Ke Eng Seo U se Tsebang ka Boloi?
BOLOI! Lentsoe leo le u hopotsa eng?
Ho ba bangata, ke litaba tsa tumela-khoela le tse inahaneloang, tse sa lokelang ho nkoa ka ho teba. Ho bona, boloi ke ntho e inahaneloang feela—eo ho eona baloi ba tsofetseng ba apereng liaparo tsa ho ikhakanya tse nang le likatiba ba kenyang mapheo a bo-’mankhane ka pitseng e belang, ba fetola batho lihohoana, ’me ba fofa sebakeng bosiu bohle ba palame mafielo ha ba ntse ba keketeha ka lonya.
Ho ba bang, boloi hase papali. Bafuputsi ba bang ba re batho ba fetang halofo ea baahi ba lefatše ba lumela hore baloi ke batho ba sebele ’me ba ka ba le tšusumetso bophelong ba batho ba bang. Ba limilione ba lumela hore boloi ke bokhopo, bo kotsi, ’me bo lokela ho tšajoa haholo. Ka mohlala, buka e buang ka bolumeli ba Afrika e re: “Ho lumela tšebetsong le likotsing tsa boselamose bo etsoang ka morero o mobe, bonohe le boloi ho metse ka metso bophelong ba Maafrika . . . Baloi le linohe ke batho ba hloiloeng ka ho fetisisa metseng ea habo bona. Ho fihlela kajeno ho na le libaka le liketsahalo tseo ho tsona batho bohle ba motse ba ba shapang ho fihlela ba e-shoa.”
Leha ho le joalo, linaheng tsa Bophirimela, boloi bo ikhakantse bocha ka sebōpeho se hlomphehang. Libuka, thelevishene le libaesekopo li phethile karolo e khōlō ho fokotseng tšabo ea boloi. Mohlahlobi oa boithabiso David Davis oa hlokomela: “Ka tšohanyetso, baloi e se e le batho ba bacha haholoanyane le ba bohehang haholoanyane, ka sebele ba bohehang haholoanyane. Khoebo ea libaesekopo ea Hollywood e potlakela ho hlokomela moo batho ba bangata ba sekametseng teng. . . . Ka ho etsa hore baloi ba bohehe haholoanyane ’me ba ratehe haholoanyane, ba ka ipiletsa ho bashebelli ba bangata haholoanyane, ho akarelletsa le basali le bana ba banyenyane.” Khoebo ea libaesekopo ea Hollywood e tseba kamoo e ka fetolang tšekamelo efe kapa efe morero o fanang ka phaello e ntle.
Ba bang ba re boloi bo fetohile o mong oa mekhatlo e sebelisanang le meea e hōlang ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa United States. Ho pholletsa le linaha tse tsoetseng pele, batho ba ntseng ba eketseha, ba susumetsoang ke mekhatlo ea litokelo tsa basali le ba lokolohileng thetsong ea malumeli a maholo, ba batla khotsofalo ea moea mefuteng e sa tšoaneng ea boloi. Ha e le hantle, ho na le mefuta e mengata haholo ea boloi hoo batho ba sa lumellaneng esita le tabeng ea moelelo oa lentsoe “moloi.” Leha ho le joalo, batho ba ipolelang hore ke baloi ba ikamahanya le Wicca—eo bukeng e ’ngoe e hlalosang mantsoe ho boleloang hore ke “bolumeli ba tlhaho ba bohetene bo simolohileng pele Bokreste bo fihla Europe e ka bophirimela le bo tsosolosoang lekholong la bo20 la lilemo.”a Ka lebaka leo, ba bangata ba boetse ba ipolela e le bahetene kapa bahetene ba morao-rao.
Ho pholletsa le histori, baloi ba ’nile ba hlouoa, ba hlorisoa, ba hlokofatsoa esita le ho bolaoa ka sehlōhō. Ha ho makatse hore ebe baloi ba kajeno ba labalabela ho ntlafatsa botumo ba bona. Phuputsong e ’ngoe, baloi ba bangata ba ile ba botsoa hore na ke molaetsa ofe oo ba hlileng ba ratang ho o fetisetsa sechabeng. Karabo ea bona, kamoo mofuputsi Margot Adler a ileng a e akaretsa kateng, e bile ena: “Ha re khopo. Ha re rapele Diabolose. Ha re ntše batho kotsi kapa hona ho ba khelosa. Ha re kotsi. Re batho ba tloaelehileng joaloka lōna. Re na le malapa, rea sebetsa, re na le lintho tseo re li lebeletseng re bile re na le lipakane. Ha re sehlotšoana sa borapeli ba bokhelohi. Ha re batho ba mohlolo. . . . Ha ho hlokahale hore le re tšabe. . . . Re tšoana le lōna haholoanyane ho feta kamoo le nahanang kateng.”
Molaetsa oo o ntse o amoheleha ka tekanyo e khōloanyane. Empa na see se bolela hore ha ho na lebaka la ho ameha ka boloi? A re hlahlobeng potso eo sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Senyesemane “witchcraft” (boloi) le tsoa lentsoeng la Senyesemane sa Khale “wicce” le “wicca,” ao ka ho latellana a bolelang lingaka tsa basali le tsa banna.