Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/1 maq. 3-4
  • Bibele—Ea Ratoa Ebile ea Thibeloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Ea Ratoa Ebile ea Thibeloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fetoha ha Monahano oa Lefatše
  • Desiderius Erasmus
    Tsoha!—2016
  • Mawaldense ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2016
  • Bibele—Buka e Lokelang ho Baloa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/1 maq. 3-4

Bibele—Ea Ratoa Ebile ea Thibeloa

Desiderius Erasmus, setsebi se tummeng sa Modache sa lekholong la bo16 la lilemo, o ile a ngola, a re: “Ke lakatsa ha libuka tse halalelang li ka fetolelloa lipuong tsohle.”

ERASMUS o ne a lakalitse haholo hore e mong le e mong a ka bala le ho utloisisa Mangolo. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba Bibele ba ne ba hanyetsa khopolo eo ka matla. Ha e le hantle, ka nako eo Europe e ne e le sebaka se kotsi haholo bakeng sa motho leha e le ofe ea neng a thahasella ho tseba litaba tsa Bibele le hanyenyane feela. Engelane ho ile ha etsoa molao ka paramenteng o neng o laela hore “mang le mang ea ka balang Mangolo ka Senyesemane o tla amohuoa setša, thepa le mokhoa oa ho iphelisa . . . le hore, haeba ba tsoela pele ka manganga, kapa ba ka boela ba a bala hape ka mor’a ho tšoareloa, ntho ea pele eo ba tla e etsoa ke ho fanyehoa ka lebaka la ho ba le morero oa bolotsana khahlanong le morena, ebe joale ba chesoa ka lebaka la bokhelohi khahlanong le Molimo.”

K’honthinenteng ea Europe, Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike le ne le tsoma ka mabifi lihlopha “tsa bokhelohi,” tse kang Mawaldense a Mafora, ’me le ne le a khetha har’a lihlopha tse ling hore le a hlorisetse mokhoa oa oona oa ho ruta “se tsoang likosepeleng le liepistoleng le mangolong a mang a halalelang, . . . kahobane batho feela ba ne ba haneloa ka ho feletseng ho ruta le ho hlalosa mangolo a halalelang.” Banna le basali ba se nang palo ba ile ba hlokofatsoa haholo le ho bolaoa ka lebaka la lerato la bona la Bibele. Ba ne ba ipeha kotsing ea ho fumana likotlo tse bohloko ka ho fetisisa ka hore feela ba phete Thapelo ea Morena kapa Melao e Leshome le ho e ruta bana ba bona.

Boinehelo bo joalo Lentsoeng la Molimo ha boa ka ba tapa lipelong tsa baahi ba bangata ba likolone ba ileng ba ea Amerika Leboea ho e fetola kolone. Amerika mehleng ea pele, “ho bala le bolumeli li ne li lohellane haholo, li khetholla setso seo ka ho feletseng se thehiloeng tsebong ea Bibele,” kamoo ho bolelang buka e bitsoang A History of Private Life—Passions of the Renaissance. Ha e le hantle, khothatso e ileng ea hatisoa Boston ka 1767 e ne e buella se latelang: “Khothalla ho bala mangolo a halalelang. Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang u tlameha ho bala khaolo e itseng Bibeleng ea hao.”

Ho ea ka Barna Research Group ea Ventura, California, batho ba fetang karolo ea 90 lekholong ba Maamerika, ka karolelano ba na le Libibele tse tharo. Leha ho le joalo, phuputso ea morao tjena e bontša hore le hoja Bibele e ntse e nkoa e le ea bohlokoa moo, “ho ipha nako ea ho e bala, ho ithuta eona le ho sebelisa se ka ho eona . . . ha ho sa etsoa.” Ba bang ba na le tsebo e fokolang feela ea se ka ho eona. Mongoli e mong oa likoranta o itse: “Khopolo ea hore [Bibele] e sa ntsane e ka thusa mathateng a hona joale, e hlaha seoelo.”

Ho Fetoha ha Monahano oa Lefatše

Tumelo e tloaelehileng ke hore bophelong re ka atleha feela ka ho nahana le ka ho sebelisana le batho. Bibele e nkoa feela joaloka e ’ngoe ea libuka tse ngata tsa litaba tsa bolumeli le liphihlelo tsa batho, eseng e le buka ea mabaka le ’nete.

Kahoo, batho ba bangata ba sebetsana joang le lintho tse fapa-fapaneng tse rarahanang ho ea pele le tse tšoenyang tse lokelang ho etsetsoa liqeto bophelong? Baa phopholetsa mabapi le seo ba ka itšetlehang ka sona moeeng ha ba na letho le tiileng le ba tataisang le le ba tsamaisang boitšoarong. Ba tšoana le likepe tse se nang masokoana a li tsamaisang, “ba akholetsoa pele le morao le ho fefoloa ke moea o mong le o mong oa thuto ea batho, . . . ke bolotsana le maqiti a batho.”—Baefese 4:14, The Twentieth Century New Testament.

Kahoo, re tlameha ho botsa, Na Bibele e mpa e le buka e ’ngoe ea bolumeli? Kapa na kannete ke Lentsoe la Molimo, le nang le boitsebiso bo sebetsang le ba bohlokoa? (2 Timothea 3:16, 17) Na ho molemo hore re hlahlobe Bibele? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Desiderius Erasmus

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Deutsche Kulturgeschichte

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Mawaldense a ne a khethoa har’a lihlopha tse ling hore a hlorisetsoe ho ruta se tsoang ka Mangolong

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Stichting Atlas van Stolk, Rotterdam

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela