Na ho na le ea Hlileng a Tsotellang?
“Meokho ea ba hatelloang” e se e le nōka e phoroselang. E ntšoa ke ba hlaseloang ka “liketso tsa khatello” tse ngata haholo lefatšeng lohle. Ba ’nileng ba hlaseloa ba atisa ho ba le maikutlo a hore ‘ha ba na motšelisi’—hore ha ho na ea hlileng a ba tsotellang.—Moeklesia 4:1, NW.
HO SA tsotellehe nōka ena e phoroselang ea meokho, ba bang ha ba angoe ke mahlomola a batho ba bang. Ba iphapanyetsa bohloko ba batho ba bang ka boomo, joalokaha ho ile ha etsa moprista le Molevi papisong ea Jesu Kreste ea motho ea ileng a hlaseloa, a amohuoa lintho tsa hae ka likhoka, ’me a siuoa pel’a tsela a le makhatheng a ho shoa. (Luka 10:30-32) Ha feela lintho li batla li ba tsamaela hamolemo le malapa a bona, ha ba amehe ka ba bang. Ha e le hantle, ba re, “Ke mang ea tsotellang?”
Ha rea lokela ho makalla sena. Moapostola Pauluse o boletse esale pele hore “matsatsing a ho qetela” batho ba bangata ba ne ba tla hloka “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” (2 Timothea 3:1, 3) Mohlahlobi e mong o ile a bontša hore o amehile ka boikutlo ba ho se tsotelle bo leng teng. O ile a re: “Tumelo ea khale ea Seaerishe le neano ea ho tsotella le ho arolelana, e nkeloa sebaka ke mokhoa o mocha oa hore motho a inahane boeena feela.” Lefatšeng lohle, batho ba inahana bobona feela, ba batla ba iphapanyelitse mahlomola a ba bang ka ho feletseng.
Tlhokahalo ea e Mong ea Tsotellang
Ka sebele ho hlokahala e mong ea tsotellang. Ka mohlala, nahana ka monna ea lulang a le mong Jeremane ea ileng a “fumanoa a lutse ka pel’a thelevishene ea hae—lilemo tse hlano ka mor’a hore a shoe ka Keresemese.” “Monna [enoa] ea holofetseng ea lulang a le mong, eo lenyalo la hae le qhaliloeng ke tlhalo” ea hlonamisitsoeng ke liphihlelo tsa hae tse bohloko bophelong, ho ne ho se motho ea hlokomelang hore ha a eo ho fihlela ha chelete e neng e lefella rente ea hae e felile bankeng. Ho ne ho se na ea hlileng a mo tsotellang.
Hape nahana ka batho ba entsoeng hampe ke babusi ba matla, ba meharo. Sebakeng se seng, batho ba ka bang 200 000 (karolo ea bone ea baahi ba moo) “ba ile ba bolaoa ke khatello le tlala” ka mor’a hore ba amohuoe litša tsa bona ka mabifi. Kapa nahana ka bana ba ileng ba bona bokhopo bo tšosang. Tlaleho e ’ngoe e itse: “Karolo ea bana ba [naha e ’ngoe] ba ileng ba bona ka mahlo liketso tse sehlōhō tse ngata—lipolao, ho otla, ho beta, ka linako tse ling li etsoa ke bacha ba bang, e khōlō bo tšosang.” U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho ea hlaseloang ke ho hloka toka ho joalo a ka ’nang a botsa ka meokho, “Na ho na le ea hlileng a ntsotellang?”
Ho latela tlaleho ea Machaba a Kopaneng, batho ba limilione tse likete li 1,3 linaheng tse hōlang moruong ba tlameha ho phela ka chelete e ka tlaase ho liranta tse hlano ka letsatsi. Ba tlameha ho ipotsa hore na ho na le ea tsotellang. Tlaleho e ho The Irish Times e re potso e tšoanang e botsoa ke baphaphathehi ba likete “ba talimaneng le khetho e boima le e seng monate ea ho lula kampong ea baphaphathehi e tetebetsang maikutlo kapa naheng e se nang kamohelo e mofuthu ea baeti kapa ho leka ho khutlela naheng ea habo bona e ntseng e tsekolotsoe [kapa e arotsoe] ke ntoa kapa likhohlano tsa merabe.” Tlaleho eona eo e ne e akarelletsa mehato ena e latellanang e nyahamisang: “Tutubala, bala ho fihlela ho tharo, ngoana o sa tsoa shoa. E mong oa bana ba 35 000 ba tla shoa kajeno, ba bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng kapa boloetse bo ka thibeloang.” Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba llisoa ke ho tsieleha le ho halefa!—Bapisa le Jobo 7:11.
Na see sohle se teng ka morero? Ha e le hantle, na ho na le ea tsotellang a bile a e-na le matla a ho felisa mahlomola le ho felisa bohloko bohle boo batho ba ’nileng ba bo utloa?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover and page 32: Reuters/Nikola Solic/Archive Photos
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
A. Boulat/Sipa Press