Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/15 maq. 4-7
  • Ho Batla Bophelo bo Boleletsana ho ka Atleha Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Bophelo bo Boleletsana ho ka Atleha Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phekolo e Etsoang ka Li-hormone le Liphatsa Tsa Lefutso—Na ke Mabaka a Tšepo?
  • Na Theknoloji e Sebetsanang le Lintho Tse Nyenyane Haholo le ho Hoamisa ’Mele ke Tharollo?
  • Re Lokela ho Tšepa Mang?
  • Sesosa se ka Sehloohong sa Botsofali le Lefu
  • Tšepo ea ’Nete
  • Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala?
    Tsoha!—2006
  • Ho Tsomana le Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ke ka Lebaka La’ng ha re Tsofala le ho Shoa?
    Tsoha!—1995
  • Takatso ea Motho ea ho Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/15 maq. 4-7

Ho Batla Bophelo bo Boleletsana ho ka Atleha Joang?

BA BANG ba na le tšepo ea hore lilemong tse sekete tse latelang ho tla ba le tsoelo-pele boitekong ba motho ba ho lelefatsa bophelo. Dr. Ronald Klatz ke e mong oa bona. Ke mopresidente oa Sekolo sa Thuto e Phahameng sa Amerika sa Bongaka bo Loantšang Botsofali, e leng mokhatlo oa lingaka le bo-rasaense ba inehetseng ho lelefatseng nako ea bophelo ba motho. Eena le basebetsi-’moho le eena ba na le sepheo sa ho phela nako e telele haholo. Dr. Klatz o re: “Ke lebeletse ho phela bonyane lilemo tse 130. Re lumela hore ho tsofala ho ka qojoa. Hona joale ho na le theknoloji e ka liehisang, ea thibela ’me mohlomong ka tsela e ikhethang ea ba ea loantša ho fokola ha ’mele le boloetse, tseo hona joale li bitsoang ho tsofala ha tlhaho.” Dr. Klatz ka boeena o noa lipilisi tse 60 ka letsatsi hobane o batla ho lelefatsa bophelo ba hae.

Phekolo e Etsoang ka Li-hormone le Liphatsa Tsa Lefutso—Na ke Mabaka a Tšepo?

Phekolo e etsoang ka li-hormone ke lefapha le leng le fanang ka tšepo. Liteko tse etsoang lilaboratoring tsa liphoofolo ka hormone eo ho thoeng ke DHEA, ho bonahala li liehisa liphetoho tse bakang botsofali.

Mabapi le hormone ea limela e bitsoang kinetin, koranta ea letsatsi le letsatsi ea Sweden e bitsoang Aftonbladet e ile ea qotsa Dr. Suresh Rattan, moprofesa Univesithing ea Aarhus e Denmark ha a re: “Liteko tse etsetsoang laboratoring ea rōna li bontša hore lisele tsa letlalo la motho tse hōletseng ka har’a kinetin ha li fetohe ka tsela e tloaelehileng e lumellanang le lilemo tsa motho. Li lula li le ncha bophelo bohle ba tsona.” Ho thoe likokoanyana tse phekoloang ka hormone ena li phela haleletsana ho feta kamoo ho tloaelehileng ka karolo ea 30 ho ea ho ea 45 lekholong.

Ho boleloa hore phekolo e etsoang ka melatonin e lelefalitse nako ea bophelo ba litoeba ka karolo ea 25 lekholong. Ho feta moo, ho ile ha bonahala litoeba tsena li nchafetse haholoanyane, li phela hantle haholoanyane li bile li le matla haholoanyane.

Babuelli ba hormone ea khōlo ea batho (human growth hormone [hGH]) ba bolela hore e etsa hore letlalo le khanye, mesifa e hōle haholoanyane, takatso ea likamano tsa botona le botšehali e be matla haholoanyane, motho a thabe haholoanyane, a be bohlale haholoanyane ’me ’mele oa hae o hlahise matla a lekanang le a mocha.

Ba bangata ba boetse ba behile tšepo ea bona liphatseng tsa lefutso. Bo-rasaense ba entse qeto ea hore ka ho laola liphatsa tsa lefutso ba ka laola nako ea bophelo ba nematode, kapa nonometsane. Ha e le hantle, ba atlehile ho etsa hore nako e tloaelehileng ea bophelo ba tse ling tsa tsona e eketsehe ka makhetlo a tšeletseng. Sena se ile sa eketsa tšepo ea ho fumana le ho laola liphatsa tsa lefutso tse tšoanang le tseo ho motho. Makasine ea Time e ile ea qotsa Dr. Siegfried Hekimi oa Univesithi ea McGill e Montreal, ha a re: “Haeba re fumana liphatsa tsohle tsa lefutso tse rerang nako ea bophelo ba motho, mohlomong re ka khona ho liehisa tšebetso ea tsona hanyenyane, ka tsela eo re ka lelefatsa bophelo.”

Ke khale litsebi tsa baeloji li tseba hore karolo e qetellang ea li-chromosome, eo ho thoeng ke telomere, e khutsufala ka lekhetlo le leng le le leng ha sele e hlahisa tse ling. Ha telomere e khutsufala ka karolo ea 20 lekholong, sele eo e felloa ke matla a ho hlahisa tse ling ’me ea shoa. Enzyme e bitsoang telomerase e ka khutlisetsa telomere boleleleng bo feletseng, kahoo e lumella sele eo ho tsoela pele e arohana. Liseleng tse ngata enzyme ena ea hatelloa ’me ha e sebetse, empa telomerase e sebetsang e ’nile ea kenngoa ka katleho liseleng tse itseng, e etsa hore li hōle ’me li arohane ka makhetlo a fetang hōle a tloaelehileng.

Ho latela bafuputsi, sena se bula menyetla e thahasellisang haholo ea ho loantša maloetse a amanang le botsofali. Ho thoe’ng ka ho nkela lisele tsa ’mele tsa stem (lisele tse lokisetsang tlhahiso ea linama tsa ’mele) sebaka ka lisele tsa stem tse “entsoeng hore li se shoe” ka telomerase e sebetsang? Dr. William A. Haseltine o re: “Ena ke khopolo e hlalositsoeng hantle ea ho se shoe ha motho e tla kenngoa tšebetsong butle-butle ho pholletsa le lilemo tse 50 tse tlang.”—The New York Times.

Na Theknoloji e Sebetsanang le Lintho Tse Nyenyane Haholo le ho Hoamisa ’Mele ke Tharollo?

Theknoloji e sebetsanang le lintho tse nyenyane haholo, saense ea boenjiniere tekanyong ea nanometer (karolo ea limilione tse sekete ea mithara), le eona e fana ka tšepo. Ba bonelang lintho pele lefapheng leo ba bolela hore nakong e tlang ho ka ’na ha qaptjoa mechine e menyenyane haholo ho lisele e laoloang ka lik’homphieutha, e sebetsanang le limolek’hieule bakeng sa ho lokisa le ho matlafatsa lisele, linama le litho tse tsofalang. Sebokeng sa ho loantša botsofali, mofuputsi e mong o ile a etsa tlhahiso ea hore lingaka tsa lekholong la bo21 la lilemo li ka ’na tsa sebelisa theknoloji e sebetsanang le lintho tse nyenyane haholo bakeng sa ho etsa hore motho a se ke a shoa.

Ho hoamisa ’mele ke mokhoa oa ho hoamisa litopo tsa batho ka tšepo ea hore saense e tla khona ho tsosolosa lisele tse shoeleng, kahoo e etse hore li boele li phele. Ho ka hoamisoa ’mele kaofela, kapa boko feela. Monna e mong o bile a hoamisa le lakane. Lakane hobane’ng? E ne e le ea motsoalle ea lahlehileng ’me e e-na le lisele tsa letlalo la hae le liqoba tse seng kae tsa moriri oa hae. O ne a batla ho li hoamisa e le hore a ka fa motsoalle oa hae monyetla oa ho khutlela bophelong haeba saense e finyella boemo ba ho tsosa batho ka lisele tsa bona tse seng kae kapa esita le e le ’ngoe feela.

Re Lokela ho Tšepa Mang?

Motho o na le takatso ea tlhaho ea ho phela, eseng ho shoa. Ka lebaka leo, tsoelo-pele ea saense karolong ena, ntle ho tikatiko ea thoholetsoa, ’me e amahanngoa le ho lebella lintho tse khōlō. Empa ho fihlela joale ha ho na bopaki bo thehiloeng ’neteng ba hore DHEA, kinetin, melatonin, hGH, kapa ntho leha e le efe e ka hla ea thibela batho ho tsofala. Ba nang le lipelaelo tse itseng ba tšaba hore ho laola telomerase liseleng ho mpa feela ho ka hlahisa lisele tseo nakong e tlang li tla hlaseloa ke kankere. ’Me tšebeliso ea theknoloji e sebetsanang le lintho tse nyenyane haholo le ho hoamisa litopo e sa ntse e le khopolo-taba saenseng eseng ntho ea sebele.

Saense e tlatselitse bophelong bo boleletsana le bo botle haholoanyane ho ba bang, ’me e sa ntse e ka ho etsa, empa ha ho mohla e tla fa mang kapa mang bophelo bo sa feleng. Hobane’ng ha e ke ke ea ho etsa? Ka mantsoe a bonolo feela, ke hobane sesosa se ka sehloohong sa botsofali le lefu se phahametse saense ea batho.

Sesosa se ka Sehloohong sa Botsofali le Lefu

Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore ho bonahala hore botsofali le lefu ka tsela e itseng li kentsoe liphatseng tsa rōna tsa lefutso. Potso ke ena: Li ile tsa kena tsamaisong ea rōna ea liphatsa tsa lefutso neng, joang, hona hobane’ng, kamoo ho ka boleloang kateng?

Bibele e re fa karabo e bonolo—le hoja e sa fane ka eona e ipapisitse le liphatsa tsa lefutso kapa DNA. Baroma 5:12 e baleha tjena: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”

Monna oa pele, Adama, o ne a lebeletse ho phela ka ho sa feleng. ’Mele oa hae o ne o entsoe o e-na le matla a hlokahalang bakeng sa ho phela le ho thabela bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, bophelo bo sa feleng bo ne bo itšetlehile ka ho hong. Adama o ne a tlameha ho sebelisana le Mohloli oa bophelo, ’Mōpi oa hae, ’me a mo mamele e le hore a tsoele pele a phela kamehla.—Genese 1:31; 2:15-17.

Adama o ile a ikhethela ho se mamele ’Mōpi oa hae. Ha e le hantle, Adama o ile a bolela hore ho molemo hore motho a ipuse a lokolohile ho Molimo. Kahoo o ile a etsa sebe. Ho tloha moo ho ea pele, ho bile joalokaha eka tsamaiso ea hae ea liphatsa tsa lefutso e fetotsoe. Ho e-na le ho fetisetsa ho bana ba hae bophelo bo sa feleng e le lefutso, Adama o ile a ba fetisetsa sebe le lefu.—Genese 3:6, 19; Baroma 6:23.

Tšepo ea ’Nete

Leha ho le joalo, ho ne ho sa lokela hore ho be joalo ka ho sa feleng. Baroma 8:20 e re: “Pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo.” ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo, o ile a beha batho tlas’a lefu hobane ba ne ba mo sitetsoe, empa ha a etsa sena o ile a boela a rala motheo oa tšepo.

Motheo ona o ile oa bonahala ka ho hlaka ha Jesu Kreste a tla lefatšeng. Johanne 3:16 e re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Leha ho le joalo, ke joang ho sebelisa tumelo ho Jesu Kreste ho re lopollang lefung?

Haeba sebe ke sesosa sa lefu, sebe se tlameha ho tlosoa pele lefu le ka felisoa ka ho feletseng. Qalong ea tšebeletso ea Jesu e le Kreste Johanne Mokolobetsi o ile a re: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” (Johanne 1:29) Jesu Kreste o ne a se na sebe ho hang. Kahoo, o ne a se tlas’a lefu, e leng kotlo ea sebe. Leha ho le joalo, o ile a lumella ba bang ho mo bolaea. Hobane’ng? Hobane ka ho etsa joalo, o ile a lefella libe tsa rōna.—Matheu 20:28; 1 Petrose 3:18.

Ha a se a lefile, monyetla oa ho phela ka ho sa feleng o ile oa bulehela bohle ba sebelisang tumelo ho Jesu. Saense e ka ’na ea tlatsetsa ho lelefatseng bophelo ba rōna ho isa tekanyong e fokolang haholo, empa ho sebelisa tumelo ho Jesu ke eona tsela ea sebele e isang bophelong bo sa feleng. Jesu o ile a fumana bophelo bo joalo leholimong, ’me baapostola ba hae ba tšepahalang le ba bang, le bona ba tla bo fumana. Empa, bongata ba rōna ba sebelisang tumelo ho Jesu, re tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, ha Jehova Molimo a tsosolositse Paradeise ea lefatšeng.—Esaia 25:8; 1 Bakorinthe 15:48, 49; 2 Bakorinthe 5:1.

Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng la Paradeise

Monna e mong o ile a botsa: “Ke batho ba bakae ba tla bona ho le molemo ho phela ha ba se ba sa tl’o shoa?” Na bophelo ba ho se shoe bo tla tena? Bibele e re tiisetsa hore bo ke ke ba tena. “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe o e entse e le ntle ka nako ea eona. Esita le nako e sa lekanyetsoang o e kentse ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa tseba mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” (Moeklesia 3:11, NW) Pōpo ea Jehova Molimo e ngata haholo ebile e rarahane hoo e tla tsoela pele ho re thahasellisa, ho re hlasimolla le ho re thabisa hafeela re ntse re phela—esita le ka ho sa feleng.

Monna ea ithutileng nonyana e bitsoang Jay ea Siberia o ile a re ke “motsoalle ea ikhethang, ea thabisang” ’me a bolela hore ho shebella nonyana ena e bile e ’ngoe ea liphihlelo tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba hae. Ha a ntse a ithuta nonyana ena haholoanyane, o ile a fumana hore e thahasellisa haholoanyane. O ile a re esita le ka mor’a lilemo tse 18, thuto ea hae e ne e le hōle le ho phethoa. Haeba mofuta o le mong oa nonyana o ka thahasellisa, oa hlasimolla, ’me oa etsa hore motho ea bohlale a lule a thabile nakong ea thuto ea hae ea lilemo tse 18, ak’u nahane feela ka monyetla oa ho thaba le ho khotsofala o lokelang ho ba teng ka ho ithuta pōpo eohle ea lefatše.

Nahana ka mafapha ’ohle a saense a thahasellisang a tla bulehela motho ea nang le nako e sa lekanyetsoang. Nahana ka libaka tsohle tse hlollang tse tla eteloa le batho bohle ba thahaselloang bao ho tla kopanoa le bona. Leka ho ela hloko menyetla e sa feleng ea ho nahana ka lintho, ho li qapa le ho li etsa. Menyetla ea hore re hōlise matla a rōna a ho qapa le ho a sebelisa e tla ba e se nang moeli. Ha re nahana ka bongata ba pōpo, ho totobetse hore bosafeleng ke eona feela nako e lekaneng bakeng sa lintho tse ka etsoang bophelong.

Bibele e bontša hore ka tsoho, bophelo bo sa feleng bo tla atolosetsoa le ho ba shoeleng. (Johanne 5:28, 29) Liphiri tse ngata tsa histori li ka ’na tsa re hlakela ha ba bileng le phihlelo ea tsona ba fana ka makolopetso a tsona ’me ba araba lipotso tsa rōna. Nahana ka temohisiso eohle ea linako tse sa tšoaneng tsa histori eo ba tsositsoeng ba tla fana ka eona.—Liketso 24:15.

Ha u nahana ka nako eo, u ka utloisisa hore Jobo ea tsositsoeng a ka ’na a batla ho lokisa polelo e ho Jobo 14:1. Mohlomong o ne a ka e fetola ka tsela ena: ‘Motho ea tsoetsoeng ke mosali, joale o phela ka ho sa feleng ’me o khotsofetse.’

Ho ba tšepileng Jehova le ba sebelisang tumelo ho Jesu, ho etsa hore bophelo bo lelefale bo sa thibeloe ke nako hase takatso feela eo ho leng thata ho e finyella. E tla ba ntho ea sebele haufinyane. Botsofali le lefu li tla fela. Sena se tumellanong le Pesaleme ea 68:20 e reng: “Jehova Morena o tseba ho ntša lefung.”—Tšenolo 21:3, 4.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Tsoelo-pele ea saense e ekelitse tšepo mabapi le monyetla oa ho phela haleletsana

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bosafeleng ke eona feela nako e lekaneng bakeng sa lintho tse ka etsoang bophelong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela