Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 4/15 maq. 3-4
  • Melao ea Boitšoaro ea Bolumeli—Ho Tla Etsahala’ng ka Eona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melao ea Boitšoaro ea Bolumeli—Ho Tla Etsahala’ng ka Eona?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Palo ea ba Eang Likerekeng e Fokotsehile
  • Phetoho e Khōlō Melaong ea Boitšoaro
  • Motsoebere Bolumeling
  • Ba Nang le Tumelo ba Kae?
    Tsoha!—1996
  • Ho Fetoha ha Lintho Tsa Bohlokoa Hammoho le ho Fetoha ha Histori
    Tsoha!—1990
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
  • Mapatso Moahong
    Tsoha!—1988
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 4/15 maq. 3-4

Melao ea Boitšoaro ea Bolumeli—Ho Tla Etsahala’ng ka Eona?

“Batho ba 30 ba itokisetsang ho nyalana ba tla libokeng tsa mantsiboea [tsa K’hatholike] tseo ho tsona ba fuoang likeletso ka lenyalo. Ho batho bao ba 30, ke ba 3 feela ba ipolelang hore ba na le tumelo.”—La Croix, koranta ea Sefora ea har’a beke ea K’hatholike.

MELAO ea boitšoaro ea bolumeli e tobane le pharela e khōlō. Sehloohong se ka ntle sa koranta ea machaba ea Newsweek ea la 12 July, 1999, ho ne ho e-na le potso e reng: “Na Molimo o Shoele?” Makasine ena e ile ea re ka sebele ho bonahala eka ho joalo Europe e ka bophirimela. Koranta ea Sefora ea Le Monde ha e tlaleha ka sinoto ea Kereke e K’hatholike e neng e tšoaretsoe Roma ka October selemong sona seo, e ile ea re: “Kereke e fumana ho le thata haholo ho fetisetsa molaetsa oa eona ho batho ba e ‘hlokomolohang.’ . . . Italy, Mak’hatholike ha a sa le ntsoe-leng. . . . Jeremane, ho ngangisana ka boteng ba libaka tse fanang ka keletso mabapi le ho ntša mpa ho ntse ho arola mopapa le batho ba nang le bolokolohi ba ho ikhethela ba seng ba sa ikemisetsa ho hatelloa. Batho ba bang ba re boemo bo sebete ba [Netherlands] litabeng tsa boitšoaro le ho qetela batho ba kulang haholo bo bakiloe ke ho koenehela ha naha eo Bokreste.”

Boemo bo ntse bo tšoana le libakeng tse ling. Ka 1999 Moarekabishopo oa Canterbury, George Carey, o ile a lemosa hore Kereke ea Chache “e haufi le ho fela.” Koranta ea Sefora ea Le Figaro sehloohong se reng “Ho Fela ha Bokreste Europe” e ile ea re: “Hohle ho etsahala se tšoanang. . . . Batho ba ntse ba tsoela pele ho belaella litaba tse amang boitšoaro le thuto ea kereke.”

Palo ea ba Eang Likerekeng e Fokotsehile

Europe, palo ea ba eang likerekeng e fokotsehile haholo. Ho Mak’hatholike a mang le a mang a naha ea Fora a 100, ke a ka tlaase ho 10 a eang ’Miseng Sontaha se seng le se seng, ’me ho Mak’hatholike a mang le a mang a 100 a lulang Paris, ke a 3 ho isa ho a 4 feela a eang kerekeng kamehla. Palo e tšoanang esita le e ka tlaase ho eona e bonahetse United Kingdom, Jeremane le linaheng tsa Scandinavia.

Taba e tšoenyang baeta-pele ba bolumeli ke khaello ea batho ba kenelang boprista. Ka lilemo tse ka tlaase ho tse lekholo, palo ea baprista naheng ea Fora e fokotsehile haholo, ho tloha ho baprista ba 14 bakeng sa baahi ba 10 000 ho ea ho ba ka tlaase ho a le mong bakeng sa baahi ba 10 000 kajeno. Ho pholletsa le Europe, baprista e se e le batho ba hōlileng, ’me baa haella esita le linaheng tse kang Ireland le Belgium. Ho sa le joalo, palo ea bana ba rutoang katekisima ea fokotseha, ’me e baka lipelaelo tse khōlō tsa hore na ebe Kereke ea K’hatholike e tla khona ho e tsosa.

Ho bonahala batho ba se ba sa tšepe bolumeli. Ho batho ba bang le ba bang ba 100 ba Fora, ke ba 6 feela ba lumelang hore “’nete e ka fumanoa bolumeling bo le bong feela,” ha ba bapisoa le ba 15 ka 1981 le ba 50 ka 1952. Batho ba ntse ba felloa ke thahasello bolumeling. Palo ea batho ba bolelang hore ha ba ikamahanye le bolumeli e eketsehile ho tloha ho batho ba etsang karolo ea 26 lekholong ka 1980 ho ea ho ba etsang karolo ea 42 lekholong ka 2000.—Les valeurs des Français—Évolutions de 1980 à 2000 (Phetoho ea Melao ea Boitšoaro ea Batho ba Fora ho Tloha ka 1980 ho ea ho 2000).

Phetoho e Khōlō Melaong ea Boitšoaro

Pharela e mekhoeng ea bophelo e boetse e totobala le tabeng ea boitšoaro. Joalokaha ho boletsoe pejana, batho ba bangata ba kenang likereke ba hana ho amohela melao ea boitšoaro ea likereke tsa bona. Ha ba lumele hore baeta-pele ba bolumeli ba na le tokelo ea ho ba etsetsa melao ea boitšoaro. Letšoele lona lena le thoholetsang maikutlo a mopapa tabeng ea litokelo tsa botho le hana ho mo mamela ha a bua lintho tse amang tsela eo le phelang ka eona. Ka mohlala, maikutlo a hae ka lithibela-pelehi a hlokomolohuoa haholo le ke banyalani ba bangata ba Mak’hatholike.

Boikutlo bona bo ama batho bohle, ebang ke balumeli kapa hase balumeli. Mekhoa e haneloang ka ho hlaka ka Mangolong a Halalelang ea lumelloa. Lilemong tse 20 tse fetileng, karolo ea 45 lekholong ea baahi ba Fora e ne e sa rate bosodoma. Kajeno, karolo ea 80 lekholong ea bo amohela. Esita le hoja ba bangata ba thoholetsa botšepehi lenyalong, ke ba etsang karolo ea 36 lekholong feela ba nkang hore ha ho mohla bonyatsi bo lokileng.—Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Baheberu 13:4.

Motsoebere Bolumeling

Har’a batho ba linaha tsa Bophirimela, ho ata mokhoa oa hore motho a ikhethele seo a batlang ho se lumela. Lithuto tse ling lia amoheloa, ha tse ling li lahloa. Batho ba bang ba ipitsa Bakreste empa ba ntse ba lumela thuto ea hore motho o tsoaloa hangata, ’me ba bang ba kena likereke tse sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, 20; Matheu 7:21; Baefese 4:5, 6) Buka ea Les valeurs des Français e bontša ka ho hlaka hore balumeli ba bangata kajeno ba hlahlathella hōle le tsela e thehiloeng ke kereke.

Leha ho le joalo, mokhoa ona oa ho iqapela bolumeli o kotsi. Jean Delumeau, eo e leng rahistori ea bolumeli le setho sa Institut de France o lumela ka matla hore motho a ke ke a iqapela bolumeli ba hae a le mong. “Tumelo e ke ke ea tiea haeba e sa tšehetsoa ka ho ba setho sa bolumeli bo itseng.” Bolumeli le melao e nepahetseng ea boitšoaro ea bolumeli, li lokela ho lumellana. Empa tumellano e joalo e ka ba teng joang ha liphetoho li le ngata hakaale kajeno?

Hohle Bibele e re hopotsa hore Molimo ke eena ea fanang ka melao e amohelehang ea boitšoaro le hoja a fa batho bolokolohi ba ho e mamela kapa ho se e mamele. Batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba lumela hore buka ena eo e leng khale e hlomphuoa ea thusa kajeno le hore ke ‘lebone la maoto a bona, ’me ke leseli tseleng ea bona.’ (Pesaleme ea 119:105) Ba thusitsoe ke eng ho etsa qeto ee? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela