U ka Fumana Khotso ea Kelello Hokae?
Mehla ea rōna e fapane ka lintho tse ngata le ea Thoreau,
ea boletsoeng sehloohong se fetileng. Phapang e khōlō ke hore kajeno likeletso tsa kamoo khotso ea kelello e ka fumanoang kateng li ngata. Litsebi tsa kelello le bangoli ba libuka tsa likeletso—esita le bangoli ba likoranta—ba fana ka maikutlo a bona. Keletso ea bona e ka ’na ea e-ba thuso ea nakoana; empa bakeng sa litharollo tsa nako e telele, ho hlokahala ho hong ho tebileng haholoanyane. Ke seo batho ba boletsoeng sehloohong se fetileng ba ileng ba se fumana.
LIMELO tsa Antônio, Marcos, Gerson, Vania le Marcelo li ne li sa tšoane le mathata a bona a ne a sa tšoane. Empa bonyane ba ne ba e-na le lintho tse tharo tseo ba tšoanang ka tsona. Ea pele, ka nako e ’ngoe ba ‘ne ba se na tšepo ’me ba se na Molimo lefatšeng.’ (Baefese 2:12) Ea bobeli, ba ne ba labalabela khotso ea kelello. Ea boraro, kaofela ha bona ba ile ba fumana khotso ea kelello eo ba neng ba e batla ka mor’a hore ba lumele ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha ba ntse ba hatela pele, ba ile ba elelloa hore Molimo oa ba thahasella. Ka sebele, joalokaha Pauluse a boleletse Baathene ba mehleng ea hae, Molimo ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Ho kholiseha e le kannete ka sena ke ntlha e ka sehloohong tabeng ea ho ba le khotso ea kelello.
Ke Hobane’ng ha Khotso e Haella Hakaale?
Bibele e fana ka mabaka a mabeli a ka sehloohong ao ka ’ona khotso e haellang lefatšeng—ebang ke khotso ea kelello kapa khotso pakeng tsa batho. La pele le hlalositsoe ho Jeremia 10:23: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Motho ha a na bohlale ebile ha a na ponelo-pele ea ho ipusa ntle ho thuso, ’me thuso feela e molemo e le kannete e tsoa ho Molimo. Batho ba sa batleng tataiso ea Molimo ha ho mohla ba tla fumana khotso ea ka ho sa feleng. Lebaka la bobeli la ho haella ha khotso le mantsoeng a moapostola Johanne: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ntle ho tataiso ea bomolimo, boiteko ba motho ba ho fumana khotso bo tla ’ne bo senngoe kamehla ke mesebetsi ea “ea khopo,” e leng Satane, ea sa bonahaleng empa a hlile a le teng—le ea nang le matla a maholo.
Ka mabaka ana a mabeli—la hore batho ba bangata ha ba batle tataiso ea Molimo le hore Satane o sehlahlo haholo lefatšeng—moloko oa batho ka kakaretso o boemong bo hlomolang pelo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa taba ena hamolemo ha a re: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Baroma 8:22) Ke mang ea ka hananang le tlhaloso eo? Lichabeng tse ruileng hammoho le tse futsanehileng, mathata a lelapa, tlōlo ea molao, ho hloka toka, likhohlano pakeng tsa batho, ho se tsitse ha moruo, lehloeo lipakeng tsa meloko le merabe, khatello, ho kula le tse ling tse ngata, li hlokisa batho khotso ea kelello.
Moo ho ka Fumanoang Khotso ea Kelello
Ha Antônio, Marcos, Gerson, Vania le Marcelo ba ne ba ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, ba ile ba ithuta lintho tse ileng tsa fetola bophelo ba bona. Taba ea pele, ba ile ba hlokomela hore ka letsatsi le leng boemo ba lefatše bo tla fetoha. Ena hase tšepo e lerootho feela ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka qetellong. Ke tšepo ea sebele e nang le motheo o motle ea hore Molimo o na le morero bakeng sa moloko oa batho le hore le hona joale re ka rua molemo morerong oo haeba re etsa thato ea hae. Ba sebelisitse seo ba ithutileng sona ka Bibeleng bophelong ba bona, ’me bophelo ba bona bo ile ba ntlafala. Ba ile ba fumana thabo e eketsehileng le khotso ho feta tseo ba neng ba nahanne hore ba ka ba le tsona.
Antônio ha a sa kenella mekolokong ea boipelaetso le lintoeng tsa mekhatlo ea basebetsi. Oa tseba hore liphetoho tse tlang ka tsela eo ha lia phethahala ebile ke tsa nakoana. Enoa eo e neng e le moeta-pele oa mokhatlo oa basebetsi o ithutile ka ’Muso oa Molimo. Ke ’Muso oo ba limilione ba o rapellang ha ba pheta ka hlooho Thapelo ea Morena (kapa, Thapelo ea Ntat’a Rōna) ’me ba re ho Molimo: “’Muso oa hao ha o tle.” (Matheu 6:10a, New International Version) Antônio o ile a hlokomela hore ’Muso oa Molimo ke ’muso oa sebele oa leholimo o tla tlisetsa moloko oa batho khotso ea sebele.
Marcos o ile ithuta ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele tabeng ea lenyalo. Ka lebaka leo, enoa eo e neng e le ralipolotiki, hona joale o boelane ka thabo le mosali oa hae. Le eena o lebeletse ka thabo nako eo, e tlang ho tla haufinyane, ha ’Muso oa Molimo o tla etsa hore tsamaiso ea lefatše e meharo, ea boithati e nkeloe sebaka ka e molemo. O na le kutloisiso e tebileng haholoanyane ea polelo e Thapelong ea Morena e balehang tjena: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:10b, NIV) Ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng, batho ba tla ba le bophelo ba boleng boo ho seng mohla bo kileng ba bonoa.
Ho thoe’ng ka Gerson? Ha e sa le moleleri kapa lesholu. Bophelo ba enoa eo e neng e le ngoana ea sollang seterateng bo na le morero hona joale hobane matla a hae o a sebelisetsa ho thusa ba bang ho fumana khotso ea kelello. Joalokaha liphihlelo tsena li bontša, ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo e se bolelang ho ka ntlafatsa bophelo ba motho haholo.
Khotso ea Kelello Lefatšeng le Likhathatso
Motho ea hlaheletseng historing tabeng ea ho phetha thato ea Molimo ke Jesu Kreste, ’me ha batho ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ba ithuta ho hongata ka eena. Bosiung boo a tsoetsoeng ka bona, mangeloi a ile a bina lithoriso tsa Molimo, a re: “Khanya bophahamong bo holimo ho Molimo, le lefatšeng khotso har’a batho bao a khahloang ke bona.” (Luka 2:14) Ha Jesu a ntse a hōla, o ne a amehile ka ho ntlafatsa bophelo ba batho. O ne a utloisisa maikutlo a bona ’me a bontša qenehelo e sa tloaelehang ho ba mahlomoleng le ba kulang. Tumellanong le mantsoe a mangeloi, o ile a tlisetsa ba bonolo khotso ea kelello ka tekanyo e itseng. Qetellong ea tšebeletso ea hae, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka. Ha ke le fe eona ka tsela eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe leha e le ho li lumella hore li ikhule ke tšabo.”—Johanne 14:27.
Jesu o ne a sa felle feela ka ho ntlafatsa boiketlo ba sechaba. O ile a itšoantša le molisa, ’me a tšoantša balateli ba hae ba bonolo le linku ha a ne a re: “Ke tlile e le hore li ka ba le bophelo le hore li ka ba le bona bo le bongata. Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka soule ea hae molemong oa linku.” (Johanne 10:10, 11) E, ho fapana le baeta-pele ba bangata hakana kajeno ba ichebileng bobona feela, Jesu o nehelane ka bophelo ba hae bakeng sa linku tsa hae.
Re ka rua molemo joang ho seo Jesu a se entseng? Ba bangata ba tloaelane le mantsoe ana: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ntho ea pele eo ho sebelisa tumelo ho Jesu ho e hlokang ke ho mo tseba le ho tseba Ntate oa hae, Jehova. Ho tseba Molimo le Jesu Kreste ho ka lebisa kamanong e haufi le Jehova Molimo e tla re thusa ho ba le khotso ea kelello.
Jesu o itse: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela. ’Me ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me ho hang ha li na ho timetsoa le ka mohla, ’me ha ho le ea mong ea tla li hloibila letsohong la ka.” (Johanne 10:27, 28) Ke mantsoe a mofuthu hakaakang, a tšelisang! Ke ’nete hore Jesu o a buile lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng, empa hona joale a ntse a e-na le matla a lekanang le ao a neng a e-na le ’ona morao koo. Le ka mohla u se lebale hore Jesu Kreste o ntse a phela ’me o sehlahlo, hona joale o busa e le Morena ea behiloeng teroneng oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. Hantle feela joaloka nakong ea ha a ne a tsamaea lefatšeng lilemong tseo tse ngata tse fetileng, o ntse a amehile ka ba bonolo ba lapelang khotso ea kelello. Ho feta moo, e sa ntse e le Molisa oa linku tsa hae. Haeba re mo latela, o tla re thusa ho fumana khotso ea kelello, e akarelletsang tebello e tiileng ea ho thabela khotso e feletseng nakong e tlang—e tla bolela ho ba sieo ha pefo, ntoa le tlōlo ea molao.
Ho na le melemo ea sebele e tlisoang ke ho tseba le ho lumela hore Jehova, ka Jesu, o tla re thusa. Hopola Vania, eo boroetsaneng ba hae a ileng a siuoa le boikarabelo bo boima ’me a nahana hore Molimo o mo lebetse. Hona joale Vania oa tseba hore Molimo ha aa mo lahla. O re: “Ke ithutile hore Molimo ke motho oa sebele ea nang le litšoaneleho tse ratehang. Lerato la hae le ile la mo susumelletsa ho romela Mora oa hae lefatšeng ho re fa bophelo. Ke habohlokoa haholo hore re tsebe sena.”
Marcelo o tiisa hore kamano ea hae le Molimo ke ea sebele. Enoa ea neng a tsamaea liphathi o re: “Hangata bacha ha ba tsebe seo ba ka se etsang, ’me ba qetella ba intšitse kotsi. Ba bang ba sebelisa lithethefatsi hampe, joalokaha ke ne ke etsa. Ke na le tšepo ea hore ba bang ba bangata ba tla hlohonolofatsoa, joalokaha ke ile ka hlohonolofatsoa, ka ho ithuta ’nete ka Molimo le Mora oa hae.”
Ka ho ithuta Bibele ka hloko, Vania le Marcelo ba ile ba hlaolela tumelo e matla ho Molimo ’me ba e-ba le tšepo ea hore o ikemiselitse ho ba thusa ho sebetsana le mathata a bona. Haeba re etsa seo ba ileng ba se etsa—re ithuta Bibele le ho sebelisa seo e se buang—re tla ba le khotso ea kelello ka tekanyo e khōlō, joalokaha ba ile ba e-ba le eona. Joale khothatso ea moapostola Pauluse e tla fela e sebetse ho rōna: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilippi 4:6, 7.
Ho Fumana Khotso ea ’Nete Kajeno
Jesu Kreste o tataisa batho ba lapetseng ’nete tseleng e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ha a ntse a ba tataisetsa borapeling bo hloekileng ba Molimo, ba ba le khotso e tšoanang le e hlalositsoeng ka Bibeleng: “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.” (Esaia 32:18) ’Me seo ke feela ho latsoa esale pele khotso eo ba tla e thabela nakong e tlang. Rea bala: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:11, 29.
Ka hona, na re ka ba le khotso ea kelello kajeno? E. Ho feta moo, re ka kholiseha hore haufinyane, Molimo o tla hlohonolofatsa moloko oa batho ba mamelang ka khotso ho feta leha e le neng. Joale, ke hobane’ng ha u sa mo kōpe ka thapelo hore a u fe khotso ea hae? Haeba u na le mathata a u hlokisang khotso, rapela ka tsela eo Morena Davida a ileng a rapela ka eona: “Mahlomola a pelo ea ka a atile; u ’ntše likhatellong tse holim’a ka. Bona mahloreho a ka le khathatso ea ka, u tšoarele libe tsohle tsa ka.” (Pesaleme ea 25:17, 18, NW) Kholiseha hore Molimo o mamela lithapelo tse joalo. O nanabetsa letsoho la hae ’me o fana ka khotso ho bohle ba e batlang ka pelo eohle. Ka lerato rea kholisoa: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka ’nete. O fa ba mo tšabang ho ratoang ke bona, o utloa mehoo ea bona, ’me oa ba lopolla.”—Pesaleme ea 145:18, 19.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Motho ha a na bohlale ebile ha a na ponelo-pele ea ho ipusa ntle ho thuso, ’me thuso feela e molemo e le kannete e tsoa ho Molimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho tseba Molimo le Jesu Kreste ho ka lebisa kamanong e haufi le Jehova Molimo e tla re thusa ho ba le khotso ea kelello
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho sebelisa keletso ea Bibele ho tlatsetsa bophelong ba lelapa bo nang le khotso