Pale ea Bophelo
“Ha le Tsebe Hore na Bophelo ba Lōna bo Tla ba Joang Hosasane”
JOALOKAHA HO BOLETSE HERBERT JENNINGS
“Ke ne ke e-tsoa motseng oa boema-kepe oa Tema ke khutlela ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Ghana, ’me ka ema hore ke palamise mohlankana ea neng a batla lifti ea ho ea toropong. Ke ile ka sebelisa monyetla ona hore ke mo pakele. Ke ne ke nahana hore ke ntse ke bua tsona! Leha ho le joalo, ha re fihla moo mohlankana enoa a neng a e-ea teng, o ile a tšethema terakeng eaba o ja ka sekaja.”
KETSAHALO e ka holimo e ne e le pontšo ea hore ho na le ntho e sa tloaelehang e etsahalang bophelong ba ka. Pele ke pheta se ileng sa etsahala, e re ke u phetele hore na ho tlile joang hore e re ke le motho oa Canada, ke be Ghana.
E ne e le bohareng ba khoeli ea December ka 1949 motse-toropong o mong o ka leboea oa Toronto, Canada. Re ne re qeta ho epa sebaka se ka bang bolelele ba mithara sa mobu o hoammeng ke leqhoa re etsa mocha oa metsi o kenang ntlong e ncha. Kaha sehlopha sa rōna sa basebetsi se ne se khathetse ebile se hatsetse, re ile ra iketsa seqhoqho mollong oa patsi, re emetse ho tla latoa ka teraka. Ho sa lebelloa, mosebetsi e mong ea bitsoang Arnold Lorton, o ile a qala ho bua ho hong ka “lintoa le litlaleho tsa lintoa,” “bofelo ba lefatše,” ’me a sebelisa lipolelo tse ling tseo ke neng ke sa li tsebe ho hang. Bohle ba ile ba khutsa hang-hang, ba hlajoa ke lihlong, ’me ba bang ba bontša ho mo tenehela. Ke hopola ke nahana, ke re: ‘Motho enoa a ka beha tau setsoetse! Ha ho na motho ea batlang ho mamela mona, ’me leha ho le joalo o ntse a tsoela pele.’ Empa seo a neng a se bua se ile sa nkhahla. E ne e le lilemo tse seng kae feela ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ’me ho ne ho se mohla nkileng ka utloa lintho tsena bolumeling ba Christadelphia bo neng bo kenoe ke meloko e mengata ea lelapa leso. Ke ile ka mamela ka hloko, ka nkeha ke litlhaloso tsa hae.
Ke ile ka potlakela ho ea ho Arnold bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng. Ha ke nahana, ke hlokomela kamoo eena le mosali oa hae, Jean, ba neng ba mamella ba bile ba le mosa kateng ho ’na, moshemane ea lilemo li 19 ea se nang phihlelo. Ke ne ke atisa ho fihla thoso! feela lapeng ha bona ho ea bua le bona. Ba ile ba nkenya tseleng le ho nthusa ntoeng ea melao-motheo le boitšoaro e neng e loana kelellong ea ka ea bocha. Likhoeli tse leshome ka mor’a ketsahalo ea mollo o neng o besitsoe ka thōko ho tsela, ke ile ka kolobetsoa ka la 22 October, 1950, ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke ile ka kopanela le Phutheho ea Willowdale, North York, eo hona joale e leng karolo ea Toronto.
Ho Tsoela Pele le Balumeli-’moho le ’Na
Bophelo bo ile ba thatafala lapeng ha ntate a hlokomela hore ke ikemiselitse ho phehella tumelo ea ka e ncha. Ntate o ne a sa tsoa ameha kotsing ea likoloi tse ileng tsa thulana sa lipheleu e neng e bakiloe ke mokhanni ea tahiloeng, ’me ka lebaka leo, hangata ho ne ho le thata ho sebelisana le eena. ’Mè, barab’eso ba babeli le baralib’eso ba babeli ba ne ba phela ka thata. Bothata bo neng bo bakoa ke ’nete ea Bibele bo ile ba hloa mekoalaba. Kahoo, ke ile ka bona e le bohlale hore ke tlohe lapeng molemong oa ho boloka khotso le batsoali ba ka le hore ke tsebe ho tsitsa ‘tseleng ea ’nete.’—2 Petrose 2:2.
Ho ea qetellong ea lehlabula (Karolong e ka Leboea ea Lefatše) la 1951, ke ile ka lula Coleman, Alberta moo ho neng ho e-na le phutheho e nyenyane. Bahlankana ba babeli Ross Hunt le Keith Robbins, ba ne ba le moo, ba tšoarehile boboleling ba phatlalatsa ba nako e tletseng, bo tsejoang e le bopula-maliboho ba kamehla. Ba ile ba nthusa hore le ’na ke kenele tšebeletso eona eo ea boithaopo. Ka la 1 March, 1952, ke ile ka kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ba kamehla.
Ke hopola ka thabo khothatso eo ke ileng ka e fumana. Ke ne ke lokela ho ithuta ho hongata, ’me ke ne ke tla ithuta hona mona. Hamorao, ka mor’a ho qeta hoo e ka bang selemo tšebeletsong ea bopula-maliboho Phuthehong ea Lethbridge, Alberta, ke ile ka fumana memo e sa lebelloang ea ho sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang. Ke ne ke lokela ho sebeletsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse qalikaneng lebōpong le ka bochabela la Canada ho tloha Moncton, New Brunswick, ho ea fihla Gaspé, Quebec.
Kaha ke ne ke le lilemo li 24 feela, ’me ke sa ntse ke le mocha ’neteng, ke ile ka ikutloa ke sa tšoanelehe ho hang, haholo ha ke ipapisa le Lipaki tse hōlileng tsebong tseo ke neng ke tla li sebeletsa. Ke ile ka ikitlaetsa e le kannete likhoeling tse ngata tse latelang. Joale ho ile ha latela ntho e ’ngoe hape e neng e sa lebelloa.
Ho ea Sekolong sa Gileade le Gold Coast
Ka September 1955, ke ile ka mengoa hore ke be le liithuti tse ling tse ka bang 100 sehlopheng sa bo26 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, South Lansing, New York. Ntho eo ke neng ke e hloka e ne e le likhoeli tse hlano tsa koetliso e matla le thuto. Cheseho ea ka e ile ea tiisoa ke ho ba le sehlopha se mafolofolo haholo joalo. Nakong eo, ho ile ha e-ba le phetoho e ’ngoe e ileng ea nthuisa molemo bophelong ho fihlela kajeno.
Har’a liithuti tse lokisetsang mosebetsi oa boromuoa ho ne ho e-na le morali’abo rōna e monyenyane, Aileen Stubbs. Ho Aileen ke ile ka bona motho ea nang le botsitso bo itseng, ea etsang lintho ka mokhoa o bontšang hore o nahana ka botebo, ea se nang bosaoana, ea inyenyefatsang le ea thabileng. Ke lumela hore ke ile ka mo tšosa ha ke mo oela ka taba ea hore ke batla ho mo nyala. Leha ho le joalo, ha aa ka a hana! Re ile ra lumellana hore Aileen o tla ea kabelong ea hae ea boromuoa Costa Rica ’me ’na ke ee ho ea ka Gold Coast (hona joale ke Ghana), Afrika Bophirimela.
Hoseng ho hong ka May 1956, ke ile ka iphumana ke le ofising ea Mor’abo rōna Nathan Knorr e mokatong oa leshome Brooklyn, New York. Ka nako eo e ne e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Ke ne ke fuoa kabelo ea ho ea ba mohlanka oa lekala ho ea tsamaisa mosebetsi oa boboleli Gold Coast, Togoland (hona joale ke Togo), Ivory Coast (hona joale ke Côte d’Ivoire), Upper Volta (hona joale ke Burkina Faso) le Gambia.
Ke hopola mantsoe a Mor’abo rōna Knorr joalokaha eka o a buile maobane. O ile a re: “Ha ho hlokahale hore u nke marapo hang-hang. Iphe nako; ithute ho barab’abo rōna ba moo ba tsebang mosebetsi. Joale, ha u utloa hore u se u loketse mosebetsi, u ka qala ho sebetsa u le mohlanka oa lekala. . . . Lengolo la hao le bontšang hore u khethiloe ke lena. U lokela ho nka marapo ka mor’a matsatsi a supileng u le moo.”
Ka nahana, ‘Matsatsi a supileng feela! O ne a bolela’ng ha a re “iphe nako”?’ Ke ile ka tsoa puisanong eo ke eme hlooho.
Matsatsi a latelang a seng makae a ile a feta ka ho panya ha leihlo. Ka potlako feela ke ne ke itšoarelletse ka tšepe ea sekepe sa thepa se neng se feta East River pel’a liofisi tsa Mokhatlo tse Brooklyn, ke qala leeto la sekepe la matsatsi a 21 ho ea Gold Coast.
’Na le Aileen re ne re ngollana mangolo a mangata a tsamaeang ka sefofane. Re ile ra kopana hape ka 1958 ’me ra nyalana ka la 23 August selemong seo. Ha ke phetse ho leboha Jehova ka molekane ea khabane hakana.
Ka lilemo tse 19 ke ile ka thabela tokelo ea ho sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo le baromuoa-’moho le ’na le bara le barali babo rōna ba Maafrika. Lelapa la Bethele le ile la hōla ho tloha ho litho tse seng kae feela ho ea ho tse ka bang 25 nakong eo. Mehleng eo ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse thabisang, le tse nonyang maikutlo ’me tema ea rōna re ne re e bona. Leha ho le joalo, ke tlameha ho bua ’nete. Boemo ba leholimo bo chesang le bo mongobo bo ne bo ntlhōla ka ho khethehileng. Ho ne ho bonahala ke fufuleloa kamehla, ke qamachela kamehla, ’me ka linako tse ling ke halefa feela. Leha ho le joalo, ho sebeletsa ho ne ho nthabisa e le kannete, ha re ntse re eketseha ka palo Ghana ho tloha ho bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 6 000 ka 1956 ho isa ho ba 21 000 ka 1975. Ho thabisa haholo ho bona Lipaki tse fetang 60 000 tse maphathaphathe moo hona joale.
‘Bokamoso’ Boo re Neng re sa bo Lebella
Hoo e ka bang ka 1970, ke ile ka qala ho tšoaroa ke boloetse boo ho neng ho sa tsejoe hantle hore na ke eng. Ke ile ka hlahlojoa ka ho feletseng ke lingaka, empa tsa mpolella hore ke “phela hantle.” Ebe joale ke hobane’ng ha kamehla ke ne ke ikutloa ke se monate, ke khathetse, ke se na phomolo? Karabo e ile ea hlahisoa ke lintho tse peli, ’me li ile tsa ntšosa. Ka sebele, joalokaha Jakobo a ile a ngola, “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.”—Jakobo 4:14.
Ntho ea pele e ileng ea fana ka leseli ke ketsahalo ea mohla ke neng ke e-na le mohlankana eo ke ileng ka mo pakela ha ke ne ke mo file lifti ho ea toropong. Ha kea ka ka hlokomela hore ke ne ke bebera, ke eketsa ho pepeta le ho kharuma ka motsotso o mong le o mong. Ha re fihla moo mohlankana enoa a neng a e-ea teng, ke ile ka makala ha a tšethema terakeng eba o ja ka sekaja. Ka tlhaho batho ba bangata ba Ghana ba khutsitse, ba bonolo, ha ba ferekane habonolo. O ile a etsa ntho e sa tloaelehang ho hang. Ke ile ka lula moo ke nahana ka thata. Ke ile ka hlokomela hore ke na le bothata. Ke ne ke sa tsebe hore na ke bothata ba eng. Empa ho ne ho se pelaelo hore ke na le bothata.
Ntho ea bobeli, ka mor’a puisano e ’ngoe e fatang maikutlo, Aileen o ile a etsa tlhahiso, a re: “Haeba bothata bona hase ba ho kula ’meleng, e tlameha ebe ke ba kelello.” Kahoo ke ile ka ngola ka hloko matšoao ’ohle eaba ke ea ngakeng ea mafu a kelello. Ha ke qeta ho bala lethathamo la ka, e ile ea araba ka ho re: “Taba ena e hlakile. U tšoeroe ke boloetse ba kelello bo u bakelang ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng.”
Ke ile ka ferekana! Ke ile ka kula haholo ha ke leka ho tiisetsa ka lilemo tse seng kae tse latelang. Ke ile ka ’na ka batla pheko. Empa ho ne ho se ea hlileng a tsebang seo a ka se etsang. E ile ea bonahala e le ntoa e khathatsang matla hakaakang!
E ne e bile boikemisetso ba rōna kamehla hore re tla phelela tokelo ea tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ke ile ka etsa lithapelo tse ngata tse tlohang pelong le tse matla, ke re: ‘Jehova, ha u rata, ke tla phela ’me hape ke tla etsa sena.’ (Jakobo 4:15) Empa ho ne ho sa tl’o etsahala. Kahoo, e le hore re se ke ra iphapanyetsa ’nete, re ile ra lokisetsa ho tloha Ghana le ho siea metsoalle ea rōna e mengata e haufi eaba re khutlela Canada ka June 1975.
Jehova o Thusa ka Batho ba Hae
Kapele feela ke ile ka tseba hore ke oa bohlokoa, le hore bothata ba ka bo ne bo sa ikhetha. Mantsoe a 1 Petrose 5:9 a ile a ba le moelelo ho ’na: “[Tsebang] hore lintho tse tšoanang mabapi le litlhokofatso li ntse li phethahala mokhatlong oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.” Kaha ke ne ke utloisisa sena, ke ile ka qala ho lemoha kamoo ka sebele Jehova a re tšehelitseng kateng re le babeli ho sa tsotellehe phetoho ena e sa amoheleheng. ‘Mokhatlo oa barab’abo rōna’ o ile oa re phallela hantle hakaakang ka litsela tse ngata-ngata!
Le hoja re ne re se na lintho tse ngata tse bonahalang, Jehova ha aa ka a re lahla. O ile a susumetsa metsoalle ea rōna ea Ghana hore e re phallele ka lintho tse bonahalang le tse ling. Maikutlo a rōna a ne a ferekane haholo ha re siea bao re neng re ithutile ho ba rata ’me re il’o sebetsana le ‘bokamoso’ bona bo sa lebelloang.
Ngoan’abo Aileen, Lenora le monna oa hae, Alvin Friesen, ba ileng ba ba mosa ho re fa bolulo, ba ile ba re hlokomela ka likhoeli tse ngata ka seo re se hlokang. Ngaka ea mafu a kelello e tsebisahalang e ile ea bolela esale pele ka kholiseho: “U tla fola pele ho likhoeli tse tšeletseng.” Mohlomong e ne e bua joalo hore ke be le tšepo, empa seo e se boletseng esale pele ha sea ka sa phethahala le ka mor’a lilemo tse tšeletseng. Ho fihlela kajeno, ke ntse ke loana le seo ka tlhompho se bitsoang boloetse ba kelello ba ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng. Ka sebele ke lebitso le hlomphang, empa bao le ba tšoereng bona baa tseba hore ho hang lebitso le hlomphang ha le bebofatse matšoao a sithabetsang a boloetse bona.
Nakong eo, Mor’abo rōna Knorr o ne a se a ntse a tšoeroe ke boloetse bo ileng ba qetella bo mo bolaile ka June 1977. Ho sa tsotellehe seo, o ne a e-na le nako le matla a ho ’ngolla mangolo a malelele le a khothatsang, a nang le mantsoe a tšelisang le keletso. Mangolo ao e sa ntsane e le a bohlokoa ho ’na. Mantsoe a hae a ile a nthusa haholo hore ke kokobetse maikutlo a sa utloahaleng a ho hlōleha a neng a e-tla nako le nako.
Qetellong ea 1975, re ile ra tlameha ho tlohela tokelo ea bohlokoa eo re neng re e-na le eona ea tšebeletso ea nako e tletseng ’me ra shebana le ho tsitsisa bophelo ba ka. Khanya e tloaelehileng ea letsatsi e ne e mphahla. Melumo e hlabang e tlang ka tšohanyetso e ne e luma joaloka sethunya. Ke ne ke imeloa ke ho ba har’a batho ba bangata ba phetheselang. Ke ne ke loana ntoa hore ke ee libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ke ne ke kholisehile ka ho feletseng hore botsoalle ba moea ke ba bohlokoa. Ntho e neng e nthusa e ne e le hore ke kene ka Holong ea ’Muso ka mor’a hore batho ba bangata ba lule ’me ke tloha pelenyana ba qala ho phethesela ka mor’a lenaneo.
Ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa e ne e le phephetso e ’ngoe e khōlō. Ka linako tse ling, esita le ka mor’a hore ke fihle ntlong, ke ne ke se na sebete sa ho kokota monyako. Leha ho le joalo, ke ne ke sitoa ho lesa hobane ke ne ke hlokomela hore tšebeletso ea rōna e bolela poloko ea rōna le ea ba arabelang hantle. (1 Timothea 4:16) Ka mor’a nakoana, ke ne ke khona ho laola maikutlo a ka, ke ee ntlong e latelang, ebe ke leka hape. Ka ho tsoela pele ke kopanela tšebeletsong, ke ile ka ipoloka ke phela hantle moeeng ka tekanyo e itseng ’me seo se ile sa nkekeletsa matla a hore ke loane ka katleho.
Kaha boloetse ba kelello ba ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng ha bo fole, ke hlokometse hore e tla ba karolo ea bophelo ba ka tsamaisong ena ea hona joale ea lintho. Ka 1981 ho ile ha hlaha letoto le babatsehang la lihlooho ho Tsoha!a Ke tsona tse ileng tsa etsa hore ke qale ho utloisisa hamolemo hore na boloetse bona ke ba mofuta ofe le hore ke ithute mekhoa e atlehang ea ho bo loantša.
Ho Ithuta ho Loana ka Katleho
Hore sena sohle se etsahale, ho ile ha hlokahala hore mosali oa ka a itele le ho etsa liphetoho. Haeba u oka motho ea nang le boloetse bona, mohlomong u tla thabela seo a se hlokometseng:
“Ho bonahala boloetse ba kelello ba ho thaba le ho hlonama ka linako tse sa tšoaneng bo fetola motho ‘lempetje.’ Ka nako e seng kae feela mokuli o ba lipakeng tsa ho ba motho ea sehlahlo, ea khothatsang, ea nang le merero e mecha, maikutlo a macha le ho beng motho ea khathetseng, ea maikutlo a seng matle, esita le ea halefileng. Haeba ho nkoa hore hase boloetse, ho ka etsa hore batho ba bang ba tenehe esita le ho tsieleha. Ho totobetse hore merero e lokela ho fetoloa ka potlako, ’me motho o qala ho loana le boikutlo ba ho sareloa kapa ba ho khesoa.”
Ha ke ikutloa ke phela hantle haholo, kea tšoha. Kea tseba hore ka mor’a ‘ho hlasimoloha’ ke “nyahama” habohloko hoo ke tenoang ke batho. Boemong ba ka, ho molemo ha ke “nyahama” ho e-na le ‘ho hlasimoloha’ hobane ho nyahama ho nkhina ka matsatsi a itseng, ’me ha ho etsahale hore ke amehe nthong leha e le efe e sa lokelang. Aileen o thusa haholo ka ho ntlhokomelisa hore ke se ke ka thaba haholo le ka ho ntšelisa le ho ntšehetsa ha ke apareloa ke ho tepella.
Ha boloetse bona bo hlile bo haketse, ho ba le kotsi ea sebele ea boithati le ho itšehla thajana. Motho ea imetsoeng kelellong a ka itšehla thajana kapa a hlōleha ho hlokomela maikutlo le liketso tsa ba bang nakong ea ha a ferekane kelellong. Nakong e fetileng, ho ne ho le thata hore ke amohele bopaki ba hore ke na le bothata ba kelello le maikutlo. Ke ’nile ka loana le monahano oa hore bothata e ne e le ntho e ’ngoe e ka thōko, e kang ho hlōleha ha morero o itseng kapa motho e mong. Nako le nako ke ’nile ka lokela ho ikhopotsa hore ‘ha ho letho le fetohileng tikolohong ea ka. Bothata bo ho ’na, ha bo bakoe ke motho e mong kapa ntho e ’ngoe e itseng.’ Kelello ea ka e ntse e amohela boemo butle-butle.
Ho theosa le lilemo, bobeli ba rōna re ithutile ho toboketsa taba ha re buisana le ha re bua le ba bang ka boemo ba ka. Re leka ho lula re e-na le boikutlo bo botle le hore re se ke ra lumella boloetse bona ho busa bophelo ba rōna.
‘Bokamoso’ bo Molemo
Ka lithapelo tse tiileng le ka ho loana ho hoholo, re ruile molemo tlhohonolofatsong ea Jehova le tšehetsong ea hae. Bobeli ba rōna re se re tsofetse. Ke tlas’a tlhokomelo ea kamehla ea bongaka eo ho eona ke sebelisang meriana ka tekanyetso empa e le kamehla, ’me bophelo ba ka bo tsitsitse hantle feela. Re thabela litokelo leha e le life tsa tšebeletso tseo re ka bang le tsona. Ke tsoela pele ke sebeletsa ke le moholo phuthehong. Kamehla re leka ho tšehetsa ba bang tumelong.
Ke ’nete hore joalokaha Jakobo 4:14 e bolela: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.” Ho tla ba joalo hafeela tsamaiso ena ea lintho e ntse e le teng. Leha ho le joalo, mantsoe a Jakobo 1:12 le ’ona a utloahala e le a ’nete: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” E se eka kajeno bohle re ka ema re tiile ’me re hlokomele litlhohonolofatso tseo Jehova a re boloketseng tsona bakeng sa nako e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lihlooho tse litokollong tsa Tsoha! (tsa Senyesemane), “You Can Cope With Life,” ho August 8, 1981; “How You Can Fight Depression,” ho September 8, 1981; le “Attacking Major Depression,” ho October 22, 1981.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke batla ho ba boinotšing ka kamoreng eo ke toroelang ka ho eona
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le mosali oa ka, Aileen
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Kopanong ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” e neng e tšoaretsoe Tema, Ghana, ka 1963