Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/1 maq. 28-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lumelisa Folakha, ho Vouta le Tšebeletso ea Sechaba
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Nke Lehlakore Lipolotiking?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • “Hase Karolo ea Lefatše”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Bolumeli Lipolotiking—Na Ena ke Thato ea Molimo?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/1 maq. 28-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipaki tsa Jehova li talima ho vouta joang?

Ho na le melao-motheo e hlakileng e boletsoeng ka Bibeleng e nolofalletsang bahlanka ba Molimo hore ba be le pono e nepahetseng tabeng ena. Leha ho le joalo, ha ho bonahale ho e-na le molao-motheo o khahlanong le ho vouta ka bohona. Ka mohlala, ha ho na lebaka leo ka lona boto ea batsamaisi e ke keng ea vouta e le hore e fihlele liqeto tse amanang le k’hamphani ea eona. Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova hangata li etsa liqeto mabapi le linako tseo liboka li kenang ka tsona le tšebeliso ea chelete ea phutheho ka ho vouta ho etsoang ka ho phahamisa matsoho.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho vouta likhethong tsa lipolotiki? Ho hlakile hore linaheng tse ling tsa puso ea sechaba ka sechaba, baahi ba ka etsang karolo ea 50 lekholong ha ba voute ka letsatsi la likhetho. Lipaki tsa Jehova tsona, ha li kena-kenane le tokelo ea ba bang ea ho vouta; leha e le hona hore ka tsela e itseng li letšolong la ho ba khahlanong le likhetho tsa lipolotiki. Li hlompha ba boholong ba khethiloeng ka tšoanelo likhethong tse joalo ’me li sebelisana le bona. (Baroma 13:1-7) Ha e le tabeng ea hore na tsona ka botsona li tla voutela nkhetheng ea itseng, Paki ea Jehova ka ’ngoe e iketsetsa qeto e thehiloeng letsoalong la eona le koetlisitsoeng ke Bibele le kutloisisong ea eona ea boikarabelo boo e nang le bona ho Molimo le Naha. (Matheu 22:21; 1 Petrose 3:16) Ha li etsa qeto ena, Lipaki li nahana ka lintlha tse ’maloa.

Ntlha ea pele, Jesu Kreste o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Lipaki tsa Jehova li nka molao-motheo ona ka ho teba. Kaha “hase karolo ea lefatše,” ha li nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše.—Johanne 18:36.

Ntlha ea bobeli, moapostola Pauluse o ile a ipitsa “lenģosa” le emelang Kreste ho batho ba mehleng ea hae. (Baefese 6:20; 2 Bakorinthe 5:20) Lipaki tsa Jehova li lumela hore hona joale Kreste Jesu ke Morena ea behiloeng teroneng oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, ’me tsona, joaloka manģosa, li lokela ho tsebisa lichaba sena. (Matheu 24:14; Tšenolo 11:15) Manģosa a lebelletsoe hore a se nke lehlakore, ’me a se ke a kena-kenana le litaba tsa lipolotiki tsa linaha tseo a rometsoeng ho tsona. E le baemeli ba ’Muso oa Molimo oa leholimo, Lipaki tsa Jehova li na le maikutlo a tšoanang a ho se kena-kenane le lipolotiki tsa linaha tseo li lulang ho tsona.

Ntlha ea boraro eo ho ka nahanoang ka eona ke ea hore ba voutelang motho ea itseng hore a lule setulong, ba ka ’na ba ikarabella bakeng sa lintho tseo a li etsang. (Bapisa le 1 Timothea 5:22, The New English Bible.) Bakreste ba lokela ho nahana ka hloko hore na ba batla ho jara boikarabelo boo.

Ntlha ea bone, Lipaki tsa Jehova li nka bonngoe ba tsona ba Bokreste e le ba bohlokoa haholo. (Bakolose 3:14) Ha malumeli a itšunya-tšunya lipolotiking, hangata phello e ba karohano har’a litho tsa ’ona. Ha li etsisa Jesu Kreste, Lipaki tsa Jehova li qoba ho itšunya-tšunya lipolotiking ’me ka lebaka leo, li boloka bonngoe ba tsona ba Bokreste.—Matheu 12:25; Johanne 6:15; 18:36, 37.

Ntlha ea bohlano, ebile e le ea ho qetela, ho se kenelle ha Lipaki tsa Jehova lipolotiking ho li fa bolokolohi ba puo ba ho atamela batho ba mekha eohle ea lipolotiki ka molaetsa oa bohlokoa oa ’Muso.—Baheberu 10:35.

Ka lebaka la melao-motheo ea Mangolo e thathamisitsoeng ka holimo, linaheng tse ngata Lipaki tsa Jehova li iketsetsa qeto ea ho se voute likhethong tsa lipolotiki, ’me bolokolohi ba tsona ba ho etsa qeto eo bo tšehetsoa ke molao oa naha. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba molao o tlama baahi hore ba voute? Maemong a joalo, Paki ka ’ngoe e na le boikarabelo ba ho etsa qeto e thehiloeng Bibeleng ho latela letsoalo la eona mabapi le hore na e sebetse boemo boo joang. Haeba e mong a etsa qeto ea ho ea libakeng tseo ho vouteloang ho tsona, eo ke qeto ea hae. Seo a se etsang sebakeng seo sa ho vouta se lipakeng tsa hae le ’Mōpi oa hae.

Tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 15, 1950, leqepheng la 445 le la 446, e ile ea re: “Moo Sesare a qobellang baahi hore ba voute . . . [Lipaki] li ka ea libakeng tsa ho vouta ’me tsa kena ka hare ka moo ho hlileng ho vouteloang ka teng. Ke hona mona moo ho batloang hore li tšoaee pampiri kapa li ngole hore na li ea le mokha ofe. Bakhethi ba etsa ntho eo ba e ratang ka lipampiri tsa bona. Ka hona, ke hona mona moo ka pe’la Molimo, lipaki tsa hae li tlamehang ho etsa lintho tumellanong le litaelo tsa hae le tumellanong le tumelo ea tsona. Hase boikarabelo ba rōna ho li laela hore na li etse eng ka lipampiri tsa ho vouta.”

Ho thoe’ng haeba monna ea sa lumelang a tsitlella hore mosali oa hae oa Mokreste a e’o vouta? Bonneteng, o tlas’a monna oa hae, joalokaha Bakreste ba le tlas’a balaoli ba phahameng. (Baefese 5:22; 1 Petrose 2:13-17) Haeba a mamela monna oa hae ’me a e-ea sebakeng sa ho vouta, eo ke qeto ea hae. Ha ho motho ea lokelang ho mo nyatsa.—Bapisa le Baroma 14:4.

Ho thoe’ng ka naha eo ho eona ho vouta e seng tlamo ea molao empa batho ba tsohela ba sa eeng libakeng tsa ho vouta matla—mohlomong ba ka ba ntša kotsi? Kapa ho thoe’ng haeba batho ka bomong, le hoja molao o sa ba qobelle ho vouta, ba fumana kotlo e bohloko ka tsela e itseng haeba ba sa ee libakeng tsa ho vouta? Maemong ana le a tšoanang le ’ona, Mokreste o lokela ho iketsetsa qeto. “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagalata 6:5.

Ho ka ’na ha e-ba le batho ba khopisehang ha ba bona hore likhethong tsa naha ea bona, Lipaki tse ling tsa Jehova li ea libakeng tsa ho vouta, ha tse ling li sa ee. Ba ka ’na ba re, ‘Lipaki tsa Jehova ha li lumellane.’ Leha ho le joalo, batho ba lokela ho hlokomela hore litabeng tse kang tsena tseo ho amehang letsoalo la motho, Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ka pel’a Jehova Molimo.—Baroma 14:12.

Liqeto leha e le life tseo Lipaki tsa Jehova li li etsang maemong a fapaneng, li ba seli hore li boloke ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste le bolokolohi ba tsona ba puo. Linthong tsohle, li itšetleha ka Jehova Molimo hore a li matlafatse, a li fe bohlale, ’me a li thuse hore li qobe ho sekisetsa tumelo ea tsona ka tsela leha e le efe. Ka tsela ena, li bontša hore li kholoa mantsoe a mopesaleme: “U lefika la ka le qhobosheane ea ka; ’me ka baka la lebitso la hao, u tla mpontša tsela, u ntsamaise ho eona.”—Pesaleme ea 31:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela