Lebaka la Hore U Tšepe Boprofeta ba Bibele
MORENA PYRRHUS oa Epirus e ka leboea-bophirimela ho Greece o bile le khohlano ea nako e telele le ’Muso oa Roma. Ka lebaka la takatso e matla ea ho tseba hore na e tla fella kae, o ile a ea batla boitsebiso tempelaneng ea Delphi. Empa karabo eo a ileng a e fumana e ne e ka utloisisoa ka tsela e ’ngoe ho tsena tse peli tse latelang: (1) “Ke re uena mor’a Æacus u ka hlōla Baroma. U tla tsamaea, u tla khutla, u ke ke ua timella ntoeng le ka mohla.” (2) “Ke re Baroma ba ka u hlōla, mor’a Æacus. U tla tsamaea, u ke ke ua hlola u khutla, u tla timella ntoeng.” O ile a ikhethela ho utloisisa tšenolo ena ea senohe ka tsela ea pele ka lebaka leo a futuhela Roma. Pyrrhus o ile a hlōloa ka ho feletseng.
Maemo a joalo a ile a etsa hore litšenolo tsa linohe tsa boholo-holo li tume hampe ka ho se tšepahale le ka ho fana ka meelelo e ’meli. Empa ho thoe’ng ka boprofeta ba Bibele? Bahlahlobisisi ba bang ba na le maikutlo a hore boprofeta bo fumanoang ka Bibeleng ha bo molemo ho feta litšenolo tsa linohe. Bahlahlobisisi bana ba nahana hore ponelo-pele ea Bibele e ne e le feela liketsahalo tsa nakong e tlang tseo ka masene li boleloang esale pele ke batho ba bohlale haholo le ba hlokolosi ka tsela e hlollang, bao hangata e leng ba sehlopha sa boprista. Ho nahanoa hore ka phihlelo feela kapa ka lebaka la batho ba bang bao ba nang le kamano e khethehileng le bona, banna bana ba ile ba bona esale pele hore ka tlhaho maemo a itseng a ne a tla fetoha. Ka ho bapisa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa boprofeta ba Bibele le tsa litšenolo tsa linohe, re tla hlomelloa hamolemo hore re etse liqeto tse nepahetseng.
Lintlha Tse ka Bapisoang
Litšenolo tsa linohe li ne li khetholloa ka ho fana ka meelelo e ’meli. Ka mohlala, likarabo tse neng li fanoa Delphi li ne li sa hlake. Sena se ne se etsa hore ho hlokahale hore baprista ba li hlalose le ho qapa litemana tse ka khonang ho fana ka litlhaloso tse fapaneng. Mohlala o hlakileng oa sena ke karabo e ileng ea fuoa Croesus, morena oa Lydia. Ha a ne a e-ea tempelaneng o ile a bolelloa sena: “Haeba Croesus a tšela Halys, o tla timetsa ’muso o matla.” Ha e le hantle, “’muso o matla” o ileng oa timetsoa e ne e le oa hae! Ha Croesus a tšela nōka ea Halys ho ea futuhela Cappadocia, o ile a hlōloa ke Cyruse oa Mopersia.
Ho fapana le linohe tsa bahetene, boprofeta ba Bibele bo tsebahala ka ho nepahala le ho hlaka ha bona. Mohlala oa sena ke boprofeta bo mabapi le ho oa ha Babylona, bo tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Esaia. Lilemo tse ka bang 200 pele sena se etsahala, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele ka tsela e qaqileng le e nepahetseng ho hlōloa ha Babylona ke Medo-Persia. Boprofeta bona bo ile ba senola hore lebitso la ea neng a tla hlōla ke Cyruse, ’me bo ile ba senola lona leqheka leo a ileng a le sebelisa la ho omisa nōka e kang foro e neng e le tšireletso le ho kena motseng o sirelelitsoeng ka likeiti tse butsoeng. Sena sohle se ile sa phethahala ka nepo. (Esaia 44:27–45:2) Hape ho ile ha profetoa ka nepo hore Babylona e ne e tla qetella e se na baahi ho hang.—Esaia 13:17-22.
Hape, nahana ka sebōpeho se totobetseng sa temoso ena e entsoeng ke moprofeta Jonase: “Ka mor’a matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.” (Jonase 3:4) Taba ena e hlakile! Molaetsa ona e ne e le o hapang tlhokomelo le o tobileng hoo hang-hang batho ba Ninive ba ileng “ba lumela ho Molimo, ba bea letsatsi la ho itima lijo, ba apara bohle masela a mahoashe.” Ho baka ha bona ho ile ha fella ka hore Jehova a se ke a tlisetsa Baninive tlokotsi ka nako eo.—Jonase 3:5-10.
Litšenolo tsa linohe li ne li sebelisetsoa tšusumetso ea lipolotiki. Babusi le baeta-pele ba sesole ba ne ba atisa ho bolela tlhaloso eo ba e ratang e le hore ba ka ntšetsa pele lithahasello tsa bona le mesebetsi ea bona, ka tsela eo ba etsa hore li “bonahale eka li na le sebōpeho sa bomolimo.” Leha ho le joalo, melaetsa ea Molimo ea boprofeta e ne e sa susumetsoe ke litakatso tsa botho.
Ka mohlala: Nathane moprofeta oa Jehova ha aa ka a tlohela ho khalemela Morena Davida ea neng a entse phoso. (2 Samuele 12:1-12) Nakong eo ka eona Jeroboame oa II e neng e le morena oa ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele, moprofeta Hosea le moprofeta Amose ba ile ba nyatsa morena enoa oa mofetoheli le batšehetsi ba hae ka matla ka lebaka la bokoenehi ba bona le boitšoaro bo hlomphollang Molimo. (Hosea 5:1-7; Amose 2:6-8) Se neng se hlile se le bohloko haholo e bile temoso ea Jehova ho morena enoa ka molomo oa moprofeta Amose: “Ke tla tsohela ntlo ea Jeroboame matla ka sabole.” (Amose 7:9, NW) Ba ntlo ea Jeroboame ba ile ba felisoa ka ho feletseng.—1 Marena 15:25-30; 2 Likronike 13:20.
Hangata, litšenolo tsa senohe li ne li lefelloa. Ea neng a lefa haholoanyane o ne a tla senoleloa seo a se ratang. Ba neng ba ea litempelaneng tsa Delphi ba ne ba lefa haholo bakeng sa boitsebiso bo se nang thuso, ka ho etsa joalo ba ne ba ruisa tempele ea Apollo le mehaho e meng e meholo. Ho fapana le hoo, boprofeta ba Bibele le litemoso tsa eona li ne li sa lefelloe li bile li se na leeme ho hang. Ho ne ho le joalo ho sa tsotellehe boemo ba motho eo li tobisoang ho eena kapa leruo la hae, hobane moprofeta oa ’nete o ne a ke ke a fuoa tjotjo. Samuele eo e neng e le moprofeta le moahloli ka tieo o ne a ka botsa: “Ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka oona?”—1 Samuele 12:3.
Kaha litšenolo tsa senohe li ne li fumaneha libakeng tse itseng tse khethehileng feela, motho o ne a tlameha ho etsa boiteko bo boholo ba ho nka leeto le eang moo e le hore a li fumane. Ho motho feela ea tloaelehileng, ho ne ho le thata ka ho fetisisa ho fihla ho tse ngata tsa libaka tseo hobane li ne li le libakeng tse kang Dodona e Thabeng ea Tomarus Epirus le Delphi e sebakeng se lithaba se bohareng ba Greece. Hangata, ke barui feela le ba matla ba neng ba khona ho botsa melimo litempelaneng tse joalo. Ho feta moo, “thato ea melimo” e ne e senoloa ka matsatsi a seng makae feela selemong. Ka ho fapaneng haholo, Jehova Molimo o ne a romela manģosa a hae a baprofeta ka ho toba ho batho e le hore a bolele boprofeta boo ho neng ho hlokahala hore ba bo utloe. Ka mohlala, ha Bajuda ba ne ba le botlamuoeng Babylona, Molimo o ne a e-na le bonyane baprofeta ba bararo ba neng ba sebeletsa har’a batho ba hae—Jeremia o ne a le Jerusalema, Ezekiele o ne a e-na le batlamuoa, ’me Daniele o ne a le motse-moholo oa ’Muso oa Babylona.—Jeremia 1:1, 2; Ezekiele 1:1; Daniele 2:48.
Hangata litšenolo tsa linohe li ne li fanoa lekunutung e le hore ea li fumanang a ka sebelisa litlhaloso tsa tsona molemong oa hae. Ho fapana le seo, boprofeta ba Bibele bo ne bo atisa ho fanoa phatlalatsa e le hore bohle ba ka utloa molaetsa le ho utloisisa seo o se bolelang. Ka makhetlo a mangata moprofeta Jeremia o ile a bua phatlalatsa Jerusalema, le hoja a ne a tseba hore baeta-pele ba motse le baahi ba oona ba ne ba sa rate molaetsa oa hae.—Jeremia 7:1, 2.
Kajeno, litšenolo tsa linohe li nkoa e le karolo ea histori ea boholo-holo. Ha li na molemo ho batho ba phelang linakong tsa rōna tse bohloko. Ha ho na litšenolo tse joalo tse sebetsanang le mehla ea rōna kapa le bokamoso ba rōna. Ka ho fapaneng haholo, boprofeta ba Bibele ke karolo ea ‘lentsoe la Molimo le phelang le le fanang ka matla.’ (Baheberu 4:12) Boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse bo fana ka mohlala oa litšebelisano tsa Jehova le batho ’me bo senola litšobotsi tsa bohlokoahali tsa merero ea hae le botho ba hae. Ho ekelletsa moo, boprofeta ba Bibele ba bohlokoa bo sa ntse bo tla phethahala nakong e tlang e haufi. Ha moapostola Petrose a hlalosa se larileng ka pele, o ile a ngola: “Ho na le maholimo a macha [’Muso oa Mesia oa leholimo] le lefatše le lecha [mokhatlo oa batho ba lokileng] tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho tsena ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:13.
Ho bapisa lintlha tsena tse seng kae tsa boprofeta ba Bibele le tsa litšenolo tsa linohe tsa bolumeli ba bohata ho ka hla ha u lebisa qetong e tšoanang le e bontšitsoeng bukeng eo sehlooho sa eona se reng The Great Ideas: “Ho latela ponelo-pele ea motho ea shoang, ho bonahala baprofeta ba Baheberu ba ikhetha. Ho fapana le linohe tsa bahetene kapa ba bolelang lintho tse e-s’o etsahale, . . . ha ho hlokahale hore ba sebelise mano kapa maqheka bakeng sa ho lemoha makunutu a bomolimo. . . . Hangata lipolelo tsa bona tsa boprofeta, ho fapana le tsa linohe, li bonahala li hlakile. Bonyane ho bonahala morero oa Molimo e se ho pata seo a se rerileng litabeng tse joalo empa e le ho se senola joalokaha Eena ka Boeena a lakatsa hore batho ba bone esale pele tsela eo a tsamaisang litaba ka eona.”
Na U Tla Tšepa Boprofeta ba Bibele?
U ka tšepa boprofeta ba Bibele. Ha e le hantle, u ka etsa hore Jehova le ho phethahala ha lentsoe la hae la boprofeta e be lintho tse ka sehloohong bophelong ba hao. Boprofeta ba Bibele hase tlaleho e shoeleng ea ponelo-pele e seng e phethahetse. Boprofeta bo bongata bo fumanoang ka Mangolong hona joale bo ntse bo phethahala kapa bo sa ntse bo tla phethahala nakong e tlang e haufi. Ha re lekanyetsa litaba ho latela nako e fetileng, re ka kholiseha ka ho feletseng hore le bona bo tla phethahala. Kaha boprofeta bo joalo bo lebisa tlhokomelo linakong tsa rōna ’me bo akarelletsa bokamoso ba rōna, ke hantle ha re bo nka ka ho teba.
Ka sebele u ka tšepa boprofeta ba Bibele bo fumanoang ho Esaia 2:2, 3: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba . . . Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Kajeno, ka sebele batho ba limilione ba amohela borapeli ba Jehova bo phahameng ’me ba ithuta ho tsamaea litseleng tsa hae. Na u tla sebelisa monyetla oa ho ithuta haholoanyane ka litsela tsa Molimo ’me u ithuise tsebo ka eena le merero ea hae e le hore u tsamaee litseleng tsa hae?—Johanne 17:3.
Ho phethahala ha boprofeta bo bong ba Bibele ho hloka hore re nke bohato kapele-pele. Mabapi le nako e tlang e haufi, mopesaleme o ile a bina ka tsela ea boprofeta: “Ba bolotsana ba tla felisoa . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.” (Pesaleme ea 37:9, 10) U nahana hore ho hlokahala eng e le hore u qobe timetso e atamelang ea ba khopo, ho akarelletsa le ba somang boprofeta ba Bibele? Pesaleme eona eo ea araba: “Ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:9) Ho tšepa Jehova ho bolela ho beha tšepo e feletseng litšepisong tsa hae le ho lumellanya bophelo ba rōna le litekanyetso tsa hae.—Liproverbia 2:21, 22.
Bophelo bo tla ba joang ha ba tšepang Jehova ba rua lefatše? Boprofeta ba Bibele bo boetse bo senola hore batho ba ikokobelitseng ba boloketsoe bokamoso bo khanyang. Moprofeta Esaia o ngotse: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng.” (Esaia 35:5, 6) Moapostola Johanne o ile a ngola mantsoe ana a kholisang: “[Jehova] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile. Eaba Ea lutseng teroneng o re: . . . ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’”—Tšenolo 21:4, 5.
Lipaki tsa Jehova lia tseba hore Bibele ke buka ea boprofeta bo tšepahalang. ’Me li lumellana ka ho feletseng le khothatso ea moapostola Petrose: “Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea motšehare e hlaha, ka lipelong tsa lōna.” (2 Petrose 1:19) Re na le tšepo e tiileng ea hore u tla khothatsoa ke litebello tse thabisang tsa nako e tlang tseo boprofeta ba Bibele bo li tšepisang!
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
TEMPELANA EA DELPHI e ne e tsebahala ka ho fetisisa Greece ea boholo-holo.
Moprista oa mosali o ne a lula holim’a tereifuti ebe o bolela litšenolo tsa hae
[Litšoantšo]
Mosi o tahang o ne o etsa hore moprista oa mosali a be boemong ba ho haptjoa ke pono
Ho ne ho lumeloa hore molumo oo a neng a o etsa e ne e le oa litšenolo tse tsoang ho molimo Apollo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Tripod: From the book Dictionary of Greek and Roman Antiquities; Apollo: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Litaba tse neng li boneloa pele tempelaneng ea Delphi li ne li sa tšepahale ho hang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Delphi, Greece
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
U ka tšepa ka ho feletseng boprofeta ba Bibele bo mabapi le lefatše le lecha