Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 4/15 maq. 8-11
  • Ha Mosebetsi oa ho Bolela e le o Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Mosebetsi oa ho Bolela e le o Ikhethang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Ho Amoheloa Memo
  • Le ba Baholo ba Kenya Letsoho
  • Batho ba Arabela ka Tsela e Thabisang
  • Khanyetso ea Kokobela
  • “Phihlelo e Babatsehang”
  • Kotulo e Thabisang
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 4/15 maq. 8-11

Ha Mosebetsi oa ho Bolela e le o Ikhethang

“Letsatsi lea tlabola. Re tsamaea lithabeng ’me ha ho bonahale eka re tla ke re fihle moo re eang. Ka mor’a ho hloa mekoalaba, qetellong re fihla moo re eang: e leng motseng o hōle ka ho fetisisa. Mokhathala o fetoha thabo ha re kokota ntlong ea pele ’me re amoheloa ka liatla tse peli. Ha re chaisa, re tsamaisitse lingoliloeng tsohle tseo re tlileng le tsona ’me re qalile lithuto tse ngata tsa Bibele. Batho ba chesehela ho ithuta. Leha ho le joalo, re lokela ho tsamaea, empa re ba tšepisa hore re tla khutla.”

SEHLOPHA se seng sa bo-pula-maliboho ba Mexico se atisa ho ba le liphihlelo tse kang ena. Bo-pula-maliboho bana ba ikemiselitse ho kopanela ka cheseho ho etseng mosebetsi oo Jesu Kreste a o fileng barutuoa ba hae ha a ne a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Mexico, ho hlophisitsoe liphutuho tse khethehileng tsa ho bolela tse bitsoang tšimo ea bo-pula-maliboho—e le hore ho finyelloe masimo a sa abeloang liphutheho, ao ho sa boleloeng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho ’ona kamehla. Hangata, ana ke masimo a hōle kapa ao ho leng thata ho fihla ho ’ona. Ho boetse ho thusoa liphutheho tse ka thōko tse nang le tšimo e khōlō.

E le hore ho reroe hore na ke libaka life tsa naha tseo e tla ba tšimo ea bo-pula-maliboho, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e hlahloba se hlokahalang tšimong.a Ha sena se entsoe, lihlopha tsa bo-pula-maliboho ba khethehileng li abeloa tšimo. Li abeloa likoloi tse loketseng litsela tse mpe, tse sa katoang. Likoloi tsena li boetse li sebelisetsoa ho boloka lingoliloeng ’me ho robaloa ka ho tsona ha ho hlokahala.

Ho Amoheloa Memo

Ho tloha ka October 1996, ho ile ha mengoa baboleli ba bang ba litaba tse molemo hore ba kopanele mosebetsing ona, ba tsamaee le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Bahoeletsi ba ’Muso hammoho le bo-pula-maliboho ba kamehla ba ratang ho sebetsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng, ba sebetsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka mekhahlelo e fapaneng. Ba bang ba abeloa ho sebetsa liphuthehong tse tšimong ea bo-pula-maliboho e le hore ha ba fetela pele, bona ba sale ba hlokomela batho ba thabelang ho ithuta. Bahoeletsi ba bangata ba banyenyane le bo-pula-maliboho ba ’nile ba amohela memo ena ’me ba bile le liphihlelo tse khothatsang haholo.

Ka mohlala, Abimael, e leng mocha e mong oa Mokreste ea neng a sebetsa mosebetsi o lefang hantle k’hamphaning ea lithelefono tsa cellular, o ile a etsa qeto ea ho kopanela mosebetsing oa ho bolela masimong ao a ka thōko. Ha bahiri ba hae ba tseba hore o rerile ho tlohela mosebetsi, ba ile ba re ba tla mo phahamisa mosebetsing ’me ba mo ekeletse chelete. Basebetsi-’moho le eena ba ile ba mo hatella, ba tsitlella hore o intša mejo hanong. Leha ho le joalo, Abimael o ne a ikemiselitse hore ka likhoeli tse tharo o tla tšehetsa phutuho ena e khethehileng ea ho bolela. Ka mor’a ho thabela mosebetsi ona, Abimael o entse qeto ea ho lula ka nako e sa lekanyetsoang phuthehong e ka thōko moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso. Hona joale o sebetsa mosebetsi o lefang hanyenyane ’me o ithutile hore a phele ka seo a nang le sona.

Boemong bo bong, Julissa o ile a tlameha ho tsamaea lihora tse 22 ka bese hore a fihle moo a abetsoeng ho sebetsa teng. Karolong ea ho qetela ea leeto la hae, o ile a siuoa ke bese ea mohlang oo. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le vene e nkang basebetsi. Julissa o ile a iteta sebete ’me a kōpa hore ba mo palamise. Hoa utloahala hore o ne a tšohile hobane e ne e le eena mosali feela ka har’a banna ba bangata. Ha a qala ho bolella mohlankana e mong litaba tse molemo, o ile a hlokomela hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova! Julissa o re: “Ntle ho moo moqhobi oa vene eo e ne e le moholo oa phutheho eo ke abetsoeng ho ea ho eona!”

Le ba Baholo ba Kenya Letsoho

Mosebetsi ona hase oa bacha feela. Adela, morali’abo rōna ea seng a hōlile, kamehla o ne a batla ho eketsa nako mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Monyetla o ile oa hlaha ha a memeloa ho kenya letsoho mosebetsing ona o khethehileng oa ho bolela. O re: “Ke ile ka thabela mosebetsi oa ka hoo ke ileng ka kōpa baholo ba phutheho hore ba ntlohele hore ke lule ka nako e sa lekanyetsoang. Ke thabile hobane le hoja ke se ke hōlile, Jehova o sa ntsane a ka ntšebelisa.”

Ka tsela e tšoanang, Martha ea lilemo li 60, ka lebaka la ho susumetsoa ke kananelo ea hae ho Jehova le ho rata ha hae batho ba bang, o ile a ithaopela ho kenya letsoho phutuhong ena. Ha a hlokomela hore sehlopha sa habo se sitoa ho finyella batho bohle ka lebaka la bohōle le sebaka se tsamaehang ka thata, o ile a rekela bo-pula-maliboho koloi. Koloi ena e ile ea thusa hore ho akaretsoe tšimo e khōlō le ho bua ka linnete tsa Bibele le batho ba eketsehileng.

Batho ba Arabela ka Tsela e Thabisang

Sepheo sa ba kopanelang liphutuhong tsena tse khethehileng tsa ho bolela ke ho ‘etsa barutuoa.’ Liphello e bile tse babatsehang. Batho ba libakeng tse ka thōko ba fumane linnete tse pholosang bophelo tse tsoang ka Bibeleng. (Matheu 28:19, 20) Ho qaliloe lithuto tse ngata tsa Bibele. Lithuto tsena li khannoa ke bahoeletsi ba lulang sebakeng sena kapa baevangeli ba lutseng tšimong eo. Libakeng tse ling ho thehiloe lihlopha tsa bahoeletsi, ’me ho tse ling ha etsoa liphutheho tse nyenyane.

Magdaleno le basebetsi-’moho le eena ba ile ba sebelisa lipalangoang tsa sechaba ha ba e-ea tšimong e ka thōko eo ba neng ba e abetsoe. Ha ba le tseleng, ba ile ba sebelisa monyetla oo ho pakela mokhanni. “Monna eo o ile a re bolella hore beke pele ho moo Lipaki tse ling li ile tsa ea ha hae a le sieo. Ha a khutla, lelapa la hae le ile la mo phetela seo le se utloileng. Re ile ra mo bolella hore re tsoa hōle literekeng tse sa tšoaneng ho tla tšehetsa phutuho ena e khethehileng ea ho bolela le hore kaofela ha rōna re ipataletse leeto. Mokhanni o ile a hlolloa hoo a ileng a re o tla qala ho ithuta Bibele hammoho le lelapa la hae hona bekeng eo. O ile a ba a tšehetsa mosebetsi oa rōna ka hore a se ke a re lefisa.”

Magdaleno o ile a boela a khahloa haholo ke kamoo matsoalloa a lithabeng tsa Chiapas a ileng a ba amohela kateng. “’Na le mofumahali oa ka re ile ra bolella sehlopha sa bacha ba 26 ba neng ba kena Kereke ea Presbitheri molaetsa oa ’Muso. Kaofela ha bona ba ile ba mamela ka hloko ka metsotso e 30. Ba ile ba tla le Libibele tsa bona, ’me ra ba pakela ka ho pharaletseng ka merero ea Jehova. Batho ba bangata ba na le Libibele ka puo ea Setzeltale.” Ho ile ha qalisoa lithuto tse ngata tsa Bibele tse hatelang pele.

Khanyetso ea Kokobela

Motse o mong oa Chiapas o ne o qetile lilemo tse fetang tse peli o sa eteloe ka molaetsa oa Bibele ka lebaka la khanyetso ea batho ba bang ba moo. Teresa, moevangeli oa nako e tletseng, o ile a hlokomela hore Lipaki tse ling li ne li tšaba ho bolela motseng oo. “Se ileng sa makatsa bohle ke hore batho ba ne ba mamela. Ha re qeta ho bolela, ho ile ha na pula ea litloebelele. Ha re ntse re sheba moo re ka itšireletsang teng, re ile ra fihla lelapeng la motho e mong ea ratang baeti ea bitsoang Sebastián, ea ileng a re lumella hore re kene ’me re itšireletse puleng. Ha re se re kene ke ile ka mo botsa hore na o kile a eteloa. Ha a re che, ke ile ka qala ho mo pakela, ’me ka qala thuto ea Bibele ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.b Ha re qeta, Sebastián o ile a re kōpa ka likhapha hore re khutle re tl’o ithuta le eena.”

Sehlopha se seng sa bo-pula-maliboho ba ileng ba etela Chiapas se re: “Jehova o ile a re thusa hore re atlehe. Bekeng ea pele re ile ra qala lithuto tse 27; bekeng ea bobeli ra mema batho ho tla bona video ea rōna ea The Bible—Its Power in Your Life. Ho ile ha tla batho ba 60. Bohle ba ile ba e thabela. Ha e fela, re ile ra kōpa ho qala sehlopha se ithutang Bibele. Ho thabisang ke hore ho ile ha qaloa lihlopha tse peli motseng ona.

“Ha re qeta ho sebetsa masimo ao re a abetsoeng, re ile ra khutlela motseng ho ea matlafatsa ba thahasellang molaetsa le ho bona hore na lihlopha tse thehiloeng bakeng sa ho ithuta Bibele li tsoela pele joang. Re ile ra li memela sebokeng sa phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa. Leha ho le joalo, ho ne ho se na sebaka se lekaneng sa ho tšoarela liboka. Motho ea neng a butse lehae la hae hore sehlopha se ithutang Bibele se kopanele ha hae o ile a supa ka mor’a ntlo ’me a re: ‘Liboka li ka tšoareloa ka mor’a ntlo.’”

Mafelo-bekeng ao, bo-pula-maliboho ba etileng hammoho le batho ba thahasellang ba ile ba thusa ka mafolofolo ho etsa hore sebaka seo se lokele liboka. Sebokeng sa pele ho ile ha tla batho ba 103. Hona joale ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 40 motseng oo.

“Phihlelo e Babatsehang”

Ntle le ho ba le liphello tse babatsehang mosebetsing oa boboleli, ba ileng ba kopanela mosebetsing ona oa boevangeli le bona ba ruile molemo o moholo. María ke pula-maliboho e monyenyane ea ileng a kopanela ho e ’ngoe ea liphutuho tsena, ’me o hlalosa maikutlo a hae tjena: “E bile phihlelo e babatsehang ka mabaka a mabeli. Thabo ea ka mosebetsing oa boboleli e ile ea eketseha, ’me kamano ea ka le Jehova ea e-ba matla haholoanyane. Ka lekhetlo le leng ha re hloa thaba, re ile ra ikutloa re khathetse. Ka mor’a ho kōpa Jehova hore a re thuse, re ile ra hlaheloa ke se boleloang ke Esaia 40:29-31 ha e re: ‘Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.’ Kahoo re ile ra fihla moo re eang ’me ra khanna lithuto ho batho ba ileng ba re amohela ka mofuthu.”

Pula-maliboho e mong e monyenyane ea lilemo li 17 ea bitsoang Claudia o re: “Ke ruile molemo o moholo. Ke ithutile ho ba bohlale haholoanyane tšimong ’me sena se nthabisitse haholo hape se entse hore ke ipehele lipakane tsa moea. Ke boetse ke hōlile moeeng. Ha ke le lapeng ’mè o ne a nketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hona joale kaha ke na le phihlelo e eketsehileng, ha ke sa sokolisa. Ka mohlala, ke ne ke khetha lijo. Empa kaha ke ile ka tlameha ho itloaetsa maemo a sa tšoaneng, ha ke sa tletleba ka lijo. Bopula-maliboho bo nthusitse hore ke be le metsoalle e metle haholo. Re arolelana lintho ebile rea thusana.”

Kotulo e Thabisang

Liphello tsa mosebetsi oo o khethehileng ke life? Mathoasong a 2002, ke bo-pula-maliboho ba ka bang 28 300 ba neng ba kopanetse tšimong ena ea bo-pula-maliboho. Ba ne ba khannile lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho 140 000, ba sebetsa lihora tse fetang limilione tse peli mosebetsing oa boboleli. E le ho thusa batho ho ithuta ’nete ea Bibele, ba ne ba tsamaisitse libuka tse ka bang 121 000 le limakasine tse ka bang 730 000. Ho tloaelehile hore bo-pula-maliboho ba bang ba khanne lithuto tsa Bibele tse 20 kapa ho feta.

Ba bontšoang mosa ona ba leboha ho tloha botebong ba pelo ha ho ile ha etsoa boiteko bona ba ho ba tlisetsa molaetsa oa Bibele. Ho sa tsotellehe hore ba futsanehile, ba bangata ba phehella bahoeletsi hore ba amohele menehelo ea bona. Mosali-moholo e mong oa mohloki ea lilemo li 70, kamehla o fa bo-pula-maliboho ba mo etelang ho hong. Ha ba hana ho amohela seo a ba fang sona, oa lla. Lelapa le leng le itšokolang le bolella baevangeli ba nako e tletseng hore mahe a mang a behetsoeng ke khoho ke a bona, ’me le ba phehella hore ba a nke.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore batho bana ba tšepahalang ba bontša kananelo ea sebele ka lintho tsa moea. Ka mohlala, mofumahatsana e mong o tsamaea a le mong ka lihora tse tharo le halofo ha a e-ea libokeng tsa Bokreste, ’me ha ho seboka seo a sa beng teng ho sona. Mosali-moholo e mong ea thahasellang o tšoeroe ke mangole, leha ho le joalo o ile a tsamaea lihora tse peli hore a fumane thupelo ea Bibele nakong ea ketelo ea molebeli ea tsamaeang. Ba bang ba neng ba sa ruteha ba ne ba batla ho ithuta ho bala le ho ngola e le hore ba ka rua molemo o eketsehileng thutong ea Bibele. Boiteko ba bona bo hlohonolofalitsoe ka ho enneng.

Bukeng ea Liketso, Luka o hlalosa pono eo moapostola Pauluse a ileng a e bona, o re: “Monna ea itseng oa Macedonia o ne a eme ’me a mo kōpa ka tieo a re: ‘Tšelela Macedonia ’me u re thuse.’” Ka boithatelo Pauluse o ile a ea. Kajeno, libakeng tse ka thōko tsa Mexico, batho ba bangata ba etsa se tšoanang ka ho ithaopela ho bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8; 16:9, 10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hase khale haholo ha liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li ne li sa etse mosebetsi oa boboleli kamehla karolong e ka holimo ho 8 lekholong ea tšimo ea Mexico. Sena se bolela hore ho na le baahi ba ka holimo ho 8 200 000 ba lulang libakeng tse thōko moo ho sa boleloeng litaba tse molemo kamehla.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lipaki tse ngata tsa Mexico li ’nile tsa kopanela liphutuhong tse khethehileng tsa ho bolela molaetsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela