Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 6 maq. 10-11
  • Desiderius Erasmus

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Desiderius Erasmus
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO A NENG A SE LUMELA
  • TESTAMENTE E NCHA EA MANGOLO A SEGERIKE
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bibele—Ea Ratoa Ebile ea Thibeloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 6 maq. 10-11

TSA MEHLENG EA KHALE

Desiderius Erasmus

Desiderius Erasmus

Desiderius Erasmus ea phetseng lilemong tsa bo-1469 ho isa ho 1536, e ne e le e mong oa litsebi tse ratoang tsa bolumeli Europe, empa hamorao a nyefoloa ka hore ke mokhelohi. Le hoja a iphumane a le har’a liqoaketsano tsa bolumeli, o ile a iteta sebete ka hore a pepese liphoso tsa bolumeli ba K’hatholike hammoho le tsa ba bang ba neng ba batla ho ikarola. Mehleng ena o tsejoa e le e mong oa batho ba ka sehloohong ba tlisitseng liphetoho bolumeling linaheng tsa Europe. O entse seo joang?

SEO A NENG A SE LUMELA

Ho tseba ha hae puo ea Segerike le Selatine ho ile ha mo thusa ho bapisa liphetolelo tsa Bibele tse kang Vulgate ea Selatine le Mangolo a Segerike a tsebahalang ka hore ke Testamente e Ncha. O ne a kholisehile hore ho tseba Bibele ke habohlokoa. Kahoo o ile a etsa bonnete ba hore Bibele e fetoleloa ka lipuo tse ling tsa mehleng eo.

Kaha o ne a lumela hore Bokreste e lokela ho ba tsela ea bophelo eseng feela tloaelo ea ho etsa lintho, o ile a khothalletsa ho ntlafatsoa ha likereke tsa K’hatholike. Kahoo seo se ile sa etsa hore batho ba ipelaetse ’me Mak’hatholike a khaotsa ho mo tšepa.

Erasmus o ile a pepesa liphoso tsa Mak’hatholike le tsa ba ikarotseng ho ’ona

Erasmus o ile a pepesa kamoo baeta-pele ba bolumeli ba phelang bophelo bo mabothobotho, e leng baikhohomosi le kamoo ba tšehetsang lintoa kateng. O ne a sa lumellane le lintho tseo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba li etsa tse kang ho boleloa ha libe, ho rapeloa ha bahalaleli, ho itima lijo le ho nka maeto a malelele a bolumeli. O ne a boetse a sa lumellane le kamoo likereke li hatellang batho hore ba patalle ho tšoareloa libe le hore ba se ke ba nyala kapa ba nyaloa.

TESTAMENTE E NCHA EA MANGOLO A SEGERIKE

Ka 1516 Erasmus o ile a hatisa e ’ngoe ea libuka tseo a li ngotseng tse tsebahalang e leng phetolelo ea pele ea Mangolo a Segerike e boetseng e nang le litlhaloso. Khatiso ena e ne akarelletsa phetolelo eo ho eona a fetoletseng Mangolo a Segerike ho ea ho a Selatine, e neng e fapane le ea Vulgate. Erasmus o ile a tsoela pele ho ntlafatsa phetolelo ea hae, eo qetellong e neng e fapane haholo le phetolelo ea Vulgate.

Phetolelo ea Erasmus ea Testamente e Ncha

Phetolelo ea Erasmus ea Testamente e Ncha

Phapang e ’ngoe e ne e hlaha ho 1 Johanne 5:7. Batho ba tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong ba ile ba ikenyetsa mantsoe a lumellanang le thuto eo phetolelong ea Vulgate. Mantsoe ao a re: “Leholimong, Ntate, Lentsoe le Moea o halalelang: ke ntho e le ’ngoe.” Kaha mantsoe ana a ne a le sieo libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike, Erasmus o ile a a ntša liphetolelong tsa hae tse peli tsa Testamente e Ncha. Mak’hatholike a ile a mo qobella hore a kenye mantsoe ao khatisong ea boraro ea phetolelo ea hae.

Liphetolelo tse ntlafalitsoeng tsa Mangolo a Segerike tsa Erasmus li ile tsa thusa bafetoleli ba lipuo tsa Europe hore ba fetolele ka tsela e nepahetseng. Martin Luther, William Tyndale, Antonio Brucioli le Francisco de Enzinas ba ile ba li sebelisetsa ho fetolela Mangolo a Segerike ka puo ea Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe le Setaliana.

Erasmus o phetse nakong eo malumeli a neng a ferekane, kahoo Maprostanta a neng a batla liphetoho a ile a thusoa haholo ke phetolelo ea hae ea Testamente e Ncha. Erasmus o ne a tsejoa e le e raliphetoho, ka hona o ile a etsa qeto ea ho se nke lehlakore lingangisanong tsa bolumeli. Ha e le hantle lilemong tse fetang 100 tse fetileng setsebi sa thuto ea bolumeli se bitsoang David Schaff se ile sa re Erasmus “o shoele a se na kereke. E ne e se Mok’hatholike kapa Moprostanta.”

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Ka 1516, Erasmus o ile a hatisa khatiso ea Testamente e Ncha ka Segerike. Leqephe ka leng le ne le arotsoe habeli, ka lehlakoreng le leng e ne e le Segerike, ka ho le leng e le Selatine se nang le litlhaloso ka mahlakoreng.

  • Selelekeleng sa Testamente e Ncha, Erasmus o ile a re: “Ke khahlanong le bohle ba thibelang batho ba maemo a tlaase ho bala Mangolo a Halalelang kapa ho ba le ’ona ka puo ea bona.”

  • Libuka tsa hae li ile tsa chesoa ke bahanyetsi likarolong tse ling tsa Europe ’me li ne li lula li hlaha lethathamong la libuka tse thibetsoeng la bapapa ba Roma.

O ne a Tumme

Erasmus o ne a hlomphuoa ke batho ba maemo a fapaneng. O ile a phela linaheng tse ’maloa tsa Europe ’me a etsa setsoalle le ba malapa a boreneng le litsebi tsa univesithi. Litsebi tse ngata li ne li mo hlompha haholo. O ile a tsebahala ka lebaka la libuka tseo a li fetoletseng. Hohle moo a neng a e-ea teng, likhosana, baruti le litsebi tse ling li ne li mo amohela ka tlhompho e ikhethang. Ke kahoo mongoli e mong oa mehleng ena a mo bitsang “Khalala ea lefatše.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela