Bacha Ba Thabisang Pelo ea Jehova
“U nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang [“nthohakang,” NW].”—LIPROVERBIA 27:11.
1. Batsoali ba rōna le ’Mōpi oa rōna ba ameha joang ke tsela eo re phelang bophelo ba rōna ka eona?
HORE na u-ua ho hlokomela kapa che, ho etsa phapang hore na u phela bophelo ba hao joang. Ka mohlala, ho etsa phapang ho batsoali ba hao. Bibele e-ea hlalosa: “Ngoana ea hlalefileng ke thabiso ho ntat’ae; empa ngoana ea leoatla ke mapalesa-pelo ho ’m’ae.” (Liproverbia 10:1; 23:24, 25) Empa hoa bohlokoahali, tsela eo u phelang bophelo ba hao ka eona e ka thabisa kapa ea soabisa ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Jehova o-oa khothatsa: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang [“nthohakang,” NW].”—Liproverbia 27:11.
2. Satane o ile a phahamisa tseko efe ea bohlokoa, hona re ameha joang?
2 Ha e le hantle, ea rohakang Jehova ke Satane Diabolose. Tšimong ea Edene, Satane o ile a phahamisa tseko ea bohlokoa e hlokang karabelo e tsoang ho Molimo. Hoba Satane a khone ho fumana Eva ka bonolo, hamorao Adama, hore ba tlōle molao oa Molimo, ho na le bopaki ba hore o phephelitse Jehova. Ha e le hantle, Satane o ile a tiisa: ‘Ak’u mpe monyetla feela, nka furallisa mang kapa mang hore a se ke a u sebeletsa.’ (Jobo 1:6-12) Kahoo, Jehova a etsa boipiletso bo thobang pelo bo tlalehiloeng kaholimo, hore mora oa hae a Mo fe ‘karabelo’ e le hore A ka arabela phephetso ea Satane.
3. Ke hobane’ng ha boipiletso ba Jehova bo sebetsa haholo-holo ho Jesu, ’me ke bo-mang hape ba tla thabisa pelo ea Molimo?
3 Leha ho le joalo, ke ho mang ka ho khetheha Jehova a ileng a lebisa boipiletso boo, eo a ’mitsang “mora oa ka”? Jesu Kreste ka tsela e ikhethang ke mora oa Molimo, e leng Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Johanne 1:14) Ho feta moo, ntle ho Adama, ea ileng a fosetsa ’Mōpi oa hae, Jesu ke eena feela motho ea phethahetseng ea kileng a tsamaea lefatšeng, kahoo ke eena feela motho ea ka khonang ho paka ka kutloisiso e feletseng hore botšepehi ho Molimo bo ka bolokoa. (1 Ba-Korinthe 15:45) Kahoo boipiletso ba Jehova bo sebetsa haholo-holo ho Jesu. ’Me Jesu ha a ka a soabisa Ntate oa hae. Ka tsela ea hae e tšepahalang, Jesu o ile a fa Molimo karabelo phephetsong ea Satane ea boikhohomoso ea hore batho ba ne ba ke ke ba Mo sebeletsa ka botšepehi tlas’a teko. (Ba-Heberu 2:14; 12:2) Ho phaella moo, bohle ba tlang ho busa le Kreste leholimong le bona ba tla be ba thabisitse pelo ea Jehova ka botšepehi ba bona ho Molimo esita le ho isa lefung.—Tšenolo 2:10.
4. Ha u etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng ka bophelo ba hao, u lokela ho nahana ka taba efe ea bohlokoa?
4 Empa ho thoe’ng ka rōna kajeno, ho akarelletsa le lōna ba bacha? Na lea ameha tsekong ee ea hore na batho ba tla tšepahala ho Molimo kapa che? Ka sebele lea ameha! (Pesaleme ea 147:11; 148:12, 13) Mohlomong ha le ho hlokomele, empa seo le se etsang ka bophelo ba lōna se tšehetsa lehlakore la Molimo kapa la Satane. Se thabisa Jehova kapa Satane. Ka sebele, memo ea Jehova kapa boipiletso ba hae e ka boetse ea talingoa e tobisitsoe ho lōna motho ka mong: “Mora [kapa morali] oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang [“nthohakang,” NW].” (Liproverbia 27:11) Na ho thabisa pelo ea ’Mōpi oa lōna hase pakane e khotsofatsang eo le ka bang le eona?
Lebaka Leo E Leng Bohlale
5. Ke hobane’ng ha ho le bohlale ho thabisa pelo ea Jehova?
5 Hlokomela hore Jehova o-oa khothaletsa, “hlalefa.” Ke hobane’ng ha re le bohlale ha re thabisa pelo ea Jehova? Ke kahobane Jehova ke Ntate ea lerato ea re batlelang se molemohali feela, ’me eng le eng eo a re kōpang hore re e etse e molemong oa rōna. Joalokaha Esaia 48:17, 18 e re: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”
6. (a) Ke eng e bontšang hore Jehova o rata ha u thabela bophelo? (b) Ke liphello life tseo u ke keng ua li qoba?
6 Joaloka motsoali ea lerato, Jehova o batla u thabele mpho ea hae ea bohlokoa ea bophelo ka botlalo. Kahoo o re: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao le ka chalimo ea mahlo a hao.” Joale hona, ha e le hantle, hase memo ea ho etsa ntho efe le efe e thabisang eo u e lakatsang. Hona ho bontšoa ke temoso e latelang: “Leha ho le joalo, u ’no u tsebe hoba Molimo o tla u ahlola ka tseo tsohle.” (Moeklesia 11:9, 10) E, u ke ke ua qoba liphello tsa liketso tsa hao; Molimo o tla u nka u ikarabella bakeng sa seo u se etsang. Molao ona o tiile: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.
7, 8. (a) U ka tlosa masoabi le tlokotsi joang? (b) Ke neng bocha le monate oa bophelo e leng lefeela?
7 Ka lebaka lena, Jehova o-oa phaella: “Suthisa masoabi [kapa sesosa sa ho tšoenyeha maikutlo] pel’a pelo ea hao, u bee bolotsana hole le ’mele oa hao; hobane bongoana le bocha ke lefeela.” (Moeklesia 11:10) Ka sebele ke bohlale ho qoba liketso tse tla u bakela mathata a u tšoenyang maikutlo hamorao. Leha ho le joalo, ho tla ba le ba tla re u-ua haelloa—hore ha u e-so ho ka ‘u hla u phela’ ha u e-s’o tahoe, u e-s’o kopanele liphate ntle ho tumello kapa ho etsa lintho tse ling tse joalo tse bontšang hore na u sebete hakae. Empa ke lithoto tse kaakang! Seithuti se senyenyane se meokho sa bua tjena kamor’a ho etsa bohlola, “Kea tiisa ho ne ho sa ho lokele. Esale ke tšoenyeha ho tloha ka nako eo.”
8 Kahoo lōna ba bacha, mamelang keletso ea Molimo ka bohlale ho tlosa sesosa leha e le sefe sa pelaelo kapa boikoahlao pelong tsa lōna, tse kang tse latsoitsoeng ke bacha ba phehellang tsela ea bophelo ba “boloabe” kapa ba boithati. Mongoli oa meqoqo oa lekholong la bo17 la lilemo o hlokometse: ‘’Karolo e khōlōhali ea batho e senya lilemo tsa eona tsa pele ho etsa hore tsa ho qetela e be tse hlomolang.” Ke ’nete, empa ho soabisa hakaakang! Ha mocha a sebelisa ka booatla matla a hae a ’mele le seo a ka se khonang ka tsela e tlang ho mo thatafaletsa lilemo tsa botsofali, bocha ba hae le monate oa bophelo ba hae ka sebele ke lefeela! (Liproverbia 22:3) Kahoo e ba bohlale! Latela keletso e tsoelang pele: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moeklesia 12:1.
9. Ke melemo efe eo u tlang ho e thabela ka ho hopola Jehova bocheng ba hao?
9 Ka ho hopola Jehova bocheng ba hao, ka sebele u tla itsoela molemo. U ke ke ua qoba masoabi le mathata a kotsi feela empa hona joale u tla thabela bophelo bo thabileng le bo putsang ka ho sebeletsa ’Mōpi oa hao e Moholo. Ho phaella moo, ka bohlale u tla be u ipokellela matlotlo leholimong a tla u tsoela molemo ka ho sa feleng. (Mattheu 6: 19-21) Haeba u hopola Jehova hona joale ka ho etsa thato ea hae, o tla u hopola le ho u putsa ka ‘‘se batloang ke pelo ea hao,” e, bophelo bo thabileng le bo phethahetseng Paradeiseng ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 37:4; 133:3; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4.
U Ikutloa Joang ka Jehova?
10. (a) Ke hobane’ng ha qeto ea hao ea ho sebeletsa Molimo e ke ke ea e-ba e sa nahaneloang ka hore na se bohlale ke sefe? (b) Jehova o etsa boipiletso bofe bo tsoelang pele?
10 Empa qeto ea hao ea ho sebeletsa Jehova e ke ke ea e-ba feela e sa nahanoang ka botebo ka hore na se bohlale ke sefe. Satane ke sera se mano hoo, haeba u nahana feela ka molemo oa hao oa botho, qetellong a tla khona ho ipiletsa tšekamelong e itseng ea boithati ho u tlosa ho sebeletseng Jehova. Kahoo Jehova ha a u meme hore u be bohlale feela. Che, empa o boetse o ipiletsa bakeng sa boinehelo ba botho ho eena. Jesu o itse: “Rata [ Jehova] Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle.” (Mattheu 22:37) Na ua tseba hore na ho bolela eng ho rata Jehova ka pelo eohle?
11. (a) Ho bolela eng ho fa Jehova pelo ea hao? (b) Phihlelo ea Josefa e bontša joang hore tšusumetso e nepahetseng ea pelo e ka re susumelletsa ho etsa thato ea Molimo?
11 Ka pelo ea hao ho boleloa bokahare ba hao, litšusumetso tsa hao, le maikutlo a hao a tebileng, hammoho le matla a hao a ho nahana. Kahoo ho rata Jehova ka pelo ea hao eohle ho bolela ho mo rata kannete le hore kaholim’a tsohle bophelong ke eo u nahanneng ho ikhethela ho thabisa pelo ea hae ka ho mo fa karabelo thohakong ea Satane. Masene a joalo a kahare le maikutlo a tebileng a lerato le ho ameha ka Molimo li tla u susumelletsa ka matla ho etsa thato ea oona, esita leha ho ka ’na hoa bonahala ho ipiletsa ho etsa ho fapaneng. Josefa e monyenyane o ne a e-na le lerato le joalo ho Jehova, ’me ha mosali ea phahameng a mo mema: “Robala le ’na,” Josefa a arabela: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?”—Genese 39:7-9.
12. (a) U ka bontša joang hore u file Jehova pelo ea hao? (b) Haeba u e-s’o fe Jehova pelo ea hao, u lokela ho nahana ka lipotso life?
12 U bontša hore u rata Jehova ka pelo ea hao eohle ha u ea ho eena ka thapelo ’me u ’molella hore u batla ho ba oa hae le hore u batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ka tsela ena u inehela ho Jehova. Na u se u entse see? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ho etse? U thijoa ke’ng? Na u hōlile ka ho lekaneng ho utloisisa le ho ananela tseko e khōlō e pakeng tsa Jehova le Satane? Hona na u batla ho thabisa pelo ea Jehova? Ka sebele Satane ha a batle ha u rata Jehova ka pelo ea hao eohle. O batla hore ka boithati “u iketsetse lintho tsa hao,” ho ikhahlisa. U tla thabisa mang, Jehova kapa Satane? Nahana hona ka ho teba.
13. Haeba u inehetse le ho kolobetsoa, u lokela ho ipotsa lipotso life?
13 Haeba u inehetse ho Molimo ’me u tšoantšelitse hona ka kolobetso ea metsing, na tsela eo u phelang ka eona e bontša hore pelo ea hao e hlile ke ea Molimo? Lithahasello tsa hao le lerato la hao li lutse hokae? ho fumaneng koloi e ncha? ho etseng chelete bakeng sa ho reka liphahlo kapa lintho tse ling tsa botho? Ke lithahasello tsa mang tse tlang pele—tsa hao kapa tsa Jehova? Na ka sebele u arabetse boipiletsong ba Jehova ba ho mo fa pelo ea hao?
14. (a) Bacha ba na le thepa efe ea bohlokoa? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohloko ha mocha a sa hopole ’Mōpi oa hae?
14 Ha ba baholo ba e-na le phihlelo e khōloanyane le bohlale bo boholoanyane, bacha ba na le thepa ea bohlokoa eo ba ka e sebelisang ho thabisa Molimo. Bibele e re: “Khanya [botle] ea ba bacha ke matla a bona.” (Liproverbia 20:29) Kahoo sebelisa matla ao hona joale. Hopola ’Mōpi oa hao “ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi” tsa botsofali, ha ’mele o fokola ’me litho tsa oona li robeha ’me o hlōlela ho sebetsa ka nepo. Ke ho bohloko hakaakang ho motho ea hlōlehileng ho hopola ’Mōpi oa hae bocheng ba hae ’me kahoo botsofaling ho se letho leo a ka ipuellang ka lona ho Molimo! Ke “lefeela la mafeela!” (Moeklesia 12:1-8) Ka hona, ka bohlale hopola ’Mōpi oa hao ha u sa na le matla le matjato. Ikhahele tlaleho ea tšebeletso e tšepahalang ho Molimo, o tlang ho u hopola ka kahlolo e mohau, e, ea ho ea bophelong bo sa feleng.—Ba-Heberu 6:10-12; Moeklesia 12:13, 14.
Ba Thabisitse Pelo ea Molimo
15. Ke mehlala efe ea Bibele e teng ea bacha ba ileng ba sebelisa matla a bona tšebeletsong ea Molimo?
15 Bibele e tletse ka mehlala ea bacha ba ileng ba sebelisa “botle” ba bona—matla a bona—tšebeletsong ea Molimo. E ne e le “bahlankana” ba matjato le ba mafolo-folo ba ileng ba ea hloela Lefatše la Pallo. (Joshua 6:22, 23; 2:15, 16, 23) Davida, ha a le lilemo li 20 feela, a romela “bahlankana ba leshome” ho ea batla mohau ho Nabale. (1 Samuele 25:4, 5) Ha Bajode ba neng ba le tlas’a ’musi Nehemia ba tsosolosa marako a Jerusalema ha ba ntse ba tšosoa ka ho hlaseloa, ke bo-mang ba ileng ba etsa mosebetsi o kotsi le o thata? Nehemia o hlalositse: “Ba bang ba bahlanka ba ka ba ’na ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tšoere marumo, le lithebe, le liqha, le litšireletso tsa sefuba.” (Nehemia 4:16) ’Me ha Molimo o bolaea Ananiase le mosali oa hae Safira hobane ba qalile leshano, “bahlankana” ba ba nka ’me ba ea ba pata.—Liketso 5:5, 6, 10.
16. Batho ba bacha nakong e fetileng ba ne ba kopanela tšebeletsong efe ea moea?
16 Ka sebele, ho thabisa pelo ea Jehova ha bacha ba iketsa ba fumanehang bakeng sa tšebeletso leha e le efe e hlokahalang ka nako eo. Empa bacha ba ’nile ba ameha tšebeletsong ea moea e hlokang ho fetang matla a lipotomane le mokoka. Elihu a lumela, “Ke monyenyane ka lilemo.” Leha ho le joalo, Jehova a mo sebelisa ho khalemela Jobo. (Jobo 32:4-6) Samuele e ne esale “mohlankana” feela ha a qala ho sebeletsa tabernakeleng ea Jehova Shilo. (1 Samuele 2:18) E ne e le “moroetsanyana” eo, le hoja e ne e lekhoba tlung ea Naamane, ntle ho tšabo a ileng a bolela se ka etsoang ke moprofeta oa Jehova. (2 Marena 5:2-4) Ha Jehova a abela Jeremia boprofeta, Jeremia a re: “Ke sa le ngoana.” (Jeremia 1:5, 6) “Bahlankana ba bane bao”—Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu—e bile bahlanka ba Jehova ba ikhethang hakaakang botlamuoeng Babilona! (Daniele, likhaolo 1 le 3) Mochan’a Pauluse, e le “mohlankana,” ka sebete a sireletsa malom’ae. (Liketso 23:16-22) Hape ho bile le mohlankanyana Timothea, eo ho tloha boseeeng ba hae a hlileng a tseba mangolo a halalelang ’me a sebelisa bocha ba hae tšebeletsong ea Jehova.—2 Timothea 3:15; Ba-Filippi 2:19-23; 1 Ba-Korinthe 4:17.
Ho Thabisa Pelo ea Molimo Kajeno
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella ho fumana bacha ba thabisang Jehova kajeno, hona na rea ba fumana?
17 ’Me hase bacha ba nakong e fetileng feela ba ileng ba thabisa pelo ea Molimo ka tšebeletso ea bona e tšepahalang. “Mehleng ea bofelo, ho bolela Molimo, ke tla tšѐla nama eohle ka Moea oa ka; bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta; ba bacha ba lōna ba tla bona lipono.” (Liketso 2:17; Joele 2:28) Kahoo ka nepo re lokela ho lebella ho fumana bacha ba bangata ba Bakreste ba thabisang Jehova mehleng ena ea qetello. ’Me rea ba fumana! Kaha Lipaki tse nyenyane li na le liphoso, joalokaha ho se ea li hlokang, ba bangata ba tsoela pele hantle e le Bakreste. Ba amehile ka ho thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11; 3:1, 2.
18, 19. Ho hlokahala ho etsoe mosebetsi ofe kajeno, hona ke hobane’ng ha bacha ba tšoaneleha ho oona?
18 Mehleng ena ea qetello, thato ea Jehova ke hore ho fanoe ka bopaki bo boholo ba lefatše bo buang ka ’Muso oa hae, ho akarelletsang boiteko bo boholohali. (Mattheu 24: 14) Ho hlokahala ho hahuoe Liholo tsa ’Muso bakeng sa borapeli, hammoho le meaho e meholo bakeng sa likopano tsa potoloho. Linaheng tse ngata, ho hlokahala sebaka se sengata bakeng sa fektri e hatisang lingoliloeng tsa Bibele, hammoho le matlo a bolulo mahaeng a Bethele. Ho fana ka meaho ena e mecha ho hlokahala mosebetsi oa kaho o boima, ’me joaloka kahong ea lerako mehleng ea Nehemia, bacha ba nang le matla le mokoka ba etsa boholo ba mosebetsi.
19 Ba bacha joalo ba boetse ba etsa boholo ba mosebetsi oa lipotomane o boima o hlokahalang bakeng sa ho hatisa, ho tlama le ho romela litone tse likete tsa lingoliloeng tsa Bibele selemo le selemo. Ha e le hantle, ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova New York, ho akarelletsa le Mapolasi a Watchtower, ho na le bacha ba ka holimo ho 1 400 ba lilemo li 25 le ka tlaase. ’Me tšebeletso ea bona ha e-ea lekanyetsoa feela mesebetsing e batlang lipotomane har’a beke; ka mafelo a beke ba kopanela tšebeletsong ea ho bolela ka ntlo le ntlo le libokeng tsa Bokreste le liphutheho tsa moo. Ba thabisa pelo ea Jehova hakaakang!
20. (a) Bacha ba na le kabelo efe tšebeletsong ea bopula-maliboho? (b) Batho ba bacha ba seng tšebeletsong ea nako e tletseng ba lokela ho ipotsa lipotso life?
20 United States, ba sebetsang haufi-ufi le bacha bana ke ba bang ba fetang 12 700 ba lilemong tse lekanang ba sebeletsang e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Likarolong tse ling tsa lefatše, bacha ba mashome a likete ba eketsehileng le bona ba bula maliboho. Haeba u mocha ea seng tšebeletsong ea nako e tletseng, na u ka ipeela lipakane tse tla bea Jehova pele bophelong ba hao, ho e-na le hore mohlomong u rere ho fumana mosebetsi oa boipheliso o lefang haholo, e be joale u-ua nyala u ba le lelapa? Na u utloisisa tseko e khōlō ea bokahohleng? Na kannete u labalabela ho bona lebitso la ’Mōpi oa rōna e Moholo le tlosoa thohako eohle? Haeba ho joalo, joale na ha hoa nepahala ho etsa sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea Jehova? ’Me na hoo ho ke ke hoa akarelletsa, bonyane ba bangatanyana ho lōna, ho ithaopela ho sebeletsa mahaeng a Bethele kapa ho tšoareha mosebetsing oa bopula-maliboho?
21. (a) U lokela ho arabela memo efe ea Jehova, hona joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka tšepa hore ba bangata ba bacha ba tla arabela memong ea Jehova joalokaha Esaia a ile a etsa?
21 Mamela! Jehova o-oa u mema, e, o ipiletsa ho uena, ho mo fa karabelo lithohakong tse khopo tsa Satane. Joaloka Esaia, na u utloa Jehova a botsa: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Ka hona hlalefa ’me u arabele joaloka Esaia: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8) Rea tšepa hore ba bangata ho lōna ba bacha le tla arabela hobane Lentsoe la Molimo le ea tšepisa: “Sechaba sa hao e tla ba se mafolo-folo ka letsatsi la ho futuha ha hao; . . . ba bacha ba hao ba ea tsoa pel’a hao joale ka phoka e tsoang popelong ea mafube.” (Pesaleme ea 110:3; 148:12, 13) ’Me ha u arabela, u ka thabela ho tseba hore Jehova o hlokomela le ho amohela—hore ka sebele u thabisa pelo ea Hae!
LEBOKOSE LA TLHAHLOBO
◻ Ke hobane’ng ha tsela eo re phelang bophelo ba rōna ka eona e le ea bohlokoa ho Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha e le bohlale ho thabisa pelo ea Jehova?
◻ Re ka bontša joang hore re file Jehova pelo tsa rōna?
◻ Ke bo-mang ba thabisitseng pelo ea Jehova nakong e fetileng, hona joang?
◻ Ke bo-mang ba thabisang pelo ea Jehova kajeno, hona joang?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 17]
Ha bacha ba tlōla melao ea Molimo, hamorao ba kotula liphello tse babang
[Setšoantso se leqepheng la 18]
Bacha ba thabisitse pelo ea Jehova ka ho thusa ho tsosolosa marako a Jerusalema