Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/13 maq. 14-15
  • Robert Boyle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Robert Boyle
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SETSEBI SA SAENSE
  • MONNA EA NANG LE TUMELO
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • Bibele ea Bedel
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Leeme la Bolumeli Kajeno
    Tsoha!—1999
  • Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 3/13 maq. 14-15

LITŠOANTŠO TSA KHALE

Robert Boyle

Litsebi tsa histori li ka ’na tsa hopola Robert Boyle e le rasaense ea ileng a rehella molao oa Boyle ka eena, e leng molao oa tlhaho o hlalosang kamano e teng pakeng tsa khatello eo khase e nang le eona le hore na e kae. Tšibollo ena ea bohlokoa e ile ea rala motheo oa tsoelo-pele e khōlō lefapheng la saense. Empa Robert Boyle e ne e se setsebi sa saense feela. O ne a boetse a nkoa e le monna ea nang le tumelo e matla ho Molimo le Lentsoeng la Hae le bululetsoeng, Bibele.

BOYLE o hlahetse lelapeng le ruileng, Lismore Castle, Ireland ka 1627, e leng haufi le nako eo bo-rahistori ba e bitsang qaleho ea mehla ea ho beha mabaka—ha banna ba bohlale ba ne ba leka ho lokolla batho chesehong e feteletseng e neng e ba entse makhoba ka lilemo tse makholo. Boyle le eena o ne a e-na le sepheo se tšoanang. Paleng ea bophelo ba hae ea ha a sa hōla, o ile a ipitsa Philaretus, e bolelang “Morati oa Toka.”

Takatso ea Boyle ea ho ithuta ’nete e ne e lekana le takatso ea hae e matla ea ho bolella ba bang ka seo a ithutileng sona. O ile a ngola libuka tse ngata tse ileng tsa e-ba le tšusumetso e khōlō ho batho ba bangata ba mehleng ea hae, ho akarelletsa le rasaense ea tummeng Sir Isaac Newton. Ka 1660, Boyle e ile ea e-ba e mong oa bathehi ba Royal Society, e leng mokhatlo oa bo-rasaense o ntseng o le teng London, Engelane.

SETSEBI SA SAENSE

Boyle o ’nile a bitsoa moqapi oa thuto ea k’hemistri. O ile a etsa lintho ka tsela e fapaneng ka ho feletseng le ea bo-rasaense ba mehleng ea hae. Bo-rasaense bao, ba ne ba pata lintho tseo ba li fihletseng kapa ba li ngola ka tsela e poteletseng eo batho ba bangata ba ka thōko ba neng ba ke ke ba e utloisisa. Ho fapana le bona, Boyle eena o ile a ngola lintlha tsohle ka mosebetsi oa hae. Ho feta moo, ho e-na le hore a amohele likhopolo-taba tse ’nileng tsa amoheloa ka nako e telele, o ne a lumela hore ho nepahetse hore a etse liteko tsa saense e le hore a fumane ’nete.

Liteko tsa saense tsa Boyle li tšehetsa taba ea hore ntho leha e le efe e teng, e entsoe ka likaroloana tse nyenyane ka ho fetisisa ’me li kopane ka tsela e itseng ho etsa lintho tse fapaneng.

Kakaretso ea liphuputso tsa saense tsa Boyle e ngotsoe bukeng ea hae e tsebahalang ea The Sceptical Chymist. Bukeng eo, o khothalletsa bo-rasaense hore ba qobe ho ikhohomosa kapa ho tsitlella maikutlong a bona ’me ba ikemisetse ho amohela liphoso. Boyle o ile a hatisa taba ea hore bo-rasaense ba tsitlellang maikutlong a bona, ba lokela ho fumana phapang pakeng tsa lintho tseo ba neng ba tseba hore ke ’nete le tseo ba neng ba nahana hore ke ’nete.

Boyle o ile a hatisa taba ea hore bo-rasaense ba tsitlellang maikutlong a bona ba lokela ho fumana phapang pakeng tsa lintho tseo ba neng ba tseba hore ke ’nete le tseo ba neng ba nahana hore ke ’nete.

MONNA EA NANG LE TUMELO

Tumelo ea Boyle ho Molimo e ne e thehiloe linthong tseo a neng a tseba hore ke ’nete. Lintho tseo a ileng a li fumana ka sepakapaka le tsela e hlollang eo libōpuoa tse phelang li entsoeng ka eona, li ile tsa mo kholisa hore e tlameha ebe ho na le Moqapi le ’Mōpi oa tsona. Kahoo, o ile a hana tšusumetso e neng e ntse e hōla har’a barutehi ba mehleng ea hae ea ho latola boteng ba Molimo. Boyle o ile a etsa qeto ea hore ha ho na motho ea tsebang ho hlahloba mabaka ka botšepehi ea ka sitoang ho lumela ho Molimo.

Leha ho le joalo, Boyle o ne a sa nahane hore tsela eo batho ba behang mabaka ka eona, ke eona feela e ka mo thusang hore a fumane ’nete. O ne a bona ho hlokahala tšenolo e itseng e tsoang ho Molimo. O ile a re tšenolo eo ke Lentsoe la Molimo, Bibele.

Boyle o ile a tšoenyeha ha a hlokomela hore batho ba bangata ha ba tsebe seo Bibele e se rutang le hore ba bonahala ba se na motheo o tiileng oa litumelo tsa bona. O ile a ipotsa hore na ho tla joang hore motho a lumele lintho hobane feela a li rutiloe ke batsoali ba hae kapa hobane e le tsa sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Boyle o ile a bontša hore o labalabela ho thusa batho hore ba be le tsebo e eketsehileng ka Bibele.

E le hore a finyelle seo, Boyle o ile a tšehetsa ka lichelete mosebetsi oa ho hatisa Bibele ka lipuo tse ngata. Tse ling tsa lipuo tsena li akarelletsa tse buuang ke matsoalloa a Amerika Leboea, hammoho le Searabia, Seaerishe, Semalay le Seturkey. Kahoo, Robert Boyle o ile a bontša hore le hoja a ne a le bohlale, o ne a ikokobelitse a bile a na le tabatabelo ea ho fumana ’nete linthong tsohle le ho thusa batho ba bang hore ba etse se tšoanang.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG:

  • O hlahetse Ireland ka 1627.

  • O bitsoa moqapi oa thuto ea k’hemistri.

  • Rasaense oa pele ea tummeng ea ileng a ngola lintlha tse hlakileng ka mekhoa ea hae ea ho etsa liteko tsa saense.

  • Lintho tseo a li ngotseng li ile tsa susumetsa Sir Isaac Newton haholo, e leng rasaense ea phetseng mehleng ea Boyle, le hoja a ne a le monyenyane ho eena.

  • O ile a tšehetsa ka lichelete mosebetsi oa ho fetolela Bibele ka lipuo tse ngata.

  • O ile a hlokahalla Engelane ka 1691, a le lilemo li 64.

BIBELE EA SEAERISHE

Robert Boyle o ile a hlokomela hore ho tloha ka 1573, ho ne ho se ho e-na le sehlopha sa litsebi se qalileng ho fetolela likarolo tsa Bibele ka Seaerishe. Ka 1602, litsebi tseo li ile tsa hatisa karolo e tsejoang ka hore ke Testamente e Ncha ka Seaerishe. Hamorao ka 1640, phetolelo ea Seaerishe ea Mangolo a Seheberu a tsejoang ka hore ke Testamente ea Khale, e ile ea phethoa. Phetolelo ena ha ea ka ea hatisoa ho fihlela ka 1685, ka mor’a hore Boyle a fane ka thuso ea lichelete e le hore e hatisoe. Ke ntho e thahasellisang hore ebe mangolo a Apocrypha le ’ona a ile a fetoleloa ka Seaerishe. Apocrypha ke mangolo ao e seng karolo ea Bibele ao hangata a kenyelletsoang Bibeleng le ho hatisoa le eona e le buka e le ’ngoe. Leha ho le joalo, kaha Boyle o ne a rata ’nete, o ile a hana ho hatisa mangolo ao a bohata.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela