U ka Fumana Melao ea ’Nete ea Boitšoaro ea Bolumeli Hokae?
RODOLPHE o botsa ka ho phoqa o re: “Haeba u kena kereke hobane feela e kenoa ke batsoali ba hao, ke hobane’ng ha u sa sebelise bolumeli ba baholo-holo ba rōna ba lilemong tse 2 000 tse fetileng ba Macelt?” Sena se etsa hore momameli oa hae e monyenyane a bososele.
Rodolphe o re: “Kamano ea ka le Molimo ke ea bohlokoa haholo ho ’na. Ha ke lumellane le taba ea hore neano e nqobelle ho ba setho sa bolumeli bo itseng hobane feela baholo-holo ba ka ba phetseng khale e ne e le litho tsa bona.” Rodolphe o ile a sekaseka taba ena ’me ha aa ka a nka hore bolumeli ke ntho feela eo a e jeleng lefa ho baholo-holo ba hae.
Le hoja taba ea ho ja bolumeli lefa e ntse e qepha matsatsing ana, ba bangata ba ntse ba khomaretse bolumeli ba malapa abo bona. Empa na ke kamehla ho nepahetseng ho khomarela melao ea boitšoaro ea bolumeli ba batsoali ba hao? Bibele e re’ng?
Ka mor’a lilemo tse 40 Baiseraele ba le lefeelleng, Joshua, mohlahlami oa Moshe o ile a re ba khethe: “Joale haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa, ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona. Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.
E mong oa baholo-holo bao Joshua a neng a bua ka bona e ne e le Tera, ntat’a Abrahama, ea neng a lula motseng oa Ure, oo ka nako eo o neng o le ka bochabela ho Nōka ea Eufrate. Bibele ha e bue haholo ka Tera, ntle feela le hore o ne a rapela melimo e meng. (Joshua 24:2) Mora oa hae Abrahama, le hoja a ne a sa tsebe hakaalo ka morero oa Molimo, o ne a ikemiselitse ho tloha motseng oa habo ha Jehova a mo laela hore a etse joalo. E, Abrahama o ile a khetha bolumeli bo fapaneng le ba ntat’ae. Ka ho etsa sena, Abrahama o ile a fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a neng a mo tšepisitse tsona ’me a fetoha motho eo malumeli a mangata a mo nkang e le “ntat’a bohle ba lumelang ho Molimo.”—Baroma 4:11, Today’s English Version.
Bibele e boetse e bua hantle ka Ruthe, nkhono oa Jesu Kreste. Ruthe e ne e le mosali oa Momoabe ea nyetsoeng ke Moiseraele, ’me e ile ea e-ba mohlolohali ea ileng a lokela ho khetha pakeng tsa ho lula naheng ea habo kapa ho tsamaea le matsal’ae ha a khutlela Iseraele. Ruthe o ile a hlokomela hore borapeli ba Jehova ke ba bohlokoa ho feta borapeli ba litšoantšo ba batsoali ba hae, ’me a re ho matsal’ae: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.”—Ruthe 1:16, 17.
Dictionnaire de la Bible ha e bua ka bohlokoa ba tlaleho ena ka Bibeleng, e hlalosa hore tlaleho ena e bua ka “mosali oa molichaba, ea hlahetseng har’a bahetene bao e neng e le lira tsa Baiseraele le bao [Baiseraele] ba neng ba ba hloile, . . . [’me e bontša kamoo] ka lebaka la ho rata sechaba sa Jehova le borapeli ba hae, Molimo a ileng a etsa hore e be nkhono’a Morena Davida ea halalelang.” Ruthe ha aa ka a tsilatsila ho khetha bolumeli bo fapaneng le ba batsoali ba hae, ’me ka lebaka la qeto eo, Molimo o ile a mo hlohonolofatsa.
Tlaleho e buang ka tšimoloho ea Bokreste e hlakisa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ile ba lahla bolumeli ba baholo-holo ba bona. Puong ea hae e matla, moapostola Petrose o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ‘pholohe molokong ona o khopameng’ ka ho baka libeng tsa bona le ka ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste. (Liketso 2:37-41) Mohlala o hlaheletseng ka ho fetisisa ke oa Saule, e leng Mojuda ea neng a hlorisa Bakreste. Ha Saule a le tseleng e eang Damaseka o ile a bona Kreste ponong, ’me ka mor’a moo ea e-ba Mokreste ’me a tsejoa e le moapostola Pauluse.—Liketso 9:1-9.
Bakreste ba bangata ba pele ha baa ka ba hlaheloa ke mohlolo o kang oa Pauluse. Ho sa tsotellehe seo, kaofela ha bona ba ile ba lokela ho lahla tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda kapa borapeli ba melimo e sa tšoaneng ea bohetene. Ba neng ba amohela Bokreste ba ne ba tseba hantle seo ba se etsang, kaha hangata ba ne ba bo amohela ka mor’a ho buisana halelele ka karolo ea Jesu e le Mesia. (Liketso 8:26-40; 13:16-43; 17:22-34) Bakreste bao ba pele ba ne ba tsebisoa ka ho hlaka hore ho hlokahala hore ba fetole bophelo ba bona. Molaetsa o ne o bolelloa batho bohle, Bajuda le bao e seng Bajuda, empa o ne o sa fetohe. E le hore motho a khahlise Molimo, o ne a lokela ho latela bolumeli bo bocha, e leng ba Bokreste.
Khetho e re Amang
Ka sebele ho ne ho hloka sebete lekholong la pele la lilemo hore motho a lahle bolumeli ba lelapa—ebang e ne e le ba Bojuda, ba baemphera kapa ba melimo ea bohetene—’me a fetohe setho sa bolumeli bo neng bo songoa ke Bajuda le Baroma. Khetho ena e ile ea etsa hore ka potlako ba hlorisoe ka sehlōhō. Kajeno, ho hlokahala sebete se tšoanang ho hana ho “tšoasoa le ho kenoa ke moea o atileng oa ho batla ho tšoana le ba bang,” joalokaha ho bolela mobishopo oa K’hatholike oa Clermont-Ferrand ea bitsoang Hippolyte Simon, bukeng ea hae ea Vers une France païenne? (Na Fora e Etsoa Naha ea Bohetene?) Ho hlokahala sebete hore motho e be setho sa bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova bo nang le litho tse fokolang ka palo boo ka linako tse ling bo songoang.
Paul ke mohlankana oa Bastia, Corsica, ea hōlisitsoeng e le Mok’hatholike, ’me ka linako tse ling o ne a etsa mesebetsi ea kereke e kang ho rekisa likuku e le hore a fumane chelete bakeng sa mokhatlo oa K’hatholike oa ho thusa ba hlokang. O ile a lumela ho buisana kamehla le Lipaki Tsa Jehova kahobane a ne a batla ho utloisisa Bibele hamolemo. Hamorao, o ile a hlokomela hore seo a ithutang sona se ne se tla mo tsoela molemo ka ho sa feleng. Kahoo, Paul o ile a amohela melao ea boitšoaro ea Bibele ’me a fetoha e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Batsoali ba hae ba ile ba hlompha khetho ea hae, e leng ho entseng hore likamano tsa lelapa li se ke tsa senyeha.
Amélie o lula ka boroa ho Fora. Meloko e mene ea lelapa labo ke Lipaki Tsa Jehova. Ke hobane’ng ha a ile a khetha melao ea boitšoaro ea bolumeli ea batsoali ba hae? O re: “Ha u be e mong oa Lipaki Tsa Jehova hobane batsoali ba hao kapa batsoali ba bona e le Lipaki Tsa Jehova kapa e ne e le tsona. Empa ho na le nako eo ka eona u tla re, ‘Bona ke bolumeli ba ka hobane ke seo ke se lumelang.’” Ho tšoana le bacha ba bang ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova, Amélie oa tseba hore tumelo ea hae e tiileng e etsa hore a be le morero bophelong ’me hape ke mohloli oa thabo e sa feleng.
Lebaka la ho Amohela Melao ea Boitšoaro ea Molimo
Buka ea Liproverbia, khaolo ea 6, temana ea 20, e khothatsa ba batlang ho thabisa Molimo, e re: “Uena mora oa ka, u boloke taelo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” Ho e-na le ho buella hore bacha ba mamele ka bofofu feela, keletso ena e ba khothalletsa hore ba amohele melao ea Molimo ka ho matlafatsa tumelo ea bona le ka ho emela Molimo ka bobona. Moapostola Pauluse o ile a kōpa metsoalle ea hae hore e ‘nepisise lintho tsohle’ e le hore e hlahlobe hore na ebe lintho tseo e neng e li rutoa li ne li le tumellanong le Lentsoe la Molimo le thato ea Hae, le hore e etse seo e ithutileng sona.—1 Bathesalonika 5:21.
Lipaki Tsa Jehova tse khōlō le tse nyenyane tse ka holimo ho limilione tse tšeletseng li entse qeto eo, ebang li hōletse lelapeng la Bokreste kapa che. Ka ho ithuta Bibele ka hloko, li fumane likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tseo li neng li ipotsa tsona ka morero oa bophelo ’me li fumane kutloisiso e hlakileng ea hore na thato ea Molimo ke efe bakeng sa batho. Ha li se li fumane tsebo ena, li amohetse melao ea boitšoaro ea Molimo ’me li etsa sohle se matleng a tsona ho phetha thato ea Molimo.
Ebang u tloaetse ho bala makasine ena kapa che, ke hobane’ng ha u sa lumele ha Lipaki Tsa Jehova li kōpa ho u thusa ho bala Bibele le ho hlahloba melao ea eona ea boitšoaro ea bolumeli? Ha u etsa sena, u tla ‘latsoa ’me u bone hore Jehova o molemo’ ’me u fumane tsebo eo haeba u e sebelisa e tlang ho u isa bophelong bo sa feleng.—Pesaleme ea 34:8; Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Meloko e mene ea lelapa la Lipaki Tsa Jehova Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ruthe o ile a khetha ho sebeletsa Jehova ho e-na le melimo ea baholo-holo ba hae