Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 6/1 maq. 29-31
  • U ka ea Hokae Bakeng sa Keletso e Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ea Hokae Bakeng sa Keletso e Molemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Tataiso e ke Keng ea Hlōleha
  • Bibele e Finyella Litlhoko Tsa Rōna . . . 
  • Ho Rua Molemo Lentsoeng la Molimo
  • Bibele le Uena
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Maikutlo a Sithabetsang—U ka a Loantša Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Kamoo Bophelo ba Hao bo ka Bang le Morero Haholoanyane Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lentsoe la Molimo ke ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 6/1 maq. 29-31

U ka ea Hokae Bakeng sa Keletso e Molemo?

Hona joale “khoebo ea ho fana ka likeletso” e fetohile e kenyang bokhothokhotho ba liranta ka selemo. Batho ba batla thuso. Setsebi sa kelello Heinz Lehmann sea hlokomela: “[Sechabeng sa kajeno] ho na le mathata a thuto le a maemo a bophelo. Litekanyetso tsa bolumeli ha li sa tšoana le pele. Malapa a se a sa tsitsa . . . , ka lebaka leo batho baa thatafalloa.” Mongoli Eric Maisel o re: “Bao pele ba neng ba kōpa thuso ho kea-tseba, moruti kapa ngaka ea lelapa ha ba e-na le mathata kelellong, moeeng le ’meleng hona joale ba se ba tšepa libuka tse fanang ka likeletso bakeng sa ho rarolla mathata a bona.”

American Psychological Association e thehile sehlopha se etsang lipatlisiso mabapi le khoebo ena e hōlang ka sekhahla. E boletse hore le hoja ho e-na le “monyetla o moholo oa ho thusa batho ho itseba le ho tseba batho ba bang . . . , litefiso tsa papatso le mabitso a mananeo ana li feteletsoa ka ho eketsehileng ’me ho etsoa hore a ipiletse maikutlong.” Mongoli oa Toronto Star o re: “Hlokomela tekanyo ea lintho tsa maiketsetso tsa bolumeli le tsa moea. . . . Hlokomela ka ho khetheha libuka tse fanang ka likeletso, lik’hasete kapa lithupelo tse tšepisang ho hongata ka ho fetisisa, ka nako e khutšoanyane ka ho fetisisa, ka boiteko kapa ho ikhalemela ho honyenyane ka ho fetisisa.” Ke ’nete hore ho na le ba bangata haholo bao ka sebele ba batlang ho thusa ba hlokang. Leha ho le joalo, ’nete e bohloko ke hore batho ba ’maloa ba sa tšepahaleng ba nka monyetla ka batho ba qetoang ke bolutu le ba sotlehileng, ha ba ba fe thuso kapa tharollo ea sebele.

Ka lebaka lena, re ka tšepa mohloli ofe o ka sehloohong oa thuso? Re ka fumana keletso e molemo hokae e tla sebetsa ka ho tsoelang pele?

Mohloli oa Tataiso e ke Keng ea Hlōleha

Henry Ward Beecher, ’moleli oa Moamerika oa lekholong la bo19 la lilemo o itse: “Bibele ke chate ea Molimo e ka u tataisang, ho u boloka u phaphametse leoatleng le ho u bontša moo boema-kepe bo leng teng le kamoo u ka fihlang ho bona u sa thule mafika kapa lebōpo.” Monna e mong o ile a re ka Bibele: “Ha ho motho ea sa tla ke a hōle tsebong ho feta Mangolo; buka ena e atoloha le ho teba ha re ntse re hōla.” Ke hobane’ng ha u lokela ho hlahloba mohloli oo ka ho teba?

Ha e ipuella, Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Se ka Bibeleng se tsoa hona Mohloling oa bophelo, Jehova Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Ka boeena, o tseba hantle tsela eo re bōpiloeng ka eona, joalokaha Pesaleme ea 103:14 e re hopotsa: ‘Hobane o tsebisisa ho bōptjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.’ Ka lebaka leo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore Bibele e molemo.

Ha e le hantle, Bibele e fupere melao-motheo e mengata haholo le tataiso tse ka sebelisoang hamolemo boemong bofe kapa bofe boo u ka iphumanang u le ho bona. Ka eona Molimo o re ho rōna: “Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona.” (Esaia 30:21) Na Bibele e ka hla ea finyella litlhoko tsa batho kajeno? A re boneng.

Bibele e Finyella Litlhoko Tsa Rōna . . . 

Ha re Sebetsana le Matšoenyeho. Bibele ea re bolella: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilippi 4:6, 7) Na thapelo e bonahetse e sebetsa ha motho a sebetsana le lintho tse tšoenyang maikutlo tse amanang le mathata a lichelete, ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali le ka mahlapa, kapa lefu la ea ratoang? Nahana ka phihlelo e latelang.

Ka mor’a hore Jackie a ithute ka ho hlekefetsoa ha morali oa hae ka likamano tsa botona le botšehali, oa lumela: “Ho thata ho hlalosa boikutlo ba ho ba molato ha motho a se na matla a ho sireletsa ngoana oa hae. Ke ile ka tlameha ho loantša maikutlo a ho utloa bohloko, ho khopeha le ho halefa. Maikutlo ana a ne a qala ho senya bophelo ba ka. Ke ne ke batla Jehova ka tieo hore a lebele pelo ea ka.” Ka mor’a ho bala Bafilippi 4:6, 7 ka makhetlo, o ile a sebetsa ka thata ho sebelisa keletso eo. Jackie o re: “Ke rapela letsatsi le letsatsi, khafetsa ke kōpa hore ke se ke ka itumella ho metsoa ke maikutlo a fosahetseng, ’me Jehova o nthusitse hore ke be le pelo e khutsitseng e thabileng. Ka sebele ke ikutloa ke e-na le khotso ea kelello.”

Le uena u ka iphumana u le boemong boo u ke keng ua khona ho bo laola kapa ho bo rarolla le bo tsamaisanang le ho tšoenyeha maikutlong. Ka ho latela keletso ea Bibele ea ho rapela, u ka sebetsana le bona ka katleho. Mopesaleme o re khothatsa ka mantsoe ana: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.”—Pesaleme ea 37:5.

Bakeng sa Khothatso. Mopesaleme o ile a bontša kananelo ka mantsoe ana: “Jehova, ke rata leaho la ntlo ea hao, le nģalo moo khanya ea hao e leng teng. Leoto la ka le tiea tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova liphuthehong.” (Pesaleme ea 26:8, 12) Ka Bibeleng re khothalletsoa ho bokana hammoho kamehla ho rapela Jehova. Ho bokana hona ho ka finyella litlhoko tsa hao joang? Ba bang ba fumane eng?

Becky oa pheta: “Batsoali ba ka ha ba sebeletse Jehova, ka hona ba nthatafalletsa bophelo ha ke leka ho etsa eng kapa eng e amanang le tšebeletso ea Molimo. Ho hlokahala hore ke leke ka matla ho kopanela libokeng.” Becky o ikutloa hore o tletsoe ke litlhohonolofatso tse ngata hobane a ikitlaellelitse ho kopanela libokeng tsa Bokreste kamehla. “Liboka li matlafatsa tumelo ea ka, e le hore ke khone ho ema ka tieo khahlanong le likhatello tsa letsatsi le letsatsi ke le seithuti, morali le mohlanka oa Jehova. Batho ba Holong ea ’Muso ba fapane haholo le liithuti sekolong! Baa tsotella ebile ba molemo, ’me meqoqo ea rōna kamehla ea khothatsa. Ke metsoalle ea sebele.”

E, ka ho latela taelo ea Bibele ea ho bokana hammoho kamehla, re ka etsa hore Jehova a re khothatse. Mona ke moo re latsoang bonnete ba mantsoe a mopesaleme: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.”—Pesaleme ea 46:1.

Bakeng sa Mosebetsi o Khotsofatsang le oa Bohlokoa. Bibele e buella sena: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) Na ‘mosebetsi oa Morena’ o khotsofatsa e le kannete? Na tšebeletso ea Bokreste e finyella ho hong ho molemo?

Amelia o bontša kamoo a ikutloang kateng: “Ke ile ka ithuta Bibele le banyalani ba neng ba le lintšing tsa ho arohana. Hape ke ile ka thusa mosali e mong eo morali oa hae a ileng a bolaoa ka sehlōhō. Mosali eo o ne a tšoenngoa ke ho se tiisehe ka boemo ba bafu. Maemong ana ka bobeli, tšebeliso ea melao-motheo ea Bibele e ile ea tlisa khotso le tšepo bophelong ba bona. Ke ikutloa ke thabile haholo ke bile ke khotsofetse hobane ke bile le karolo ho ba thuseng.” Scott o re: “Haeba u e-ba le phihlelo e molemo tšebeletsong ea tšimo, u qalisa thuto ea Bibele, kapa u atleha ka tsela e itseng bopaking bo sa reroang, u tla bua ka eona le lilemong tse tlang. Maikutlo ’ona ao le thabo lia tsosolosoa neng le neng ha u e pheta! Tšebeletso e tlisa thabo e khōlō ka ho fetisisa le e tšoarellang.”

Ho hlakile hore ho sebelisa tataiso ea Bibele ea ho ba basebeletsi ba sehlahlo ho finyeletse tlhoko ea batho bana ea mosebetsi o khotsofatsang le oa bohlokoa. Le uena u memeloa ho kopanela mosebetsing ona oa ho ruta ba bang ka litsela tsa Molimo le melao-motheo ea hae, ha ka nako e tšoanang u ithuisa molemo.—Esaia 48:17, NW; Matheu 28:19, 20.

Ho Rua Molemo Lentsoeng la Molimo

Ha ho pelaelo hore Bibele ke mohloli o ka tšeptjoang oa tataiso e atlehang lefatšeng lena la kajeno. Hore re rue molemo ho eona, ho hlokahala hore re ikitlaetse ka ho tsoelang pele. Re lokela ho e bala kamehla, re ithute eona re be re nahanisise ka eona. Pauluse o ile a eletsa: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Timothea 4:15; Deuteronoma 11:18-21) Molimo o tiisa hore haeba u leka ho sebelisa keletso ea hae e fumanoang ka Bibeleng, u tla atleha. Oa tšepisa: “U tšepe Jehova . . . U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho sebelisa keletso ea Bibele ho etsa hore bophelo e be bo khotsofatsang le bo atlehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela