Mehlala e Metle—Na U Rua Molemo ho Eona?
‘LE BILE mohlala ho balumeli bohle ba leng Macedonia le ba leng Akaia.’ Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tšepahalang ba neng ba phela Thesalonika mantsoe ana. Mohlala oo ba ileng ba o behela balumeli-’moho le bona o ne o babatseha e le kannete. Leha ho le joalo, Bathesalonika ka bobona ba ne ba etsisa mohlala oo ba neng ba o behetsoe ke Pauluse le metsoalle ea hae. Pauluse o itse: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa hape le ka matla le ka moea o halalelang le kholiseho e matla, feela joalokaha le tseba hore na re ile ra ba batho ba mofuta ofe ho lōna ka lebaka la lōna; ’me le ile la ba baetsisi ba rōna.”—1 Bathesalonika 1:5-7.
E, Pauluse o ile a etsa ho hongata ho feta ho paka. Bophelo ba hae ka bobona e ne e le tšusumetso—mohlala oa tumelo, mamello le boitelo. Ka lebaka la sena, Pauluse le metsoalle ea hae e bile tšusumetso e matla bophelong ba Bathesalonika, ba ba susumelletsa ho amohela ’nete “tlas’a matšoenyeho a mangata.” Leha ho le joalo, hase Pauluse le basebetsi-’moho le eena feela ba neng ba e-na le tšusumetso e ntle ho balumeli bao. Mohlala oa ba bang ba ileng ba mamella matšoenyeho le oona e ne e le khothatso. Pauluse o ile a ngolla Bathesalonika: “Le bile baetsisi, barab’eso, ba liphutheho tsa Molimo tse leng Judea kopanong le Kreste Jesu, hobane le lōna le ile la qala ho utloisoa bohloko matsohong a batho ba naha ea habo lōna ke lintho tse tšoanang le tseo le bona ba utloisoang bohloko ke tsona matsohong a Bajuda.”—1 Bathesalonika 2:14.
Kreste Jesu—’Mehi-mohlala e Moholo
Le hoja Pauluse ka boeena a ne a behile mohlala o tšoanelang ho etsisoa, ha aa ka a tlohela ho supa Jesu Kreste e le mohlala o ka sehloohong oo Bakreste ba lokelang ho o latela. (1 Bathesalonika 1:6) Kreste e ne e le ’Mehi-mohlala oa rōna e moholo ’me e sa ntsane e le eena. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 Petrose 2:21.
Leha ho le joalo, Jesu o ile a fihla qetellong ea bophelo ba hae e le motho oa nama lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Hona joale o ‘lula leseling le sa atameleheng’ e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng. Ka lebaka leo, ‘ha ho le ea mong ho batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.’ (1 Timothea 6:16) Ebe joale re ka mo etsisa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ithuta litlaleho tse ’nè tsa Bibele tsa bophelo ba Jesu. Likosepele li re lemosa ka botho ba hae, tsela ea hae ea bophelo le ‘boikutlo ba hae ba kelello.’ (Bafilippi 2:5-8) Temohisiso e ka fumanoa ka ho ithuta ka hloko buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hlalosang ka ho qaqa liketsahalo tsa bophelo ba Jesu le tatellano ea tsona ho latela nako.a
Mohlala oa Jesu oa boitelo o bile le phello e matla ho moapostola Pauluse. O ile a bolella Bakreste ba Korinthe sena: “Ka lehlakoreng la ka ka nyakallo e khōlō ka sebele ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa lisoule tsa lōna.” (2 Bakorinthe 12:15) Boikutlo boo bo tšoana le ba Kreste hakaakang! Ha re ntse re nahana ka mohlala o phethahetseng oa Kreste, le rōna re lokela ho susumelletseha hore re mo etsise tseleng ea rōna ea bophelo.
Ka mohlala, Jesu o re rutile hore re lokela ho itšetleha ka litšepiso tsa Molimo tsa hore o tla re fa lintho tse bonahalang. Empa o entse ho fetang hoo. O bontšitse tumelo e joalo le kholiseho ho Jehova letsatsi le leng le le leng. O itse: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mora oa motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 6:25; 8:20) Na monahano oa hao le liketso tsa hao li laoloa ke ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang? Kapa na bophelo ba hao bo fana ka bopaki ba hore u batla ’Muso pele? Hona ho thoe’ng ka boikutlo ba hao tabeng ea tšebeletso ea Jehova? Na bo tšoana le ba ’Mehi-mohlala oa rōna, Jesu? Bibele e bontša hore Jesu ha aa ka a buella cheseho feela empa o ile a bontša cheseho e tukang ka makhetlo a mangata. (Johanne 2:14-17) Ho feta moo, Jesu o behile mohlala o motle hakaakang tabeng ea lerato! Ha e le hantle, o ile a tella barutuoa ba hae bophelo ba hae! (Johanne 15:13) Na u etsisa Jesu ka ho bontša hore u rata barab’eno ba Bakreste? Kapa na u lumella ho se phethahale ha ba bang ho u thibela ho ba rata?
Ha re ntse re loanela ho latela mohlala oa Kreste, re tla khoptjoa hangata. Empa ’nete ke hore Jehova o khahloa ke boiteko ba rōna ba ho ‘apara Morena Jesu Kreste.’—Baroma 13:14.
“Mehlala ho Mohlape”
Na kajeno ho na le batho ka phuthehong ba ka sebeletsang e le mehlala ho rōna? Ha ho pelaelo hore ba teng! Barab’abo rōna ba khethetsoeng maemo a boikarabelo ba tlameha hore ka ho khetheha ba behe mohlala. Pauluse o ile a bolella Tite ea neng a sebeletsa liphutheho tsa Kreta le ea neng a khetha balebeli hore moholo e mong le e mong ea khethiloeng e lokela ho ba “monna . . . eo ho seng seo a qosoang ka sona.” (Tite 1:5, 6) Ka mokhoa o tšoanang moapostola Petrose o ile a eletsa “baholo” hore e be “mehlala ho mohlape.” (1 Petrose 5:1-3) Ho thoe’ng ka ba sebeletsang e le bahlanka ba sebeletsang? Le bona ka mokhoa o tšoanang e lokela hore e be “banna ba sebeletsang ka mokhoa o motle.”—1 Timothea 3:13.
Ha e le hantle, ha ho utloahale ho lebella hore moholo e mong le e mong kapa mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang a ipabole tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea Bokreste. Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma: “Re na le limpho tse fapaneng ho ea ka mosa o sa tšoanelang oo re o filoeng.” (Baroma 12:6) Barab’abo rōna ba sa tšoaneng baa ipabola lintlheng tse fapa-fapaneng. Ha ho utloahale ho lebella hore baholo ba etse ba be ba bue ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o phethahetseng. Ho Jakobo 3:2 Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore ha baa phethahala, baholo ba ka etsisa Timothea ka ho ba ‘mohlala ho ba tšepahalang ka ho bua, ka boitšoaro, ka lerato, ka tumelo le ka tlhoeko.’ (1 Timothea 4:12) Ha baholo ba etsa joalo, ho tla ba bonolo hore litho tsa mohlape li sebelise keletso ea Baheberu 13:7: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, . . . ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.”
Mehlala e Meng ea Kajeno
Mashomeng a lilemo a seng makae a fetileng, ba bang ba bangata ba bontšitse hore ke mehlala e metle. Ho thoe’ng ka baromuoa ba likete ba itetseng ba ‘siileng matlo kapa bara kapa barali babo bona kapa bo-ntate kapa bo-’mè ba bona kapa bana kapa masimo’ ho ea phetha thōmo ea Bokreste masimong a linaha lisele? (Matheu 19:29) Hape, nahana ka balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, banna le basali ba sebetsang e le baithaopi liofising tsa Mokhatlo oa Watch Tower, le bo-pula-maliboho ba sebeletsang liphutheho. Na mehlala e joalo e ka susumetsa ba bang? ’Moleli e mong oa evangeli oa Mokreste oa Asia o sa ntsane a hopola moromuoa e mong oa sehlopha sa borobeli sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. O bolela hore mora enoa oabo rōna ea tšepahalang o ne a “ikemiselitse ho mamella monoang o mongata le mongobo o tetebetsang. . . . Ho neng ho khahlisa haholo e ne e le matla a hae a ho beha lipuo ka leleme la Sechaena le Semalay le hoja a ne a e-tsoa Engelane.” Phello ea mohlala oo o motle ke efe? Mora enoa oabo rōna o itse: “Ho khoba matšoafo ha hae le kholiseho ea hae li ile tsa ntšusumelletsa hore ke batle ho ba moromuoa ha ke hōla.” Ha ho makatse hore mora enoa oabo rōna e ile ea fela ea e-ba moromuoa.
Watch Tower Publications Index e na le letoto la lipale tsa bophelo tse ngata tse hlahileng limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lipale tsena li bua ka batho ba ’nileng ba tlohela mesebetsi ea lefatše le lipakane tsa lona, ba hlōla mefokolo, ba etsa liphetoho tse khōlō bothong ba bona, ba tsoela pele ka boikutlo bo botle har’a mahlomola, ’me ba bontša mahlahahlaha, mamello, botšepehi, boikokobetso le moea oa boitelo. ’Mali e mong, o ile a ngola tjena mabapi le litlaleho tsena: “Ke ba Mokreste ea ikokobelitseng le ea lebohang haholoanyane ha ke bala seo ba bang ba fetileng har’a sona, ’me li nthusitse hore ke se ke ka inahana ho tlōla kapa ka ba moithati.”
Ho phaella moo, u se ke ua lebala mehlala e metle phuthehong ea heno: lihlooho tsa malapa tse sa thiseng ho hlokomela litlhoko tsa nama le tsa moea tsa malapa a tsona; baralib’abo rōna—ho kopanyelletsa bo-’mè ba se nang balekane—ba sebetsanang le likhatello tsa ho hōlisa bana empa ba ntse ba kopanela tšebeletsong ka mafolofolo; ba hōlileng le likooa ba tsoelang pele ho sa tsotellehe mefokolo le ho kula tse ntseng li tsoela pele. Na mehlala e joalo ha e u susumetse?
Ke ’nete hore lefatše le tletse mehlala e mebe. (2 Timothea 3:13) Leha ho le joalo, nahana ka keletso ea Pauluse ho Bakreste ba Judea. Hoba a bue ka boitšoaro bo behang mohlala ba banna le basali ba tumelo ba bangata ba boholo-holo, moapostola Pauluse o ile a ba khothatsa: “Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, le rōna . . . a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna, ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.” (Baheberu 12:1, 2) Kajeno Bakreste ba pota-potiloe ke “leru le leholo” la mehlala e metle—ea boholo-holo le ea kajeno. Na u rua molemo e le kannete ho eona? Ho ka ba joalo haeba u ikemiselitse ho ba “moetsisi, eseng oa se sebe, empa oa se molemo.”—3 Johanne 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Ha ho utloahale ho lebella hore moholo e mong le e mong kapa mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang a ipabole tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea Bokreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Baholo e lokela ho ba “mehlala ho mohlape”