Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 8/15 maq. 9-13
  • Bibele ea Morena e Bile ea Bohlokoahali ho Litsebi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea Morena e Bile ea Bohlokoahali ho Litsebi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna ea Ratang Lentsoe la Molimo
  • Tsela eo Bibele Ena e Hlophisitsoeng ka Eona
  • Lira Tsa Lentsoe la Molimo Lia e Futuhela
  • Buka ea Bohlokoa ea ho Fetolela Bibele
  • Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Christophe Plantin—Pula-maliboho Khatisong ea Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lebitso la Molimo le Tabatabelo ea Alfonso de Zamora ea Mangolo a Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 8/15 maq. 9-13

Bibele ea Morena e Bile ea Bohlokoahali ho Litsebi

MATHOASONG a lekholo la bo16 la lilemo, sekepe se seng se ile sa tloha Spain se e-ea koung ea Italy. Ka mokatong oa sona o ka tlaase, ho ne ho e-na le thepa ea bohlokoahali—e leng libuka tse ngata tsa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton e hatisitsoeng pakeng tsa 1514 le 1517. Ka tšohanyetso ho ile ha hlaha sefefo se matla haholo. Basebetsi ba ile ba leka ho pholosa sekepe seo, empa ha se ke ha e-ba le thuso ea letho. Sekepe seo se ile sa teba ka thepa eo ea bohlokoa.

Koluoa eo e ile ea etsa hore ho hlokahale khatiso e ncha ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata. Qetellong, Christophe Plantin ea neng a e-na le boiphihlelo ho tsa khatiso o ile a lumela ho nka mosebetsi ona o thata. O ne a hloka morui ea neng a tla mo tšehetsa ka lichelete e le hore a phethe mosebetsi ona o moholohali, kahoo o ile a kōpa Philip II, eo e neng e le morena oa Spain hore ebe eena ea mo tšehetsang ka lichelete. Pele morena eo a ka etsa qeto, o ile a batla maikutlo a litsebi tse ’maloa tsa Maspanishe, ’me har’a tsona e ne e le setsebi sa Bibele se tummeng, e leng Benito Arias Montano. O ile a re ho Morena Philip: “Ntle le hore e tla sebeletsa Molimo e be e ruise kereke ea lefatše lohle molemo [e leng ea Roma e K’hatholike], hape e tla tlotlisa lebitso la hao Moren’a ka, ebe e u tumise.”

Ho finyella khatiso e nchafalitsoeng ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton e ne e tla ba katleho e khōlō sechabeng, kahoo Philip o ile a etsa qeto ea ho tšehetsa morero ona oa Plantin ka hohle-hohle. O ile a fa Arias Montano mosebetsi o moholo oa ho hlophisa seo hamorao se ileng sa bitsoa Bibele ea Morena kapa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp.a

Philip o ne a thahasella haholo ho tseba hore na Bibele ena ea Lipuo Tse Ngata e ne e tsoela pele joang hoo a ileng a kōpa hore a romeloe leqephe le leng le le leng la eona la pele e hatisoa. Hoa utloahala hore ebe Plantin o ne a sa batle ho senya nako a emetse hore maqephe a tlosoe Antwerp a isoe Spain e le hore morena a a bale, a lokise liphoso tsa ’ona e ntan’o ba hona a khutlisetsoang ho eena. Kamoo ho bonahalang kateng, Philip o ile a fumana leqephe le le leng feela la pele le tsoang mochineng oa khatiso, mohlomong le maqephe a mang a qalang. Khabareng Montano o ne a ntse a tsoela pele ka ho a bala le ho a tšoaea liphoso a thusoa ke litsebi tse tharo tse tsoang Louvain le morali oa Plantin ea neng a sa le mocha.

Monna ea Ratang Lentsoe la Molimo

Arias Montano o ile a ikutloa a phutholohile ha a e-na le litsebi tse tsoang Antwerp. Se ileng sa etsa hore a ratoe ke Plantin ke hore o ne a se manganga, ’me bophelong bohle ba bona e bile metsoalle e sebelisanang. Hase feela hore Montano o ile a tuma ka ho ba setsebi empa hape o ile a tuma ka ho rata Lentsoe la Molimo ka ho tebileng.b Ha e sa ntse e le mohlankana, o ne a labalabela ho qeta lithuto tsa hae tsa sekolo e le hore a inehele ka ho feletseng ho ithuteng Mangolo.

Arias Montano o ne a lumela hore ho lokela ho etsoe sohle se ka khonehang ho fetolela Bibele moelelo ka moelelo. O ne a batla ho fetolela se hlileng se ngotsoeng puong ea pele, kahoo a fa ’mali monyetla oa hore a bale Lentsoe la Molimo la ’nete. Montano o ne a latela lepetjo la Erasmus, ea neng a khothalletsa litsebi “ho bolela ka Kreste li sebelisa se ngotsoeng lipuong tsa pele.” Ka makholo a lilemo batho ba ’nile ba lula ba sa tsebe se boleloang ke lipuo tsa pele tsa Mangolo hobane ho ne ho le thata hore ba utloisise liphetolelo tsa Selatine.

Tsela eo Bibele Ena e Hlophisitsoeng ka Eona

Arias Montano o ile a fumana libuka tsohle tsa letsoho tseo Alfonso de Zamora a neng a li hlophisitse le ho li lokisetsa bakeng sa khatiso ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton, eaba o li sebelisa Bibeleng ea Morena.c

Ke ’nete hore morero oa pele oa Bibele ea Morena e ne e le hore ebe khatiso ea bobeli ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton, empa e bile ea bohlokoa ho feta ho ba khatiso e ’ngoe feela e hlakileng. Libuka tsa Seheberu le tsa Segerike tsa Septuagint li nkiloe Bibeleng ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton; eaba sehlomathiso sa eona se selelele se kopanngoa le likhatiso tse ling. Qetellong, Bibele ena ea Lipuo Tse Ngata e ncha e ile ea e-ba le libuka tse robeli. Ho ile ha nka lilemo tse hlano hore e hatisoe, e leng ho tloha ka 1568 ho ea ho 1572, ’me nako eo e nkoa e le nyenyane haholo ha ho bapisoa le mosebetsi o mongata o neng o lokela ho etsoa ho eona. Qetellong ho ile ha hatisoa libuka tse 1 213.

Bonneteng Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton ea 1517 e bile “bopaki ba tsebo ea ho hlophisa lingoliloeng.” Leha ho le joalo, khatiso e ncha ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp e bile ea bohlokoa ho feta Bibele eo ea pele ea Compluton ’me e ne e le ea boleng bo phahameng. E ne e le e ’ngoe ea lingoliloeng tsa bohlokoa ka ho fetisisa historing ea khatiso, ’me ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore e ile ea e-ba khatiso e ntlafalitsoeng eo Libibele tse ling li ileng tsa fetoleloa ka eona.

Lira Tsa Lentsoe la Molimo Lia e Futuhela

Ha ea ka ea e-ba mohlolo ha lira tsa phetolelo e nepahetseng ea Bibele li itlhahisa. Hobane le hoja mopapa a ne a lumeletse hore ho hatisoe Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp ebile Arias Montano a ne a ikhapetse botumo bo botle ba ho ba setsebi se hlomphehang, bahanyetsi ba ile ba mo qosa Lekhotleng le Otlang Bakhelohi. Ba ile ba re Vulgate e fetoletsoe lilemong tse makholo pele ho moo. Empa buka ena ea Montano e etsa eka khatiso e nchafalitsoeng ea Selatine ea Santes Pagninus ea mangolo a pele a Seheberu le a Segerike e nepahetse ho e feta. Ba ile ba boela ba qosa Montano ka hore o sebelisitse lipuo tsa pele moo a lakatsang ho hatisa phetolelo e nepahetseng ea Bibele, e leng mohato oo ba neng ba o nka e le bokhelohi.

Lekhotla leo le Otlang Bakhelohi le ile la ba la tsitlella hore “Morena o ne a hlompholotsoe ka hore ebe o ile a tšehetsa buka eo.” Le ile la bolela hore le utloile bohloko hore ebe Montano ha aa bontša tlhompho e lekaneng bakeng sa Vulgate ea molao. Ho sa tsotellehe liqoso tseo, lekhotla leo le ne le se na bopaki bo lekaneng ba ho nyatsa Montano kapa Bibele ea hae ea Lipuo Tse Ngata. Qetellong, Bibele ea Morena e ile ea tuma haholo, ’me e ne e le eona e sebelisoang haholo liunivesithing tse ngata.

Buka ea Bohlokoa ea ho Fetolela Bibele

Le hoja Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp e ne e sa rereloa batho bohle, kapele feela bafetoleli ba Bibele ba ile ba e nka e le buka ea bohlokoa. Joaloka Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton e hatisitsoeng pele ho eona, Bibele ena ea Antwerp e ile ea thusa hore ho ntlafatsoe libuka tsa Mangolo tse neng li le teng. E ile ea boela ea thusa bafetoleli hore ba tsebe lipuo tsa pele hamolemonyana. Buka ena e khathile tema ea bohlokoa e le hore ho be le liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse ’maloa tse khōlō tsa Europe. Ka mohlala, The Cambridge History of the Bible e tlaleha hore bafetoleli ba King James Version kapa Authorized Version ea 1611 e tsebahalang ba ile ba sebelisa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp e le buka ea bohlokoa e ba thusang ho fetolela lipuo tsa khale. Bibele ea Morena e ile ea boela ea khatha tema e khōlō ha ho hatisoa Libibele tse peli Tsa Lipuo Tse Ngata lekholong la bo17 la lilemo.—Bona lebokose le reng “Libibele Tsa Lipuo Tse Ngata.”

Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp e ne e e-na le melemo e mengata e akarelletsang ntlha ea hore e ile ea thusa litsebi tsa Europe hore li fumane khatiso ea Sesyria ea Mangolo a Segerike ka lekhetlo la pele. Sesyria se ile sa ngoloa se bapile le Selatine se fetoletsoeng moelelo ka moelelo. Ho kenyelletsa khatiso ena e bile habohlokoa haholo kaha Sesyria e ne e le e ’ngoe ea liphetolelo tsa khale ka ho fetisisa tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Khatiso ena ea Sesyria ke ea lekholong la bohlano la lilemo C.E., ’me e ne e thehiloe libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa lekholong la bobeli la lilemo C.E. Ho latela The International Standard Bible Encyclopedia, “Peshitta [ea Sesyria] e nkoa e le ea bohlokoa hohle ka lebaka la tsela eo ka eona e seka-sekang taba e ngotsoeng. Ke o mong oa mehloli ea boitsebiso ea khale le ea bohlokoa ka ho fetisisa e buang ka mekhoa ea bophelo ea khale.”

Ke ’nete hore likopi tse ngata tsa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton li ile tsa teba ha leoatle le loebehlana, ho ekelletsa moo Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain le ile la qala liphutuho tsa lona. Leha ho le joalo, lintho tseo tsohle ha lia ka tsa atleha ho thibela hore ka 1572 ho lokolloe khatiso e nchafalitsoeng le e nang le boitsebiso bo eketsehileng e ileng ea tsejoa e le Bibele ea Morena. Pale ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp ke mohlala oa hore na batho ba tšepahalang ba ’nile ba etsa boiteko bofe e le hore ba ka sireletsa Lentsoe la Molimo.

Hore na banna bana ba neng ba itetse ba ne ba tseba kapa che, ka mosebetsi oa bona o se nang boithati, ba ile ba bontša hore mantsoe a boprofeta ba Esaia ke ’nete. Hoo e ka bang lilemong tse likete tse tharo tse fetileng, moprofeta eo o ile a ngola tjena: “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E ne e bitsoa Bibele ea Morena hobane e ne e tšehelitsoe ka lichelete ke Morena Philip. Hape e ne e bitsoa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp hobane e ne e hatiselitsoe motseng oa Antwerp, oo ka nako eo e neng e le karolo ea ’Muso oa Spain.

b O ne a ipabola ka Searabia, Segerike, Seheberu, Selatine le Sesyria, e leng lipuo tse hlano tse ka sehloohong tse sebelisitsoeng Bibeleng ena ea Lipuo Tse Ngata. O ne a boetse a tseba thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale, ea meriana, ea saense ea tlhaho le ea bolumeli, e leng lithuto tseo a ileng a li sebelisa ha a hlophisa sehlomathiso sa Bibele ena.

c Bona Molula-Qhooa oa April 15, 2004 e le hore u fumane tlhaloso ea hore na Bibele ea Complutensian Polyglot [Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton] ke ea bohlokoa hakae.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 12]

LIBIBELE TSA LIPUO TSE NGATA

Setsebi se seng sa Lespanishe se bitsoang Federico Pérez Castrose se hlalosa tjena: “Bibele ea Lipuo Tse Ngata ke e ngotsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ho tloha khale poleloana ena e ne e bolela Libibele tseo Mangolo a tsona a ngotsoeng ka lipuo tsa pele. Haeba e sebelisoa ka moelelo ona, palo ea Libibele tsa lipuo tse ngata e nyenyane haholo.”

1. Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Compluton (ea 1514-17), e neng e tšehelitsoe ke Mok’hadinale Cisneros e ile ea hatisetsoa Alcalá de Henares, Spain. Libuka tsa eona tse tšeletseng li ne li e-na le Bibele e ngotsoeng ka lipuo tse ’nè: Seheberu, Segerike, Searame le Selatine. E ile ea etsa hore bafetoleli ba lekholong la bo16 la lilemo ba be le Mangolo a Seheberu le a Searame ao ba ka fetolelang ka ’ona.

2. Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp (1568-72), e hlophisitsoeng ke Benito Arias Montano, e ile ea eketsa Bibele ea Compluton ka khatiso ea Peshitta ea Sesyria ea Mangolo a Segerike a Bakreste le Targum ea Searame ea Jonathan. Khatiso ea Seheberu se neng se e-na le matšoao a bontšang moo liluma-nosi li kenngoang teng le matšoao a bontšang tsela eo lentsoe le bitsoang ka eona, e ile ea hlahlojoa hape ho ipapisitsoe le khatiso ea Seheberu ea Jacob ben Hayyim e neng e amoheleha. Kahoo e ile ea e-ba Bibele ea Mangolo a Seheberu e neng e sebelisoa ke bafetoleli ba bangata ba Bibele.

3. Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Paris (1629-45) e ile ea tšehetsoa ke akhente ea Mofora Guy Michel le Jay. Le hoja e ne e e-na le litemana tse ngotsoeng ka Sesamaria le Searame, e ne e nkiloe Bibeleng ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp.

4. Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea London (1655-57), e hlophisitsoeng ke Brian Walton, le eona e ne e nkiloe Bibeleng ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp. Bibele ena ea Lipuo Tse Ngata e ne e e-na le liphetolelo tsa khale tsa Bibele ka Seethiopia le Sepersia, le hoja likhatiso tsena li sa ka tsa hlakisa litemana tsa Bibele hakaalo.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Banner and Antwerp Polyglots (two underneath): Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid; Antwerp Polyglot (on top): By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen; Walton Polyglot: From the book The Walton Polyglot Bible, Vol. III, 1655-1657

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Morena Philip oa II oa Spain

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Philip II: Biblioteca Nacional, Madrid

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Arias Montano

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Montano: Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Mechine ea khatiso ea mehleng ea khale ea Antwerp, Belgium

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Press: By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Ka ho le letšehali: Christophe Plantin le sehlooho sa sekoahelo sa Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Title page and Plantin: By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ka holimo: Exoda khaolo ea 15 e arotsoe ka likarolo tse ’nè: Seheberu, Searame, Segerike le Selatine

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Title page and Plantin: By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Biblioteca Histórica. Universidad Complutense de Madrid

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela