Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta Bakeng sa Mehla ea Rōna
“Utloisisa, Uena mora oa motho, hore pono ke ea nako ea bofelo.”—DANIELE 8:17, NW.
1. Jehova o batla hore batho bohle ba tsebe eng ka mehla ea rōna?
JEHOVA ha a etse liketsahalo tsa nako e tlang lekunutu la hae a le mong. Ho e-na le hoo, ke Mosenoli oa liphiri. Ha e le hantle, o rata ha kaofela re tseba hore re keneletse hare ‘nakong ea bofelo.’ Ke litaba tsa bohlokoa hakaakang ho batho ba limilione tse likete li tšeletseng ba phelang lefatšeng hona joale!
2. Ke hobane’ng ha batho ba amehile ka bokamoso ba moloko oa batho?
2 Na hoa makatsa hore ebe lefatše lee le haufi le ho fela? Motho a ka tsamaea khoeling, empa libakeng tse ngata o sitoa ho tsamaea ka bolokolohi a sa tšoha literateng tsa polanete ena. A ka tlatsa ntlo ka lisebelisoa tsa sejoale-joale, empa o sitoa ho thibela keketseho ea ho qhalana ha malapa. A ka etsa hore mehla ea rōna e be eo ho eona boitsebiso bo fumanehang ka bongata, empa o sitoa ho ruta batho hore ba phele hammoho ka khotso. Ho hlōleha hona, ho tšehetsa bopaki bo bongata ba Mangolo ba hore re phela nakong ea bofelo.
3. Mantsoe a reng “nako ea bofelo” a ile a sebelisoa neng ka lekhetlo la pele lefatšeng?
3 Mantsoe ao a tšosang—“nako ea bofelo”—a ile a sebelisoa ka lekhetlo la pele lefatšeng ke lengeloi Gabriele lilemong tse ka bang 2 600 tse fetileng. Moprofeta oa Molimo ea tšohileng o ile a utloa Gabriele a re: “Utloisisa, Uena mora oa motho, hore pono ke ea nako ea bofelo.”—Daniele 8:17, NW.
Ena ke “Nako ea Bofelo”!
4. Bibele e bua ka mehla ea qetello ka litsela life tse ling?
4 Lipoleloana tsena “nako ea bofelo” le “nako e behiloeng ea bofelo” li hlaha ka makhetlo a tšeletseng bukeng ea Daniele. (Daniele 8:17, 19; 11:35, 40; 12:4, 9, NW) Li bolela ‘matsatsi a ho qetela’ a boletsoeng esale pele ke moapostola Pauluse. (2 Timothea 3:1-5) Jesu Kreste o ile a bua ka nako eona ena e le ea “ho ba teng” ha hae e le Morena ea behiloeng teroneng leholimong.—Matheu 24:37-39.
5, 6. Ke bo-mang ba ’nileng ba “phenya” nakong ea bofelo, hona e le ka phello efe?
5 Daniele 12:4 (NW) e re: “Ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka, ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” Boholo ba seo Daniele a se ngotseng se ile sa etsoa sephiri ’me sa tiisoa hore motho a se ke a se utloisisa ka lilemo tse makholo. Empa ho thoe’ng ka kajeno?
6 Nakong ena ea bofelo, Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba “phenya” Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ka phello efe? Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba bona, tsebo ea ’nete e ngatafetse. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng li hlohonolofalitsoe ka temohisiso e li nolofalletsang ho utloisisa hore Jesu Kreste e bile Morena oa leholimo ka selemo sa 1914. Tumellanong le mantsoe a moapostola a tlalehiloeng ho 2 Petrose 1:19-21, batlotsuoa ba joalo le metsoalle ea bona e tšepahalang ba ‘ela hloko lentsoe la boprofeta’ ’me ba kholisehile ka ho feletseng hore ena ke nako ea bofelo.
7. Tse ling tsa litlaleho tse etsang hore buka ea Daniele e be e ikhethang ke life?
7 Buka ea Daniele e ikhetha ka litsela tse ngata. Ka hare ho eona, morena o sokela banna ba hae ba bohlale ka hore o tla ba bolaea hobane ba sitoa ho senola le ho hlalosa toro ea hae e tsietsang, empa moprofeta oa Molimo oa e hlalosa. Bahlankana ba bararo ba hanang ho rapela setšoantšo se seholohali ba lahleloa ka sebōping se besitsoeng ka makhetlo-khetlo, empa ba phonyoha ba sa tlaboha. Nakong ea ho keteka ka thabo, batho ba makholo ba bona letsoho le ngolang mantsoe a makatsang leboteng la ntlo ea borena. Batho ba khopo ba rerang bolotsana ba etsa hore monna-moholo e mong a lahleloe ka lemeneng la litau, empa o tsoa a se na le mongoaponyana feela. Ho bonoa libata tse ’nè ponong, ’me moelelo oa boprofeta oa seo li se emelang o atoloha ho ea fihla nakong ea bofelo.
8, 9. Buka ea Daniele e ka re ruisa molemo joang, haholo-holo hona joale, nakong ea bofelo?
8 Ka ho hlakileng, buka ea Daniele e na le litšobotsi tse peli tse fapaneng haholo. E ’ngoe ke ea ho pheta liketsahalo, athe e ’ngoe ke ea boprofeta. Ka bobeli li ka re haha tumelong. Liketsahalo tsena tse phetoang li re bontša hore Jehova Molimo o hlohonolofatsa ba tšepahalang ho eena. Athe likarolo tse buang ka boprofeta li haha tumelo ka ho bontša hore Jehova o tseba letoto la liketsahalo tsa histori lilemo tse makholo—esita le tse likete—pele li etsahala.
9 Boprofeta bo sa tšoaneng bo ngotsoeng ke Daniele bo lebisa tlhokomelo ’Musong oa Molimo. Ha re bona boprofeta bo joalo bo phethahala, tumelo ea rōna ea matlafala, ’me ka tsela e tšoanang, kholiseho ea rōna ea matlafala ea hore re phela nakong ea bofelo. Empa bahlahlobisisi ba bang ba Bibele ba hlasela Daniele, ba bolela hore boprofeta bo bukeng e bitsoang ka lebitso la hae ha e le hantle bo ngotsoe ka mor’a liketsahalo tseo ho bonahalang eka lia bo phethahatsa. Haeba lipolelo tse joalo e le ’nete, seo se ka phahamisa lipelaelo tse tebileng ka seo buka ea Daniele e se boletseng esale pele ka nako ea bofelo. Batho ba tletseng lipelaelo le bona ba belaella liketsahalo tseo buka eo e li phetang. Kahoo a re ke re li hlahlobeng.
O Qosong!
10. Buka ea Daniele e qosoa ka kutloisiso efe?
10 Ak’u inahane u le ka lekhotleng, u tlile nyeoeng. Mochochisi o phehella hore moqosuoa o molato oa bomenemene. Ka tsela e tšoanang, buka ea Daniele e ipolela hore ke buka e ka tšeptjoang e ngotsoeng ke moprofeta oa Moheberu ea phetseng lekholong la bosupa le la botšelela la lilemo B.C.E. Empa bahlahlobisisi ba Bibele ba tiisa hore buka eo e na le bomenemene. Kahoo, a re qaleng ka ho bona hore na karolo e phetang liketsahalo ea buka ena e lumellana le ’nete ea histori.
11, 12. Ho ile ha etsahala joang ka qoso ea hore Belshatsare ke motho ea inahaneloang feela?
11 A re ke re nahaneng ka ho ka ’nang ha bitsoa taba ea morena ea sieo. Daniele khaolo ea 5 e bontša hore Belshatsare o ne a busa e le morena Babylona ha motse oo o ne o lihuoa ka 539 B.C.E. Bahlahlobisisi ba Bibele ba ile ba hanyetsa taba ena kahobane ho ne ho se kae kapa kae moo lebitso la Belshatsare le fumanehang teng haese ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, bo-rahistori ba boholo-holo ba ne ba re Nabonidase ke eena morena oa ho qetela oa Babylona.
12 Leha ho le joalo, ka selemo sa 1854, ho ile ha epolloa meqomo e menyenyane ea letsopa lithakong tsa motse oa boholo-holo oa Babylona oa Ure, oo kajeno e leng Iraq. Litokomane tsena tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform li ne li akarelletsa thapelo eo ho eona Morena Nabonidase a buang ka “Bel-sar-ussur, mora oa ka e moholo.” Esita le bahlahlobisisi ba Bibele ba ile ba tlameha ho lumela: Enoa e ne e le Belshatsare ea bukeng ea Daniele. Kahoo morena ea sieo ha e le hantle o ne a le teng, a mpa a e-s’o tsejoe mehloling ea lefatše ea boitsebiso. Bona e mpa e le feela bo bong ba bopaki bo bongata ba hore seo Daniele a se ngotseng ka sebele se ka tšeptjoa. Bopaki bo joalo bo bontša hore ka sebele buka ea Daniele ke karolo ea Lentsoe la Molimo leo re lokelang ho le ela hloko ka ho fetisisa hona joale, nakong ea bofelo.
13, 14. Nebukadnezare e ne e le mang, ’me o ne a inehetse ka ho khetheha ho molimo ofe oa bohata?
13 Har’a lintho tse akarelletsoang bukeng ea Daniele ke boprofeta bo amang letoto la mebuso ea lefatše le liketso tsa babusi ba bang ba eona. E mong oa babusi bana a ka ’na a bitsoa mohlabani ea ileng a haha ’muso. E le khosana eo e neng e tla ba mohlahlami boreneng ba Babylona, eena le lebotho la hae ba ile ba felisa mabotho a Faro Neko oa Egepeta sebakeng sa Karkemishe. Empa molaetsa o ile oa qobella khosana ena ea Babylona e hlōlang hore e tlohele mosebetsi oa ho lihela likhala matsohong a balaoli ba hae ba sesole. Ha mohlankana enoa ea bitsoang Nebukadnezare a hlokomela hore ntat’ae, Nabopolassar, o shoele, o ile a lula teroneng ka 624 B.C.E. Nakong ea puso ea hae ea lilemo tse 43, o ile a haha ’muso o ileng oa akarelletsa libaka tseo pele e neng e le tsa Assyria, ’me a atolosetsa ’muso oa hae Syria le Palestina ho theosa ho ea fihla moeling oa Egepeta.
14 Mabapi le bolumeli, Nebukadnezare o ne a inehetse ka ho khetheha ho Marduk, molimo e moholo oa Babylona. Morena o ne a lebisa tlotla ho Marduk bakeng sa litlhōlo tsohle tsa hae. Babylona, Nebukadnezare o ile a haha le ho khabisa litempele tsa Marduk le tsa melimo e meng e mengata ea Babylona. Setšoantšo sa khauta seo morena enoa oa Babylona a neng a se emisitse thoteng ea Dura, mohlomong se ne se nehetsoe ho Marduk. (Daniele 3:1, 2) ’Me ho bonahala hore Nebukadnezare o ne a tšepile bonohe haholo ha a itokisetsa ho ea lintoeng.
15, 16. Nebukadnezare o ile a etsetsa Babylona eng, ’me ho ile ha etsahala eng ha a ne a ithorisa ka boholo ba eona?
15 Ka hore a qetele ho haha marako a maholo a Babylona a kopotsoeng habeli, ao ntat’ae a neng a qalile ho a haha, Nebukadnezare o ile a etsa hore ho bonahale eka motse-moholo o ke ke oa keneha. E le ho khotsofatsa mofumahali oa hae oa Momidiane, ea neng a hloloheloa maralla le meru ea naheng ea habo, ho boleloa hore Nebukadnezare o ile a haha lirapa tse mothipoloheng—tseo e leng e ’ngoe ea limakatso tse supileng tsa lefatše la boholo-holo. O ile a etsa hore Babylona e be motse o marako o moholo ka ho fetisisa mehleng eo. O ne a le motlotlo hakaakang ka setsi seo sa bolumeli ba bohata!
16 Ka letsatsi le leng Nebukadnezare o ile a ithorisa: “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng?” Leha ho le joalo, ho ea ka Daniele 4:30-36 (NW), “ha lentsoe le sa ntse le le molomong oa morena,” bohlanya bo ile ba mo hlasela. Kaha o ne a sitoa ho busa ka lilemo tse supileng, o ile a ja limela, feela joalokaha Daniele a ne a boletse esale pele. Ka mor’a moo ’muso oa hae o ile oa khutlisetsoa ho eena. Na u tseba se boleloang ke boprofeta ba liketsahalo tsee kaofela? Na u ka hlalosa kamoo phethahatso ea bona e khōlō e re fihlisang nakong ea bofelo?
Ho Bokella Likaroloana Tsa Boprofeta
17. U ka hlalosa joang toro ea boprofeta eo Molimo a ileng a e tlisetsa Nebukadnezare selemong sa bobeli sa puso ea hae e le ’musi oa lefatše?
17 Joale a re ke re bokelleng likaroloana tse ling tsa boprofeta ba buka ea Daniele. Ka selemo sa bobeli sa ho busa ha Nebukadnezare e le ’musi oa lefatše oa boprofeta ba Bibele (606/605 B.C.E.), Molimo o ile a mo tlisetsa toro e tšosang. Ho ea ka Daniele khaolo ea 2, toro eo e ne e le ea setšoantšo se seholohali se nang le hlooho ea khauta, sefuba le liphaka tsa silevera, mpa le lirope tsa koporo, meomo ea tšepe le maoto a tšepe e kopantsoeng le letsopa. Likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo see li ne li emela eng?
18. Setšoantšong sa torong, ke’ng se neng se emeloa ke hlooho ea khauta, sefuba le liphaka tsa silevera le mpa le lirope tsa koporo?
18 Moprofeta oa Molimo o ile a bolella Nebukadnezare: “Uena Morena, . . . u hlooho ea khauta.” (Daniele 2:37, 38, NW) Nebukadnezare e ne e le moeta-pele oa leloko le neng le busa ’Musong oa Babylona. O ile oa lihuoa ke Medo-Persia, e neng e emeloa ke sefuba le liphaka tsa silevera tsa setšoantšo seo. Ka mor’a moo ho ile ha tla ’Muso oa Bagerike, o neng o tšoantšetsoa ke mpa le lirope tsa koporo. ’Muso oo oa lefatše o ile oa qaleha joang?
19, 20. Alexandere e Moholo e ne e le mang, ’me o ile a phetha karolo efe tabeng ea ho etsa Greece ’muso oa lefatše?
19 Lekholong la bone la lilemo B.C.E., mohlankana e mong o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatseng boprofeta ba Daniele. O hlahile ka 356 B.C.E., ’me lefatše le mo bitsa Alexandere e Moholo. Ka mor’a hore ntat’ae Philip, a fenethoe, ka 336 B.C.E., Alexandere ea lilemo li 20 e ile ea e-ba mojalefa boreneng ba Macedonia.
20 Qalong ea May 334 B.C.E., Alexandere o ile a qalisa phutuho ea ho hlōla. O ne a e-na le lebotho le lenyenyane empa le sehlahlo, la masole a 30 000 a tsamaeang fatše le a palamang lipere a 5 000. Ka sona selemo sa 334 B.C.E., Nōkeng ea Granicus ka leboea-bophirimela ho Asia Minor (eo hona joale e leng Turkey) Alexandere o ile a hlōla ntoa ea hae ea pele khahlanong le Bapersia. Ka 326 B.C.E., mohlōli enoa ea phehellang o ne a ba hlōtse ’me a tsamaile ho ea fihla ka bochabela Nōkeng ea Indus, e Pakistan ea kajeno. Empa Alexandere o ile a hlōloa ntoeng ea hae ea ho qetela ha a le Babylona. Ka la 13 June, 323 B.C.E., ka mor’a hore a phele lilemo tse 32 le likhoeli tse 8 feela, o ile a hlōloa ke sera se tšabehang ka ho fetisisa, e leng lefu. (1 Bakorinthe 15:55) Leha ho le joalo, ka lebaka la ho hlōla ha hae, Greece e ne e fetohile ’muso oa lefatše, joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele boprofeteng ba Daniele.
21. Ntle ho ’Muso oa Roma, ke ’muso ofe o mong oa lefatše o neng o tšoantšetsoa ke meomo ea tšepe ea setšoantšo sa toro?
21 Meomo ea tšepe ea setšoantšo se seholohali e emela’ng? Ha e le hantle, ke Roma e kang tšepe e ileng ea thumakanya le ho robokela ’Muso oa Bagerike. Ha Baroma ba bontša ho se hlomphe ’Muso oa Molimo o neng o phatlalatsoa ke Jesu Kreste, ba ile ba mo bolaela thupeng ea tlhokofatso ka 33 C.E. Ha Roma e leka ho felisa Bokreste ba ’nete ka ho feletseng, e ile ea hlorisa barutuoa ba Jesu. Leha ho le joalo, meomo ea tšepe ea setšoantšo sa toro ea Nebukadnezare e ne e sa tšoantšetse ’Muso oa Roma feela empa e ne e boetse e tšoantšetsa lehlomela la oona la bopolotiki—’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.
22. Setšoantšo sa toro se re thusa joang ho bona hore re keneletse hare nakong ea bofelo?
22 Ho ithuta ka hloko ho bontša hore re keneletse hare nakong ea bofelo, hobane re maotong a tšepe le letsopa a setšoantšo seo sa toro. Mebuso e meng ea kajeno e tšoana le tšepe kapa ke ea bompoli, ha e meng e tšoana le letsopa. Ho sa tsotellehe sebōpeho sa letsopa sa ho pshatleha habonolo, leo “bana ba moloko oa batho” ba entsoeng ka lona, mebuso e tšoanang le tšepe e ’nile ea qobelleha ho lumella batho feela tjee ho ba le lentsoe mebusong e ba busang. (Daniele 2:43, NW; Jobo 10:9) Ka sebele, mebuso ea bompoli ha e khomarelane le batho feela tjee joalokaha tšepe le letsopa li sa khomarelane. Empa haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa lefatše lena le arohaneng lipolotiking.—Daniele 2:44.
23. U ka hlalosa joang toro le lipono tseo Daniele a ileng a ba le tsona selemong sa pele sa puso ea Belshatsare?
23 Khaolo ea bosupa ea boprofeta ba Daniele bo thahasellisang le eona e re tlisa nakong ea bofelo. E pheta se etsahetseng selemong sa pele sa Morena Belshatsare oa Babylona. Joale ha Daniele a le lilemong tsa bo-70, o ile a hlaheloa ke “toro le lipono tsa hlooho ea hae a le betheng ea hae.” Lipono tseo li ile tsa mo tšosa hakaakang! Oa hooa: “Bonang! meea e mene ea maholimo e ne e fuluha leoatle le leholo. ’Me libata tse ’nè tsa litonanahali li ne li nyoloha leoatleng, se seng le se seng se fapane le tse ling.” (Daniele 7:1-8, 15, NW) Ke libata tse makatsang hakaakang! Sa pele ke tau e nang le mapheo, ’me sa bobeli se tšoana le bere. Joale ho latela lengau le nang le mapheo a mane le lihlooho tse ’nè! Sebata sa bone se leng matla ka tsela e sa tloaelehang se na le meno a maholo a tšepe le linaka tse leshome. Har’a linaka tsa sona tse leshome ho hlaha lenaka “le lenyenyane” le nang le ‘mahlo a kang a motho’ le “molomo o buang lintho tse khōlō.” Ke libōpuoa tse sa tloaelehang hakaakang!
24. Ho latela Daniele 7:9-14, Daniele o bona eng leholimong, hona pono ee e lebisa tlhokomelo ho eng?
24 Ka mor’a moo, lipono tsa Daniele li leba leholimong. (Daniele 7:9-14, NW) “Moholo-holo oa Matsatsi,” Jehova Molimo, o bonoa a lutse teroneng e khanyang e le Moahloli. ‘Ba likete tse sekete baa mo sebeletsa, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntse ba eme ka pel’a hae.’ Ha Molimo a ahlola libata tsena habohloko, o li amoha bobusi ’me o timetsa sebata sa bone. Bobusi bo sa feleng ho “batho, lichaba le lipuo” bo fuoa “e mong ea joaloka mor’a motho.” Sena se lebisa tlhokomelo nakong ea bofelo le ha Mora oa motho, Jesu Kreste, a behoa teroneng ka selemo sa 1914.
25, 26. Ho ka ’na ha hlaha lipotso life ha re bala buka ea Daniele, ’me ke sengoliloeng sefe se ka thusang ho li araba?
25 Ntle ho pelaelo babali ba buka ea Daniele ba tla ba le lipotso. Ka mohlala, libata tse ’nè tsa Daniele khaolo ea 7 li emela eng? “Libeke tse mashome a supileng,” tsa boprofeta tse boletsoeng ho Daniele 9:24-27, li hlalosoa joang? Ho thoe’ng ka Daniele khaolo ea 11 le qhoebeshano ea boprofeta ea “morena oa leboea” le “morena oa boroa”? Re ka lebella eng ka marena aa a nakong ea bofelo?
26 Jehova o fane ka leseli litabeng tse joalo ho bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng, e leng “bahalaleli ba Ea Holimo-limo” ho Daniele 7:18. Ho feta moo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le lokiselitse hore re be le leseli le eketsehileng mabapi le lengolo le bululetsoeng la moprofeta Daniele. (Matheu 24:45) Hona joale lea fumaneha ka buka e sa tsoa lokolloa ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Khatiso ena e nang le litšoantšo tse ntle e maqephe a 320 e akaretsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka ea Daniele. E bua ka boprofeta bo bong le bo bong bo hahang tumelo le ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe eo moprofeta enoa ea ratoang Daniele a e ngotseng.
Moelelo oa Sebele Bakeng sa Mehla ea Rōna
27, 28. (a) Ke’ng seo e leng ’nete ka ho phethahala ha boprofeta ba buka ea Daniele? (b) Re phela nakong efe, ’me re lokela ho etsa’ng?
27 Nahana ka ntlha ena ea bohlokoahali: Boprofeta bohle ba buka ea Daniele bo se bo phethahetse ntle le likarolo tse seng kae feela. Ka mohlala, hona joale re bona boemo ba lefatše bo tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo sa toro sa Daniele khaolo ea 2. Kutu ea sefate ea Daniele khaolo 4 e ile ea tlamolloa ha Jesu Kreste, Morena oa Bomesia a behoa teroneng ka selemo sa 1914. E, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Daniele khaolo ea 7, Moholo-holo oa Matsatsi o ile a fa Mora oa motho bobusi ka nako eo.—Daniele 7:13, 14; Matheu 16:27–17:9.
28 Matsatsi a 2 300 a Daniele khaolo ea 8 hammoho le matsatsi a 1 290 le a 1 335 a khaolo ea 12, kaofela a fetile—a fetile kemisong ea nako. Ho ithuta Daniele khaolo ea 11 ho bontša hore qhoebeshano e lipakeng tsa “morena oa leboea” le “morena oa boroa” e fihlile mothating oa eona oa ho qetela. Sena sohle se ekelletsa bopaking ba Mangolo ba hore hona joale re keneletse hare nakong ea bofelo. Ha re nahana ka sebaka sa rōna se ikhethang kemisong ea nako, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? Ha ho pelaelo hore re lokela ho ela hloko lentsoe la Jehova Molimo la boprofeta.
U ne U Tla Araba Joang?
• Molimo o batla hore batho bohle ba tsebe eng ka mehla ea rōna?
• Buka ea Daniele e ka haha tumelo ea rōna joang?
• Setšoantšo sa toro ea Nebukadnezare se ne se e-na le litšobotsi life, ’me li ne li tšoantšetsa’ng?
• Ke’ng se ikhethang ka phethahatso ea boprofeta bo fumanoang bukeng ea Daniele?