U Se Ke Ua Lumella Hore Bohale Bo U Khope
“IKETLE!” “Se ke ua potlaka!” “Itholele!” Na u tloaetse lipolelo tsee? Mohlomong u li pheta ka pelong e le hore u kokobetse pherekano ea hao. Batho ba bang, ha ba leka ho thibela ho phasoloha ka bohale, ba otlolla maoto. Tsena ke litsela tse bonolo tsa ho laola bohale le ho boloka likamano le ba bang.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, keletso e hanyetsanang ea litsebi mabapi le hore na bohale bo lokela ho laoloa kapa ho hatelloa e ferekanya ba bangata. Ka mohlala, litsebi tse ling tsa kelello li ntšelitse pele khopolo ea hore “haeba [ho ntša bohale] ho etsa hore u ikutloe hamolemonyana,” bo ntše. Ba bang ba lemosa hore ho phasoloha ka bohale kamehla ke “pontšo e matla ea hore motho o tla shoa pele ho nako ho feta lintho tse ling tse kotsi tse kang ho tsuba, khatello methapong ea mali le k’holeseterole.” Ka ho totobetseng Lentsoe la Molimo le re: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Ke hobane’ng ha Bibele e fana ka keletso e joalo e tobileng?
Maikutlo a sa laoloeng a lebisa liketsong tse sa laoloeng. Sena se ile sa totobala qalong ea histori ea motho. Rea bala: “Kaine a halefa haholo, ’me sefahleho sa hae sa sosobana.” See se ile sa mo lebisa hokae? Bohale ba hae bo ile ba mo tšoasa ’me ba mo laola, hoo bo ileng ba thatafaletsa pelo ea hae temoso ea Jehova ea ho fetoha hore a etse se molemo. Bohale ba Kaine bo sa laoloeng bo ile ba mo lebisa sebeng se tebileng—sa ho bolaea mor’abo.—Genese 4:3-8.
Saule, e leng morena oa pele oa Iseraele, ka ho tšoanang o ile a tsometsoa ha a ne a utloa Davida a rorisoa haholo. “Basali bao ha ba letsa, ba lumelana, ba re: Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae. Saule a hlonama haholo ke hona, ’me ntsoe leo la mo khobohetsa.” Bohale bo ile ba hatella monahano oa Saule hoo bo ileng ba mo susumetsa hore ka makhetlo a mangata a leke ho bolaea Davida. Le hoja Davida a ile a nka bohato ba pele ba ho etsa setsoalle, Saule o ne a sa ikemisetsa ho phehella khotso le poelano. Qetellong, o ile a lahleheloa ke mohau oa Jehova ka ho feletseng.—1 Samuele 18:6-11; 19:9, 10; 24:1-21; Liproverbia 6:34, 35.
Joang kapa joang, ha motho a inehela bohaleng bo sa laoloeng, o tla bua le ho etsa lintho tse tla utloisa e mong le e mong ea amehang bohloko. (Liproverbia 29:22) Kaine le Saule ba ile ba halefa hobane e mong le e mong oa bona, ka tsela ea hae a le mong, o ne a le mōna a bile a le mohono. Leha ho le joalo, liketso tse bontšang bohale li ka etsahala ka mabaka a sa tšoaneng. Ho tšoauoa phoso ntle ho lebaka, tlhapa, ho se utloisisane, kapa tšoaro e leeme e ka ba tlhase e hotetsang ho phasoloha.
Mohlala oa Kaine le oa Saule o bontša bofokoli bo tebileng boo ka bobeli ba neng ba e-na le bona. Kamoo ho bonahalang kateng nyehelo ea Kaine e ne e sa susumetsoe ke tumelo. (Baheberu 11:4) Ho hlōleha ha Saule ho mamela litaelo tsa Jehova tse hlakileng le hore hamorao a leke ho itokafatsa ho ile ha etsa hore a lahleheloe ke mohau le moea oa Molimo. Ho hlakile hore banna bana ka bobeli ba ile ba senya kamano ea bona le Jehova.
Bapisa boitšoaro bona le ba Davida, ea neng a e-na le lebaka la ho halefisoa ke tsela eo Saule a neng a mo tšoere ka eona. Davida o ile a laola moea oa hae. Hobane’ng? O ile a re: “Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho mong a ka, motlotsuoa oa Jehova.” Ho hlakile hore Davida o ne a nahanne ka kamano ea hae le Jehova, ’me e ile ea ama litšebelisano tsa hae le Saule. Ka boikokobetso o ile a siea litaba matsohong a Jehova.—1 Samuele 24:6, 15.
Ka sebele, liphello tsa bohale bo sa laoloeng li tebile. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe.” (Baefese 4:26) Le hoja khalefo e lokileng e e-na le sebaka sa eona, ho na le kotsi e lulang e le teng ea hore bohale bo ka re khopa. Hase feela re talimaneng le phephetso ea ho laola bohale ba rōna. Re ka bo laola joang?
Tsela e ka sehloohong ke ea ho hlaolela kamano e matla le Jehova. O u khothalletsa hore u mo bulele pelo ea hao le kelello. Mo bolelle seo u tšoenyehileng ka sona le seo u amehileng ka sona, ’me u kōpe pelo e khutsitseng ea ho laola bohale. (Liproverbia 14:30) Tiiseha hore “mahlo a Jehova a ho ba lokileng, ’me o sekehela litsebe tsa hae thapeli ea bona.”—1 Petrose 3:12.
Thapelo e ka u fetola le ho u tataisa. Ka tsela efe? E ka ba le phello e matla litšebelisanong tsa hao le ba bang. Hopola kamoo Jehova a ’nileng a sebelisana le uena. Joalokaha Mangolo a bolela, Jehova “ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng.” (Pesaleme ea 103:10) Moea oa ho tšoarela ke oa bohlokoa e le hore u ‘se ke ua qhekelloa ke Satane.’ (2 Bakorinthe 2:10, 11) Ho feta moo, thapelo e sebeletsa ho bulela pelo ea hao tataiso ea moea o halalelang, o ka felisang mekhoa e metseng ka metso bophelong. Ka thabo Jehova o fana ka ‘khotso e fetang monahano oohle,’ e ka u lokollang matleng a tšoasang a bohale.—Bafilippi 4:7.
Leha ho le joalo, thapelo e tlameha ho tsamaea le ho hlahloba Mangolo kamehla e le hore re “tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” (Baefese 5:17; Jakobo 3:17) Haeba u e-na le bothata ba ho laola bohale ba hao, leka ka matla ho fumana mohopolo oa Jehova tabeng eo. Hlahloba mangolo ao ka ho khetheha a amanang le ho laola bohale.
Moapostola Pauluse o fana ka khopotso ena ea bohlokoa: “A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Tobisa mohopolo le liketso tsa hao ho etsetseng ba bang se molemo. Tšebetso e joalo e molemo e tla u khothalletsa ho ba le qenehelo le tšepo ’me e tla felisa ho se utloisisane hoo ho leng bonolo hore ho felle ka bohale.
Mopesaleme o itse: “U tiise maoto a ka lentsoeng la hao, u se ke ua lesa bokhopo leha bo le bong bo mpuse! Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e kholo, ha ho khopiso ho bona.” (Pesaleme ea 119:133, 165) Seo se ka u etsahalla le uena.
[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 9]
MEHATO EA HO LAOLA BOHALE
□ Rapela Jehova.—Pesaleme ea 145:18.
□ Hlahloba Mangolo kamehla.—Pesaleme ea 119:133, 165.
□ Tšoareha mesebetsing e molemo.—Bagalata 6:9, 10.