Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong
HOO e ka bang ka 1455, ho ile ha e-ba le phetoho e khōlō khatisong ea Bibele. Johannes Gutenberg o ile a sebelisa mochine oa khatiso ho hlahisa Bibele ea pele e hatisitsoeng ho sebelisoa mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang. Qetellong, ho ajoa ha Bibele ha hoa ka ha hlola ho sitisoa ke litokomane tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li fumaneha ka thata. Qetellong, ho ile ha khoneha hore Libibele li hlahisoe ka bongata le ka litšenyehelo tse batlang li le tlaase. E se neng, Bibele e ne e tla fetoha buka e abuoang ka bongata haholo lefatšeng.
Bibele ea Gutenberg e ne e ngotsoe ka Selatine. Empa litsebi tsa Europe li ile tsa hlokomela kapele hore li ne li hloka taba e ngotsoeng e tšepahalang ea Bibele e ngotsoeng ka lipuo tsa eona tsa pele—tsa Seheberu le Segerike. Kereke e K’hatholike e ne e nka Vulgate ea Selatine e le eona feela phetolelo e amohelehang ea Bibele, empa ho ne ho e-na le litšitiso tse peli tse khōlō. Lekholong la bo16 la lilemo, batho ba bangata ba ne ba sa utloisise Selatine. Ho feta moo, ka nako e fetang lilemo tse sekete, taba e ngotsoeng ea Vulgate e ne e bile le liphoso tse ngata tse entsoeng ke bakopitsi.
Bafetoleli le litsebi ba ne ba hloka Bibele e ngotsoeng ka lipuo tsa pele, hammoho le phetolelo e ntlafalitsoeng ea Selatine. Ka 1502, mok’hadinale Jiménez de Cisneros, eo e neng e le moeletsi oa Mofumahali Isabella I oa Spain litabeng tsa lipolotiki le tsa bolumeli, o ile a etsa qeto ea ho khotsofatsa litlhoko tsa bona ka ho fana ka sengoliloeng se le seng feela. Thuso ena ea bohlokoa phetolelong e ile ea bitsoa Complutensian Polyglot. Sepheo sa Cisneros e ne e le ho hlahisa Polyglot, kapa Bibele e ngotsoeng ka lipuo tse ’maloa, e fupereng taba e ngotsoeng e molemohali ea Seheberu, Segerike, le Selatine, hammoho le likarolo tse itseng tse ngotsoeng ka Searame. Tsebo ea khatiso e ne e le hona e qalang, kahoo, ho hlahisa Bibele ena le hona e ne e tla ba bohato ba bohlokoa tsebong ea khatiso.
Cisneros o ile a qala mosebetsi oa hae o moholohali ka ho reka libuka tse ngata tsa khale tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho, tse neng li fumaneha ka bongata Spain. Hape o ile a bokella libuka tse fapa-fapaneng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike le Selatine. Libuka tsena e ne e tla ba tsona motheo bakeng sa taba e ngotsoeng ea Polyglot. Cisneros o ile a beha mosebetsi oa ho bokella libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho tlhokomelong ea sehlopha sa litsebi tseo a ileng a li hlophisa Univesithing e neng e sa tsoa buloa ea Alcalá de Henares, Spain. Erasmus oa Rotterdam ke e mong oa litsebi tse neng li kōpiloe ho ba karolo ea sehlopha sena, empa setsebi sena se tummeng sa lipuo se ile sa hana memo eo.
Litsebi tsena li ile tsa nka lilemo tse leshome li etsa mosebetsi o moholohali oa ho bokella buka ena, ’me ho e hatisa ho ile ha nka lilemo tse ling hape tse ’nè. Mathata a thekniki a ne a le mangata, kaha bahatisi ba Spain ba ne ba se na litlhaku tsa khatiso tsa Seheberu, Segerike, kapa Searame. Kahoo, Cisneros o ile a sebelisa mohatisi ea hloahloa ea bitsoang Arnaldo Guillermo Brocario, hore a etse litlhaku tsa khatiso ka lipuo tsena. Qetellong, ka 1514 bahatisi ba ile ba qalisa mosebetsi oa ho hlahisa Libibele. Ka July 10, 1517, likhoeli tse ’nè feela pele ho lefu la mok’hadinale eo, ho ne ho phethiloe li-volume tse tšeletseng. Ho ne ho hatisitsoe likopi tse makholo a tšeletseng tsa buka e feletseng, ntho e makatsang ke hore, sena se etsahetse hantle nakong eo Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain le neng le haketse ka eona.a
Ho Hlophisoa ha Buka Ena
Leqephe le leng le le leng la Polyglot le ne le e-na le boitsebiso bo bongata. Li-volumung tse ’nè tse nang le Mangolo a Seheberu, litemana tsa Vulgate li ne li hlaha bohareng ba leqephe ka leng; litemana tsa Seheberu li hlaha karolong e ka thōko ea leqephe; ’me litemana tsa Segerike, hammoho le phetolelo ea Selatine e hlahang pakeng tsa mela, li ne li hlaha karolong e ka hare ea leqephe. Ka mahlakoreng a maqephe, ho ne ho bontšitsoe metso ea mantsoe a mangata a Seheberu. Karolong e ka tlaase ea leqephe ka leng e lumellanang le Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele, bahlophisi ba ne ba kenyelelitse le Targum of Onkelos (kakaretso ea libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele ka Searame) hammoho le phetolelo ea Selatine.
Volume ea bohlano ea Polyglot e ne e e-na le Mangolo a Segerike ka mahlakoreng a mabeli. Lehlakore le leng le ne le e-na le litemana tsa Segerike, ’me le leng le e-na le litemana tse tšoanang tsa Selatine tse nkiloeng ho Vulgate. Ho nyalana ha litemana tsena ka lipuo tsena tse peli ho ile ha bontšoa ka litlhaku tse nyenyane tse neng li bontša ’mali lentsoe le lumellanang le leo lehlakoreng ka leng. Taba e ngotsoeng ea Segerike ea Polyglot e bile eona pokello ea pele e feletseng ea Mangolo a Segerike, kapa “Testamente e Ncha,” e kileng ea hatisoa, eo kapele ka mor’a moo e ileng ea lateloa ke khatiso e hlophisitsoeng ke Erasmus.
Litsebi li ile tsa e-ba hlokolosi ha li hlahloba liphoso tabeng e ngotsoeng ea volume ea bohlano hoo ho ileng ha e-ba le liphoso tse 50 feela tsa khatiso. Kaha litsebi tsena li ile tsa e-ba hlokolosi ka ho fetisisa, bahlahlobisisi ba kajeno ba thoholetsa volume ena ea bohlano ka hore ke ea boleng bo botle ho feta taba e ngotsoeng e tummeng ea Segerike ea Erasmus. Litlhaku tse khethehileng tsa Segerike li ne li le ntle ’me li hlakile ho tšoana le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale tsa mongolo o bitsoang uncial. Bukeng ea hae e bitsoang The Printing of Greek in the Fifteenth Century, R. Proctor o re: “Spain e tšoaneloa ke tlotla ea hore ebe ke eona e ileng ea hlahisa litlhaku tsa pele tsa Segerike, tseo ntle ho tikatiko e leng litlhaku tse ntle ka ho fetisisa tsa Segerike.”
Volume ea botšelela ea Polyglot e ne e e-na le lintho tse ngata tse thusang ho ithuta Bibele: dikishinari ea Seheberu le Searame, tlhaloso ea mabitso a Segerike, a Seheberu le a Searame, sebōpeho-puo sa Seheberu, le index ea Selatine bakeng sa dikishinari eo. Ha ho makatse hore ebe Complutensian Polyglot e ’nile ea thoholetsoa ka hore ke “bopaki ba tsebo ea ho hlophisa lingoliloeng le ba saense ea tsebo ea Mangolo.”
Sepheo sa Cisneros ka buka ena e ne e le ‘ho tsosolosa thahasello ea batho ea ho ithuta mangolo,’ empa o ne a sa lakatse hore Bibele e fumanoe ke motho e mong le e mong. O ne a nahana hore “ho lokela ho sebelisoe masene ho etsa hore batho feela ba tloaelehileng ba se ke ba utloisisa Lentsoe la Molimo.” O ne a boetse a lumela hore “Mangolo a lokela ho ngoloa feela ka lipuo tse tharo tsa boholo-holo tseo Molimo a ileng a lumella hore li ngoloe mongolong o neng o le ka holim’a hlooho ea Mora oa hae ea thakhisitsoeng.”b Ka lebaka lena, Complutensian Polyglot e ne e se na phetolelo leha e le efe ea Sepanishe.
Vulgate ha e Bapisoa le Lipuo Tsa Pele
Tsela eo Polyglot e entsoeng ka eona e ile ea baka likhohlano har’a litsebi tse ileng tsa ameha ho hlahisoeng ha eona. Antonio de Nebrija,c e leng setsebi se tummeng sa Lesepanishe, o ile a fuoa boikarabelo ba ho nchafatsa taba e ngotsoeng ea Vulgate e neng e tla hlaha Bibeleng ea Polyglot. Le hoja Kereke e K’hatholike e ne e nka Vulgate ea Jerome e le eona feela phetolelo e lumeletsoeng ka molao, Nebrija o ile a bona ho hlokahala hore a bapise Vulgate le taba e ngotsoeng ka Seheberu sa pele, Searame sa pele, le Segerike sa pele. O ne a batla ho lokisa liphoso tse totobetseng tse neng li fetetse likoping tse neng li le teng tsa Vulgate.
E le hore a lokise ho se lumellane ha Vulgate le lipuo tsa pele, Nebrija o ile a phehella Cisneros a re: “Ak’u bonese hape mabone a mabeli a bolumeli ba rōna a sa bonesoang, e leng puo ea Seheberu le ea Segerike. Putsa ba ikakhetseng ka setōtsoana mosebetsing ona.” Hape o ile a fana ka tlhahiso e latelang: “Nako le nako ha ho e-ba le phapang e itseng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Selatine tsa Testamente e Ncha, re lokela ho e bapisa le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike. Nako le nako ha libuka tse sa tšoaneng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Selatine le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike tsa Testamente ea Khale li sa lumellane, re lokela ho batla hore na ke sefe se nepahetseng ka ho hlahlobisisa mohloli o amohelehang oa Seheberu.”
Cisneros o ile a re’ng ka see? Selelekeleng sa hae sa Bibele ea Polyglot, Cisneros ha aa ka a siea khoao mabapi le hore na maikutlo a hae ke afe. “Re behile phetolelo ea Selatine ea Jerome ea halalelang pakeng tsa Synagoge [litemana tsa Seheberu] le Kereke ea Bochabela [litemana tsa Segerike], joalokaha masholu a mabeli a ne a fanyehiloe ka mahlakoreng a mabeli a Jesu, ea emelang Kereke ea Roma, kapa ea Selatine.” Kahoo, Cisneros ha aa ka a lumella Nebrija ho lokisa Vulgate ea Selatine hore e lumellane le taba e ngotsoeng ea lipuo tsa pele. Qetellong, Nebrija o ile a etsa qeto ea ho nyahlatsa mosebetsi ona ho e-na le ho ngola lebitso la hae phetolelong ea boleng bo tlaase.
Comma Johanneum
Le hoja Bibele ea Polyglot ea Alcalá de Henares e bile mohato o moholo o lebisitseng ho hlahisoeng ha taba e ntlafalitsoeng e ngotsoeng ka lipuo tsa pele tsa Bibele, ka linako tse ling neano e ne e phahamela tsebo. Vulgate e ile ea thoholetsoa haholo hoo ka makhetlo a ’maloa bahlophisi ba eona ba ileng ba ikutloa ba tlamehile ho lokisa taba e ngotsoeng ea Segerike ea “Testamente e Ncha” ho tiisa hore e lumellana le ea Selatine ho e-na le ho lokisa taba ea Selatine hore e lumellane le ea Segerike sa pele. O mong oa mehlala ea sena ke taba ea bohata e ngotsoeng e tummeng e tsejoang e le comma Johanneum.d Ha ho le e le ’ngoe ea libuka tsa pele tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho e nang le poleloana ena, eo motheong oa bopaki bo fanoeng e ileng ea kenyelletsoa lilemong tse makholo a ’maloa ka mor’a hore Johanne a ngole lengolo la hae; hape ha e hlahe libukeng tsa khale haholo tsa Selatine tse ngotsoeng ka letsoho tsa Vulgate. Kahoo, Erasmus o ile a tlosa keketso ena ‘Testamenteng ea hae e Ncha’ ea Segerike.
Bahlophisi ba Polyglot ba ne ba le leqe ho tlosa temana eo ka lilemo tse makholo e ’nileng ea e-ba karolo ea taba e ngotsoeng ea Vulgate e tloaelehileng. Kahoo, ba ile ba boloka boitsebiso bona ba bohata tabeng e ngotsoeng ea Selatine ’me ba etsa qeto ea ho bo fetolela le ho bo kenyelletsa tabeng e ngotsoeng ea Segerike e le hore likarolo tseo tse peli li lumellane.
Motheo oa Liphetolelo Tse Ncha Tsa Bibele
Molemo oa Complutensian Polyglot ha oa itšetleha feela ka hore e ne e e-na le phetolelo ea pele e hatisitsoeng ea Mangolo a Segerike a feletseng le phetolelo ea pele e hatisitsoeng ea Septuagint. Feela joalokaha “Testamente e Ncha” ea Segerike ea Erasmus e ile ea fetoha Taba e Ngotsoeng e Amohetsoeng ea Mangolo a Segerike (motheo oa liphetolelo tse ngata tsa lipuo tse ling), Mangolo a Seheberu le a Searame a ile a thehoa tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea Polyglot.e William Tyndale o ile a sebelisa Polyglot ena e le motheo oa taba e ngotsoeng ea Seheberu ha a fetolella Bibele Senyesemaneng.
Kahoo, mosebetsi oa botsebi oa sehlopha se ileng sa hlahisa Complutensian Polyglot o ile oa tlatsetsa haholo tsebong e tsoelang pele ea Mangolo. E hatisitsoe nakong eo ka eona thahasello ea batho ea Bibele e neng e ntse e hōla ho pholletsa le Europe e leng se ileng sa etsa hore e fetoleloe puong ea batho feela ba tloaelehileng. Polyglot e bile o mong oa mehato ea pele e ileng ea etsa hore taba e ngotsoeng ea Segerike le ea Seheberu li ntlafatsoe le ho sireletsoa. Sena sohle se lumellana le morero oa Molimo oa hore polelo e ntlafalitsoeng ea Jehova, e leng “lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 18:30; Esaia 40:8; 1 Petrose 1:25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likopi tse makholo a tšeletseng li ne li hatisitsoe pampiring, ’me likopi tse tšeletseng li hatisitsoe letlalong. Ka 1984 ho ile ha hatisoa kopi ea morao-rao e neng e entsoe hore e tšoane le ea pele.
b Seheberu, Segerike, le Selatine.—Johanne 19:20.
c Nebrija o nkoa e le eena pula-maliboho har’a Masepanishe a amehileng ka boiketlo ba batho (litsebi tse amohelang likhopolo tsa batho ba bang). Ka 1492 o ile a hatisa Gramática castellana ea pele (Sebōpeho-puo sa Secastile). Lilemo tse tharo hamorao o ile a etsa qeto ea ho sebelisa bophelo bohle ba hae a ithuta Mangolo a Halalelang.
d Keketso ena ea bohata e fumaneha liphetolelong tse ling tsa Bibele ho 1 Johanne 5:7 e reng “leholimong, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe.”
e Bakeng sa tlaleho ea khatiso ea Erasmus, bona Molula-Qhooa, March 1, 1983, leqepheng la 25-9.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Cardinal Jiménez de Cisneros
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Antonio de Nebrija
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid