Na U ka Fumana Khotso ea Kelello?
Morao koana ka 1854, mongoli oa Moamerika Henry Thoreau o ile a ngola: “Bongata ba batho bo phela bophelo ba ho tsieleha ba sa tsebe seo ba ka se etsang.”
Ho hlakile hore mehleng ea hae batho ba bangata ba ne ba se na khotso ea kelello. Leha ho le joalo, e ne e le lilemong tse ka bang 150 tse fetileng. Na ho na le phapang kajeno? Kapa na mantsoe a Thoreau a sa ntse a sebetsa? Ho thoe’ng ka uena? Na u khotsofetse, u khotsong? Kapa ha ua sireletseha, ha ua kholiseha ka bokamoso, ha re akaretsa mantsoe a Thoreau, ‘na u tsielehile’?
KA MASOABI ho na le lintho tse ngata lefatšeng tse hlokisang batho khotso ea kelello. A re boleleng tse seng kae feela. Linaheng tse ngata ho hloka mosebetsi le meputso e tlaase li tlisa bofutsana ’me bona bo fella ka ho hloka chelete. Linaheng tse ling ba bangata ba sebelisa boholo ba matla a bona ba lelekisa leruo le matlotlo a bonahalang. Leha ho le joalo, hangata bophelo ba ho hlōlisana bo amehang tabeng ena bo tlisa matšoenyeho, eseng khotso. Ho kula, ntoa, tlōlo ea molao, ho hloka toka le khatello le tsona li hlokisa batho khotso.
Ba ne ba Batla Khotso ea Kelello
Ba bangata ha baa ikemisetsa ho mamella lefatše kamoo le leng kateng. Antônioa e ne e le moeta-pele oa mokhatlo oa basebetsi fekthering e ’ngoe e khōlō São Paulo, Brazil. Kaha o ne a e-na le tšepo ea ho ntlafatsa maemo a bophelo, o ile a nka karolo mekolokong ea boipelaetso le lipontšong tsa nyatso, empa sena ha sea ka sa mo tlisetsa khotso ea kelello.
Ba bang ba na le tšepo ea hore lenyalo le tla tlisa khutso e itseng bophelong ba bona, empa ba ka ’na ba soetseha. Marcos e ne e le rakhoebo ea atlehileng. O ile a kena lipolotiking ’me ea e-ba ramotse oa motse o mong oa khoebo. Leha ho le joalo, bophelo ba hae ba lelapa bo ile ba senyeha ka ho feletseng. Ha bana ba hae ba tloha lapeng, eena le mosali oa hae ba ile ba arohana ka lebaka la ho se utloane ho ke keng ha lokisoa.
Gerson, ngoana ea sollang seterateng oa Salvador, Brazil, o ne a batla ho ba le phihlelo ea ho leka ntho ena le eane. O ile a solla le metse, a kōpa ho palamisoa ke bakhanni ba literaka tse fetang. Kapele o ile a lemalla lithethefatsi, a utsoetsa batho hore a lefelle mokhoa ona oa hae o mobe. O ile a tšoaroa ke mapolesa ka makhetlo a mangata. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe leqhoko le mabifi a hae, Gerson o ne a labalabela khotso ea kelello. Na o ne a tla ke a e fumane?
Ha Vania a sa ntse a le monyenyane, ’mè oa hae o ile a shoa, ’me e ile ea e-ba Vania ea ikarabellang lapeng le ea hlokomelang moena oa hae ea kulang. Vania o ne a kena kereke empa a e-na le boikutlo ba hore Molimo o mo lahlile. Ka sebele o ne a se na khotso ea kelello.
E mong ke Marcelo. Marcelo o ne a batla menyaka feela. O ne a rata ho tsamaea liphathi le bacha ba bang—a tantša, a e-noa le ho sebelisa lithethefatsi hampe. Ka lekhetlo le leng o ile a loana ’me a ntša mocha e mong kotsi. Ka mor’a moo, o ile a hatelloa ke ho ikoahlaela seo a se entseng ’me a rapela Molimo hore a mo thuse. Le eena o ne a batla khotso ea kelello.
Liphihlelo tsena li bontša maemo a mang a ka senyang khotso ea kelello. Na ho ne ho e-na le tsela leha e le efe eo ka eona moeta-pele oa mokhatlo oa basebetsi, ralipolotiki, ngoana ea sollang seterateng, morali ea jereng boikarabelo bo boima le motho ea tsamaeang liphathi ba neng ba ka fumana khotso ea kelello eo ba neng ba e batla? Na se ba etsahalletseng se re ruta ho itseng? Karabo ea lipotso tsena tse peli ke e, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Na u labalabela khotso ea kelello?