Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 9/1 maq. 19-24
  • Atlehisang Bophelo ba Lōna!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Atlehisang Bophelo ba Lōna!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Melao ea Molimo
  • “Ho Bala Matsatsi”
  • Qoba ho Honohela Bafosi
  • Hlokomela Hore na U Tloaelana le Bo-mang!
  • Melemo ea ho Bala Bibele
  • Ho Latela Tsela ea Molimo ho Lebisa Katlehong
  • Katleho e ka Leka Tumelo ea Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bacha ba Thabisang Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba Bang ba Ithabisa ka Hohle-hohle?
    Tsoha!—1996
  • Kamoo U ka Atlehang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 9/1 maq. 19-24

Atlehisang Bophelo ba Lōna!

“Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo . . . ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”—PESALEME EA 1:1, 3, NW.

1. (a) Bacha ba bangata lefatšeng ba talima katleho joang? (b) Bibele e hlalosa motho ea atlehileng joang?

KATLEHO—lentsoe leo le bolela’ng ho uena? Mohlankana e mong o itse: “Pakane ea ka ea bohlokoahali ke ho atleha khoebong.” Moroetsana e mong o itse: “Pakane ea ka e ka sehloohong ke ho ba le lelapa le thabileng.” Empa moroetsana e mong eena o itse: “Pakane ea ka ke feela ho ba le folete e ntle, koloi e ntle . . . Ke amehile haholo ka seo ke se hlokang.” Bothata ke hore chelete, kapa lelapa, esita le oona mosebetsi o lefang chelete e ntle hase tekanyo ea katleho ea sebele. Ho Pesaleme ea 1:1-3, rea bala: “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo . . . O thabela molao oa Jehova . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”

2 .Katleho ea sebele e fumanoa hokae, ’me tsela feela ea ho e finyella ke efe?

2 Mona Bibele e tšepisa ntho e ’ngoe eo ho se nang motho ea ka fanang ka eona—katleho ea sebele! Empa ha e bue ka ho atleha licheleteng. Bibele ka boeona ea lemosa: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.” (1 Timothea 6:10) Katleho ea sebele e fumanoa ka ho khahlisa Molimo—ho akarelletsa ho sebetsa tumellanong le molao oa Jehova. Ke sona feela se ka tlisang khotsofalo ea ’nete le thabo ea sebele! Mohlomong mohopolo oa hore motho a be tlas’a molao oa Jehova le ho bolelloa seo a lokelang ho se etsa ha o utloahale o ipiletsa. Empa Jesu o itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ebang ua hlokomela kapa che, u bōpeletsoe le litlhoko tsa moea—ho akarelletsa le tlhoko e metseng ka metso ea ho tseba Molimo le ho utloisisa merero ea hae. Ka lebaka leo, u ka ba le thabo ea sebele haeba feela u khotsofatsa litlhoko tseo ’me u phela tumellanong le “molao oa Jehova.”

Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Melao ea Molimo

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela ho tlohella Jehova ho ‘tsamaisa mehato ea rōna’?

3 Moprofeta Jeremia o ile a ngola: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23, NW) Batho bohle ba boemong boo, ba bacha le ba hōlileng. Hase feela hore re hloka bohlale, phihlelo le tsebo ea ho tsamaisa mehato ea rōna; ha e le hantle ha re na tokelo ea ho etsa joalo. Ho Tšenolo 4:11, Bibele e re: “Ua tšoaneleha, Jehova, uena Molimo oa rōna, ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa ba teng ’me tsa bōptjoa.” E le ’Mōpi oa rōna, Jehova ke “seliba sa bophelo.” (Pesaleme ea 36:9) A le boemong boo, o tseba hamolemo ho feta mang kapa mang hore na re lokela ho sebelisa bophelo ba rōna joang. Ka hona, o entse melao, eseng bakeng sa ho re amoha thabo, empa bakeng sa ho re thusa hore re rue molemo. (Esaia 48:17, NW) Hlokomoloha molao oa Molimo, ’me u ikise tšenyehong.

4. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba senya bophelo ba bona?

4 Ka mohlala, na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba senya bophelo ba bona ka lithethefatsi, boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali, le lintho tse ling tse mpe? Pesaleme ea 36:1, 2 (NW) ea hlalosa: “Ho bolela tlōlo ho ea khopo ho ka pelong ea hae; ho tšaba Molimo ha ho eo ka pel’a mahlo a hae. Etsoe o itšoere ka mokhoa o thetsang haholo mahlong a hae hoo a sa fumaneng phoso ea hae e le hore a e hloee.” Kahobane ha ba ‘tšabe Molimo’ ka tsela e molemo, bacha ba bangata ba ithetsa ka ho lumela hore boitšoaro bo kotsi ha bo na liphello. Leha ho le joalo, qetellong ba tlameha ho talimana le molao-motheo ona o sa fetoheng: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula; hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.”—Bagalata 6:7, 8.

“Ho Bala Matsatsi”

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ‘ho bala matsatsi a bona,’ ’me ho etsa joalo ho bolela’ng? (b) Ho ‘hopola ’Mōpi oa rōna’ ho bolela’ng?

5 U ka atlehisa bophelo ba hao joang ’me u ‘kotule bophelo bo sa feleng’? Moshe o ngotse: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli . . . bo fela kapele, bo ikela koo.” (Pesaleme ea 90:10) Ke ka seoelo u nahanang ka lefu, haeba u ke u nahane ka lona. Ha e le hantle, bacha ba bangata ba itšoara joalokaha eka ba ke ke ba timela. Empa Moshe o etsa hore re talimane le ’nete e bohloko ea hore bophelo bo bokhutšoanyane. Ha ho bile ha ho na le tiiso ea hore re tla phela ho fihlela re e-ba lilemo li 70 kapa 80. “Nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ka bolaea esita le bona ba bacha le ba phelang hantle. (Moeklesia 9:11, NW) Joale, u tla sebelisa bophelo ba bohlokoa boo u bo thabelang hona joale joang? Moshe o ile a rapela: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona.”—Pesaleme ea 90:12.

6 Ho bala matsatsi a hao ho bolela eng? Ha ho bolele hore u lokela ho ameha ka ho tlōlisang ka hore na u ka phela halelele hakae. Moshe o ne a rapela hore Jehova a rute batho ba Hae mokhoa oa ho sebelisa matsatsi a bona a setseng ka tsela e Mo tlisetsang tlhompho. Na u bala matsatsi a bophelo ba hao—u talima letsatsi ka leng e le letlotlo la bohlokoa le lokelang ho sebelisetsoa ho tlisetsa Molimo thoriso? Bibele e fa bacha khothatso ena: “Suthisa masoabi pel’a pelo ea hao, u bee bolotsana hole le ’mele oa hao; hobane bongoana le bocha ke lefeela! U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” (Moeklesia 11:10–12:1) Ho hopola ’Mōpi oa rōna ho bolela ho fetang feela ho se lebale hore o teng. Ha motlōli oa molao a ne a kōpa Jesu ka tieo, “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao,” o ne a batla hore Jesu a etse se eketsehileng ho feta ho hopola lebitso la hae. O ne a batla hore Jesu a nke bohato, a mo tsose! (Luka 23:42; bapisa le Genese 40:14, 23; Jobo 14:13.) Ka ho tšoanang, ho hopola Jehova ho akarelletsa ketso, ho etsa se mo khahlisang. Na ho ka boleloa hore u hopola Jehova?

Qoba ho Honohela Bafosi

7. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba khetha ho lebala ’Mōpi oa bona? Fana ka mohlala.

7 Bacha ba bangata ba khetha ho lebala Jehova hobane ba ikutloa hore ho ba Paki ke ho itšoara ka thata haholo. Mor’abo rōna e mong oa Spain o hopola kamoo a neng a ikutloa kateng ha e sa le mocha: “Ke ne ke khahloa ke lefatše hobane ho ne ho bonahala eka ’nete e boima ebile ha e tenyetsehe. Ho ne ho bolela ho lula, ho ithuta, ho ea libokeng, ho fasa tae, ’me tseo e ne e se lintho tseo ke thabelang ho li etsa.” Na ka linako tse ling le ikutloa hore lea lahleheloa hobane le sebeletsa Molimo? Mohlomong ho tla le makatsa ho tseba hore e mong oa bangoli ba Bibele o ile a ba le maikutlo ’ona ao. Re kōpa hore u phetle Bibele ea hao ’me u bale Pesaleme ea 73.—NW.

8. Ke hobane’ng ha Asafe a ne a “honohela baithorisi”?

8 A re hlahlobeng pesaleme ena ka botlalo. Temana ea 2 le ea 3 li re: “Ha e le ’na, maoto a ka a ne a batlile a kheloha, mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa. Etsoe ke ile ka honohela baithorisi, ha ke ne ke bona khotso ea batho ba khopo.” Ho latela sehloohoana sa eona, pesaleme ena e ngotsoe ke Asafe. E ne e le sebini sa Molevi sa mehleng ea Morena Davida. (1 Likronike 25:1, 2; 2 Likronike 29:30) Le hoja a ne a e-na le tokelo e ntle ea ho sebeletsa tempeleng ea Molimo, o ne a “honohela” batho ba neng ba ithorisa ka ho se ee ka molao ha bona. Ho ne ho bonahala eka lintho li ba tsamaela hantle; eka ba thabela khotso le tšireletseho. Ha e le hantle, se neng se bonahala eka ke katleho se ‘fetetse ka ’ng’ane ho menahano ea lipelo tsa bona.’ (Temana ea 5, 7) Ba ne ba ee ba bue “ka mokhoa o phahameng” ka ho hanyapetsa batho ha bona, ke hore, ka boikhohomoso. (Temana ea 8) ‘Ba ne ba ee ba behe melomo ea bona maholimong, ’me maleme a bona a tsamaee lefatšeng,’ ba sa hlomphe mang kapa mang—ebang ke ea leholimong kapa ea lefatšeng.—Temana ea 9.

9. Ke joang bacha ba bang ba Bakreste kajeno ba ka ikutloang joaloka Asafe?

9 Mohlomong ho ka buuoa se tšoanang ka lithaka tsa hao sekolong. U ka ’na ua utloa ba ithorisa ba se na lihlong ka liketso tsa bona tsa boitšoaro bo sa lokelang ba botona le botšehali, liphathi tsa bona tse tsoileng taolong, le ho lemalla tahi le lithethefatsi. Ha u bapisa bophelo ba bona ba seo ho thoeng ke monyaka le tsela e tšesaane eo u lokelang ho tsamaea ho eona joaloka Mokreste, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u “honohela baithorisi.” (Matheu 7:13, 14) Ho ile ha fihla moo Asafe ka boeena a ileng a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato. Ke ile ka otloa letsatsi lohle.” (Temana ea 13, 14) E, o ile a qala ho belaella bohlokoa ba ho sebeletsa Molimo le ho phela bophelo bo khabane.

10, 11. (a) Ke’ng se ileng sa etsa hore Asafe a fetole boikutlo ba hae? (b) Bafosi ba “moo ho thellang” joang? Fana ka mohlala.

10 Ka lehlohonolo, Asafe ha aa ka a lula a le boemong bona ba ho felloa ke tšepo ka nako e telele. Kapele o ile a lemoha hore hoo e kang ke khotso ea ba khopo e ne e se letho haese ho ea le khongoana holimo—’me e ne e le ea nakoana feela! O ile a re: “Ka sebele u ba beha fatše moo ho thellang. U ba lihetse tšenyehong. Ba fetohile ntho e makalloang hakaakang joalokaha eka ke ka motsotsoana! Ba felile hakaakang, ba felisitsoe ka matšabeho a tšohanyetso!” (Temana ea 18, 19) Ka ho tšoanang bongata ba lithaka tsa hao li “moo ho thellang.” Ka nako e itseng, li tla kotula ka lebaka la boitšoaro ba tsona bo bontšang ho sa tšabe Molimo, mohlomong phello e be ho ima ho sa batloeng, lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, esita le ho kenngoa teronkong kapa ho shoa! Ho hobe le ho feta, li arohane le Molimo.—Jakobo 4:4.

11 Mocha e mong oa Paki oa Spain o ile a hlokomela ’nete ena ka boeena. Ha e sa le mocha, o ne a phela bophelo bo habeli, a tloaelane haholo le sehlopha sa bacha ba sa tšabeng Molimo. Kapele o ile a ratana le e mong oa bona—ea lemaletseng lithethefatsi. Le hoja eena a ne a sa sebelise lithethefatsi, o ne a li rekela molekane oa hae. Oa lumela: “Ke ne ke bile ke mo thusa ho ikenta.” Ka lehlohonolo, morali enoa oabo rōna o ile a thusoa hore a hlaphoheloe kelellong ’me a khutlisetsoa bophelong ba moea. Empa o ile a tšoha hakaakang ha hamorao a utloa hore mohlankana oa hae ea neng a sebelisa lithethefatsi o bolailoe ke AIDS! E, feela joalokaha mopesaleme a boletse, batho ba sa tšabeng Molimo ba “moo ho thellang.” Ba bang ba ka ’na ba shoa ka tšohanyetso ka lebaka la bophelo ba bona ba boitšoaro bo hlephileng. Ha e le ba bang, ntle le hore ba fetole litsela tsa bona, haufinyane ba tla talimana le ‘tšenolo ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.’—2 Bathesalonika 1:7, 8.

12. Mocha oa Japane o ile a bona bothoto ba ho honohela bafosi joang?

12 Joale, ke bothoto bo bokaakang, ho honohela “ba sa tsebeng Molimo”! Ka sebele, ke ba tsebang Jehova le ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ba lokelang ho khalloa. Mor’abo rōna e mocha oa Japane o ile a hlokomela seo. Ha a sa le monyenyane, le eena “o ne a batla bolokolohi bo eketsehileng.” Oa hlalosa: “Ke ne ke nahana hore ke haelloa ke ho hong. Eaba ke hlokomela hore na bophelo ba ka bo ne bo tla ba joang ntle ho ’nete. Ke ne ke ee ke ipone ke phela lilemo tse 70 kapa 80 ebe kea shoa. Empa Jehova o fana ka tšepo ea bophelo bo sa feleng! Ho hlokomela sena ho ile ha etsa hore ke ananele seo ke neng ke hlile ke e-na le sona.” Leha ho le joalo, hore motho a lule a tšepahetse ha a pota-potiloe ke batho ba sa lateleng melao ea Molimo ha ho bonolo. Ke lintho life tse ling tseo u ka li etsang ho hanela likhatello tseo?

Hlokomela Hore na U Tloaelana le Bo-mang!

13, 14. Ke hobane’ng ha ho hloaea batho bao re tloaelanang le bona e le habohlokoa?

13 A re boeleng re bone tlhaloso ea motho ea atlehileng e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 1:1-3 (NW): “Ho thaba motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo, ’me a sa ka a ema tseleng ea baetsalibe, ebile a sa ka a lula setulong sa basomi. Empa o thabela molao oa Jehova, ’me molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”

14 Taba ea pele, hlokomela hore batho bao u ba tloaetseng ba phetha karolo e khōlō. Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Sena ha se bolele hore u nene bacha bao e seng Lipaki tsa Jehova, u hloke botsoalle ho bona kapa u ba halefele. Bibele e re phehella hore re rate baahelani ba rōna ’me re “be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18; Matheu 22:39) Leha ho le joalo, u ka ’na ua iphumana u “tsamaea keletsong” ea ba sa lateleng litekanyetso tsa Bibele haeba u tloaelane le bona haholo.

Melemo ea ho Bala Bibele

15. Bacha ba ka hlaolela tabatabelo ea ho bala Bibele joang?

15 Mopesaleme o ile a boela a hlokomela hore motho ea atlehileng o thabela ho bala molao oa Molimo “ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu.” (Pesaleme ea 1:1, 2) Ke ’nete hore Bibele ha e balehe habonolo, ’me ka har’a eona ho na le “lintho tse ling tse thata ho utloisiseha.” (2 Petrose 3:16) Empa ’malo oa Bibele ha ea tšoanela ho ba mosebetsi o khathatsang. Hoa khoneha hore motho a “hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang” la Lentsoe la Molimo. (1 Petrose 2:2) Leka ho bala hanyenyane letsatsi ka leng. Haeba ho e-na le lintlha tseo u sa li utloisiseng, etsa lipatlisiso tse itseng. Ka mor’a moo, nahana ka seo u se balileng. (Pesaleme ea 77:11, 12) Haeba u na le bothata ba ho tsepamisa mohopolo, leka ho bala ka tsela e utloahalang “ka lentsoe le tlaase.” Ha nako e ntse e feta, lerato la hao la ho bala Bibele ka sebele le tla hōla. Morali’abo rōna e mong e monyenyane oa Brazil oa hopola: “Kamehla ho ’na ho ne ho bonahala eka Jehova o hōle. Empa joale, ka likhoeli tse itseng ke ’nile ka ntlafatsa thuto ea ka ea botho le ’malo oa Bibele. Hona joale ke ikutloa hore kamano ea ka le Jehova e matla haholoanyane. Ke oa sebele haholoanyane ho ’na.”

16. Re ka fumana ho eketsehileng joang libokeng tsa phutheho?

16 Ho ba teng libokeng tsa phutheho le hona ke habohlokoa khōlong ea hao ea moea. Haeba u ‘ela hloko kamoo u mamelang kateng,’ u ka fumana khothatso e ngata. (Luka 8:18) Na ka linako tse ling u ikutloa hore liboka ha li thahasellise hakaalo? Ha e le hantle, ipotse, ‘Ke etsa eng hore liboka li thahasellise? Na kea mamela? Na kea lokisetsa? Na ke fana ka litlhaloso?’ Etsoe, Bibele e re bolella hore re ‘nahanelane hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, . . . re khothatsane.’ (Baheberu 10:24, 25) E le hore u etse sena u tlameha ho nka karolo! Ka sebele, e le hore u nke karolo u lokela ho ithuta esale pele. Morali’abo rōna e mong e monyenyane oa lumela: “Ka sebele ho bonolo haholoanyane ho nka karolo libokeng ha u lokisetsa.”

Ho Latela Tsela ea Molimo ho Lebisa Katlehong

17. ’Mali oa Bibele ea mafolofolo o “joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi” joang?

17 Mopesaleme o tsoela pele ho hlalosa motho ea atlehileng e le ea “joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi.” E ka ’na eaba melapo ea metsi e ne e bolela liforo tse neng li sebelisoa bakeng sa ho nosetsa lirapa tsa lifate tsa litholoana. (Esaia 44:4) Ho bala Bibele kamehla ho tšoana le ho hokelloa mohloling o joalo oa kamehla oa phepelo le khatholoho. (Jeremia 17:8) Kamehla u tla fumana matla ao u a hlokang bakeng sa ho mamella liteko le mathata. Ha u se u ithutile mohopolo oa Jehova, u tla ba le bohlale boo u bo hlokang bakeng sa ho etsa liqeto tse bohlale.

18. Ke’ng se ka tiisang katleho ea mocha ho sebeletseng Jehova?

18 Ka linako tse ling, ho sebeletsa Jehova ho ka ’na ha bonahala ho le thata. Empa le ka mohla u se ke ua ikutloa hore ho thata haholo ho ho etsa. (Deuteronoma 30:11) Bibele e u tšepisa hore qetellong ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang e tla atleha,’ hafeela pakane ea hao e ka sehloohong e le ho khahlisa Jehova le ho thabisa pelo ea hae! (Liproverbia 27:11) ’Me u hopole hore ha u mong. Jehova le Jesu Kreste ba u tšehelitse. (Matheu 28:20; Baheberu 13:5) Ba tseba likhatello tseo u talimanang le tsona, ’me ha ho mohla ba tla u furalla. (Pesaleme ea 55:22) U boetse u tšehelitsoe ke “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” le batsoali ba hao haeba ba tšaba Molimo. (1 Petrose 2:17) U e-na le tšehetso e joalo, hammoho le boikemisetso ba hao le boiteko, u ka thabela bophelo bo atlehileng eseng hona joale feela empa ka ho sa feleng!

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ Katleho ea sebele ke eng?

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Jehova a tsamaise mehato ea rōna?

◻ Bacha ba ka ‘bala matsatsi a bona’ joang?

◻ Ke hobane’ng ha e le bothoto ho honohela bafosi?

◻ Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho ba teng libokeng kamehla ho thusa bacha joang ho thabela bophelo bo atlehileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka lebaka la ho se ‘tšabe Molimo’ ka tsela e molemo, bacha ba bangata ba kopanela boitšoarong bo lebisang timelong

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Hangata bacha baa lebala hore liketso tsa bona li na le liphello

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Hlaolela lerato la ho bala Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

U tla thabela liboka haholoanyane ha u nka karolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela