Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 8/1 maq. 24-28
  • Ke Tlohetse ho Etsa Lihlomo ke Pholosa Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tlohetse ho Etsa Lihlomo ke Pholosa Bophelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Bocha United States
  • Monna ea Leqoophe
  • Qeto e Boima
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Rōna ho Rata Jehova
  • Nako e Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka
  • Lerato le Nthusitse ho Mamella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na U Lumella Jehova Hore a U Bōpe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 8/1 maq. 24-28

Pale ea Bophelo

Ke Tlohetse ho Etsa Lihlomo ke Pholosa Bophelo

JOALOKAHA HO BOLETSE ISIDOROS ISMAILIDIS

Ke ne ke khumame ka mangole ha meokho e keleketla marameng a ka. Ke ile ka rapela ka re: “Oho Molimo, letsoalo la ka le mpolella hore nke ke ka tsoela pele ho sebetsa moo ho etsoang lihlomo. Ke lekile ka matla ho fumana mosebetsi o mong, empa ke hlōlehile. Hosasane, ke tla fana ka lengolo la ho itokolla mosebetsing. Jehova, kea kōpa hore bana ba rōna ba bane ba se ke ba sikila bohobe.” Ke ile ka fihla boemong boo joang?

BOPHELO e ne e le ba khotso ’me bo le bonolo Drama, Greece e ka leboea, moo ke hlahetseng teng ka 1932. Ntate o ne a atisa ho bua le ’na ka seo a neng a batla hore ke se etse. O ne a nkhothalletsa hore ke ee United States ho ea fumana thuto. Ka mor’a hore Greece e tlatlapuoe Ntoeng ea II ea Lefatše, polelo e neng e tloaelehile har’a Bagerike e ne e re: “Le ka utsoa matlotlo a rōna, empa le ke ke la utsoa se ka likelellong tsa rōna.” Ke ne ke ikemiselitse ho phehella thuto e phahameng le ho fumana ntho eo ho seng motho ea neng a ka tseba ho e utsoa.

Ho tloha ha ke sa le monyenyane, ke ile ka ba setho sa lihlopha tse fapa-fapaneng tsa bacha tse neng li hlophisoa ke Kereke ea Greek Orthodox. Ho tsona re ne re bolelloa ho qoba maquloana a bolumeli a kotsi. Ke hopola ka ho toba ho buuoa ka lequloana le leng—Lipaki tsa Jehova—kaha ho ne ho nahanoa hore le emela bahanyetsi ba Kreste.

Hoba ke fumane lengolo sekolong sa mesebetsi ea matsoho Athene ka 1953, ke ile ka ea Jeremane ho ea bona hore na nka fumana mosebetsi le hore ke ’ne ke kene sekolo ha ke ntse ke sebetsa. Empa seo ha sea ka sa etsahala, ’me ke ile ka ea linaheng tse ling. Ka mor’a libeke tse seng kae, ke ile ka iphumana ke se na le sente boema-kepeng bo bong ba Belgium. Ke hopola ke kena ka kerekeng e ’ngoe, ke lula fatše, ke lla ka matla hoo ho neng ho e-na le likhapha fatše ka pel’a ka. Ke ile ka rapela hore haeba Molimo a ka nthusa hore ke fihle United States, ke ne ke sa tl’o phehella maruo empa ke ne ke tla ruteha ebe ke loanela ho ba Mokreste ea molemo le moahi ea molemo. Qetellong, ka 1957, ke ile ka fihla teng.

Bophelo bo Bocha United States

Bophelo bo ne bo le boima United States ho mofalli ea neng a sa tsebe puo a bile a se na chelete. Ke ne ke sebetsa mesebetsi e ’meli bosiu ’me ke loanela ho ea sekolong motšehare. Ke ile ka kena likoleche tse ’maloa eaba ke fumana lengolo la pele la degree. Ka mor’a moo ke ile ka ea Univesithing ea California e Los Angeles eaba ke fumana lengolo la bachelor of science ho “applied physics.” Mantsoe a Ntate a hore ke rutehe a ile a nketsa hore ke be le mokoka lilemong tsena tse boima.

Khabareng, ke ile ka kopana le ngoanana e motle oa Mogerike, Ekaterini, ’me re ile ra nyalana ka 1964. Mora oa rōna oa letsibolo o ile a belehoa lilemo tse tharo hamorao, ’me pele ho fela lilemo tse ’nè, re ile ra ba le bara ba bang ba babeli le morali. E ne e le phephetso ea sebele ho phelisa lelapa ’me ka nako e tšoanang ke ntse ke ithuta univesithing.

Ke ne ke sebeletsa U.S. Air Force femeng ea lihlomo le ea sesole sa sepaka-pakeng, Sunnyvale, California. Ke ne ke ameha mererong e fapa-fapaneng ea sesole sa moeeng le sa sepaka-pakeng, ho kopanyelletsa lenaneo la Agena le la Apollo. Ke bile ka fumana likhau bakeng sa seo ke neng ke tlatselitse ka sona maetong a Apollo 8 le Apollo 11. Ka mor’a moo, ke ile ka tsoela pele le thuto ea ka ’me ka ameha haholo mererong e fapa-fapaneng ea sesole sa sepaka-pakeng. Ntlheng ena, ke ne ke nahana hore ke fumane sohle—mosali e motle, bana ba ratehang ba bane, mosebetsi oa maemo le ntlo e ntle.

Monna ea Leqoophe

Mathoasong a 1967, mosebetsing, ke ile ka kopana le Jim, monna ea ikokobelitseng le ea mosa haholo. Sefahleho sa Jim se ne se bonahala se tletse pososelo kamehla, ’me ho se mohla a hanang ho ba le ’na nakong ea khefu ea kofi. Linako tsena o ne a li sebelisetsa ho bua le ’na ka boitsebiso bo tsoang ka Bibeleng. Jim o ile a mpolella hore o ne a ntse a ithuta le Lipaki tsa Jehova.

Ke ile ka tšoha ha ke utloa hore Jim o tloaelane le sehlopha sena sa bolumeli. Ebe ho ile ha etsahala joang hore motho ea molemo hakaale a thetsoe ke lequloana lee la bahanyetsi ba Kreste? Leha ho le joalo, ke ne ke sitoa ho hanela thahasello ea Jim le mosa oa hae ho ’na. Ho ne ho bonahala eka letsatsi le leng le le leng Jim o ne a e-na le ntho e ’ngoe e ncha eo nka e balang. Ka mohlala, ka letsatsi le leng o ile a tla ofising ea ka ’me a re: “Isidoros, sehlooho sena sa Molula-Qhooa se bolela ka ho matlafatsa bophelo ba lelapa. E-ea le oona lapeng, ’me u se bale le mosali oa hao.” Ke ile ka mo bolella hore ke tla bala tokollo eo, empa hamorao ke ile ka ea ntloaneng eaba ke tabola makasine eo likotoana ’me ka e lahlela ka har’a ntho e tšelang matlakala.

Ka lilemo tse tharo, ke ile ka tabola libuka tsohle le limakasine tseo Jim a neng a mpha tsona. Kaha ke ne ke e-na le maikutlo a mabe ka Lipaki tsa Jehova, empa ke ntse ke leka ho boloka setsoalle sa Jim, ke ile ka nahana hore ho molemo hore ke mamele seo a se bolelang ebe ke se tlosa khopolong kapele.

Leha ho le joalo, ka lipuisano tseo, ke ile ka bona hore boholo ba lintho tseo ke li lumelang le ho li etsa ha lia thehoa Bibeleng. Ke ile ka hlokomela hore thuto ea Boraro-bo-bong, ea mollo oa lihele le ea ho se shoe ha moea ha li tsoe ka Mangolong. (Moeklesia 9:10; Ezekiele 18:4; Johanne 20:17) Ke le moikakasi oa Greek Orthodox, ke ne ke sa batle ho lumela pepenene hore Jim o nepile. Empa kaha o ne a sebelisa Bibele kamehla ’me ho se mohla a buang se itsoelang maikutlong a hae, qetellong ke ile ka lemoha hore monna enoa o ntšoaretse molaetsa oa bohlokoa o tsoang ka Bibeleng.

Mosali oa ka o ile a bona hore ho na le ho etsahalang, ’me a botsa hore na ke buisane le motsoalle oa ka ea kopanelang le Lipaki. Eare ha ke araba ka ho re e, a re: “Re ka ea kerekeng leha e le efe, eseng ea Lipaki tsa Jehova.” Leha ho le joalo, kapele ’na le mosali oa ka, hammoho le bana ba rōna, re ne re e-ba teng kamehla libokeng tsa Lipaki.

Qeto e Boima

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka fihla mantsoeng ana a moprofeta Esaia: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Ke ile ka ipotsa, ‘Mohlanka oa Molimo ea ratang khotso a ka hiroa joang moo lihlomo tse bolaeang li qaptjoang le ho etsoa?’ (Pesaleme ea 46:9) Ha hoa ka ha nkuka nako ho etsa qeto ea hore ke lokela ho fetola mosebetsi oa ka.

Hoa utloahala hore ena e ne e le phetoho e khōlō. Ke ne ke e-na le mosebetsi oa maemo. Ke ne ke ikitlaelitse ka lilemo ho sebetsa ka thata, ho ithuta le ho itela hore ke fihle boemong bona. Ke ne ke phahame mosebetsing, ’me joale ke ne ke shebane le ho tela mosebetsi oo ke ithutetseng oona. Leha ho le joalo, lerato la ka le tebileng bakeng sa Jehova le takatso ea ka e matla ea ho etsa thato ea hae li ile tsa qetella li hlōtse.—Matheu 7:21.

Ke ile ka etsa qeto ea ho tsoela pele ka mosebetsi femeng e ’ngoe ea Seattle, Washington. Leha ho le joalo, ke ile ka soaba hobane kapele ke ile ka fumana hore ke ne ke kenelletse haholoanyane mosebetsing o seng tumellanong le Esaia 2:4. Boiteko ba ka ba ho sebetsa feela mererong e meng bo ile ba hlōleha, ’me letsoalo la ka le ile la boela la ntšoenya. Ke ile ka bona ka ho hlaka hore nke ke ka lula mosebetsing ona ’me ka ba le letsoalo le hloekileng.—1 Petrose 3:21.

Ho ile ha hlaka hore re tla tlameha ho etsa liphetoho tsa bohlokoa. Ka nako e ka tlaase ho likhoeli tse tšeletseng, re ile ra fetola tsela eo re phelang ka eona ’me ra etsa hore litšenyehelo tsa lelapa la rōna li theohele ho halofo. Ka mor’a moo ra rekisa ntlo ea rōna e majabajaba ’me ra reka e nyenyane Denver, Colorado. Joale ke ne ke loketse khetho ea ho qetela—ho tlohela mosebetsi. Ke ile ka ngola lengolo la ho itokolla mosebetsing, ke hlalosa boemo ba letsoalo la ka. Bosiung boo, ka mor’a hore bana ba robale, ke ile ka khumama le mosali oa ka ’me ra rapela Jehova, joalokaha ho hlalositsoe qalong ea sehlooho sena.

Pele khoeli e fela, re ile ra fallela Denver, ’me libeke tse peli hamorao, ka July 1975, ’na le mosali oa ka re ile ra kolobetsoa. Ho ile ha feta likhoeli tse tšeletseng ke sa fumane mosebetsi, ’me chelete eo re e bolokileng e ne e fela butle-butle. Khoeling ea bosupa, cheleteng eo re e bolokileng ho ne ho setse e ka tlaase ho eo re neng re lefella ntlo ka eona ka khoeli. Ke ile ka qala ho batla mosebetsi leha e le ofe oo ke neng nka o fumana, empa kapele ka mor’a moo ke ile ka fumana mosebetsi oa boenjiniere. Moputso e ne e le halofo feela ea seo ke neng ke se fumana; leha ho le joalo, o ne o feta seo ke neng ke se kōpile ho Jehova. Ke ne ke thabile hore ebe ke ne ke behile lithahasello tsa moea pele!—Matheu 6:33.

Ho Hōlisetsa Bana ba Rōna ho Rata Jehova

Ka nako eo, ’na le Ekaterini re ne re tšoarehile ka mosebetsi o boima oa ho hōlisa bana ba rōna ba bane tumellanong le melao-motheo ea bomolimo. Ho thabisang ke hore re bone kaofela ka thuso ea Jehova, ba fetoha Bakreste ba hōlileng tsebong, ba nehela bophelo ba bona ka botlalo mosebetsing oa bohlokoa oa boboleli ba ’Muso. Bara ba rōna ba bararo, Christos, Lakes le Gregory kaofela ba fumane mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ’me hona joale ba tšoarehile likabelong tse fapa-fapaneng, ba etela le ho matlafatsa liphutheho. Toula, morali oa rōna, o sebetsa e le moithaopi ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e New York. Lipelo tsa rōna li ile tsa thaba ha re bona kaofela ba tela mesebetsi e hlamatsehang le e lefang haholo e le hore ba sebeletse Jehova.

Ba bangata ba ’nile ba botsa hore na lekunutu la katleho e joalo khōlisong ea bana ke eng. Ha e le hantle, ha ho na mokhoa o tobileng oa ho hōlisa bana, empa re ile ra khothalla ho leka ho kenya lerato la Jehova le moahisani lipelong tsa bona. (Deuteronoma 6:6, 7; Matheu 22:37-39) Bana ba ile ba ithuta hore re ke ke ra bolella Jehova hore rea mo rata ntle leha liketso tsa rōna li bontša hore ho joalo.

Letsatsi le le leng ka beke, hangata ka Moqebelo, re ne re kopanela tšebeletsong re le lelapa. Kamehla re ne re e-ba le thuto ea lelapa ea Bibele ka Mantaha ka mor’a lijo tsa mantsiboea, ’me hape re ne re e-ba le thuto ea Bibele le ngoana ka mong. Ha bana ba sa le banyenyane, re ne re ithuta le ngoana ka mong ka nakoana ka makhetlo a mangata ka beke, ’me ha ba hōla-hōla, re ne re e-ba le lithuto tse teletsana hang ka beke. Lithutong tsena, bana ba rōna ba ne ba itlhalosa ’me ba bolela mathata a bona ka bolokolohi.

Re ne re boetse re thabela boithabiso bo hahang re le lelapa. Re ne re rata ho letsa liletsa tsa ’mino hammoho, ’me ngoana ka mong o ne a rata ho letsa lipina tseo a li ratang haholo. Mafelong a mang a beke, re ne re mema malapa a mang bakeng sa botsoalle bo hahang. Re ne re boetse re nka maeto a phomolo re le lelapa. Leetong le leng le joalo, re ile ra qeta libeke tse peli re tsamaea lithabeng tsa Colorado le ho sebetsa le liphutheho tsa moo tšebeletsong ea tšimo. Bana ba rōna ba hopola ka lerato ha ba ne ba sebetsa likopanong tsa setereke mafapheng a sa tšoaneng leha ba ne ba thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso libakeng tse sa tšoaneng. Ha re ne re isitse bana Greece hore ba e’o bona seng, ba ile ba boela ba khona ho kopana le Lipaki tse ngata tse tšepahalang tse neng li bile chankaneng ka lebaka la botšepehi ba tsona. Sena se ile sa e-ba le phello e tebileng ho bona, se ba thusa ho etsa qeto ea ho emela ’nete ka tieo le ka sebete.

Ho bua ’nete, ka linako tse ling bana ba bang ba ne ba sa itšoare hantle kapa ba khetha metsoalle e seng metle. Ka linako tse ling, re ne re ba bakela mathata ka hore mohlomong re be thata haholo linthong tse ling. Empa ka ho retelehela ‘kelellong e laoloang ke Jehova’ joalokaha e fumanoa ka Bibeleng, ho ne ho thusa ho otlolla litaba bakeng sa rōna kaofela.—Baefese 6:4; 2 Timothea 3:16, 17.

Nako e Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka

Ka mor’a hore bana ba rōna ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng, ’na le Ekaterini re ile ra qala ho nahana ka botebo ka seo re neng re ka se etsa ho eketsa karolo ea rōna mosebetsing ona oa ho pholosa bophelo. Kahoo, ka 1994, ka mor’a hore ke tlohele mosebetsi pele ho nako, bobeli re ile ra qala ho sebetsa re le bo-pula-maliboho ba kamehla. Tšebeletso ea rōna e akarelletsa ho etela likoleche le liunivesithi tsa habo rōna, moo re pakelang liithuti le ho khanna lithuto tsa Bibele le tse ling tsa tsona. Kaha ke utloisisa mathata a tsona—hobane ke ne ke le boemong bo tšoanang lilemong tse seng kae tse fetileng—ke atlehile haholo ho li thuseng hore li ithute ka Jehova. Ke thabo e kaakang hore ebe re ithutile le liithuti tse tsoang Bolivia, Brazil, Chaena, Chile, Egepeta, Ethiopia, Mexico, Thailand le Turkey! Ke boetse ke thabela ho paka ka thelefono, haholo-holo ho batho ba buang leleme la heso.

Le hoja hangata ke sa utloahale hantle ka lebaka la leleme le metseng haholo Segerikeng le botsofali, kamehla ke ’nile ka leka hore ke ithaope ’me ke be le moea oa Esaia, ea ileng a phatlalatsa: “Ke ’na enoa, roma ’na!” (Esaia 6:8) Re thabetse ho thusa batho ba ka holimo ho leshome le metso e ’meli hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova. Nako ena e bile e thabisang ka ho fetisisa ho rōna.

Bophelo ba ka bo kile ba likoloha ho etseng libetsa tse tšabehang tsa ho bolaea batho ba bang. Leha ho le joalo, Jehova, ka mohau oa hae o sa tšoanelang, o ile a mpulela tsela le lelapa la ka hore re be bahlanka ba inehetseng ba hae le hore re nehele bophelo ba rōna ho isetseng batho litaba tse molemo tsa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ha ke ntse ke nahana ka liqeto tse boima tseo ke ileng ka tlameha ho li etsa, ke hopola mantsoe a Malakia 3:10, a reng: “Le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!” Ka sebele o entse joalo—e leng ho khotsofalitseng lipelo tsa rōna!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lakes: Ntate o ne a nyonya boikaketsi. O ne a leka ka matla hore e se ke ea e-ba moikaketsi, haholo-holo tabeng ea ho behela lelapa la hae mohlala o motle. O ne a atisa ho re bolella: “Ha u nehela bophelo ba hao ho Jehova, hoo ho bolela ntho e ’ngoe. U lokela ho ikemisetsa ho itella Jehova. Ke sohle se boleloang ke ho ba Mokreste.” Mantsoe ana a lutse ho ’na ’me a ’nolofalelitse ho latela mohlala oa hae ho itelleng Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

Christos: Ke ananetse haholo botšepehi ba moea oohle ba batsoali ba ka ho Jehova le boinehelo bo matla ba bona boikarabelong ba bona e le batsoali. Re le lelapa, re ne re etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hammoho—ho qala ka tšebeletso ea rōna ho fihlela linakong tsa rōna tsa phomolo. Le hoja ba ka be ba ile ba ameha linthong tse ling tse ngata, batsoali ba ka ba ile ba boloka bophelo ba bona bo le bonolo ’me ba ameha haholo ka tšebeletso. Kajeno, kea tseba hore ke thabile kannete ha ke kenelletse ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Gregory: Ntho e khōlō ho feta mantsoe a batsoali ba ka a ho nkhothalletsa ho atolosa tšebeletso ea ka, mohlala oa bona le bopaki ba thabo ea bona tšebeletsong ea Jehova li ile tsa ntšusumetsa hore ke boele ke hlahlobe maemo a ka, ke qhelele ka thōko mathata le matšoenyeho leha e le afe a ntšoenyang mabapi le ho qalisa tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ke ikitlaetse ka botlalo mosebetsing oa Jehova. Ke leboha batsoali ba ka ka ho nthusa ho fumana thabo e tlisoang ke ho ikitlaetsa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Toula: Kamehla batsoali ba ka ba ne ba totobatsa hore kamano ea rōna le Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka bang le eona le hore tsela feela eo ka eona re ka thabang e le kannete ke ka ho fa Jehova se molemohali seo re nang le sona. Ba entse hore Jehova e be oa sebele haholo ho rōna. Hangata Ntate o ne a re bolella hore ho na le boikutlo bo ke keng ba hlalosoa ba ho ea liphateng bosiu ka letsoalo le hloekileng, u tseba hore u lekile kahohle ho thabisa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha ke ne ke le lesole Greece, 1951

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Ekaterini ka 1966

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lelapa la ka ka 1996, (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona, ka morao) Gregory, Christos, Toula; (ka pele) Lakes, Ekaterini le ’na

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela