Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 9/1 maq. 11-13
  • Bibele ea Bedel

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea Bedel
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BATHO BA THIBELOA HO BUA SEAERISHE
  • BEDELL O FETOLELA BIBELE
  • BIBLE EA BEDELL E QETELLA E HATISITSOE
  • TSOELO-PELE E NYENYANE EMPA E LE E IKHETHANG
  • Ha ke E-s’o Natefeloe ke Nako ea Phomolo Tjena!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Robert Boyle
    Tsoha!—2013
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2010
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 9/1 maq. 11-13
Leqephe la Bibele ea Bedell e nang le lebitso la Jehova

Bibele ea Bedell—Bohato ba ho Thusa Batho ho Utloisisa Bibele

HA William Bedell, e leng moruti oa Monyesemane a ea Ireland ka 1627, o ile a fumana boemo bo makatsang. Ireland, e leng naha eo baahi ba eona ba bangata e leng Mak’hatholike, e ne e busoa ke Brithani ea Boprostanta. Bo-raliphetoho ba Maprostanta ba ne ba se ba fetoletse Bibele ka lipuo tsohle tse buuoang Europe. Empa ho ne ho bonahala ho se le ea mong ea thahasellang ho e fetolela ka Seaerishe.

Bedell o ne a e-na le maikutlo a matla a hore Maaerishe “ha aa lokela ho tingoa tsebo ea lentsoe la Molimo ho fihlela a ka ithuta Senyesemane.” O ile a qala ho fetolela Bibele ka Seaerishe. Empa a hanyetsoa ka mabifi, haholo-holo ke Maprostanta. Ke hobane’ng a ne a etsa joalo?

BATHO BA THIBELOA HO BUA SEAERISHE

William Bedell

Bedell o ile a nka hore o tlameha ho ithuta Seaerishe. O ile a khothalletsa liithuti ho bua Seaerishe ha e e-ba e mong oa ba ka holimo-limo Trinity College e Dublin le nakong eo e leng mobishopo oa Kilmore. Ha e le hantle, ha Mofumahali Elizabeth I oa Engelane a theha Trinity College, sepheo sa hae e ne e le hore ho rupeloe baruti ba neng ba ka ruta bafo ba hae Bibele ka leleme leo ba le antseng letsoeleng. Bedell o ile a leka ho phethahatsa seo.

Sebakeng se tlas’a taolo ea mobishopo oa Kilmore, boholo ba batho bo ne bo bua Seaerishe. Kahoo, Bedell o ile a phehella hore ho be le baruti ba buang Seaerishe. O ile a etsa boipiletso ba hae tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Bakorinthe 14:19 ha a re: “Ka phuthehong nka mpa ka bua mantsoe a mahlano ka kelello ea ka, e le hore hape nka ruta ba bang ka molomo, ho e-na le mantsoe a likete tse leshome ka leleme lesele,” e leng ka puo eo batho ba sa e utloisiseng hantle.

Empa ba boholong ba ile ba leka kahohle ho mo thibela. Bo-rahistori ba re batho ba bang ba ile ba re ho sebelisoa ha Seaerishe ho “kotsi Naheng” ’me ba bang ba re “ho khahlanong le merero ea ’Muso.” Ba bang ba ile ba re ho molemong oa naha ea Engelane hore ebe batho ba buang Seaerishe ba lula ba se na tsebo. Ha e le hantle, ho ile ha etsoa melao e neng e re Maaerishe a tlohele puo ea ’ona le meetlo ebe a ithuta Senyesemane ’me a latele mekhoa ea Manyesemane.

BEDELL O FETOLELA BIBELE

Bedell ha aa ka a tšosoa ke maikutlo ao a hatellang. Mathoasong a lilemo tsa bo-1630, o ile a qala ho fetolella Bibele e neng e sa tsoa hatisoa ea Senyesemane (King James Version ea 1611) Seaerisheng. O ne a batla ho fetolela Bibele eo batho ba bangata ba neng ba tla khona ho e utloisisa. O ile a ba le maikutlo a matla a hore batho ba futsanehileng ba ke ke ba khona ho etsa lipatlisiso Bibeleng e le hore ba fumane tsela e eang bophelong bo sa feleng hafeela ba ntse ba sa khone ho ipalla eona.—Johanne 17:3.

Bedell hase eena oa pele ea ileng a ba le maikutlo a joalo. Lilemong tse ka bang 30 pele ho moo, mobishopo ea bitsoang William Daniel, o ile a bona kamoo ho neng ho le thata kateng hore batho ba ithute seo Bibele e se rutang ha ba e bala ka puo eo ba sa e tsebeng. Daniel o ne a fetoletse Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seaerishe. Eaba Bedell o fetolela Mangolo a Seheberu. Bibele ea Bedell e kopantse phetolelo ea hae le ea pejana ea William Daniel. Kahoo, Bibele ea Bedell—e leng Bibele ea pele ea Seaerishe e feletseng—e bile eona feela Bibele ea Seaerishe ka lilemo tse 300 tse latelang.

Bedell eo e neng e le setsebi sa Seheberu, o ile a kōpa banna ba babeli bao Seaerishe e leng puo eo ba e antseng letsoeleng hore ba mo thuse ho fetolela Bibele ho tloha Senyesemaneng ho ea Seaerisheng. Ha ba ntse ba tsoela pele, Bedell, hammoho le banna ba seng bakae ba neng ba mo thusa, ba ile ba hlahloba ka hloko temana e ’ngoe le e ’ngoe le ho e lokisa. Ba ile ba etsa lipatlisiso phetolelong ea Setaliana ea setsebi sa thuto ea bolumeli sa Switzerland se bitsoang Giovanni Diodati, hammoho le ho Greek Septuagint le Bibeleng ea khale ea Seheberu e ngotsoeng ka letsoho.

Sehlopha sena se ile sa latela mohlala oa bafetoleli ba King James Version (bao ho ka etsahalang hore Bedell o ne a tseba ba bangata ba bona) ’me sa kenya lebitso la Molimo libakeng tse ngata ka Bibeleng. Ka mohlala, ho Exoda 6:3 se ile sa fetolela lebitso la Molimo e le “Iehovah.” Buka ea pele e ngotsoeng ka letsoho ea Bedell e bolokiloe Laebraring ea Marsh e Dublin, Ireland.—Sheba lebokose le reng “Bedell o Hopoloa ka Mosebetsi oa Hae o Motle.”

BIBLE EA BEDELL E QETELLA E HATISITSOE

Bedell o ile a qeta ho fetolela Bibele ea hae hoo e ka bang ka 1640. Empa o ne a sitoa ho e hatisa hang-hang. Hobane’ng? O ne a ntse a hanyetsoa ka matla. Banyefoli ba ne ba eisa mofetoleli oa Bedell ea ka sehloohong, e le hore batho ba se ke ba tšepa litaba tseo a li fetoletseng. Ka lonya ba ile ba ba ba etsa hore a tšoaroe ’me a koalloe teronkong. Ho phaella moo, Bedell o ile a iphumana a keneletse ntoeng e mahlo-mafubelu ea borabele bo khahlanong le Senyesemane e ileng ea loana ka 1641. Maaerishe a moo a ile a sireletsa Bedell ka nako e itseng le hoja e le Monyesemane kaha a ile a elelloa hore o amehile ka ’ona e le kannete. Leha ho le joalo, masole a marabele a ile a qetella a mo koaletse teronkong tlas’a maemo a mabe haholo. Boemo bona bo ile ba etsa hore a shoe a sa le monyenyane ka 1642. O ile a shoa pele phetolelo ea hae ea Bibele e hatisoa.

1. Leqephe le nang le sehlooho sa Bibele ea Bedell e ngotsoeng ka letsoho; 2. Bibele ea Bedell e hatisitsoeng ka 1685

Leqephe le nang le sehlooho sa Bibele ea Bedell e ngotsoeng ka letsoho, hoo e ka bang ka 1640 le Bibele e hatisitsoeng ka 1685

Mosebetsi oa Bedell oa phetolelo e ile ea batla e e-ba oa lefeela ha ntlo ea hae e ne e phenyekolloa e bile e senngoa. Ka lehlohonolo motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo o ile a khona ho balehisa litokomane tsohle tseo a li fetoletseng. Ha nako e ntse e-ea, li ile tsa fihla matsohong a Narcissus Marsh, eo hamorao e ileng ea e-ba moarekabishopo oa Armagh le moeta-pele oa Kereke ea Ireland. Rasaense ea bitsoang Robert Boyle o ile a mo tšehetsa ka lichelete ’me a ba le sebete sa ho hatisa Bibele ea Bedell ka 1685.

TSOELO-PELE E NYENYANE EMPA E LE E IKHETHANG

Hase linaha tsohle tse ileng tsa nka Bibele ea Bedell e le ea bohlokoa. Ho ntse ho le joalo, e bile bohato bo bonyenyane empa e le ba bohlokoa e le hore batho ba buang Seaerishe ba lulang Ireland, Scotland le libakeng tse ling, ba utloisise Bibele hamolemo. Ba ne ba ka ithuta ka Molimo ha ba bala Bibele ka puo ea habo bona.—Matheu 5:3, 6.

“Ha re bala Bibele ea Bedell, re ile ra utloa Lentsoe la Molimo ka puo eo re e antseng letsoeleng. Bibele ena e nthusitse hammoho le lelapa la ka hore re ithute linnete tse babatsehang tse ka Bibeleng”

Bibele ea Bedell e ’nile ea thusa batho ba ratang ’nete hore ba bale Lentsoe la Molimo ho fihlela mehleng ea kajeno. Motho e mong ea buang Seaerishe, ea sa tsoa ithuta Bibele o re: “Ha re bala Bibele ea Bedell, re ile ra utloa Lentsoe la Molimo ka puo eo re e antseng letsoeleng. Bibele ena e nthusitse hammoho le lelapa la ka hore re ithute linnete tse babatsehang tse ka Bibeleng.”

Bedell o Hopoloa ka Mosebetsi oa Hae o Motle

Exoda 6:3 ka har’a Maynooth Bible

EXODA 6:3 MAYNOOTH BIBLE

Ka lilemo tse ka bang 300 ka mor’a hore Bibele ea Bedell e hatisoe ka 1685, ha hoa ka ha hatisoa Bibele leha e le efe ea Seaerishe e feletseng. Joale ka 1981, litsebi tsa K’hatholike li ile tsa hatisa Maynooth Bible, e leng phetolelo ea Seaerishe sa kajeno. Selelekeleng sa eona ho na le mantsoe a ananelang “mosebetsi o moholo o entsoeng ke Kereke ea Ireland ha e hatisa phetolelo ea eona ea Bibele lilemong tsa bo-1600.” Empa, Bibele eo e ne e le ea Bedell, ’me Kereke e K’hatholike e ile ea thibela Mak’hatholike ho e bala. Leha ho le joalo, e sa tsoa a lumella ho e bala morao tjena.

Exoda 6:3 Bibeleng ea Bedell

EXODA 6:3 BIBELENG EA BEDELL

Litsebi tse ileng tsa ngola Maynooth Bible li ile tsa hatisa libuka tse ling tsa Bibele ka 1971. Tse ling tsa tsona ke Pentatúc (Pentateuch), e leng libuka tse hlano tsa Bibele tse qalang. Kaha litsebi tseo tsa Mak’hatholike li ne li ananela mosebetsi oo Bedell a o entseng, li ile tsa ngola mantsoe ana leqepheng la eona la bobeli: “Sehopotso sa William Bedell.”

Bafetoleli ba Pentatúc ba ile ba kenya lentsoe la Seaerishe “Iávé” hohle moo lebitso la Molimo le hlahang teng Mangolong a Seheberu e le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu e leng YHWH. Mehlala ea sena e hlaha ho Exoda 6:2-13. Ka masoabi ha Maynooth Bible e feletseng e hatisoa, bahlophisi ba eona ha baa ka ba etsisa Bedell kaha ba ile ba etsa qeto ea ho tlosa lebitso la Molimo phetolelong ea bona ’me hohle moo le hlahang teng ba kenya “an Tiarna” (e bolelang Morena).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela