Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 maq. 14-16
  • Christophe Plantin—Pula-maliboho Khatisong ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Christophe Plantin—Pula-maliboho Khatisong ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mosebetsi le Tiisetso”
  • “Katleho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Tabeng ea ho Hlophisoa ha Litlhaku”
  • Molemo oa Nako e Telele
  • Bibele ea Morena e Bile ea Bohlokoahali ho Litsebi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bibele ea Sepanishe e Loanela ho ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 maq. 14-16

Christophe Plantin—Pula-maliboho Khatisong ea Bibele

JOHANNES GUTENBERG (oa hoo e ka bang ka 1397-1468) o tumme ka ho etsa Bibele ea pele e ileng ea hatisoa ho sebelisoa mofuta oa litlhaku tse tsamaisoang. Empa hase batho ba bangata ba tsebang ka Christophe Plantin. Ke eena pula-maliboho khatisong ea libuka ea ileng a phetha karolo ea bohlokoa ho etsa hore batho ba fumane libuka le Libibele lefatšeng lohle lilemong tsa bo-1500.

Christophe Plantin o ne a hlahele Saint-Avertin, Fora, hoo e ka bang ka 1520. Kaha Plantin o ne a rata ho ba sebakeng seo batho ba neng ba mamellana litabeng tsa bolumeli le moo menyetla ea moruo e neng e le metle ho feta Fora, ha a le lilemo li ka bang mashome a mararo, o ile a fallela Antwerp, Linaheng Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea.a

Plantin o ile a qalisa mosebetsi oa hae oa ho kopanya libuka le ho etsa mesebetsi ea letlalo. Mesebetsi ea hae e entsoeng ka bokhabane ea letlalo e ne e ratoa haholo ke barui. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea etsahala ka 1555 e ile ea etsa hore Plantin a fetole mosebetsi oa hae. Ha a le tseleng a isa mokotla oa letlalo o neng o odariloe ke ’musi oa Linaha Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea, e leng Morena Philip II oa Spain, Plantin o ile a hlaseloa ha a le seterateng se seng Antwerp. Banna ba bang ba neng ba tahiloe ba ile ba mo hlaba lehetleng ka sabole. Le hoja leqeba leo la Plantin le ile la fola, o ne a sa khone ho etsa mosebetsi oa matsoho, ’me ka lebaka leo o ile a tlameha ho tlohela mosebetsi oo a neng a phela ka oona. Moeta-pele oa sehlopha sa Maanabaptist, ea bitsoang Hendrik Niclaes, o ile a mo thusa ka lichelete, eaba Plantin o qalisa mosebetsi oa ho hatisa.

“Mosebetsi le Tiisetso”

Plantin o ne a bitsa setsi sa hae sa khatiso De Gulden Passer (Sesupa-tsela sa Khauta). Khoebo ea hae e ne e tsejoa ka setšoantšo se toroiloeng lisupa-tsela tse peli tsa khauta, se ngotsoeng mantsoe a reng “Labore et Constantia,” a bolelang “Mosebetsi le Tiisetso.” Tlhaloso eo e ne e hlile e tšoanela monna enoa oa sekhothali.

Kaha Plantin o ne a phela nakong ea pherekano e khōlō bolumeling le lipolotiking Europe, o ne a leka ho qoba khathatso. Ho eena, mosebetsi oa ho hatisa o ne o le bohlokoa ho feta ntho leha e le efe. Le hoja a ne a tšehetsa Phetohelo ea Bolumeli ea Maprostanta, mongoli ea bitsoang Maurits Sabbe o bolela hore “o ne a eme terateng ha ho tluoa litabeng tsa bolumeli.” Ka lebaka leo, ho ile ha ata menyenyetsi e mo qosang ka hore o hatisa libuka tsa bokhelohi. Ka mohlala, ka 1562, o ile a tlameha ho tsoa ka ntšoe li sa fohloa a leba Paris, moo a ileng a lula teng ka nako e fetang selemo.

Ha Plantin a khutlela Antwerp ka 1563, o ile a kopanela khoebo le bahoebi ba hafang ka nkatana, bao bongata ba bona ba neng ba tsejoa ka litumelo tsa bona tsa Bocalvine. Nakong ea lilemo tseo tse hlano ba kopanetse khoebo, Plantin o ile a hatisa mefuta e sa tšoaneng ea libuka e 260. Tsona li ne li kopanyelletsa Libibele tsa Seheberu, tsa Segerike le tsa Selatine hammoho le likhatiso tse neng li khabisitsoe hantle tsa Bibele ea Sedache ea K’hatholike ea Louvain.

“Katleho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Tabeng ea ho Hlophisoa ha Litlhaku”

Ka 1567, nakong eo boitseko bo neng bo e-ba matla khahlanong le puso ea Spain Linaheng Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea, Morena Philip II oa Spain o ile a romela ’Musisi oa Alba hore e il’o ba eena ’musisi moo. Kaha ’musisi eo o ne a e-na le matla a feletseng ao aa filoeng ke morena, o ile a leka ka matla ho thibela boitseko bo neng bo hōla ba Maprostanta. Ka hona Plantin o ile a qalisa morero o moholohali oo a neng a nahana hore o tla tlosa pelaelo leha e le efe ea hore ke mokhelohi. O ile a ba le takatso e matla ea ho hatisa Bibele ea lirutehi ka lipuo tsa pele. E le hore a etse khatiso eo, Plantin o ile a tšehetsoa ke Philip II. Morena o ile a mo tšepisa hore o tla mo thusa ka lichelete a ba a mo romella Arias Montano, eo e neng e le setho se tsebahalang sa mokhatlo oa tsosoloso ea mekhoa ea Bagerike le Baroma, hore e be eena motsamaisi oa morero oo.

Montano o ne a e-na le tsebo e ikhethang ea lipuo tse ngata, ’me o ne a sebetsa lihora tse 11 ka letsatsi. O ne a thusoa ke litsebi tsa lipuo tse tsoang Spain, Belgium le Fora. Sepheo sa bona e ne e le ho lokisetsa khatiso e ncha ea Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Complutum.b Ho kopanyelletsa Vulgate ea Selatine, Septuagint ea Segerike le litemana tsa Seheberu sa pele, Bibele e ncha ea Plantin ea Lipuo Tse Ngata e ne e boetse e e-na le Phetolelo ea Searamaike le Peshitta ea Sesyria, hammoho le phetolelo ea tsona ea lentsoe ka lentsoe ea Selatine.

Khatiso e ile ea qala ka 1568. Mosebetsi oo o moholohali o ile oa phetheloa ka 1573. O ile oa phethoa ka potlako e makatsang, ha re nahana ka nako e neng e hlokahala hore ho phethoe mesebetsi e joalo mehleng eo. Montano o ile a ngolla Morena Philip II a re: “Mosebetsi o etsoang mona ka khoeli e le ’ngoe o feta o etsoang Roma ka selemo.” Plantin o ile a hatisa Libibele Tsa Lipuo Tse Ngata tse ncha tse 1 213, Bibele ka ’ngoe e le libuka tse tsamaeang ’moho tse khōlō tse robeli. Leqepheng leo ho ngoloang bahatisi ba buka ho lona, ho ne ho hatisitsoe litšoantšo tsa tau, poho, phiri le konyana, li jela sejelong se le seng, kahoo ho bonahatsoa se boleloang ho Esaia 65:25. Theko ea libuka tse tsamaeang ’moho empa li sa kopanngoa hore e be buka e le ’ngoe e ne e le li-guilden tse 70—e leng chelete e ngata haholo, kaha nakong eo lelapa le tloaelehileng le ne le fumana li-guilden tse ka bang 50 ka selemo. Hamorao, buka e feletseng e ile ea tsejoa e le Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp. Hape e ne e bitsoa Biblia Regia (Bibele ea Moreneng) kaha e ne e tšehelitsoe ka lichelete ke Morena Philip II.

Esita le hoja Mopapa Gregory XIII a ile a amohela Bibele eo, Arias Montano o ile a nyatsuoa haholo ka mosebetsi oo a neng a o entse. Lebaka le leng leo a neng a nyatsuoa ka lona ke hore Montano o ne a talima mangolo a Seheberu a eona a phahametse Vulgate ea Selatine. Mohanyetsi oa hae ea ka sehloohong e ne e le León de Castro, setsebi sa thuto ea bolumeli sa Lesepanishe se neng se nka hore Vulgate ea Selatine e phahame kahohle-hohle. De Castro o ile a qosa Montano ka hore o silafalitse mangolo ka filosofi e khahlanong le tumelo ea Boraro-bo-bong. Ka mohlala, ka ho khetheha de Castro o ile a bolela hore Peshitta ea Sesyria e ne e siile mantsoe a hlahang ho 1 Johanne 5:7, e leng a ileng a eketsoa ka bomenemene a reng, “leholimong, Ntate, Lentsoe le Moea o Halalelang: ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe.” (King James Version) Leha ho le joalo, Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain, le ile la bolela hore Montano ha a na molato lipelaelong tsohle tsa hore ke mokhelohi. Ba bang ba talima Bibele ea Lipuo Tse Ngata ea Antwerp e le eona “katleho ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ea ho hlophisoa ha litlhaku e entsoeng ke mohatisi a le mong lekholong la bo16 la lilemo.”

Molemo oa Nako e Telele

Bahatisi ba bangata ba mehleng eo ba ne ba e-na le mechine ea khatiso e ’meli kapa e meraro feela. Leha ho le joalo, ha Plantin a le sehlohlolong sa mosebetsi oa hae, bonyane o ne a e-na le mechine ea khatiso e ka bang 22 le basebetsi ba 160. Hohle moo ho neng ho buuoa Sepanishe teng, o ile a tsebahala e le mohatisi ea li hulang pele.

Nakong ena, ho hanyetsa puso ea Spain ho ne ho ntse ho ipha matla Linaheng Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea. Ntoa e ile ea qhoma Antwerp. Ka 1576, masole a Spain a neng a sebetsa moo, a ile a fetohela ba boholong kaha a ne a sa lefshoa eaba a tlatlapa motse oo. Ho ile ha chesoa matlo a fetang 600, ’me baahi ba likete ba Antwerp ba fenethoa. Bahoebi ba ile ba baleha motseng oo. Ka lebaka leo, Plantin o ile a lahleheloa ke chelete e ngata haholo. Ho feta moo, o ile a tlameha ho lefa masole ao a Spain sethabathaba se sengata haholo.

Ka 1583, Plantin o ile a fallela Leiden, e leng motse o ka bang lik’hilomithara tse 100 ka leboea ho Antwerp. Ha a le moo, o ile a hloma setsi sa khatiso ’me a khethoa hore e be eena ea hatisetsang Univesithi ea Leiden, e leng sekolo se neng se thehiloe ke Maprostanta a Macalvine. Liqoso tsa khale tsa hore ha a tšepahalle Kereke e K’hatholike li ile tsa hlahella hape. Kahoo bofelong ba 1585, Plantin o ile a khutlela Antwerp, nakoana ka mor’a hore motse oo o boele o busoe ke Spain. Nakong eo o ne a e-na le lilemo tse fetang 60, ’me setsi sa hae sa khatiso se neng se bitsoa Sesupa-tsela sa Khauta se ne se fokola hoo se neng se e-na le basebetsi ba bane feela, se sebetsa ka mochine o le mong. Plantin o ile a qala ho tsosolosa setsi seo sa khatiso. Leha ho le joalo, ha sea ka sa fihla boemong boo se neng se le ho bona pele, ’me Plantin o ile a hlokahala ka la 1 July, 1589.

Nakong ea lilemo tse 34, Christophe Plantin o ile a hatisa mefuta e 1 863 e sa tšoaneng ea libuka, e leng karolelano ea mefuta e ka bang 55 ka selemo. Esita le kajeno, ona e ne e tla be e le mosebetsi o hlollang ha o etsoa ke mohatisi ea ikemetseng! Le hoja Plantin ka boeena a ile a qoba ho emela bolumeli ka tieo, mosebetsi oa hae ha oa ka oa hōlisa khatiso le ho hlophisoa ha litlhaku feela, empa o ile oa boela oa hōlisa thuto ea Mangolo a bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Ka sebele, Plantin le bahatisi ba bang ba mehleng ea hae ba phethile karolo e khōlō tabeng ea ho etsa hore qetellong Bibele e fumanehe ho batho ba tloaelehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso lena “Linaha Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea” le bolela sebaka se lebōpong la leoatle pakeng tsa Jeremane le Fora, seo kajeno e leng Belgium, Netherlands le Luxembourg.

b Bibele ena e ngotsoeng ka lipuo tse ngata e ile ea hatisoa ka 1517. E ne e ngotsoe ka Seheberu, Segerike le Selatine ’me likarolo tse ling tsa eona li ngotsoe ka Searamaike. Bona sehlooho se reng “Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong,” Molula-Qhooeng oa April 15, 2004, leqepheng la 28-31.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]

MUSIAMO EA PLANTIN LE MORETUS

Mohaho o motseng oa Antwerp moo Plantin le ba leloko la hae ba neng ba lula teng ebile ba sebeletsa teng o ile oa buleloa sechaba e le musiamo ka 1877. Ha ho na setsi se seng sa khatiso sa nakong eo se ntseng se le teng. Sebakeng seo, ho bontšitsoe mechine ea khatiso e mehlano ea lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo. E meng e ’meli—e leng eona ea khale ka ho fetisisa lefatšeng—e batla e le ea mehleng ea Plantin. Musiamong oo ho na le liforomo tse ka bang 15 000 tse neng li sebelisetsoa ho foroma mengolo, mapolanka a 15 000 a hatisang litšoantšo le lipoleiti tsa koporo tse fatiloeng mengolo tse 3 000. Laebrari ea musiamo oo e na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 638 tsa ho tloha lekholong la bo9 ho ea ho la bo16 la lilemo, hammoho le libuka tse 154 tse hatisitsoeng pele ho selemo sa 1501. Tsona li akarelletsa Bibele ea pele ea Gutenberg ea pele ho selemo sa 1461 hammoho le Libibele tse tummeng tsa Antwerp tsa Lipuo Tse Ngata.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Arias Montano

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bibele ea Antwerp ea Lipuo Tse Ngata e na le mangolo a Seheberu, “Vulgate” ea Selatine le “Septuagint” ea Segerike hammoho le “Peshitta” ea Sesyria le Phetolelo ea Searamaike esita le phetolelo ea tsona ea Selatine

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Both images: By courtesy of Museum Plantin-Moretus/Stedelijk Prentenkabinet Antwerpen

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela