Re Mofuta o Nang le Tumelo
Ho Tsebahatsa ’Muso oa Molimo Lihlekehlekeng Tsa Fiji
JESU KRESTE o kile a bua ka litsela tse peli. E ’ngoe e phatlaletse ’me e isa lefung. E ’ngoe e patisane empa e isa bophelong. (Matheu 7:13, 14) E le ho nolofalletsa batho ho khetha tsela e nepahetseng, Jehova Molimo o rerile hore litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloe lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Kahoo, hohle batho ba mamela molaetsa oa ’Muso, ’me ba bang ba khetha bophelo ka ho ba “mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.” (Baheberu 10:39) Re u mema hore u bale ka khetho ea bophelo e entsoeng ke batho ba bang ba Fiji le ba lihlekehlekeng tse ling tse haufi le eona tsa Pacific Boroa.
Ba Ile ba Tšepa Jehova
Mere o ne a ntse a kena sekolo ha a utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele ka 1964. Ka lebaka la hore o ne a lula hōle le batho ba bang sehlekehlekeng se thōko, e ne e le ka seoelo Mere a kopanang le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, qetellong o ile a khona ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele. Ka nako eo, o ne a nyetsoe ke monna eo e neng e le ramotse oa habo. Ka lebaka la ho phela ha Mere ka litekanyetso tsa Bibele, monna oa hae hammoho le beng ka eena ba ile ba mo tšoara ka sehlōhō, le ba ahisaneng le eena motseng ba ile ba mo hlompholla. Leha ho le joalo, Mere o ile a kolobetsoa ka 1991.
Haufinyane ka mor’a moo, monna oa Mere, Josua, o ile a thapa boitšoarong ba hae a ba a qala ho kopanela lipuisanong tsa Bibele tseo Mere a neng a e-ba le tsona le bana ba bona. Josua o ile a khaotsa ho ea Kerekeng ea Methodiste. Leha ho le joalo, joaloka ramotse, o ne a ntse a okamela liboka tsa motse tse tšoaroang hang ka beke. Mahlong a baahi ba motse, Josua o ne a sa tšepahale, hobane Kereke ea Methodiste e ne e le karolo ea bohlokoa haholo ea bophelo motseng ona oa Fiji. Kahoo, moruti e mong oa sebakeng sona seo o ile a phehella Josua hore a khutlele bolumeling ba hae ba pele.
Ka sebete Josua o ile a bolela ka tieo hore eena hammoho le lelapa la hae ba entse khetho ea bona ’me ba ne ba ikemiselitse ho rapela Jehova Molimo “ka moea le ’nete.” (Johanne 4:24) Sebokeng se hlahlamang sa motse, morena oa sehlooho o ile a laela hore Josua hammoho le lelapa la hae ba tlohe motseng joaloka melahloa. Ba ile ba fuoa matsatsi a supileng hore ba tlohe sehlekehlekeng ba siee ntlo ea bona, tšimo, le lijalo—e, mokhoa oohle oa bona oa ho iphelisa.
Barab’abo bona ba moea ba sehlekehlekeng se seng ba ile ba phallela Josua le lelapa la hae, ka ho ba thusa ka sebaka sa bolulo hammoho le tšimo bakeng sa ho lema. Hona joale Josua le mora oa hae e moholo ba kolobelitsoe, ’me mora e mong ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo. Morao tjena Mere o sa tsoa ngolisetsa ho ba pula-maliboho oa kamehla (’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng). Khetho ea bona ea ho sebeletsa Jehova e ile ea fella ka ho lahleheloa ke boemo le lintho tse bonahalang, empa joaloka moapostola Pauluse, ba talima sena e le lefeela ha se bapisoa le seo ba se fumaneng.—Bafilippi 3:8, NW.
Khetho e Amang Letsoalo
Ho khetha ho latela letsoalo le koetlisitsoeng ho ea ka Bibele ho hloka tumelo le sebete. Ka sebele ho bile joalo ka Suraang, moroetsana e mong ea sa tsoa kolobetsoa ea lulang Tarawa, e leng se seng sa lihlekehleke tsa Kiribati. Suraang o ile a kōpa tumello ea ho lokolloa karolong e ’ngoe ea mosebetsi oa hae joaloka mooki sepetlele. Kōpo ea hae ha ea ka ea amoheleha, e leng ho ileng ha fella ka hore a romeloe ho ea hlokomela setsi sa phekolo ea meriana se senyenyane sehlekehlekeng se seng se thōko moo a neng a le hōle le ba bang bao a leng tumelong e le ’ngoe le bona.
Sehlekehlekeng seo ke tloaelo hore batho bohle ba fihlang ba etsetse “moea” oa sebaka seo mahlabelo. Batho ba moo ba lumela hore ho hlōleha ho etsa joalo ho tla fella ka lefu. Kaha Suraang o ile a hana hore eena hammoho le sehlopha sa hae ba etsetsoe ketso ena ea borapeli ba litšoantšo, baahi ba motse ba ne ba lebeletse hore a fenethoe ke moea o halefileng. Ha Suraang kapa sehlopha sa hae ba sa hlaheloe ke kotsi ea letho, ho ile ha buleha menyetla e mengata ea hore a fane ka bopaki bo botle.
Empa liteko tsa Suraang li ne li e-s’o ka li fela. Bahlankana ba bang ba sehlekehlekeng seo ba talima ho eka baroetsana ba etelang moo e le phephetso. Leha ho le joalo, Suraang o ile a hanyetsa mehato ea bona ea ho mo fereha ’me a boloka botšepehi ba hae ho Molimo. Ha e le hantle, o ile a khona ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla, le hoja a ne a lula a letetse ho bitsetsoa mosebetsing joaloka mooki lihora tse 24 ka letsatsi.
Pele ho mokete o neng o tšoeroe ho tlotla Suraang ha a ne a itokisetsa ho tloha sehlekehlekeng seo, baholo ba motse ba ile ba hlalosa hore ke eena moromuoa oa ’nete oa pele oa ho ba etela. Ka lebaka la ho ema ha hae a tiile melao-motheong ea Bibele, ba bang sehlekehlekeng seo ba arabetse hamolemo molaetseng oa ’Muso.
Liphephetso Nameng
Ho ba thōko ha metse e meng ho bolela hore batho ba Jehova ba tšoanela ho etsa boiteko bo boholo hore ba kopanele tšebeletsong le hore ba be teng libokeng tsa Bokreste. Nahana ka mohlala oa lipaki tse ’nè tse kolobelitsoeng—monna e mong le basali ba bararo—ba qetang lihora tse ngata ba tsamaea ha ba e-ea libokeng le ha ba khutla. Leeto la bona le kopanyelletsa ho tšela linōka tse tharo ha ba e-ea le ha ba khutla. Ha metsi a phahame, mor’abo rōna o sesetsa ka mose pele, a hula pitsa e khōlō e tšetseng mekotla ea bona, libuka, le liaparo tsa liboka. Joale a ntan’o sesa hape ho khutlela morao ho ea thusa baralib’abo rōna ba bararo.
Sehlotšoana se seng, se kopanelang libokeng sehlekehlekeng se thōko sa Nonouti hona Kiribati, sona se kopana le liphephetso tse fapaneng. Ntlo eo se kopanelang ho eona e lekana batho ba supileng kapa ba robeli feela. Ba bang ba kopanelang ba lula ka ntle ’me ba hlolisa le maboteng a entsoeng ka sefe-terata. Sebaka seo ho kopaneloang ho sona se pooaneng moo se bonoang ke baahi ba bang ba motse ha ba e-ea le ha ba khutla likerekeng tsa bona tse majabajaba. Ke ’nete hore bahlanka ba Jehova baa hlokomela hore ho ea ka pono ea Molimo, ka sebele batho ke bona ba lakatsehang, eseng mehaho. (Haggai 2:7) Morali’abo rōna e mong ea kolobelitsoeng ea sehlekehlekeng seo o se a hōlile ’me ha a khone ho tsamaela hōle. Leha ho le joalo, ha a le tšebeletsong o thusoa ke mosali e mong e mocha, eo e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ea mo isang hohle ka kariki e sututsoang ka matsoho. Ke kananelo e kaakang eo ba e bontšang bakeng sa ’nete!
Bahoeletsi ba ka holimo ho 2 100 ba sebeletsang lihlekehlekeng tsa Fiji ba ikemiselitse ho tsoela pela ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. ’Me ba kholisehile hore ba bang ba bangata e sa ntsane e tla ba “mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.”
[’Mapa o leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Australia
Fiji