Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/15 maq. 8-11
  • Ho Ithuta Tsela e Hlollang ka ho Fetisisa ea Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta Tsela e Hlollang ka ho Fetisisa ea Lerato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Tlameha ho Ithuta ho Rata Molimo
  • Ho Ithuta ho Rata Batho ba Bang
  • Ho Lumella Lerato la Hao Hore le Hōle
  • Ho Hlokahala Boiteko bo Tsoelang Pele
  • Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U ‘Rata Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/15 maq. 8-11

Ho Ithuta Tsela e Hlollang ka ho Fetisisa ea Lerato

Kosovo, Lebanon le Ireland. Mabitso ana a ’nile a hlaha hangata litabeng lilemong tsa morao tjena. Ka likelellong tsa batho a tsosa lipono tsa tšollo ea mali, ho qhomisoa ha libomo le lipolao. Ho bua ’nete, likhohlano tse mabifi tse bakoang ke liqabang tsa bolumeli, bomorabe, bochaba kapa tse ling, ha li ncha. Ha e le hantle, litlaleho tsa histori li tletse tsona, ’me li tliselitse moloko oa batho mahlomola a maholo haholo.

KAHA haesale ho e-na le lintoa historing eohle, ba bangata ba entse qeto ea hore ha ho kamoo lintoa li ka qojoang kateng le hore ke tlhaho hore batho ba hloeane. Leha ho le joalo, lipono tse joalo li hanana ka ho feletseng le lithuto tsa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Mangolo a bolela a sa qeaqee ho re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ho totobetse hore ’Mōpi o batla hore batho ba ratane.

Bibele e boetse e senola hore motho o bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26, 27) Sena se bolela hore moloko oa batho o filoe matla a ho bonahatsa litšoaneleho tsa Molimo, ’me e hlahelletseng ho li feta ke lerato. Ha boemo e le bona, ke hobane’ng ha ho pholletsa le histori batho ba hlōleha hakaale-kaale ho bontšana lerato? Le hona ntlheng ena, Bibele e re bula kelello. Lebaka ke hobane batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba fetohela Molimo eaba ba oela sebeng. Ka lebaka leo, bana bohle ba bona ba ile ba futsa sebe le ho se phethahale. Baroma 3:23 ea hlalosa: “Etsoe bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” Matla ao Molimo a re fileng ’ona a hore re rate, a senngoa ke sebe le ho se phethahale tseo re li futsitseng. Na see se bolela hore batho ha ba sa khona ho ratana? Ho na le tšepo efe ea hore re tla ke re thabele kamano ea khotso le lerato le batho ba bang?

Re Tlameha ho Ithuta ho Rata Molimo

Jehova Molimo oa tseba hore le hoja re sa phethahala, motho o sa ntse a ka khona ho bontša lerato. Ke ka lebaka leo a batlang hore bohle ba batlang ho mo khahlisa ba bonahatse lerato kahohle kamoo ba ka khonang. Hore sena sea hlokahala, ho ile ha hlakisoa ke Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ha a ne a kōptjoa hore a bolele taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong o filoeng Baiseraele. O ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō ka ho fetisisa le ea pele.” Eaba oa eketsa: “Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle.”—Matheu 22:37-40.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ikutloa hore ho thata haholo hore ba ka rata motho eo ba sa mo boneng, ’me rōna batho re ke ke ra bona Jehova Molimo hobane ke Moea. (Johanne 4:24) Ho ntse ho le joalo, letsatsi le leng le le leng re angoa ke seo Molimo a se etsang, kaha bohle re itšetlehile ka lintho tse ngata tse ntle tseo a ileng a li bōpa molemong oa rōna. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa ntlha ena ha a re: “[Molimo ha a] ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.

Le hoja ka litsela tse sa tšoaneng e mong le e mong a rua molemo litokisetsong tsa ’Mōpi, ha ho bapisoa, ke ba ’maloa feela ba mo lebohang kapa ba susumelletsehang hore ba mo lebohe. Kahoo, ho hlokahala hore re hlahlobe lintho tsohle tse molemo tseo Molimo a re etselitseng tsona le ho thuisa ka litšoaneleho tse babatsehang tse teng ho sohle seo a se etsang. Ho etsa joalo ho lokela ho re nolofalletsa ho lemoha bohlale bo tšosang le matla tsa ’Mōpi oa rōna e Moholo. (Esaia 45:18) Ho feta tsohle, ho lokela ho re thusa hore re bone hore na ke Molimo ea lerato hakaakang, ka hore ha aa ka a re fa bophelo feela empa hape o re nolofalelitse hore re thabele menate e mengata ea bophelo.

Ka mohlala, nahana ka lipalesa tse ntle tse sa tšoaneng tseo Molimo a li bōpileng lefatšeng. Ho hotle hakaakang ho rōna hore ebe o boetse o re file matla a ho bona le a hore re fumane thabo e khōlō linthong tsee tse ntle! Ka mokhoa o tšoanang, Molimo o lokiselitse mefuta eohle ea lijo tse nang le phepo hore re phele. O re nahanetse hakaakang hore ebe o boetse o re bōpile re e-na le matla a tatso e le hore re ka thaba haholo ha re e-ja! Na see hase bopaki bo matla ba hore ruri Molimo oa re rata le hore o re batlela se molemohali?—Pesaleme ea 145:16, 17; Esaia 42:5, 8.

Ka ntle le ho itšenolela rōna ka ‘buka ea hae ea tlhaho,’ ’Mōpi o re bontša ka Lentsoe la hae, Bibele, hore na ke Molimo oa mofuta ofe. Ho joalo hobane ka Bibeleng ho tlalehiloe lintho tse ngata tse ratehang tseo Jehova Molimo a li entseng nakong e fetileng le litlhohonolofatso tse ngata tseo a tšepisang hore o tla li fa moloko oa batho haufinyane. (Genese 22:17, 18; Exoda 3:17; Pesaleme ea 72:6-16; Tšenolo 21:4, 5) Ka holim’a tsohle, Bibele e re senolela pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo ho moloko oa batho—ea ho fana ka Mora ea tsoetsoeng a ’notši hore e be Molopolli oa rōna e le hore re ka lokolloa botlamuoeng ba sebe le lefu. (Baroma 5:8) Ka sebele, ha re ithuta haholoanyane ka ’Mōpi oa rōna ea lerato, re susumelletseha hore re mo rate haholoanyane ho tloha pelong.

Ho Ithuta ho Rata Batho ba Bang

Joalokaha Jesu a ile a bontša, ho phaella tabeng ea hore re rate Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna, meea le likelello, re lokela hore re rate baahelani ba rōna joalokaha re ithata. Ha e le hantle, lerato la Molimo le re tlama hore re rate batho ba bang. Moapostola Johanne o ile a hlalosa: “Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale rōna ka borōna re tlas’a tlamo ea ho ratana.” O ile a hatisa ho ea pele: “Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ ’me leha ho le joalo a hloile mor’abo, ke ea leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, e ke ke ea e-ba ea ratang Molimo, eo a e-s’o mo bone. ’Me re na le taelo ena e tsoang ho eena, hore ea ratang Molimo o lokela hore e be ea ratang le mor’abo.”—1 Johanne 4:11, 20, 21.

Kajeno re phela lefatšeng la batho ba iketeletsang pele, e le “baithati,” feela joalokaha Bibele e boletse esale pele. (2 Timothea 3:2) Kahoo, haeba re batla ho ithuta tsela e fetisisang ea lerato, ho hlokahala hore re ikitlaetse hore re nchafatse likelello tsa rōna ’me re etsise ’Mōpi oa rōna ea lerato, ho e-na le ho latela litsela tsa boikhabi tsa batho ka kakaretso. (Baroma 12:2; Baefese 5:1) Molimo o bile “o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo,” hape “o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” Kaha Ntate oa rōna oa leholimo o re behela mohlala o babatsehang hakana, re lokela ho loanela ho ba ba mosa le ba nang le thuso ho bohle. Ka ho etsa joalo, re ka bontša hore re ‘bara ba Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo.’—Luka 6:35; Matheu 5:45.

Ka linako tse ling liketso tsa lerato le joalo li fella ka ho thusa ba bang hore e be barapeli ba Molimo oa ’nete. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, ’m’alelapa e mong eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a leka ho fetisetsa molaetsa oa Bibele ho moahelani oa hae, ea hlileng a mo k’hoebela hampe. Leha ho le joalo, ha aa ka a nyahamisoa ke ho arabeloa joalo. Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele ho bontša mosa ’me a leka ho ba le thuso ho moahelani enoa. Ka lekhetlo le leng o ile a thusa moahelani enoa ho fallela ntlong e ’ngoe. Ka le leng hape o ile a lokisetsa hore motho e mong a tsamaee le moahelani enoa ho ea boema-fofane ho ea khahlanyetsa beng ka moahelani. Hamorao, moahelani enoa o ile a lumela ho rutoa Bibele ’me qetellong ea e-ba Mokreste ea chesehang ho sa tsotellehe ho hlorisoa ka sehlōhō ke monna oa hae. E, lipontšo tseo tsa lerato li ile tsa rala motheo bakeng sa litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.

Ho bua ’nete, re tla lumela hore Molimo ha a re rate kahobane re e-na le litšoaneleho tse ngata tse ratehang. Ho fapana le hoo, oa re rata le hoja re e-na le liphoso tse ngata le mefokolo. Ka lebaka leo, le rōna re lokela ho ithuta ho rata batho ba bang ho sa tsotellehe mefokolo ea bona e mengata. Haeba re ikoetlisa hore re lemohe le ho ananela litšoaneleho tse ntle tsa ba bang ho e-na le ho sheba liphoso tsa bona, ho tla ba bonolo haholoanyane ho rōna hore re ikutloe re ba rata. Boikutlo ba rōna ho bona bo ka ba ba feta lerato le laoloang ke melao-motheo eaba le akarelletsa boikutlo bo mofuthu le katamelo e teng pakeng tsa metsoalle ea hlooho ea khomo.

Ho Lumella Lerato la Hao Hore le Hōle

Ho hlokahala hore lerato le setsoalle li hōlisoe le ho hlaoleloa, ’me har’a lintho tsa bohlokoa tse ka etsang sena ke botšepehi le ’nete. Ba bang ba leka ho pata bofokoli ba bona e le hore ba khahlise batho ba batlang ho ba etsa metsoalle ea bona. Leha ho le joalo, mokhoa o joalo o atisa ho boeana le mong’a oona, kaha qetellong ba bang ba tseba linnete ’me ba lelekoa ke ho se tšepahale ho joalo. Kahoo, ha rea lokela ho tšaba hore ba bang ba tsebe botho ba rōna ba ’nete—esita le haeba re e-na le mefokolo eo re loanelang ho e hlōla. Sena se ka thusa hore re thehe setsoalle le bona.

Ka mohlala, morali e mong oabo rōna ea hōlileng oa Paki phuthehong e ’ngoe ea Bochabela bo Hōle, ha aa ruteha ho hang. Leha ho le joalo, ha ho mohla a lekang ho patela ba bang sena. Ka mohlala, o lumela ka sebete feela hore ha a khone ho bontša ba bang kamoo ba ka pakang ka tieo ka boprofeta ba Bibele le histori hore Mehla ea Balichaba e felile ka 1914.a Leha ho le joalo, o beha mohlala o motle haholo bakeng sa ho chesehela tšebeletso, hammoho le ho rata barab’abo rōna le ho ba seatla se bulehileng ho bona hoo ka mofuthu a bitsoang lehakoe la phutheho.

Lichabeng tse ling, ho bontša lerato le mofuthu phatlalatsa ho soenyetsoa lifahleho; batho ba rutoa hore litšebelisanong tsa bona le ba bang, ba itšoare ka mokhoa oo ho nkoang hore o hlomphehile. Leha ho le hotle hore kamehla re be ba nang le mekhoa le ba nahanelang, ha rea lokela ho lumella hore boitlhompho ba rōna bo re sitise kapa bo re thibele ho bontša hore na re ikutloa joang ka batho ba bang. Jehova ha aa ka a ikutloa a le lihlong ho bolela boikutlo ba hae bo mofuthu ka batho ba hae bao a ba khethileng, e leng Baiseraele ba boholo-holo, a re ho bona: “Ke u rata ka lerato le sa feleng.” (Jeremia 31:3) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a bolella balumeli-’moho le eena Thesalonika a re: “Kahoo, re e-na le boikutlo bo bonolo bakeng sa lōna, re ile ra khahloa haholo ho le fa, eseng feela litaba tse molemo tsa Molimo, empa le lisoule tsa rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.” (1 Bathesalonika 2:8) Kahoo, ha re leka ho hlaolela kamano ea ’nete e mofuthu le batho ba bang, ho tumellanong haholo le thuto ea Bibele hore re tlohelle boikutlo boo bo bontšoe ka mokhoa oa tlhaho ho e-na le hore re bo bipetse.

Ho Hlokahala Boiteko bo Tsoelang Pele

Ho ithuta ho utloa lerato le ho le bontša ho ba bang, ke ketso e tsoelang pele. Ho etsa joalo ho re hloka boiteko bo matla hore re hlōle ho se phethahale ha rōna hammoho le ho hana tšusumetso e matla ea lefatše lena le se nang lerato. Leha ho le joalo, meputso e enneng e tlisoang ke sena e etsa hore se tšoanelehe.—Matheu 24:12.

Esita le lefatšeng lena le sa phethahalang, re ka thabela likamano tse ntlafetseng le batho ba bang, e leng ho fellang ka thabo e khōlō, khotso le khotsofalo ho rōna le ba bang. Ka ho etsa boiteko boo, re ka bontša hore re tšoaneloa ke tšepo e hlollang ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Ka holim’a tsohle, ka ho ithuta tsela e fetisang ea lerato, re ka fumana kamohelo le litlhohonolofatso tsa ’Mōpi oa rōna ea lerato, hona joale le ka ho sa feleng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 132-5.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Lerato la Bokreste le ka bontšoa ka liketso tse mosa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

UN PHOTO 186226/M. Grafman

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela