Na Bophelo ba Hao bo ka ba le Morero Haholoanyane?
HASE kamehla boleng ba ’nete ba ntho bo lumellanang le seo e bonahalang eka e sona. Chelete ea pampiri e lokolotsoeng United States e nang le matla a theko a phahameng ka ho fetisisa e ne e ngotsoe hore boleng ba eona ke $10 000. Empa, pampiri eo e hatisitsoeng ho eona e bitsa chelete e tlaase haholo.
Na u kile ua ipotsa hore na likotoana tsa pampiri eo e seng ea bohlokoa hakaalo li ka etsa hore bophelo ba hao bo be le morero oa sebele? Batho ba bangata ba nahana hore li ka etsa joalo. Batho ba limilione ba sebetsa bosiu le motšehare e le hore ba ka fumana chelete e ngata kamoo ba ka khonang. Ka linako tse ling ho lelekisa chelete ho bolela ho lebala ka bophelo ba bona, metsoalle ea bona le malapa a bona. Thuso ea teng ke eng? Na chelete—kapa seo re se rekang ka eona—e ka re tlisetsa khotsofalo ea sebele le ea ka ho sa feleng?
Bafuputsi ba na le maikutlo a hore ha re batla haholoanyane khotsofalo e tlisoang ke maruo, a ka ’na a re phonyoha haholoanyane. Qeto ea mongoli oa likoranta Alfie Kohn ke hore “ho hang khotsofalo ha e rekisoe. . . . Batho ba etelletsang leruo pele bophelong, ba atisa ho ba le matšoenyeho a sa tloaelehang le ho imeloa maikutlong hammoho le ho ikutloa ba sa phele hantle ka kakaretso.”—International Herald Tribune.
Le hoja bafuputsi ba ka ’na ba hlokomela hore bophelo bo nang le morero bo hloka ho hong ntle le chelete, batho ba bangata ha ba nahane joalo. Hona ha ho makatse ho hang kaha ba phelang linaheng tsa Bophirimela ntle ho boikhethelo ba ka ’na ba foqoa melaetsa ea liphatlalatso tsa khoebo e mengata hoo e ka bang 3 000 ka letsatsi. Ho sa tsotellehe hore na e phatlalatsa likoloi kapa lipompong, maikutlo a potelletseng ke a reng: ‘Reka thepa ena, ’me u tla thaba haholoanyane.’
Phello ea ho buelloa ho sa khaotseng ha maruo ke eng? ’Nete ke hore hangata ho hlokomolohuoa bohlokoa ba lintho tsa moea! Ho latela tlaleho e makasineng ea Newsweek, moarekabishopo oa Cologne, Jeremane, o sa tsoa phatlalatsa hore “sechabeng sa habo rōna, ha re sa bua ka Molimo meqoqong ea rōna.”
Mohlomong matla ’ohle a hao u a nehetse ho ikhoantlelleng. Mohlomong u ikutloa hore ha u na nako ea ho etsa ho hong ntle ho moo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua utloa hore e tlameha ebe bophelong ho na le ho hong ho fetang ho hoatallela ntho e le ’ngoe ho fihlela u sitisoa ke ho kula kapa botsofali.
Na ho ela hloko litaba tsa moea haholoanyane ho ka u tlisetsa khotsofalo e eketsehileng? Ke’ng se ka etsang hore bophelo ba hao bo be le morero haholoanyane?