Tšoarella ka Tieo Thutong ea Bomolimo
“U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—LIPROVERBIA 3:5, 6.
1. Ke joang re pepesehetseng tsebo ea motho ho feta leha e le neng pele?
HONA joale, ho na le likoranta tsa letsatsi le letsatsi tse ka bang 9 000 tse tsamaisoang lefatšeng ka bophara. Selemo le selemo ho hatisoa libuka tse ncha tse ka bang 200 000 United States feela. Ho latela khakanyo e ’ngoe, ka March 1998, ho ne ho e-na le Mecha ea ho phatlalatsa ho Internet e limilione tse 275. Ho boleloa hore palo ena e eketseha ka mecha e limilione tse 20 ka khoeli. Ho feta leha e le neng pele, batho ba na le monyetla oa ho fumana boitsebiso hoo e ka bang ka taba leha e le efe. Le hoja boemo bona bo e-na le makhabane a bona, boitsebiso bo joalo bo bongata ho tlōla, bo bakile mathata.
2. Ke mathata afe a ka ’nang a hlahisoa ke ho pepesehela boitsebiso bo bongata ho tlōla?
2 Batho ba bang ba fetohile bo-monyoreloa-tsebo, ka linako tsohle ba khotsofatsa lenyora le sa kholoeng la ho tseba litaba tsa morao-rao empa ba hlokomolohile lintho tsa bohlokoa haholoanyane. Ba bang ba fumana boitsebiso bo sa fellang ka mafapha a rarahaneng a tsebo ebe ba inahana hore ke litsebi. Ka kutloisiso e sa fellang, ba ka ’na ba etsa liqeto tse khōlō tse ka bakelang bona le ba bang kotsi. Kamehla ho na le kotsi ea ho pepesehela boitsebiso boo e seng ’nete kapa bo sa nepahalang. Hangata ha ho na tsela e ka tšeptjoang ea ho netefatsa hore qubu ena ea boitsebiso e nepahetse kapa ha e leeme.
3. Ke litemoso life tse mabapi le ho lelekisa bohlale ba motho tse fumanoang ka Bibeleng?
3 Ke khale ho rata ho ba le tsebo e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa batho. Likotsi tsa ho senya nako e ngata ho batloa boitsebiso ba lefeela kapa bo bileng bo leng kotsi li ile tsa hlokomeloa khale mehleng ea Morena Solomone. O ile a re: “Elelloa, etsoe libuka, tse ngata tse etsoang li sa fele, ’me ho ithuta ka ho tlōlisa ho khathatsa ’mele.” (Moeklesia 12:12) Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngolla Timothea: “U lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao, u furalla lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’ Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.” (1 Timothea 6:20, 21) E, kajeno ho hlokahala hore Bakreste ba qobe ho pepesehela maikutlo a kotsi.
4. Tsela e ’ngoe eo re ka bonahatsang ka eona hore re tšepa Jehova le lithuto tsa hae ke efe?
4 Ke hantle hore batho ba Jehova ba boele ba ele hloko mantsoe a Liproverbia 3:5, 6: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Ho tšepa Jehova ho akarelletsa ho hana maikutlo leha e le afe a loantšanang le Lentsoe la Molimo, ebang a hlaha monahanong oa rōna kapa oa batho ba bang. E le hore re sireletse bomoea ba rōna, ke habohlokoa hore re koetlise matla a rōna a temoho e le hore re ka khetholla boitsebiso bo kotsi ’me re bo hane. (Baheberu 5:14) A re tšohleng mehloli e meng ea boitsebiso bo joalo.
Lefatše le Busoang ke Satane
5. Mohloli o mong oa boitsebiso bo kotsi ke ofe, ’me o tšehetsoa ke mang?
5 Batho ba amehileng ka lintho tsa lefatše feela ke bona ba hlahisang maikutlo a mangata a kotsi. (1 Bakorinthe 3:19) Jesu Kreste o ile a rapela Molimo mabapi le barutuoa ba hae: “Kea u kōpa, eseng hore u ba ntše lefatšeng, empa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Johanne 17:15) Kōpo ea Jesu ea hore barutuoa ba hae ba sireletsoe ho “ea khopo” e ne e le ho lumela hore Satane o na le tšusumetso lefatšeng lena. Ho ba ha rōna Bakreste hase tšireletso ea motla-o-tutsoe litšusumetsong tse mpe tsa lefatše lena. Johanne o ile a ngola: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Haholo-holo karolong ena ea ho qetela ea matsatsi a bofelo, ho ka lebelloa hore Satane le bademona ba hae ba tla tlatsa lefatše ka boitsebiso bo kotsi.
6. Lefatše la boithabiso le ka bolaea letsoalo joang tabeng ea boitšoaro?
6 Hape ho ka lebelloa hore boitsebiso bo bong bo kotsi bo ka ’na ba bonahala bo se kotsi. (2 Bakorinthe 11:14) Ka mohlala, nahana ka lefatše la boithabiso, ka mananeo a lona a TV, libaesekopo, ’mino le lingoliloeng. Ba bangata ba lumela hore mabakeng a mangata, boithabiso ba mefuta e itseng bo khothalletsa mekhoa e litšila, e kang boitšoaro bo bobe, pefo le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ha bashebelli ba qala ho bontšoa mofuta o mocha oa boithabiso ba boitšoaro bo hlephileng, ba ka ’na ba tšoha. Empa ha motho a bo bona khafetsa, bo ka mo bolaea letsoalo. Le ka mohla a re se keng ra ba le pono ea hore boithabiso bo khothalletsang maikutlo a kotsi boa amoheleha kapa ha bo kotsi.—Pesaleme ea 119:37.
7. Ke bohlale ba mofuta ofe ba motho bo ka felisang tšepo ea rōna Bibeleng?
7 Nahana ka mohloli o mong o nang le boitsebiso bo ka ’nang ba e-ba kotsi—maikutlo a mangata ka ho fetisisa a phatlalatsoang ke bo-rasaense ba bang le litsebi tse ling ba qholotsang bonnete ba Bibele. (Bapisa le Jakobo 3:15.) Taba e joalo e hlaha hangata limakasineng tse ka sehloohong le libukeng tse ratoang haholo, ’me e ka felisa tšepo ea rōna Bibeleng. Batho ba bang ba motlōtlō ka ho fokolisa matla a Lentsoe la Molimo ka khopolo-taba e sa feleng. Kotsi e tšoanang e ne e le teng mehleng ea baapostola, joalokaha ho hlakisoa ke mantsoe a moapostola Pauluse: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
Lira Tsa ’Nete
8, 9. Kajeno bokoenehi bo iponahatsa joang?
8 Bakoenehi e ka ba tšokelo e ’ngoe bomoeeng ba rōna. Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore bokoenehi bo ne bo tla hlaha har’a ba ipolelang hore ke Bakreste. (Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3) Phethahatsong ea mantsoe a hae, ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo boholo bo ile ba tsoala Bokreste-’mōtoana. Kajeno, ha ho na bokoenehi bo boholo bo leng teng har’a batho ba Molimo. Leha ho le joalo, batho ba seng bakae ba tsoile har’a rōna, ’me ba bang ba bona ba ikemiselitse ho senya Lipaki tsa Jehova lebitso ka ho jala mashano le boitsebiso ba bohata. Ba seng bakae ba sebetsa le lihlopha tse ling khanyetsong e hlophisitsoeng ea borapeli bo hloekileng. Ka ho etsa joalo, ba ema le Satane, mokoenehi oa pele.
9 Bakoenehi ba bang ba ntse ba eketsa tšebeliso ea mefuta e fapa-fapaneng ea mecha ea puisano e sebelisoang ke batho ba bangata, e kopanyelletsang Internet, e le hore ba jale boitsebiso ba bohata ka Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka leo, ha batho ba tšepahalang ba etsa lipatlisiso ka litumelo tsa rōna, ba ka ’na ba thulana le mashano a bakoenehi. Esita le tsona Lipaki tse ling, li sa hlokomela, li ile tsa ipepesetsa boitsebiso bona bo kotsi. Ho phaella moo, ka linako tse ling bakoenehi ba nka karolo mananeong a thelevishene le a seea-le-moea. Ke tsela efe e bohlale e ka lateloang ka lebaka la see?
10. Bohato bo bohlale ke bofe malebana le mashano a bakoenehi?
10 Moapostola Johanne o ile a laela Bakreste hore ba se ke ba amohela bakoenehi malapeng a bona. O ile a ngola: “Haeba leha e le mang a tla ho lōna ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lōna kapa la mo lumelisa. Etsoe ea mo lumelisang o ba le karolo mesebetsing ea hae e khopo.” (2 Johanne 10, 11) Ho qoba bahanyetsi bana ka ho feletseng, ho tla re sireletsa monahanong o senyang oa bona. Ho ipepesetsa lithuto tsa bakoenehi ka mekhoa ea kajeno e fapa-fapaneng ea puisano, ho kotsi joaloka ho amohela mokoenehi ka malapeng a rōna. Le ka mohla re se ke ra lumella takatso ea ho ba le tsebo hore e re hohelle tseleng e kotsi joalo!—Liproverbia 22:3.
Ka Phuthehong
11, 12. (a) Mohloli oa maikutlo a kotsi phuthehong ea lekholo la pele la lilemo e ne e le eng? (b) Bakreste ba bang ba ile ba hlōleha joang ho tšoarella ka tieo lithutong tsa bomolimo?
11 Nahana ka mohloli o mong o ka ’nang oa hlaha oa maikutlo a kotsi. Le hoja a sa rera ho ruta mashano, Mokreste ea inehetseng a ka ’na a ba le mokhoa oa ho bua a sa nahana. (Liproverbia 12:18) Ka lebaka la ho se phethahale ha rōna ha tlhaho, bohle re tla ba le linako tseo ka tsona re tla tlaila ka maleme a rōna. (Liproverbia 10:19; Jakobo 3:8) Ho hlakile hore mehleng ea moapostola Pauluse, ho ne ho e-na le ba bang ka phuthehong ba neng ba hlōleha ho laola maleme a bona ’me ba ameha ho phehisaneng khang ka mantsoe. (1 Timothea 2:8) Ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba nahana hore pono ea bona e nepahetse hoo ba neng ba bile ba qholotsa matla a Pauluse. (2 Bakorinthe 10:10-12) Moea o joalo o ne o fella ka likhohlano tse sa hlokahaleng.
12 Ka linako tse ling ho se lumellane hona ho ne ho hōla hore e be “liphehisano tse mabifi ka mafeela,” tse senyang khotso ea phutheho. (1 Timothea 6:5; Bagalata 5:15) Ka ba neng ba baka likhang tsena, Pauluse o ile a ngola: “Haeba motho leha e le ofe a ruta thuto e ’ngoe ’me a sa lumellane le mantsoe a phelisang hantle, a Morena oa rōna Jesu Kreste, kapa thuto e lumellanang le boinehelo ba bomolimo, o hohomohile ke boikakaso, a sa utloisise ntho leha e le efe, empa a kula kelellong ka lebaka la litsekisano le ho pheha khang ka mantsoe. Linthong tsena ho hlaha mohono, ho qabana, lipuo tse nyefolang, lipelaello tse khopo.”—1 Timothea 6:3, 4.
13. Bakreste ba bangata ba ne ba itšoere joang lekholong la pele la lilemo?
13 Ka thabo, mehleng ea baapostola, Bakreste ba bangata ba ne ba tšepahala ’me ba ile ba lula ba tsepamisitse tlhokomelo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ba ne ba tšoarehile ka ho “hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona,” ’me ba ipoloka ba “se na letheba lefatšeng,” ba sa senye nako ea bona ka liphehisano tsa lefeela tsa mantsoe. (Jakobo 1:27) Ba ne ba qoba “litloaelano tse mpe” hona ka phuthehong ea Bokreste e le hore ba sireletse bomoea ba bona.—1 Bakorinthe 15:33; 2 Timothea 2:20, 21.
14. Haeba re se hlokolosi, ho fapanyetsana maikutlo ho tloaelehileng ho ka ’na ha fetoha likhang tse kotsi joang?
14 Ka mokhoa o tšoanang, maemo a hlalositsoeng serapeng sa 11 ha aa tloaeleha ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova kajeno. Leha ho le joalo, ke hantle ho lumela hore liphehisano tsa lefeela tse joalo li ka ’na tsa e-ba teng. Ha e le hantle, ke tlhaho ho qoqa ka litlaleho tsa Bibele kapa ho ipotsa ka lintlha tse itseng tsa lefatše le lecha le tšepisitsoeng tse e-s’o senoloe. Hape, ha ho letho le phoso ka ho fapanyetsana maikutlo litabeng tse amang motho ka mong tse kang moaparo le boitlhopho kapa khetho ea boithabiso. Leha ho le joalo, haeba re tsitlella maikutlong a rōna le ho khopisoa ke ha ba bang ba sa lumellane le rōna, phutheho e ka qetella e arohane ka litaba tsa lefeela. Se qalang e le puo e sa reng letho se ka fetoha se kotsi e le kannete.
Ho Lebela Letlotlo la Rōna
15. “Lithuto tsa bademona” li ka re ntša kotsi hakae moeeng, ’me ho fanoa ka keletso efe ka Mangolong?
15 Moapostola Pauluse oa lemosa: “Polelo e bululetsoeng e bolela ka tieo hore linakong tsa morao ba bang ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) E, maikutlo a kotsi a hlahisa tšokelo ea sebele. Ka ho utloahalang, Pauluse o ile a kōpa motsoalle ea ratoang oa hae Timothea: “Uena Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao, u furalla lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’ Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.”—1 Timothea 6:20, 21.
16, 17. Ke eng seo Molimo a se behileng tlhokomelong ea rōna, hona re lokela ho se lebela joang?
16 Kajeno re ka rua molemo joang temosong ee e lerato? Timothea o ne a filoe letlotlo—ntho e ’ngoe ea bohlokoa hore a e hlokomele le ho e sireletsa. E ne e le eng? Pauluse oa hlalosa: “U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato tse mabapi le Kreste Jesu. Letlotlo lena le letle u le lebele ka moea o halalelang o lulang ho rōna.” (2 Timothea 1:13, 14) E, letlotlo la Timothea le ne le akarelletsa “mantsoe a phelisang,” “thuto e lumellanang le boinehelo ba bomolimo.” (1 Timothea 6:3) Tumellanong le mantsoe ana, kajeno Bakreste ba ikemiselitse ho sireletsa tumelo ea bona le sehlopha sa linnete tse behiloeng tlhokomelong ea bona.
17 Ho lebela letlotlo leo ho akarelletsa ho hlaolela lintho tse kang mekhoa e metle ea ho ithuta Bibele le ho tiisetsa thapelong, ha re ntse re sebetsa “se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10; Baroma 12:11-17) Pauluse o khothatsa ho ea pele: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo. Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa eaba u fana ka polelo e ntle ea phatlalatsa ka pel’a lipaki tse ngata.” (1 Timothea 6:11, 12) Tšebeliso ea Pauluse ea lipoleloana tse kang “loana ntoa e ntle” le “u tšoare ka tieo,” e hlakisa hore re lokela ho ba mafolofolo le ho ikemisetsa ho hanela litšusumetso tse kotsi moeeng.
Ho Hlokahala Temoho
18. Re ka bontša teka-tekano ea Bokreste joang ha re lebane le boitsebiso ba lefatše?
18 Ha e le hantle, ho hlokahala temoho ha ho loanoa ntoa e ntle ea tumelo. (Liproverbia 2:11; Bafilippi 1:9) Ka mohlala, e ka ba ho sa utloahaleng ho belaella boitsebiso bohle ba lefatše. (Bafilippi 4:5; Jakobo 3:17) Hase maikutlo ’ohle a batho a loantšanang le Lentsoe la Molimo. Jesu o ile a bolela ka mokhoa o sa tobang hore batho ba kulang ba ee ngakeng e tšoanelehang—e leng mosebetsi o hlokang tsebo ea lefatše. (Luka 5:31) Ho sa tsotellehe hore bongaka bo ne bo le boemong bo morao haholo mehleng ea Jesu, o ile a lumela hore ho na le molemo o ka fumanoang thusong ea ngaka. Kajeno Bakreste ha ba nke litaba ka leeme tabeng ea boitsebiso ba lefatše, empa ba hana ho ipepesetsa bo ka ’nang ba ba ntša kotsi moeeng.
19, 20. (a) Baholo ba sebelisa temoho joang ha ba thusa ba buang ka booatla? (b) Phutheho e sebetsana joang le ba tsitlellang ho buella lithuto tsa bohata?
19 Temoho e boetse ea hlokahala ha baholo ba bitsitsoe ho ea thusa ba buang ka booatla. (2 Timothea 2:7) Ka linako tse ling, litho tsa phutheho li ka ’na tsa tšoaseha lerabeng la likhang tse mabapi le mafeela le liphehisano tsa lintho tse se nang bopaki. E le hore ho sireletsoe bonngoe ba phutheho, baholo ba lokela ho potlakela ho sebetsa mathata a joalo. Le teng, ba qoba ho ba le maikutlo a fosahetseng ka barab’abo bona ’me ha ba potlakele ho nka hore ke bakoenehi.
20 Pauluse o ile a hlalosa moea oo thuso e lokelang ho fanoa ka oona. O itse: “Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o mong o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1) Ha Jude a ne a bua ka ho toba ka Bakreste ba loanang le lipelaelo, o ile a ngola: “Le tsoele pele ho bontša mohau ho ba bang ba nang le lipelaelo; ba pholoseng ka ho ba hloibila mollong.” (Jude 22, 23) Ha e le hantle, haeba ka mor’a likeletso tse pheta-phetoang motho a ntse a tsitlella ho buella lithuto tsa bohata, ho hlokahala hore baholo ba nke bohato bo tiileng e le hore ba sireletse phutheho.—1 Timothea 1:20; Tite 3:10, 11.
Ho Tlatsa Likelello Tsa Rōna ka Lintho Tse Lokeloang ke Thoriso
21, 22. Re lokela ho ba ba khethang mabapi le eng, hona re lokela ho tlatsa likelello tsa rōna ka eng?
21 Phutheho ea Bokreste e qoba mantsoe a kotsi a ‘namang joaloka seso se kekang.’ (2 Timothea 2:16, 17; Tite 3:9) Hona ho tla sebetsa le haeba mantsoe a joalo a bontša “bohlale” bo thetsang ba lefatše, mashano a bakoenehi, kapa puo e bontšang ho se nahane ka phuthehong. Le hoja takatso e ntle ea ho ithuta lintho tse ncha e ka ba molemo, bohelehele bo ka re pepesetsa maikutlo a kotsi. Re tseba maqheka a Satane. (2 Bakorinthe 2:11) Rea tseba hore o ikitlaelletsa ho re khelosa e le hore re khoehlise tšebeletsong eo re e etsetsang Molimo.
22 Joaloka basebeletsi ba molemo, a re tšoarelleng ka tieo thutong ea bomolimo. (1 Timothea 4:6) E se eka re ka sebelisa nako ea rōna ka bohlale ka ho ba ba hloaeang boitsebiso boo re khethang ho bo amohela. Ka tsela eo re ke ke ra sisinngoa habonolo ke mashano a bululetsoeng ke Satane. E, a re tsoeleng pele ho nahana ka “lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso.” Haeba re tlatsa likelello le lipelo tsa rōna ka lintho tse joalo, Molimo oa khotso o tla ba le rōna.—Bafilippi 4:8, 9.
Re Ithutile’ng?
• Bohlale ba lefatše e ka ’na ea e-ba tšokelo joang bomoeeng ba rōna?
• Re ka etsa’ng hore re itšireletse boitsebisong bo kotsi ba bakoenehi?
• Ke puo ea mofuta ofe e lokelang ho qojoa ka phuthehong?
• Teka-tekano ea Bokreste e bontšoa joang ha ho sebetsanoa le boitsebiso bo bongata ho tlōla ba kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Limakasine le libuka tse ngata tse ratoang li loantšana le mekhoa e metle ea rōna ea Bokreste
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba ka fapanyetsana maikutlo ba sa tsitlelle khopolo ea bona