Bacha ba Thabisang Pelo ea Jehova
“Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”—Liproverbia 27:11.
Lihlooho tsena tse ithutoang li lokiselitsoe bacha ba Lipaki Tsa Jehova ka ho khetheha. Ka lebaka lena, re khothalletsa bacha hore ba ithute lihlooho tsena ka hloko ’me ba arabe haholo nakong eo li tšohloang Thutong ea Molula-Qhooa ea phutheho.
1, 2. (a) Hlalosa hore na ebe ho hoheloa ke lintho tsa lefatše ka bohona feela ho se ho bolela hore ha u tšoanelehe ho ba Mokreste. (Baroma 7:21) (b) Ke eng seo u ithutang sona mohlaleng oa Asafe? (Bona lebokose le leqepheng la 13.)
AK’U nahane u se u il’o reka liphahlo. Ha u ntse u li sheba u bona seaparo se u khahlang hang-hang. U rata ’mala le moseho oa sona, le theko ea sona e tlaase. Empa joale ua se hlahlobisisa. U khathala matla ha u hlokomela hore lesela le thochehile ka mathōko, ’me morōko o batla o nyehlile. Seaparo sena se setle empa leha ho le joalo se rōkiloe habohlasoa. Na u ne u ka senya chelete ea hao ka seaparo se joalo sa boleng bo tlaase?
2 Bapisa sena le boemo bo ka u hlahelang joaloka mocha oa Mokreste. Ha u li habanya feela, lintho tsa lefatše lena—feela joaloka seaparo sela—li ka ’na tsa bonahala li khahla haholo. Ka mohlala, bana bao u kenang sekolo le bona ba ka ’na ba ea liphathing tse monate, ba sebelisa lithethefatsi, ba noa, ba ferehana bakeng sa ho itlosa bolutu feela, ’me ba kopanela liphate pele ho lenyalo. Na ka linako tse ling u khahloa ke bophelo bo joalo? Na u khalla ho kopanela ho seo ba se bitsang tokoloho? Haeba ho joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore u motho e mobe ’me ha u tšoanelehe ho ba Mokreste. ’Nete ke hore Bibele ea lumela hore lefatše le ka hohela ka matla esita le motho ea batlang ho thabisa Molimo.—2 Timothea 4:10.
3. (a) Ke hobane’ng ha e le lefeela ho lelekisa lintho tsa lefatše? (b) Mokreste e mong o hlalosa bosaoana ba ho lelekisa lintho tsa lefatše joang?
3 Joale ka kōpo ak’u hlahlobe lintho tsa lefatše lena joalokaha u ne u tla hlahloba seaparo seo u thahasellang ho se reka. Ipotse, ‘Tsamaiso ee ea lintho ke ea boleng bofe?’ Bibele e bolela hore “lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:17) Monyaka leha e le ofe o fumanoang ho lona ke oa nakoana. Ho feta moo, ho se tšabe Molimo ho fella ka liphello tse bohloko. Ka sebele ha ho na molemo. Mokreste e mong, ea mameletseng seo a se bitsang “bohloko ba ho ja bocha lekemekeme” o re: “Lefatše le ka ’na la bonahala le le mahalihali ’me le hohela. Le batla hore u lumele hore u ka ithabisa ka tsela ea lona u sa utloe bohloko. Empa ha ho joalo. Lefatše le tla etsa eka lea u rata, ’me ha le qetile ho u sohloka, le u ptjatlanye.”a Ke hobane’ng ha u ka senya bocha ba hao ka bophelo bo se nang thuso joalo?
Ho Sireletsoa ho “ea Khopo”
4, 5. (a) Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a rapella hore Jehova a etse’ng? (b) Ke hobane’ng ha kōpo ee e ne e loketse?
4 Bacha ba Lipaki Tsa Jehova baa hlokomela hore tsamaiso ena ea lintho ha e na letho la bohlokoa, ’me ba leka ka hohle ho qoba ho ba metsoalle ea lefatše lena. (Jakobo 4:4) Na u har’a bacha baa ba tšepahalang? Haeba ho joalo, rea u babatsa. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho hanela khatello ea lithaka le ho se tšoane le ba bang, empa ho na le motho ea ka u thusang.
5 Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a rapella hore Jehova a “lebele” barutuoa ba hae “ka lebaka la ea khopo.” (Johanne 17:15) Jesu o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa kōpo ena. O ne a tseba hore ho sa tsotellehe hore na balateli ba hae ba lilemo li kae, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore ba tšepahale. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ne ba tla tobana le sera se matla le se sa bonahaleng—e leng “ea khopo,” Satane Diabolose. Bibele e re lengeloi lena le khopo le “tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.
6. Re tseba joang hore Satane ha a batle ho bona bacha le moo ba hatileng teng?
6 Ho theosa le lilemo, ka sehlōhō Satane o thabetse ho tlisetsa batho masetla-pelo. Nahana ka mahlomola a nyarosang ao Satane a ileng a a tlisetsa Jobo le lelapa la hae. (Jobo 1:13-19; 2:7) Mohlomong le uena u ka hopola liketsahalo tse boletsoeng litabeng tse bontšang mabifi a Satane. Diabolose o ntse a nanara, ’me kaha o nyoretsoe ho harola, ha a na mohau bacheng. Ka mohlala, mathoasong a lekholo la pele la lilemo C.E., Heroda o ile a loha leano la ho bolaea bashanyana bohle ba Bethlehema ba neng ba le lilemo tse peli kapa ka tlaase ho moo. (Matheu 2:16) Ho ka etsahala hore ebe ke Satane ea ileng a susumetsa Heroda ka sepheo sa ho timetsa ngoana eo ka letsatsi le leng e neng e tla ba Mesia ea tšepisitsoeng oa Molimo a be a phethahatse kahlolo ea Molimo ho Satane! (Genese 3:15) Ho hlakile hore Satane ha a batle ho bona bacha le moo ba hatileng teng. Boikemisetso ba hae ke hore feela a harole batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Sena ke ’nete kajeno hobane Satane o lelekiloe leholimong a theoleloa lefatšeng “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:9, 12.
7. (a) Ke ka litsela life Jehova a fapaneng haholo le Satane? (b) Na Jehova o batla hore u thabele bophelo?
7 Jehova o na le “qenehelo e bonolo,” ’me o fapane haholo le Satane ea ‘halefileng haholo.’ (Luka 1:78) Jehova o bonahatsa lerato ka ho phethahetseng. Ha e le hantle, ’Mōpi oa rōna o bontša tšobotsi ena ea bohlokoa hamolemo hoo Bibele e reng: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Molimo eo u filoeng tokelo ea ho mo rapela o fapane hakaakang le molimo oa tsamaiso ee ea lintho! Satane eena o batla ho harola empa Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe.” (2 Petrose 3:9) Bophelo ba motho e mong le e mong ke ba bohlokoa ho eena—ho akarelletsa le bophelo ba hao. Ha Jehova a u eletsa ka Lentsoe la hae hore u se be karolo ea lefatše, ha a leke ho u sitisa ho thabela bophelo kapa ho kena-kenana le tokoloho ea hao. (Johanne 15:19) Ho e-na le hoo, o mpa a u lebela ka lebaka la ea khopo. Ntate oa hao oa leholimo o batla hore u fumane ntho ea bohlokoa ho feta menate e fetang ea lefatše lena. O lakatsa hore u fumane “bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (1 Timothea 6:17-19) Jehova o batla hore u atlehe, ’me o u khothalletsa hore u finyelle pakane eo. (1 Timothea 2:4) Ho feta moo, Jehova o u mema ka ho khetheha. O u memela hore u etse’ng?
“U Thabise Pelo ea Ka”
8, 9. (a) U ka fa Jehova mpho efe? (b) Satane o nyelisa Jehova joang joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jobo?
8 Na u kile ua rekela motsoalle oa hao oa hlooho-ea-khomo mpho, ’me ua mo shebella ha a bososela haholo, a maketse ebile a tletse thabo ha a e fumana? Mohlomong u ile ua ingoaea hlooho ka nako e telele u ipotsa hore na a ka rata mpho ea mofuta ofe. Joale ak’u nahane ka potso ena: U ka fa ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo, mpho ea mofuta ofe? Qalong, taba ena e ka ’na ea u emisa hlooho. Ea Matla ’Ohle o hloka eng ho motho ea pala? Na ho na le ntho eo u ka mo fang eona kaha o se a ntse a e-na le lintho tsohle? Bibele e fana ka karabo ho Liproverbia 27:11 ha e re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”
9 Joalokaha mohlomong u se u ithutile Bibeleng, ke Satane Diabolose ea nyelisang Jehova. O re batho ha ba sebeletse Molimo ka lebaka la lerato empa ba mo sebeletsa ka mabaka a boithati. Satane o re ha batho ba le tsietsing, ba tla lahla borapeli ba ’nete kapele. Ka mohlala, nahana ka seo Satane a ileng a se bolella Jehova ka monna ea lokileng Jobo, ha a re: “Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:10, 11.
10. (a) Re tseba joang hore Satane ha aa ka a belaella botšepehi ba Jobo feela? (b) U ameha joang tsekong ee ea bobusi?
10 Joalokaha ho bontšitsoe tlalehong ea Bibele, Satane ha aa ka a belaella botšepehi ba Jobo feela empa o ile a belaella le botšepehi ba batho bohle ba sebeletsang Molimo—ho akarelletsa le uena. Ha e le hantle, ha Satane a ne a bua ka batho ka kakaretso o ile a re ho Jehova: “Motho [eseng Jobo feela empa mang kapa mang] o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:4) Na uena ua bona hore na u ameha joang tsekong ee ea bohlokoa? Joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 27:11, Jehova o bolela hore ho na le seo u ka mo fang sona—e leng se ka etsang hore a arabele Satane ea mo nyelisang. Ak’u nahane feela—’Musi Morena oa Bokahohle o ipiletsa ho uena hore u be le seabo tsekong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa. U bulehetsoe ke boikarabelo le tokelo tse hlollang hakaakang! Na u ka etsa seo Jehova a se kōpang ho uena? Jobo o ile a se etsa. (Jobo 2:9, 10) Le Jesu o ile a se etsa haesita le ba bang ba bangata ho theosa le lilemo, ho akarelletsa le bacha ba bangata. (Bafilipi 2:8; Tšenolo 6:9) Le uena u ka se etsa. Leha ho le joalo, u se ke ua ithetsa, u ke ke ua lula u sa nke lehlakore. Ka liketso tsa hao, u tla bontša hore na u tšehetsa nyeliso ea Satane kapa karabo ea Jehova. U tla tšehetsa hofe?
Jehova oa U Tsotella!
11, 12. Na Jehova oa tsotella hore na u khetha ho mo sebeletsa kapa che? Hlalosa.
11 Na hoa tsotelleha ho Jehova hore na u khetha eng? Na e se e ntse e se batho ba bangata ba tšepahetseng ka ho lekaneng hore a ka fa Satane karabo e tšoanelehang? Ke ’nete hore Diabolose o ile a bolela hore ha ho motho ea ka sebeletsang Jehova ka lerato, e leng qoso eo ho seng ho bonahetse hore ke ea bohata. Ho ntse ho le joalo, Jehova o batla hore u eme le eena tsekong ea bobusi hobane oa u tsotella. Jesu o itse: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”—Matheu 18:14.
12 Ho hlakile hore Jehova o thahasella hore na u khetha ho ema le mang. Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore khetho ea hao ea mo ama. Bibele e bolela ka ho hlaka hore liketso tse ntle kapa tse mpe tsa batho li ama Jehova ka ho tebileng. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba mo fetohela khafetsa, Jehova o ne a ‘utloa bohloko.’ (Pesaleme ea 78:40, 41) Pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, ha “bobe ba motho bo [ne bo le] bongata,” “pelo ea [Jehova e ile] ea utloa bohloko.” (Genese 6:5, 6) Nahana hore na sena se bolela eng. Haeba u ka nka tsela e fosahetseng, u tla utloisa ’Mōpi oa hao bohloko. Sena ha se bolele hore Molimo oa fokola kapa hore o nkoa ke maikutlo. Ho e-na le hoo, oa u rata ebile oa u tsotella. Empa ha u etsa se nepahetseng, pelo ea Jehova ea thaba. Ha a thabisoe feela ke hore ho na le se eketsehileng seo a ka arabang Satane ka sona empa hape o thabisoa ke hore joale u mocheng oa hore e be Moputsi oa hao. Ehlile o batla ho u putsa. (Baheberu 11:6) Jehova Molimo ke Ntate oa hao ea u ratang hakaakang!
Ho na le Litlhohonolofatso Tse Enneng Hona Joale
13. Ke joang ho sebeletsa Jehova ho tlisang litlhohonolofatso le hona joale?
13 Batho ba sebeletsang Jehova ba ke ke ba fumana litlhohonolofatso nakong e tlang feela. Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba hlohonolofalitsoe ka ho fuoa thabo le khotsofalo hona joale, ’me hoa utloahala hore ebe ho joalo. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo.” (Pesaleme ea 19:8) Jehova ke eena ea tsebang se molemong oa rōna ho feta motho leha e le ofe. Ka moprofeta Esaia, Jehova o ile a re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
14. Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang ho qoba bohloko bo bakoang ke likoloto?
14 Ho mamela melao-motheo ea Bibele ho tla u thusa hore u qobe bohloko bo bongata le masisa-pelo. Ka mohlala, Bibele e bolela hore ba ratang chelete “ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Na lithaka tse ling tsa hao li hlahetsoe ke bohloko bo boleloang ke lengolo lee? Bahlankana le baroetsana ba bang ba imetsoe ke likoloto hobane feela ba nahana hore ba tlameha ho ba le liphahlo tsa mabitso le lintho tsa morao-rao tsa theknoloji. Ho imeloa ke sekoloto se sa feleng se u lefisang tsoala e ngata ea lintho tseo u hlōloang ho li lefella, ke bokhoba bo bohloko!—Liproverbia 22:7.
15. Melao-motheo ea Bibele e u sireletsa ka litsela life bohlokong bo bakoang ke boitšoaro bo bobe?
15 Nahana hape ka taba ea boitšoaro bo bobe. Selemo le selemo, lefatšeng lohle bacha ba bangata ba sa nyaloang baa ima. Ba bang ba beleha bana bao ba sa ba rateng kapa bao ba sa tsebeng ho ba hōlisa. Ba bang ba ntša limpa ebe ba tšoenngoa ke letsoalo le molato. Ho boetse ho na le bahlankana le baroetsana ba tšoaroang ke mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, a kang AIDS. Ho hlakile hore ho mocha ea tsebang Jehova, phello e bohloko ka ho fetisisa e tla ba ho senyeha ha kamano ea hae le Jehova.b (Bagalata 5:19-21) Ke ka lebaka le utloahalang ha Bibele e re: “Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18.
Ho Sebeletsa “Molimo ea Thabileng”
16. (a) Re tseba joang hore Jehova o batla hore u thabele bocha ba hao? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a u behela melao?
16 Bibele e hlalosa hore Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) O batla hore le uena u thabe. Ha e le hantle, Lentsoe la hae le re: “Thabela bocha ba hao. U nyakalle ha u sa ntsane u le mocha.” (Moeklesia 11:9, Today’s English Version) Leha ho le joalo, Jehova o bonela hōle ’me a ka lemoha hore na boitšoaro bo botle le bo bobe bo tla qetella ka eng. Ke ka lebaka leo a u fang keletso e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’”—Moeklesia 12:1.
17, 18. Mocha e mong oa Mokreste o ile a hlalosa thabo ea hae ea ho sebeletsa Jehova joang, ’me u ka fumana thabo e tšoanang joang?
17 Kajeno, bacha ba bangata ba fumane thabo e khōlō ka ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, Lina ea lilemo li 15 o re: “Ke motlotlo. Ke phela hantle hobane ha ke tsube ebile ha ke sebelise lithethefatsi. Ke na le tataiso ea bohlokoa eo ke e fumanang phuthehong e nthusang hore ke loantše khatello e matla ea Satane. Sefahleho sa ka se khanya thabo ka lebaka la botsoalle bo molemo boo ke bo fumanang Holong ea ’Muso. Ho molemo ka ho fetisisa ke hore ke na le tšepo e babatsehang ka ho fetisisa ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng.”
18 Joaloka Lina, bacha ba bangata ba Bakreste ba loana ntoa e matla bakeng sa tumelo, ’me sena sea ba thabisa. Baa hlokomela hore le hoja bophelo ba bona ka linako tse ling bo e-na le mathata, bo na le morero oa sebele le bokamoso ba sebele. Ka lebaka leo, tsoela pele u sebeletsa Molimo ea amehileng ka uena e le kannete. Thabisa pelo ea hae, ’me o tla etsa hore u thabe hona joale le nakong e sa lekanyetsoang!—Pesaleme ea 5:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng, “The Truth Gave Me Back My Life,” se hlahang Tsoheng! (ea Senyesemane) ea October 22, 1996.
b Hoa tšelisa ho tseba hore ha motho a baka, a khaotsa ho etsa bobe, ’me a bolela libe tsa hae, Jehova “o tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7.
Na Ua Hopola?
• U talimane le kotsi efe e tsoang ho “ea khopo,” e leng Satane?
• U ka etsa joang hore u thabise pelo ea Jehova?
• Bibele e bontša joang hore Jehova oa u tsotella?
• Tse ling tsa litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ke life?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]
Monna ea Lokileng o Batlile a Khoptjoa
Asafe e ne e le sebini se hlaheletseng sa Molevi tempeleng ea Jehova Iseraeleng ea boholo-holo. O bile a qapa lipina tse neng li binoa borapeling ba sechaba. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe litokelo tsa hae tse khethehileng, ka nakoana Asafe o ile a khahloa ke boitšoaro bo sa hlompheng Molimo ba lithaka tsa hae, tseo ho neng ho bonahala li tlōla melao ea Molimo empa li sa fumane kotlo. Hamorao Asafe o ile a lumela, a re: “Ha e le ’na, maoto a ka a ne a batlile a kheloha, mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa. Etsoe ke ile ka honohela baithorisi, ha ke ne ke bona khotso ea batho ba khopo.”—Pesaleme ea 73:2, 3.
Hamorao Asafe o ile a ea sehalalelong sa Molimo ’me a rapela ka taba eo. Ha a se a thusitsoe ho talima lintho ka tsela ea moea, o ile a hlokomela hore Jehova o hloile bobe le hore ka nako e loketseng, ba khopo le ba lokileng ba tla kotula seo ba se jalang. (Pesaleme ea 73:17-20; Bagalata 6:7, 8) Ka sebele, ba khopo ba moo ho thellang. Qetellong ba tla otlana fatše ha Jehova a felisa tsamaiso ena e sa tšabeng Molimo.—Tšenolo 21:8.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Jehova o amehile ka uena e le kannete, empa pakane ea Satane ke ho u harola
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bacha ba bangata ba fumana thabo e fetisisang ka ho sebeletsa Jehova ba ikopantse le Bakreste ba bang