Lefatše le se Nang ho Nyahama—Le Haufi
BOPHELO bo ntse bo thatafala haholoanyane, ’me ho na le lisosa tse ngata tsa ho nyahama. Ha re ferekane, re ka ’na ra bona ho le thata ho laola maikutlo a rōna. Ka sebele, esita le batho ba ratang bophelo ba ka nyahama hoo ba felloang ke tšepo! Hlokomela mehlala e seng mekae.
Mehleng ea boholo-holo, moprofeta Moshe o ile a nyahama hoo a ileng a re ho Molimo: “Kea u rapela, u mpolaee, ha ekaba ke fumane mohau pel’a hao; e, u mpolaee, ke tle ke se ke ka bona bomalimabe ba ka!” (Numere 11:15) Ha a baleha lira tsa hae, moprofeta Elia o ile a re: “Ho lekane! Oho, Jehova, nka moea [bophelo] oa ka joale.” (1 Marena 19:4) ’Me moprofeta Jonase o ile a re: “Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho ’na ke ho shoa, e seng ho phela.” (Jonase 4:3) Empa ha ho le ea mong ho Moshe, Elia kapa Jonase ea ileng a ipolaea. Kaofela ha bona ba ne ba tseba molao oa Molimo o reng: “U se ke ua bolaea.” (Exoda 20:13) Ka lebaka la tumelo e matla ho Molimo, ba ne ba tseba hore ha ho boemo bo se nang tharollo le hore bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo.
Ho thoe’ng ka mathata ao re talimanang le ’ona hona joale? Ho phaella ho tepelleng maikutlo kapa mathata a ho kula, ka linako tse ling re ka ’na ra tlameha ho mamella ho tšoaroa hampe ke litho tsa lelapa, baahisani, kapa basebetsi-’moho le rōna. Bibele e bua ka batho ba tletseng ‘ho se loke hohle, bokhopo bohle, ho chacheha ka mohono hohle, bobe bohle, ba tletseng mohono, ho bolaea khahlanong le molao, ho qabana, ho thetsa, boikutlo bo lonya, e le bahoeshetsi, ba buang ba bang hampe, ba hloileng Molimo, ba nyelisang, ba ikakasang, ba ikhopolang ho tlōla, baqapi ba lintho tse kotsi, ba sa mameleng batsoali, ba hlokang kutloisiso, ba se nang ’nete litumellanong, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba se nang mohau.’ (Baroma 1:28-31) Ho ba har’a batho ba joalo letsatsi le letsatsi ho ka ’na ha etsa hore ho bonahale eka bophelo ke moroalo. Re ka thusa ba hlokang matšeliso le khatholoho joang?
Ho Ikemisetsa ho Mamela
Mahlomola le bohloko li ka etsa hore motho a se ke a tsitsa kelellong. Monna ea bohlale o itse: “Hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7) Ka hona, ha motho a bua ka ho ipolaea, taba eo e lokela ho nkoa ka ho teba. Mathata ao a nang le ’ona, ebang ke a maikutlo, a ’meleng, a kelello kapa a moea, a ka ’na a hloka tlhokomelo ka potlako. Ka sebele, litsela tseo litsebi li alafang le ho phekola ka tsona ha li tšoane, ’me motho o lokela ho iketsetsa qeto tabeng ea hore na o khetha mofuta ofe oa phekolo.—Bagalata 6:5.
Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe le etsang hore motho a be le maikutlo a ho ipolaea, ho ba le motho ea nang le temoho, kutloelo-bohloko le mamello, eo motho a ka mo phetlelang sefuba ho ka ’na ha fetola lintho. Bao e leng litho tsa lelapa le metsoalle ba ikemiselitseng ho mamela ba ka ’na ba khona ho thusa. Ho phaella ho utloelaneng bohloko le ho beng mosa, mehopolo e hahang e tsoang Lentsoeng la Molimo e ka thusa haholo ho ba feletsoeng ke tšepo.
Thuso ea Moea Bakeng sa ba Tepeletseng
U ka ’na ua makala ha u hlokomela hore na ho bala Bibele ho ka khothatsa hakaakang. Le hoja e se buka ea litaelo tsa bophelo ba kelello, Bibele e ka re thusa ho nka bophelo e le ba bohlokoa. Morena Solomone o itse: “Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.” (Moeklesia 3:12, 13) Ntle le mosebetsi o khotsofatsang o etsang hore bophelo bo be le morero, lintho tse bonolo—tse kang moea o pholileng, khanya ea letsatsi, lipalesa, lifate le linonyana—ke limpho tse tsoang ho Molimo tseo re ka li thabelang.
Se hlasimollang le ho feta ke tšepiso ea Bibele ea hore Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, baa re tsotella. (Johanne 3:16; 1 Petrose 5:6, 7) Ke ka nepo mopesaleme a itseng: “Ho bokoe Jehova, eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro, Molimo oa ’nete oa poloko ea rōna.” (Pesaleme ea 68:19, NW) Le hoja re ka ikutloa re se letho re bile re se ba bohlokoa, Molimo o re memela ho mo rapela. Lula u kholisehile hore ha ho motho ea kōpang thuso ho eena ka boikokobetso le ka tieo ea tla soetsoa.
Ha ho na motho eo ka nepo a ka lebellang bophelo bo se nang mathata kajeno. (Jobo 14:1) Empa, ’nete ea Lentsoe la Molimo e bontšitse batho ba bangata hore ho ipolaea hase tsela e nepahetseng ea ho rarolla mathata a bona. Ak’u hlokomele kamoo moapostola Pauluse a ileng a thusa molebeli oa teronko ea tsielehileng eo, “ha a tsoha borokong ’me a bona menyako ea chankana e bulehile, a [ileng a] tsomula sabole ea hae ’me o ne a le mothating oa ho iphelisa, a nahana hore batšoaruoa ba ne ba phonyohile.” Kapele molebeli eo oa teronko o ne a entse qeto ea hore ho ipolaea ho molemo ho feta lefu le lihlong le leo mohlomong le nkang nako e telele, le tla mo tlela ka lebaka la ho hlōleha ha hae. Moapostola enoa o ile a hoeletsa: “U se ke ua intša kotsi, etsoe kaofela re teng mona!” Pauluse ha aa ka a fella moo. Ha e le hantle, eena le Silase ba ile ba tšelisa molebeli enoa oa teronko eaba ba lebisa tlhokomelo potsong ea hae e reng: “Bahlomphehi, ke lokela ho etsa’ng hore ke pholohe?” Ba ile ba araba ba re: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha, uena le ba ntlo ea hao.” Eaba ba bua le eena le ba ntlo ea hae ka lentsoe la Jehova, e leng se ileng sa fella ka hore ‘eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoe ntle ho tieho.’ Molebeli eo oa teronko le bohle ba ntlo ea hae ba ile ba thaba haholo ’me ba fumana moelelo o mocha oa bophelo.—Liketso 16:27-35.
Kajeno, ho khatholla hakaakang ho tseba hore Molimo ha a etse bokhopo! Lentsoe la hae le khetholla moea o khopo, ‘ea bitsoang Diabolose le Satane,’ e le eena ea “khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.” Empa o felloa ke nako. (Tšenolo 12:9, 12) Haufinyane, tsieleho eohle eo Satane le bademona ba hae ba e tliselitseng baahi ba lefatše e tla fela ha Molimo a kenella litabeng. Joale, lefatše le lecha la ho loka leo Molimo a le tšepisitseng le tla felisa ka ho sa feleng lisosa tsa ho nyahama le ho ipolaea.—2 Petrose 3:13.
Matšeliso ho ba Tsetselelang Thuso
Esita le hona joale, ba nyahameng ba ka fumana matšeliso Mangolong. (Baroma 15:4) Mopesaleme Davida o ile a bina: “Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pesaleme ea 51:17) Ke ’nete hore re ke ke ra qoba ho thulana le liteko le ho latsoa liphello tsa ho se phethahale. Empa ha re rua tsebo e nepahetseng ea Ntate oa rōna oa leholimo ea mosa, ea lerato le ea nang le kahlolo e molemo re tla kholiseha hore re ba bohlokoa mahlong a hae. Molimo e ka ba Motsoalle le Morupeli oa rōna ea ka sehloohong. Haeba re hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo, ha ho mohla a tla re soetsa. ’Mōpi oa rōna o re: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.
Ho tšepa Molimo ho thusitse batho ba bangata. Ka mohlala: Mara o ne a se a fokolisitsoe ke ho tepella maikutlo ka nako e telele ha mora ea mong oa hae a e-shoa kotsing ea ’mileng.a O ile a tlala tšabo eaba o leka ho ipolaea. Leha ho le joalo, hona joale o tsoha esale hoseng letsatsi le leng le le leng hore a etse mosebetsi oa hae oa lelapa. O thabela ho mamela ’mino le ho thusa ba bang. Tšepo ea hore “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang” e tlositse bohloko bo itseng ba lefu le sehlōhō la mora oa hae ea ratoang, ’me e matlafalitse tumelo ea hae ho Molimo. (Liketso 24:15) Kaha ha ho mohla Mara a kileng a lakatsa ho tšoana le lengeloi leholimong, mantsoe a Pesaleme ea 37:11 a amme pelo ea hae: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”
Mosali e mong oa Brazil, ea bitsoang Sandra, o ne a sebetsa ka thata hore e be ’mè oa sebele ho bana ba hae ba bararo. Oa lumela: “Ke ne ke phathahane haholo hoo ha ntate a e-shoa ka tšohanyetso ’me ka nako e tšoanang ke fumana hore monna oa ka o ratana le mosali e mong, ke sa kang ka nahana le ka ho kōpa thuso ho Molimo ka thapelo.” Ka lebaka la ho nyahama Sandra o ile a leka ho ipolaea. Ke’ng se mo thusitseng ho hlaphoheloa? Kananelo ea hae ea lintho tsa moea. “Mantsiboea a mang le a mang pele ke il’o robala, ke bala Bibele, ’me ke leka ho ipeha boemong ba batho bao ke balang ka bona. Ke boetse ke bala makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, ’me seo ke se ratang haholo ke lipale tsa bophelo hobane li nthusa ho khotsofalla seo ke nang le sona bophelong.” Kaha oa tseba hore Jehova ke motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, o ithutile ho toba taba lithapelong tsa hae.
Bokamoso bo se Nang ho Nyahama
Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore bohloko boo batho ba bo utloang ke ba nakoana! Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, bana le batho ba baholo bao hona joale ba hlaseloang ke tlōlo ea molao, ho hloka toka kapa leeme ba tla thaba. Joalokaha ho boletsoe esale pele pesalemeng ea boprofeta, Morena eo Jehova a mo khethileng, Jesu Kreste, “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi.” Ho feta moo, “o tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” Ka sebele “khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14, NW.
Nako ea ho phethahala ha mantsoe ao a boprofeta e haufi. Na mohopolo oa ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a maemo a joalo oa ipiletsa ho uena? Haeba ho joalo, u na le lebaka la ho thaba le ho rata bophelo joaloka mpho e tsoang ho Molimo. Haeba u arolela ba bang litšepiso tsena tsa Mangolo tse tšelisang, u ka ’na ua tlisa thabo e khōlō bophelong ba batho ba batlang thuso ka matla lefatšeng lena le khopo le le se nang lerato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Kajeno ho na le mabaka a mangata a ho thaba
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na u lebeletse ka thabo lefatše le se nang ho nyahama?