Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 1/1 maq. 27-30
  • Re ka Thusoa Ke’ng ho Tšoara Lentsoe la ’Nete ka Nepo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Thusoa Ke’ng ho Tšoara Lentsoe la ’Nete ka Nepo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le Tšoare ka Nepo
  • Semelo sa Buka ea Timothea oa Bobeli
  • Molemo oa Buka Ena Kajeno
  • “Mohlala oa Mantsoe a Phelisang Hantle”
  • Timothea—“Ngoana oa ’Nete Tumelong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Buka ea Bibele ea 55—2 Timothea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Timothea o ne a Batla ho Thusa Batho
    Ruta Bana ba Hao
  • “Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 1/1 maq. 27-30

Re ka Thusoa Ke’ng ho Tšoara Lentsoe la ’Nete ka Nepo?

MOTHO ea lekolang lipapali holong ea boithabiso bakeng sa koranta o kile a ea shebella papali e ’ngoe. Ha ea ka ea mo khahla ’me hamorao o ile a ngola a re: “Haeba u motho ea ratang masaoana, joang kapa joang u lokela ho bona papali ena.” Hamorao, bahlophisi ba papali ena ba ile ba ngola phatlalatso e qotsitseng mantsoe a motho enoa ea lekolang lipapali. Mantsoe ao a ne a re: “Joang kapa joang u lokela ho bona papali ena”! Phatlalatso ena e ne e qotsitse ka nepo mantsoe a motho enoa ea lekolang lipapali, empa e ne e sothile moelelo oa ’ona.

Mohlala ona o bontša kamoo moelelo oa taba e leng oa bohlokoa kateng. Ho fetola moelelo oa mantsoe ho ka fetola seo a se bolelang, feela joalokaha Satane a ile a sotha moelelo oa Mangolo ha a ne a leka ho khelosa Jesu. (Matheu 4:1-11) Ka lehlakoreng le leng, ho nahana ka moelelo oa taba ho ka re thusa ho e utloisisa ka ho nepahetseng haholoanyane. Ka lebaka lena, ha re ithuta temana ea Bibele, kamehla ho bohlale ho sheba moelelo oa eona e le hore re utloisise hamolemo seo mongoli a neng a bua ka sona.

Le Tšoare ka Nepo

Lentsoe moelelo le bolela khopolo e potolohileng taba eo ho buuoang ka eona. Ho nahana ka moelelo oa lengolo ke habohlokoa haholo ka lebaka la seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Timothea ha a ne a re: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) E le hore re tšoare Lentsoe la Molimo ka nepo, re lokela ho le utloisisa hantle ebe joale re le hlalosetsa ba bang ka botšepehi le ka ho nepahetseng. Ho hlompha Jehova, Mongoli oa Bibele, ho tla re susumelletsa ho leka ho etsa joalo, ’me ho nahana ka moelelo oa taba ho tla re thusa haholo.

Semelo sa Buka ea Timothea oa Bobeli

Ka mohlala, a re hlahlobeng buka ea Bibele ea Timothea oa Bobeli.a Ha re qala tlhahlobo ea rōna, re ka ipotsa ka semelo sa buka ena. Ke mang ea ngotseng Timothea oa Bobeli? O e ngotse neng? A e ngola tlas’a maemo afe? Ebe rea botsa, Boemo ba “Timothea” enoa eo buka ee e reheletsoeng ka eena e ne e le bofe? Ke hobane’ng ha a ne a hloka boitsebiso bo bukeng ee? Likarabo tsa lipotso tsena li tla etsa hore re ananele buka ena haholo ’me li re thuse ho bona kamoo rōna kajeno re ka ruang molemo ho eona.

Litemana tsa qalang tsa Timothea oa Bobeli li bontša hore buka ena ke lengolo le ngoletsoeng Timothea ke moapostola Pauluse. Litemana tse ling li bontša hore ha Pauluse a ne a e ngola, o ne a le litlamong ka lebaka la litaba tse molemo. Ba bangata ba ne ba mo furaletse, ’me Pauluse o ne a nahana hore o tla shoa haufinyane. (2 Timothea 1:15, 16; 2:8-10; 4:6-8) Kahoo, e tlameha ebe o ngotse buka ena ha a le chankaneng ka lekhetlo la bobeli Roma, mohlomong hoo e ka bang ka 65 C.E. Nakoana ka morao ho moo, ho bonahala Nero a ile a mo ahlolela lefu.

Sena ke semelo sa Timothea oa Bobeli. Empa, ho totobetse hore Pauluse o ne a sa ngolle Timothea a mo tlalehela mathata a hae. Ho e-na le hoo, o ile a lemosa Timothea ka linako tse bohloko tse tlang ’me a khothatsa motsoalle enoa oa hae hore a qobe litšitiso, ‘a ’ne a fumane matla,’ le ho fetisetsa thuto ea Pauluse ho ba bang. Bana le bona ba ne ba tla hlomelloa ka ho feletseng hore ba thuse ba bang hape. (2 Timothea 2:1-7) Ke mohlala o babatsehang hakaakang oa ho ameha ka ba bang ntle ho boithati esita le linakong tse bohloko! Ke keletso e molemo hakaakang ho rōna kajeno!

Pauluse o re Timothea ke “ngoana ea ratoang.” (2 Timothea 1:2) Hangata mohlankana enoa o boleloa ka Mangolong a Segerike a Bakreste hore ke motsoalle ea tšepahalang oa Pauluse. (Liketso 16:1-5; Baroma 16:21; 1 Bakorinthe 4:17) Ha Pauluse a ne a mo ngolla lengolo lena, ho bonahala eka Timothea o ne a le lilemong tsa bo-30—a sa ntsane a nkoa e le mocha. (1 Timothea 4:12) Leha ho le joalo, o ne a se a e-na le tlaleho e ntle haholo ea botšepehi, ’me ‘e ne e bile lekhoba le Pauluse’ mohlomong ka lilemo tse 14. (Bafilipi 2:19-22) Ho sa tsotellehe hore Timothea o ne a le mocha, Pauluse o ile a mo fa boikarabelo ba ho eletsa baholo ba bang “hore ba se ke ba loana ka mantsoe” empa hore ba amehe ka litaba tsa bohlokoa tse kang tumelo le mamello. (2 Timothea 2:14) Timothea o ne a boetse a tšoaneleha ho khetha balebeli ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang. (1 Timothea 5:22) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe o ne a sa itšepe hore a ka phetha boikarabelo bona.—2 Timothea 1:6, 7.

Moholo enoa e monyenyane o ne a tobane le mathata a maholo. Bothata bo bong ke hore batho ba babeli, e leng Hymenea le Filetase, ba ne ba “senya tumelo ea ba bang,” ba ruta hore “tsoho e se e etsahetse.” (2 Timothea 2:17, 18) Ho hlakile hore ba ne ba lumela hore ho na le tsoho ea moea feela le hore e ne e se e etsahaletse Bakreste. Mohlomong ba ne ba sa nahane ka moelelo oa mantsoe a Pauluse ha a re Bakreste ba ne ba shoele libeng tsa bona empa ba phelisitsoe ka moea oa Molimo. (Baefese 2:1-6) Pauluse o ile a lemosa hore tšusumetso eo ea bokoenehi e ne e tla hōla. O ile a ngola a re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, . . . ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata.” (2 Timothea 4:3, 4) Temoso ena eo Pauluse a e entseng pele ho nako e bontša hore ho ne ho potlakile hore Timothea a mamele keletso ea hae.

Molemo oa Buka Ena Kajeno

Ho se boletsoeng, rea hlokomela hore Pauluse o ngotse Timothea oa Bobeli bonyane ka mabaka a latelang: (1) O ne a tseba hore o haufi le ho shoa, ’me o ne a batla ho lokisetsa Timothea nako ea ha a se a ke ke a hlola a mo tšehetsa. (2) O ne a lakatsa ho hlomella Timothea hore a sireletse liphutheho tse tlhokomelong ea hae bokoenehing le litšusumetsong tse ling tse mpe. (3) O ne a batla ho khothalletsa Timothea hore a lule a tšoarehile tšebeletsong ea Jehova le ho itšetleha ka tsebo e nepahetseng ea Mangolo a bululetsoeng ha a hanyetsa lithuto tsa bohata.

Ho utloisisa semelo sena sa Timothea oa Bobeli ho etsa hore re e utloisise haholoanyane. Le kajeno bokoenehi bo teng, ’me ho na le ba kang Hymenea le Filetase, ba buellang likhopolo tsa bona le ba batlang ho senya tumelo ea rōna. Ho feta moo, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ tseo Pauluse a ileng a li profeta. Ba bangata ba tseba ’nete ea temoso ena ea Pauluse: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:1, 12) Re ka ema re tiile joang? Joaloka Timothea re lokela ho mamela keletso ea ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata. ’Me ka thuto ea botho, thapelo le ho kopana le Bakreste ba bang, re ka tsoela pele ‘ho ’na re fumana matla’ ka mosa oa Jehova o sa re tšoanelang. Ho feta moo, kaha re kholisehile ka matla a tsebo e nepahetseng, re ka mamela khothatso ea Pauluse e reng: “U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle.”—2 Timothea 1:13.

“Mohlala oa Mantsoe a Phelisang Hantle”

“Mantsoe a phelisang hantle” ao Pauluse a neng a bua ka ’ona ke’ng? O sebelisa poleloana eo ha a bua ka thuto ea ’nete ea Bokreste. Lengolong la hae la pele le eang ho Timothea, Pauluse o ile a bolela hore ha e le hantle, “mantsoe a phelisang hantle” ke “a Morena oa rōna Jesu Kreste.” (1 Timothea 6:3) Ho etsisa mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ho etsa hore motho a hlaphoheloe kelellong, a be le lerato ’me a nahanele ba bang. Kaha tšebeletso ea Jesu le lithuto tsa hae li lumellana le lithuto tse ling tsohle tse ka Bibeleng eohle, poleloana e reng “mantsoe a phelisang hantle” e ka akaretsa le lithuto tsohle tsa Bibele.

Ho Timothea, le ho baholo bohle ba Bakreste, mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ke ‘letlotlo le letle’ le lokelang ho sireletsoa. (2 Timothea 1:13, 14) Timothea o ne a lokela ho ‘bolela lentsoe, a be ho lona ka ho phehella nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso, a khalemele, a nyatse ka matla, a eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta.’ (2 Timothea 4:2) Ha re lemoha hore lithuto tsa bokoenehi li ne li hōla mehleng ea Timothea, re utloisisa hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hatisa hore ho potlakile hore ho rutoe mantsoe a phelisang hantle. Hape rea utloisisa hore Timothea o ne a lokela ho sireletsa mohlape ka hore ‘a khalemele, a nyatse ka matla, a eletse’ ka tiisetso, a bontše bokhoni bo botle ba ho ruta.

Timothea o ne a bolela lentsoe ho bo-mang? Moelelo oa taba o bontša hore Timothea joaloka moholo, o ne a bolela lentsoe ka phuthehong ea Bokreste. Ka lebaka la khatello ea bahanyetsi, Timothea o ne a lokela ho lula a tiile moeeng ’me o ne a lokela ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete, eseng lifilosofi tsa batho, maikutlo a hae kapa likhopolo-taba tse se nang thuso. Ke ’nete hore sena se ne se ka ’na sa baka khanyetso ea ba nang le tšekamelo e mpe. (2 Timothea 1:6-8; 2:1-3, 23-26; 3:14, 15) Leha ho le joalo, ka ho latela keletso ea Pauluse, Timothea o ne a tla tsoela pele ho thibela bokoenehi, joaloka Pauluse.—Liketso 20:25-32.

Na mantsoe a Pauluse ka ho bolela lentsoe a ka sebetsa le ha re bolela tšimong? E, a ka sebetsa, joalokaha moelelo oa taba o bontša. Pauluse o tsoela pele o re: “Leha ho le joalo, uena u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe, u etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Timothea 4:5) Ho bolela evangeli—e leng ho bolella ba sa lumelang litaba tse molemo tsa poloko—ke ntho ea bohlokoa tšebeletsong ea Bokreste. (Matheu 24:14; 28:19, 20) ’Me joalokaha lentsoe la Molimo le boleloa ka phuthehong esita le “nakong e likhathatso,” ka tsela e tšoanang re phehella ho bolela lentsoe tšimong esita le maemong a thata.—1 Bathesalonika 1:6.

Re thehile ho bolela ha rōna le ho ruta ha rōna Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. Re tšepa Bibele ka ho feletseng. Pauluse o ile a re ho Timothea: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) Hangata mantsoe ana a sebelisoa ka nepo ho bontša hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Empa Pauluse o ne a a ngola ka sepheo sefe?

Pauluse o ne a bua le moholo ea nang le boikarabelo ba ho ‘khalemela, ho otlolla lintho, ho laea ka ho loka’ ka phuthehong. Kahoo, o ne a hopotsa Timothea hore a tšepe bohlale ba Lentsoe le bululetsoeng leo a neng a le rutiloe ho tloha boseeng. Joaloka Timothea, baholo ka linako tse ling ba lokela ho khalemela bafosi. Ha ba etsa joalo, ka linako tsohle ba lokela ho tšepa Bibele. Ho feta moo, kaha Mangolo a bululetsoe ke Molimo, khalemelo eohle ea ’ona ke khalemelo ea Molimo. Bohle ba hanang khalemelo e thehiloeng Bibeleng, ha ba hane likhopolo tsa batho, empa ba hana keletso e bululetsoeng e tsoang ho Jehova ka boeena.

Buka ea Timothea oa Bobeli e na le bohlale bo bongata hakaakang ba Molimo! ’Me e utloahala hakaakang ha re nahana ka moelelo oa keletso ea eona! Sehloohong sena, re fumane linyane feela tsa boitsebiso bo babatsehang bo bululetsoeng bo bukeng ena, empa bo lekane ho re bontša kamoo ho leng molemo kateng ho nahana ka moelelo oa taba eo re e balang ka Bibeleng. Sena se tla re thusa ho tiisa hore re ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, Volume 2, leqepheng la 1105-8.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Pauluse o ne a lakatsa ho hlomella Timothea hore a sireletse liphutheho

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore a tšepe bohlale ba Lentsoe le bululetsoeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela