Tsa Mona le Mane
Bafuputsi ba Canada ba ne ba batla ho hlahloba hore na litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li ama banna joang. Mofuputsi e mong o re: “Re qalile phuputso ea rōna ka ho batla banna ba ka holimo ho lilemo tse mashome a mabeli, bao ho seng mohla ba kileng ba sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, empa ha rea ka ra fumana le ea mong.”—UNIVERSITY OF MONTREAL, CANADA.
Mohaho o molelele ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Burj Khalifa, o ile oa khakoloa selemong se fetileng ka January, Dubai. Mohaho oo o bolelele ba limithara tse 828, o na le mekato e fetang 160, ’me motho a ka o bona a le bohōle ba lik’hilomithara tse 95.—GULF NEWS, UNITED ARAB EMIRATES.
“Bolumeli ba Sejuda ba Sejoale-joale hase letho haeba bo sa kheme le linako tse ntseng li fetoha. Haufinyane tjena bo ile ba tšoara litšebeletso tsa bolumeli tse neng li kopanyelletsa ho rapella batho ba entseng opereishene ea ho fetola bong.”—THE NEW YORK TIMES MAGAZINE, U.S.A.
Bana ba sa Khoneng ho Bua
Batsoali ba mehleng ea kajeno ba qeta nako e fokolang ba buisana le bana ba bona nakong ea lijo kapa ba ba balla pele ba robala, ha ba bapisoa le batsoali ba melokong e fetileng. Koranta ea The Times ea London e re: “Ha bana ba qala ho ea sekolong sa praemari ba bua joaloka ngoana ea nang le likhoeli tse 18 feela ’me palo ea ba sa khoneng ho etsa lipolelo tse bonolo e ntse e eketseha.” Brithani, “bana ba etsang karolo ea 18 lekholong ba lilemo li 5 (ba fetang 100 000) ba hlōleha ho bua ka tsela eo ho lebeletsoeng hore bana ba lilemong tseo ba bue ka eona.” Kahoo, bana ba bangata ba sa khoneng ho utloisisa litaelo tse bonolo kapa ho hlalosa seo ba se hlokang “ba tšoana le melata ka tlelaseng,” ha ba khone ho utloisisa se etsahalang.
Na Likereke Tsa Ireland ha li na Baruti?
Koranta ea The Irish Times e re: “Re bona ho fela ha baruti ba ’nileng ba laola Kerekeng e K’hatholike.” Lilemong tse 50 tse fetileng, Ireland e ne e e-na le baruti ba bangata ho feta naha leha e le efe e ’ngoe. Hona joale baruti ba Ireland ba ntse ba hōla ’me seo se bolela hore haufinyane, ha baruti bao ba tlohela mosebetsi ha ba le lilemo li 75, lipharishe tse ling li tla be li se na baruti. Ba bang ba re motso oa bothata bona e bile qeto ea ho thibela ho sebelisoa ha lithibela-pelehi, e ileng ea phatlalatsoa lengolong la mopapa la 1968 le bitsoang Humanae Vitae. Times e tsoela pele ho re, ntlha ea pele, tokomane eo e ile ea etsa hore “batho ba qale ho belaella lithuto tsa Kereke,” ea ntan’o etsa hore ba “felloe ke tšepo ho baeta-pele ba kereke.”
Karolo e ka Leboea ea Matla a Khoheli e Ntse e Tsamaea
Koranta ea Fora e bitsoang Le Figaro e re ha ho ne ho fumanoa sebaka se nang le matla a khoheli ka 1831, North Pole, se ne se le ka leboea ho Canada, “lik’hilomithara tse ka bang 2 750 ho tloha ntlheng ea North Pole.” Ho fihlela ka 1989, sebaka se karolong e ka leboea se nang le matla a khoheli se ne se ntse se atamela North Pole ka lik’hilomithara tse 5 ho isa ho tse 15 ka selemo. Ho ea ka Setsi sa Fisiks ea Lefatše se Paris, hona joale sebaka seo se nang le matla a khoheli se tsamaea “lik’hilomithara tse ka bang 55 ka selemo” ’me ka 2007 se ne se le lik’hilomithara tse 550 feela ho tloha ntlheng ea North Pole. Koranta eo e bolela hore ho latela lebelo leo se tsamaeang ka lona hona joale le tsela eo se e nkileng, ka selemo sa 2020, maseli a sepakapakeng se karolong e ka leboea ea lefatše a tsamaisanang le matla a khoheli karolong eo, “a tla bonahala haholo ka holim’a Siberia ho feta Canada.”