Tšobotsi e Fetohang ea “Bokreste”—Na Molimo oa e Amohela?
HA RE re u laela moetsi oa litšoantšo hore a etse setšoantšo sa hao. Ha a qetile, u thabile; o u ntšitse u le joalo. U nahana ha bana ba hao, litloholo tsa hao le litloholo tsa bona ba se ba sheba setšoantšo sena ba le motlotlo.
Leha ho le joalo, melokong e latelang setloholo se seng sa hao se ba le maikutlo a hore phatla e tsoileng ea hao ha e ntle setšoantšong sena, ka hona, se e kenya moriri. Se seng ha se rate sebōpeho sa nko ea hao, kahoo sea e fetola. Meloko e latelang e tla le “liphetoho” tse ling hoo qetellong setšoantšo sena se nang le litšobotsi tse seng kae feela tsa hao. Haeba u ne u ile ua tseba hore sena se tla etsahala, u ne u tla ikutloa joang? Ha ho pelaelo hore u ne u tla halefa.
Ka masoabi, taba ea setšoantšo sena ha e le hantle ke taba ea kereke e ipitsang ea Bokreste. Histori e bontša hore kapele ka mor’a lefu la baapostola ba Kreste, tšobotsi ea sebele ea “Bokreste” e ile ea qala ho fetoha, hantle feela joalokaha Bibele e boletse esale pele.—Matheu 13:24-30, 37-43; Liketso 20:30.a
Ka sebele ke ho loketseng ho sebelisa melao-motheo ea Bibele litsong tse sa tšoaneng le linakong tse sa tšoaneng. Ke taba e fapaneng ka ho feletseng ho fetola lithuto tsa Bibele hore li lumellane le mohopolo o tloaelehileng. Empa, ha e le hantle ke sona se etsahetseng. Ka mohlala, nahana ka liphetoho tse entsoeng likarolong tse ngata tsa bohlokoa.
Kereke e Imatahanya le ’Muso
Jesu o rutile hore borena ba hae kapa ’Muso oa hae, ke oa leholimo oo ka nako e loketseng o tla felisa mebuso ea batho kaofela ’me o buse lefatše lohle. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) O ne o ke ke oa busa ka tsamaiso ea batho ea lipolotiki. Jesu o itse: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 17:16; 18:36) Kahoo, barutuoa ba Jesu, le hoja ba ne ba boloka molao, ba ne ba sa kenella lipolotiking.
Leha ho le joalo, nakong ea Moemphera oa Moroma Constantine lekholong la bone la lilemo, ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba se ba fela pelo ke ho letela ho khutla ha Kreste le ho thehoa ha ’Muso oa Molimo. Butle-butle maikutlo a bona mabapi le lipolotiki a ile a fetoha. Buka ea Europe—A History e re: “Pele ho Constantine, Bakreste ba ne ba sa ka ba batla ho inkela puso [ea lipolotiki] e le mokhoa oa ho ntšetsa merero ea bona pele. Ka mor’a Constantine, Bokreste le lipolotiki tsa maemo a phahameng li ne li tsamaisana.” Bokreste bo fetotsoeng bo ile ba fetoha bolumeli ba ’Muso oa Roma bo amohetsoeng “ba lefatše lohle,” kapa “ba k’hatholike.”
Encyclopedia ea Great Ages of Man e bolela hore ka lebaka la momahano ena ea Kereke le Naha, “ka A.D. 385, lilemo tse 80 feela ka mor’a leqhubu la ho qetela le leholo la mahloriso a Bakreste, Kereke ka boeona e ne e qala ho bolaea bakhelohi, ’me baruti ba eona ba ne ba sebelisa matla a batlang a lekana le a baemphera.” Kahoo, ho ile ha qaleha mehla eo ka eona ho sokolloang batho ka sabole e seng ka ho ba kholisa, ’me baruti ba ka sehloohong ba labalabelang puso ba ile ba nkela baboleli ba ikokobelitseng ba lekholo la pele la lilemo sebaka. (Matheu 23:9, 10; 28:19, 20) Rahistori H. G. Wells o ile a ngola ka ‘liphapang tsena tse tebileng pakeng tsa’ Bokreste ba lekholong la bone la lilemo “le thuto ea Jesu oa Nazaretha.” ‘Liphapang tsena tse tebileng’ li bile tsa ama lithuto tsa motheo tse mabapi le Molimo le Kreste.
Ho Fetola Molimo
Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba ruta hore ho na le “Molimo a le mong Ntate,” ea khetholloang ka lebitso la hae Jehova, le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 meqolong ea pele ea Bibele. (1 Bakorinthe 8:6; Pesaleme ea 83:18) Jesu o bōpiloe ke Molimo; ke eena “letsibolo la pōpo eohle,” kamoo ho bolelang Bibele ea K’hatholike ea Douay Version ho Bakolose 1:15. Kahoo, e le sebōpuoa, Jesu o ile a re ka ho toba: “Ntate o moholo ho mpheta.”—Johanne 14:28.
Empa lekholong la boraro la lilemo, baruti ba bang ba nang le tšusumetso, ka lebaka la lerato le matla la thuto ea boraro-bo-bong ea Plato, rafilosofi ea Bagerike, ba ile ba qala ho fetola Molimo hore a tšoanele sebōpeho sa Boraro-bo-bong. Makholong a lilemo a latelang, thuto ena ka ho se lumellane le Mangolo e ile ea phahamisa Jesu hore a lekane le Jehova ’me ea etsa hore moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, e be motho.
Mabapi le ho amohela ha kereke khopolo ea Boraro-bo-bong, New Catholic Encyclopedia e re: “Pele lekholo la bo4 la lilemo le fela, polelo ena e reng, ‘Molimo a le mong ho Batho ba bararo’ e ne e sa amoheloa ka ho feletseng, ka sebele e ne e sa utloisisoe ka ho feletseng bophelong ba Bokreste le boboleling ba bona ba tumelo. Empa polelo ena ke eona e ikarabellang bakeng sa sehlooho se reng thuto ea Batšehetsi ba Boraro-bo-bong. Ho ne ho se na letho le atamelang monahano kapa pono e joalo har’a Bangoli ba Pele ba Bakreste.”
Ka ho tšoanang, The Encyclopedia Americana e re: “Thuto ea Boraro-bo-bong ea lekholo la bone la lilemo ha ea ka ea totobatsa thuto ea Bakreste ba pele mabapi le sebōpeho sa Molimo; ho fapana le hoo e ne e khelohile thutong ena.” The Oxford Companion to the Bible e bitsa thuto ea Boraro-bo-bong “polelo ea bolumeli ea mehleng ea morao.” Empa, Boraro-bo-bong e ne e se eona feela khopolo ea bohetene e ileng ea kenyelletsoa kerekeng.
Ho Fetola Moea
Kajeno ho tloaelehile hore ho lumeloe hore batho ba na le moea o sa shoeng o tsoelang pele ho phela ha ’mele o e-shoa. Empa na u ne u tseba hore thuto ee ea kereke le eona e ile ea kenngoa hamorao? Jesu o ile a netefatsa ’nete ea Bibele ea hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng,” hore ba robetse, ka tsela ea tšoantšetso. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-13) Bophelo bo ne bo ka khutlisoa ka tsoho ea bafu—‘ho ema hape’ borokong ba lefu. (Johanne 5:28, 29) Haeba moea o sa shoeng o ne o le teng, ho ne ho ke ke ha hlokahala tsoho, kaha ho se shoe ho latola lefu.
Jesu o bile a bontša thuto ea Bibele ea tsoho ka ho tsosa batho lefung. Nka mohlala oa Lazaro, eo e neng e le matsatsi a mane a shoele. Ha Jesu a ne a mo tsosa, Lazaro o ile a tsoa lebitleng a phela, e le motho ea phefumolohang. Ha ho na moea o sa shoeng o ileng oa khutla boiketlong bo boholo ba leholimo ’me oa kena ’meleng ha Lazaro a ne a tsoha bafung. Haeba ho ne ho le joalo, e ne e tla ba Jesu ha aa mo etsetsa molemo ka ho mo tsosa!—Johanne 11:39, 43, 44.
Joale, mohloli oa thuto ea ho se shoe ha moea ke ofe? The Westminster Dictionary of Christian Theology e re khopolo ena e “simolohile filosofing ea Bagerike e seng tšenolong ea Bibele.” The Jewish Encyclopedia ea hlalosa: “Tumelo ea hore moea o tsoela pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe ke khopolo-taba ea filosofi kapa ea thuto ea bolumeli ho e-na le ho ba ea tumelo e bonolo feela, ’me ka lebaka leo, ha ho na kae kapa kae moo e rutoang ka ho hlaka ka Mangolong a Halalelang.”
Hangata, leshano le leng le lebisa ho le leng, ’me seo ke ’nete ka thuto ea moea o sa shoeng. E ile ea bula tsela bakeng sa khopolo ea bohetene ea tlhokofatso e sa feleng liheleng tsa mollo.b Empa, ka ho totobetseng Bibele e bolela hore “moputso oo sebe se o lefang ke lefu”—eseng tlhokofatso ea ka ho sa feleng. (Baroma 6:23) Kahoo, ha e hlalosa tsoho, King James Version e re: “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona; ’me lefu le lihele tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” Ka ho tšoanang, Bibele ea Douay e re “leoatle . . . le lefu le lihele tsa nehelana ka bafu ba tsona.” E, ka tsela e bonolo feela, ba leng liheleng ba shoele, ‘ba robetse,’ joalokaha Jesu a boletse.—Tšenolo 20:13.
Na ka sebele u lumela hore thuto ea kahlolo ea ka ho sa feleng liheleng e hulela batho ho Molimo? Le hanyenyane. Likelellong tsa batho ba lokileng le ba lerato, ke khopolo e nyahamisang! Ka lehlakoreng le leng, Bibele e ruta hore “Molimo ke lerato” le hore ho ba sehlōhō, esita le ho liphoofolo, hoa nyonyeha ho eena.—1 Johanne 4:8; Liproverbia 12:10; Jeremia 7:31; Jonase 4:11.
Ho Senya Sebōpeho sa “Setšoantšo” Mehleng ea Kajeno
Ho senya sebōpeho sa Molimo le Bokreste ho tsoela pele kajeno. Moprofesa oa bolumeli o sa tsoa hlalosa ntoa e kerekeng ea hae ea Prostanta e le “ho loanela matla a Mangolo le thuto ea motheo ea bolumeli khahlanong le likhopolo lisele le tse qapiloeng ke batho, ho loanela ho tšepahala ha kereke boreneng ba Kreste khahlanong le ho amohela le ho fetola Bokreste hore bo lumellane le boikutlo bo renang. Taba e tsekoang ke ena: Ke mang ea rerang tsela eo kereke e lokelang ho tsamaisoa ka eona . . . Mangolo a Halalelang kapa likhopolo tse ka sehloohong tse khemang le linako?”
Ka masoabi, “likhopolo tse ka sehloohong tse khemang le linako” ke tsona tse ntseng li batla li hlōla. Ka mohlala, hase lekunutu hore likereke tse ngata li fetotse boemo ba tsona litabeng tse sa tšoaneng e le hore li hlahe li tsoela pele li bile li amohela likhopolo tse ncha. Haholo-holo litabeng tsa boitšoaro, likereke li fetohile tse lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, joalokaha ho boletsoe sehloohong se qalang. Empa, Bibele e bontša ka ho hlaka hore bohlola, bofebe le bosodoma ke libe tse tebileng mahlong a Molimo le hore ba etsang libe tse joalo “ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10; Matheu 5:27-32; Baroma 1:26, 27.
Ha moapostola Pauluse a ne a ngola mantsoe a qotsitsoeng ka holimo, lefatše la Baroma le Bagerike le neng le mo potolohile ka hohle le ne le tletse mefuta eohle ea bokhopo. Pauluse a ka be a ile a beha mabaka ka tsela ena: ‘Ke ’nete hore Molimo o ile a etsa Sodoma le Gomora molora ka lebaka la libe tse tebileng tsa ho kopanela liphate, empa hoo ho etsahetse lilemong tse 2 000 tse fetileng! Ka sebele ha ho sebetse mehleng ena ea tlhaboloho.’ Leha ho le joalo, ha aa ka a ikemela; o ile a hana ho senya ’nete ea Bibele.—Bagalata 5:19-23.
Tšepa “Setšoantšo” sa Pele
Ha a bua le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea hae, Jesu o itse borapeli ba bona e ne e le ba ‘lefeela hobane ba ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’ (Matheu 15:9) Tabeng ea Molao oo Jehova a faneng ka oona ka Moshe, baruti bao ba entse ntho e tšoanang le eo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba e entseng, le eo ba ntseng ba e etsa ka thuto ea Kreste—ba fafalitse “pente” ea neano holim’a ’nete ea bomolimo. Empa Jesu o ile a tlosa bohata bohle molemong oa batho ba lipelo li tšepahalang. (Mareka 7:7-13) Jesu o ile a bua ’nete ho sa tsotellehe hore na ea rateha kapa che. Kamehla Lentsoe la Molimo e ne e le mohloli oa hae oa boitsebiso.—Johanne 17:17.
Jesu o fapane hakaakang le ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste! Ka sebele Bibele e boletse esale pele: “Batho ba tla chesehela lintho tse ncha ’me ba bokelle . . . mesuoe ho latela litšekamelo tsa bona; ebe, ho e-na le ho mamela ’nete, ba retelehela litšōmong.” (2 Timothea 4:3, 4, The Jerusalem Bible) ‘Litšōmo’ tsena, tseo re hlahlobileng tse seng kae tsa tsona, lia senya moeeng, athe ’nete ea Lentsoe la Molimo ea haha, ’me e lebisa bophelong bo sa feleng. Ena ke ’nete eo Lipaki tsa Jehova li u khothalletsang ho e hlahloba.—Johanne 4:24; 8:32; 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joalokaha Jesu a senotse papisong ea koro le mofoka le setšoantšong sa hae sa tsela e pharaletseng le e patisaneng (Matheu 7:13, 14), Bokreste ba ’nete bo ne bo tla tsoela pele bo sebelisoa ke ba seng bakae ho theosa le lilemo. Leha ho le joalo, ba ne ba tla siroa ke bongata bo kang mofoka, bo neng bo tla ipuella le ho buella lithuto tsa bona hore ke tsona tšobotsi ea ’nete ea Bokreste. Ena ke tšobotsi eo sehlooho sa rōna se buang ka eona.
b “Lihele” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu Sheol le lentsoe la Segerike Hades, ao ka bobeli a mpang a bolela “lebitla.” Kahoo, le hoja bafetoleli ba Senyesemane ba King James Version ba fetoletse Sheol ka makhetlo a 31 e le “lihele,” ba boetse ba e fetoletse ka makhetlo a 31 e le “lebitla” le ka makhetlo a 3 e le “mokoti,” ka tsela eo ba bontša hore mantsoe ana ha e le hantle a bolela ntho e le ’ngoe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tšimoloho ea Lebitso Mokreste
Lilemo tse ka bang leshome ka mor’a lefu la Jesu, balateli ba hae ba ne ba tsejoa e le ba “Tsela Eo.” (Liketso 9:2; 19:9, 23; 22:4) Hobane’ng? Hobane tsela ea bona ea bophelo e ne e likoloha tumelong eo ba neng ba e-na le eona ho Jesu Kreste, eo e leng “tsela le ’nete le bophelo.” (Johanne 14:6) Joale, neng neng ka mor’a 44 C.E., Antioke ea Syria, barutuoa ba Jesu ‘ba ile ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.’ (Liketso 11:26) Lebitso lena le ile la amoheleha kapele, esita le har’a ba boholong sechabeng. (Liketso 26:28) Lebitso lena le lecha ha lea ka la fetola tsela ea bophelo ba Bokreste, e ileng ea tsoela pele ho tšoantšoa le ea Kreste.—1 Petrose 2:21.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ka boboleli ba tsona ba phatlalatsa, Lipaki tsa Jehova li lebisa batho Lentsoeng la Molimo, Bibele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Third from left: United Nations/Photo by Saw Lwin