Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/1 maq. 28-31
  • Ke Thabetse ho Etsa Thato ea Molimo Bophelong Bohle ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Thabetse ho Etsa Thato ea Molimo Bophelong Bohle ba Ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re Ileng ra Fumana Tumello ea Bolulo
  • Tšebeletso e Behang Litholoana Singapore
  • Ho Sebeletsa Singapore re le Lelapa
  • Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa!
  • Mosebetsi o Mocha
  • Singapore Lehakoe la Asia le Silafalitsoeng
    Tsoha!—1997
  • “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kamehla Jehova o Putsa Batho ba Hae ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Ha le Tsebe Hore na Bophelo ba Lōna bo Tla ba Joang Hosasane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/1 maq. 28-31

Ke Thabetse ho Etsa Thato ea Molimo Bophelong Bohle ba Ka

Joalokaha ho Boletse Bill Yaremchuk

Ka March 1947, libeke tse seng kae feela ka mor’a hore ke fumane lengolo la ho ba moromuoa sehlopheng sa borobeli sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se South Lansing, New York, U.S.A., ke ne ke le tseleng e eang naheng eo ke il’o sebetsa ho eona—hōle koana Singapore.

KE NE lokela ho sebetsa le Dave Farmer, ea tsoang Canada joaloka ’na ea ileng a fumana lengolo la hae la ho ba moromuoa sehlopheng sa bosupa sa Gileade. Re ile ra palama sekepe seo e neng e le sa masole, se tlohang San Francisco, California, se bitsoang Marine Adder.

Boema-kepe ba pele boo re ileng ra ema ho bona ke Hong Kong. Re ile ra bona ntho e tšosang haholo. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e entse mofela—batho ba ne ba rapaletse ka thōko ho mebila, ba lapile ’me ho bonahala hore baa shoa. Ka mor’a nakoana re ile ra khutlela sekepeng ra leba Manila, motse-moholo oa Philippines.

Le hona moo re ile ra bona liphello tse tšosang tsa ntoa. Boema-kepeng ho ne ho hasane lipalo tse tšehetsang liseile tsa likepe tse neng li ile tsa tebisoa ke lifofane tsa libomo tsa Mabotho a Selekane, ’me hohle moo re talimang teng ho ne ho bonahala hore naha e futsanehile. Re ile ra kopana le Lipaki Tsa Jehova tse seng kae, ’me tsa re isa Holong ea tsona ea ’Muso. Li ne li thabile ho sa tsotellehe mathata ao li talimaneng le ’ona.

Boema-kepe bo latelang boo re ileng ra emisa ho bona ke Batavia (eo hona joale e leng Jakarta) Indonesia. Ho ne ho loana ntoa ea lehae ’me e ne e kupa sebakeng se haufinyane, kahoo ha rea ka ra lumelloa ho theoha sekepeng. Ha sekepe se tloha ’me se leba Singapore, ka qala ho ipotsa hore na re tla fumana ho le joang moo. Na see ke sohle se neng se setse sebakeng see seo re balileng libukeng tsa ho eta hore se setle?

Ka mor’a matsatsi a seng makae, matsoalo a ka a ile a kokobela. Se neng se tla tloha se etsahala se ile sa bontša ka ho hlaka hore ’na le Dave re rometsoe ke Molimo sebakeng sena.

Kamoo re Ileng ra Fumana Tumello ea Bolulo

Hoo e ka bang khoeli ka mor’a hore re tlohe San Francisco, sekepe sa rōna se ile sa qetella se fihlile St. John’s Island, e leng moo likepe li neng li emisa teng ho fihlela li lumeletsoe ho kena boema-kepeng. Liofisiri tsa litaba tsa bojaki li ile tsa kena ka sekepeng e le hore li sebetsane le lipampiri tsa baeti eaba li tempa liphasepoto tsa rōna ka setempe se reng “U Lumelloa ho Kena ka Har’a Naha.” Hoseng ha le latelang sekepe se ile sa emisa boema-kepeng. Ka mor’a hore litokomane tsa rōna li hlahlojoe ke ofisiri ea sekepe, re ile ra theoha.

Eaba ka le latelang re khutlela boema-kepeng ho tla lumelisa baromuoa bao re neng re tsamaea le bona. Ba ne ba ea India le Ceylon (eo hona joale e leng Sri Lanka). Ha mokhanni oa sekepe a re bona, o ile a theohela boema-kepeng ’me a tla ho rōna. O ne a halefile ’me a hoeletsa ha a re bolella hore re ne re sa lokela ho theoha sekepeng. Pejana ha re sa ntse re le leetong, Monghali Haxworth, e leng ofisiri ea litaba tsa bojaki o ile a mo laela hore a se ke a re lumella ho theoha sekepe ha se fihla boema-kepeng. Re ne re sa utloa taelo ena, le ofisiri e ileng ea re lumella ho theoha sekepe e ne e sa e utloa.

Monghali Haxworth o ile a re omanya haholo ha re tlisoa ho eena. O ile a hoeletsa ha a re bolella hore ha rea lumelloa ho kena Singapore. Kaha re ne re sa hlokomela hore ha rea lumelloa ho kena, re ile ra mo bontša liphasepoto tsa rōna tse nang le setempe se molaong se reng “U Lumelloa ho Kena ka Har’a Naha.” O ile a hlotha liphasepoto matsohong a rōna a halefile eaba o hlakola mantsoe ao. Empa sekepe se ne se se se ile! Monghali Haxworth o ile a tšoara liphasepoto tsa rōna selemo sohle, qetellong a li khutlisa li e-na le setempe se reng “U Lumelloa ho Kena ka Har’a Naha.”

Tšebeletso e Behang Litholoana Singapore

Ha re fihla ka April 1947, monna ea bitsoang Joshua e ne e le eena feela Paki Singapore. E ile ea e-ba pula-maliboho ho fihlela a hlokahala mathoasong a lilemo tsa bo-1970. Ha hoa ka ha feta nako e telele pele batho ba neng ba ithuta Bibele ba qala ho bolella ba bang seo ba ithutang sona. Eaba lithapelo tsa rōna tsa ho kōpa basebetsi ba eketsehileng kotulong ea moea li qala ho arabeloa.—Matheu 9:37, 38.

Ka 1949, ha Monghali Haxworth a le Engelane phomolong ea nako e telele, baromuoa ba tšeletseng ba fumaneng mangolo a bona sehlopheng sa bo11 sa Gileade ba ile ba fihla Singapore. Nakong eona eo Dave, e leng moromuoa ea ileng a sebetsa le ’na ka lilemo tse ’maloa, o ile a etsa qeto ea ho tloha Singapore ka lebaka la ho kula. O ile a fallela Australia, moo a ileng a sebetsa ka botšepehi ho fihlela a hlokahala ka 1973. Aileen Franks ke e mong oa ba bacha ba tšeletseng ba ileng ba fihla, ’me re ile ra nyalana ka 1956.

Ho theosa le lilemo, re ile ra ithuta Bibele le ba bangata bao e ileng ea e-ba Lipaki hammoho le bana ba bona. Le kajeno ba bang ba ntse ba le mosebetsing oa nako e tletseng linaheng lisele. Taba e ’ngoe e thobang pelo ke ea Lester le Joanie Haynes, banyalani ba Amerika ba neng ba lula Singapore. Re ile ra qala ho ithuta Bibele le bona ka bo-1950. Ba ile ba hatela pele ka potlako ’me ba kolobetsoa ka mor’a hore ba khutlele United States. Hamorao, Lester le Joanie ba ile ba etsa mosebetsi oa ho ruta Bibele o behang litholoana. Ba ile ba thusa ba bangata hore e be Lipaki, ho akarelletsa le bana ba bona ba bararo.

Lengolong la hae Joanie o re: “Ke hopola selemo seo re neng re le Singapore ka sona, e leng moo ruri bophelo ba rōna bo ileng ba fetoha. Hoja la se ke la re etsa bana ba lōna, mohlomong re ka be re ntse re hloahloaela le lefatše lohle. Ke thabile hore ebe ke uena ea rutileng Les ’nete hobane li sa tloha feela o fumane mosuoe ea ileng a etsa hore a rate Jehova le barab’abo rōna ba Bakreste. O sa ntse a le joalo.”

Ho Sebeletsa Singapore re le Lelapa

Ka 1962 ho ile ha etsahala ntho eo re sa e lebellang, e ileng ea fetola bophelo ba rōna haholo. Ngaka ea rōna e ile ea bolella Aileen hore o imme. Re ne re batla ho lula mosebetsing oa boromuoa, empa re ne re tla lula joang re hōlisa ngoana? Nathan H. Knorr, eo ka nako eo a neng a okametse mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara, o ile a re ngolla, a nkhothalletsa ho fumana mosebetsi e le hore re ka lula Singapore. Ho ne ho se bonolo.

Batho ba bangata bao e neng e se matsoalloa a naha eo ba ne ba fumana mosebetsi oa ho ba baokameli lik’hamphaning tsa linaha tse ling. Ke ne ke e-s’o ka ke sebetsa, kaha esale ke etsa mosebetsi oa nako e tletseng oa ho ruta Bibele ho tloha ha ke qeta sekolong feela, lilemong tse 23 tse fetileng. Ka hona ke ile ka lefa k’hamphani ea London e sebetsanang le ho batlela batho mosebetsi e le hore e nketsetse lengolo la tsebo ea mosebetsi le maemo a thuto le itšetlehileng ka mosebetsi oa ka oa ho ba ’moleli oa bolumeli naheng eo e seng ea heso, ’me ba le romele lik’hamphaning tsa linaha tse ling tse fumanehang Singapore.

Ke ile ka fumana mangolo a karabo a reng: “Re masoabi hore ha re na sekheo sa motho oa mangolo a hao.” Ba ne ba nka hore ke rutehile haholo! Ho ile ha feta likhoeli, eaba morali oa rōna Judy oa hlaha. Mor’abo rōna Knorr o ne a etetse Singapore ka nako eo, ’me o ile a ea bona Judy le ’mè oa hae sepetlele. Re ile ra khoba matšoafo ha a re: “Le ka lula lehaeng la baromuoa ho fihlela Bill a fumana mosebetsi.”

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho rekisa litekete k’hamphaning e ’ngoe ea lifofane tse tsamaelang linaheng tse ling. Moputso oa ka o ne o lekane feela hore o re phelise. Ka mor’a lilemo tse peli, ke ile ka hiroa ke k’hamphani ea lifofane ea Amerika, ea ntefa moputso o kopolang oo habeli. Qetellong ke ile ka tsitsa mosebetsing ona, ’me ke ne ke qeta nako e eketsehileng le lelapa la ka le tšebeletsong ea Bokreste.

Re ile ra ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova, ra etsa hore lintho tse amanang le tšebeletso ea hae li tle pele. Sena se ile sa ’nolofalletsa ho etsa mesebetsi e mengata ea phutheho. Aileen o ile a boela a etsa mosebetsi oa ho ruta Bibele ka nako e tletseng. Nakong eo, mosebetsi oa ho bolela evangeli o ne o atleha Singapore. Bohareng ba lilemo tsa bo-1960 re ile ra reka mohaho o motle oa mekato e ’meli toropong ’me ra o etsa Holo ea ’Muso. Holo eo e ne e sebelisoa ke liphutheho tse ’nè.

Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa!

Ka mor’a nako e itseng, ho ile ha bonahala hore khanyetso e atametse. Ka la 14 January, 1972, re ile ra ea sebokeng Holong ea ’Muso joalokaha re tloaetse. Empa keiting ho ne ho kentsoe ketane e notletsoeng ka loko. Ho ne ho fanyehiloe tsebiso e reng Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova ea Singapore ha e sa le molaong. Re ne re thibetsoe!a

Ho koaloa ha Holo ea rōna ea ’Muso ha hoa ka ha re thibela ho sebeletsa Jehova, empa ke ile ka ipotsa potso ena, ‘Thato ea Molimo ke hore lelapa la ka le etse’ng?’ Ke ile ka ipolella hore haeba re ka lelekoa naheng ena, ho ka etsahala hore re se hlole re khutla le ho etela metsoalle ea rōna ea Singapore. Ka hona ke ile ka kōpa mookameli oa ka hore ke isoe lekaleng le Kuala Lumpur, Malaysia. Kahoo lelapa la rōna le ne le ka ’na la khona ho kena le ho tsoa Singapore ntle ho bothata. Ke ile ka makala ha a mpha mosebetsi oa ho ba mookameli ofising ea Kuala Lumpur, e leng boemo bo neng bo tla mpha moputso o kopolang oa ka habeli ’me ke fumane le melemo e meng.

Eaba kea ipotsa ke re, ‘Na ke thato ea Molimo hore re falle Singapore ’me re arohane le barab’abo rōna?’ Re ile ra kopana hammoho re le lelapa ’me ra rapela Jehova. Ra etsa qeto ea hore ke Jehova ea re tlisitseng mona. Eaba ke etsa qeto ea ho qetela—ha ho moo re eang. Mookameli oa ka o ile a makala hore ebe ke hana boemo boo a neng a mpha bona bo hlamatsehang.

Ho ne ho le boima ho phela le ho sebetsa nakong ea thibelo, kaha re ne re lula re tšosoa ka hore re tla tšoaroa re be re koalloe teronkong. Ho ne ho e-ba le maemo a etsang hore re ananele mantsoe a Pesaleme ea 34:7 a reng: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”

Mosebetsi o Mocha

Qetellong, ka 1993, ka mor’a hore re sebeletse Singapore ka lilemo tse fetang 46, re ile ra kōptjoa hore re fallele New Zealand, moo re neng re ka sebetsa re lokolohile. Ha ho potang hore re ne re utloile bohloko ha re siea metsoalle ea rōna e ratehang ea Singapore, eo re neng re e rata haholo. Empa, re ile ra khothala hobane re tseba hore tumelo ea bona e hahiloe motheong o tiileng ka thepa e sa cheng. E ile ea ba nolofalletsa hore ba eme ba tiile har’a liteko tseo ba ileng ba tsoela pele ho li mamella.—1 Bakorinthe 3:12-14.

Hona joale, ka mor’a lilemo tse 14 re le New Zealand, ’na le Aileen, le hoja re hōlile, re ntse re thabela mosebetsi oa rōna re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Baholoane ba ka ba babeli—e leng Mike, ea lilemo li 94 le Peter ea lilemo li 90—ba ntse ba phela, ba sebeletsa Jehova ka botšepehi Canada.

Ka 1998 morali oa rōna Judy, o ile a khutlela Linaheng tsa Bochabela ’me a sebeletsa moo ka lilemo tse ’maloa. Lengolong le leng leo a ileng a re ngolla lona o itse: “Ke leboha Jehova hakaakang letsatsi ka leng ka tlotla e babatsehang ea ho sebetsa moo! Le lōna kea le leboha ka koetliso e lerato le boitelo boo le bo entseng le boo le tsoelang pele ho bo etsa hore ke khone ho etsa joalo.” Ka 2003 o ile a khutlela New Zealand e le hore a re hlokomele.b

Re leboha Jehova hore ebe maemo a rōna a ile a re lumella ho arabela pitsong ea Mong’a rōna ea ho batla basebetsi ba eketsehileng kotulong. Hore ebe re entse joalo ho re tliselitse thabo e ke keng ea lekanngoa. ’Me ha ‘lefatše le feta,’ joalokaha Bibele e re le tla feta, re tla bona ha ho phethahala tšepiso ea Molimo e babatsehang e reng: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba Molula-Qhooa oa December 1, 1972, leqepheng la 531-7.

b Aileen ea ratehang o ile a hlokahala ka la 24 January, 2008, ha sehlooho sena se ntse se phetheloa.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha re fihla Singapore ka April 1947, Joshua e ne e le eena feela Paki

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke na le Dave Farmer Hong Kong, re ea Singapore ka 1947

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke na le Aileen ka 1958

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Re na le morali oa rōna Judy

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kimroy Photography

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Kimroy Photography

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela