a timetsang a ile a tlohela motse ona.
Tlhaho ea Motho
Ebang ke morena kapa mofo, ke oa boholo-holo kapa ke oa kajeno—motho o ’nile a ba le boikutlo ba hore ho hlokahala ponelo-pele e tšepahalang mabapi le nako e tlang. Joaloka libōpuoa tse bohlale, rōna batho re ithuta liketsahalo tsa nako e fetileng, re elelloa se etsahalang hona joale, ’me re thahasella nako e tlang ka ho khethehileng. Ke ka nepo maele a Sechaena a reng: “Ea neng a ka bona esale pele lintho tse tla etsahala ka mor’a matsatsi a mararo o ne a tla rua ka lilemo tse likete.”
Ho pholletsa le mehla, ba limilione ba ’nile ba leka ho nyarela nakong e tlang ka ho botsa seo ba utloisisang hore se na le matla a bomolimo. Nahana ka Bagerike ba boholo-holo e le mohlala. Ba ne ba e-na le litempelana tse ngata, tse kang ea Delphi, ea Delos le ea Dodona, moo ba neng ba ee ba ee ho ea botsa melimo ea bona liketsahalo tsa lipolotiki kapa tsa sesole hammoho le litaba tsa botho tse kang ho eta, lenyalo le bana. Hase marena feela le baeta-pele ba sesole ba neng ba batla tataiso sebakeng sa moea ka litšenolo tsena tsa linohe, empa e ne e batloa le ke meloko e feletseng le metse.
Ho latela moprofesa e mong, hona joale ho na le “keketseho ea tšohanyetso ea mekhatlo eo ka mafolofolo e ithutang nako e tlang.” Empa, ba bangata ba khetha ho hlokomoloha mohloli o le mong feela oa boprofeta—e leng Bibele. Ho hlakile hore ba qhelela ka thōko tšepo leha e le efe ea hore boprofeta ba Bibele bo na le boitsebiso boo e leng bona boo ba bo batlang. Litsebi tse ling li ea bohōleng ba ho tšoantša boprofeta ba Bibele le ponelo-pele eo linohe li fanang ka eona. ’Me batho ba kajeno ba belaellang bonnete ba melao-motheo ea bolumeli hangata ba talima boprofeta ba Bibele ka leeme.
Re u kōpa ho itlhahlobela tlaleho ena. Ho bapisa ka hloko ponelo-pele ea Bibele le litšenolo tsa linohe ho bontša’ng? Na u ka tšepa boprofeta ba Bibele ho feta litšenolo tsa linohe? ’Me na ka botšepehi u ka phela tumellanong le boprofeta ba Bibele?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Bibele e boletse esale pele ho hlōla ka potlako ha Alexandere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cortesía del Museo del Prado, Madrid, Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Alexandere e Moholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
COVER: General Titus and Alexander the Great: Musei Capitolini, Roma