Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 6/8 maq. 25-30
  • Singapore Lehakoe la Asia le Silafalitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Singapore Lehakoe la Asia le Silafalitsoeng
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motse o Ipusang oa Kajeno
  • Tokoloho ea Bolumeli e Tiisitsoe
  • Lipaki Tsa Jehova li Thibetsoe
  • Ho Hatella ka Boikhakanyo
  • Mohoo oa Hore ho Nkoe Khato
  • Ke Thabetse ho Etsa Thato ea Molimo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • ‘Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 6/8 maq. 25-30

Singapore Lehakoe la Asia le Silafalitsoeng

KOATLA! Molumo o nyarosang, oa ho khahleloa ha menyako e boima ea tšepe Teronkong ea Basali ea Changi, Singapore, ka mor’a ho koalloa ha mohlolohali ea iphokollang ea lilemo li 71 oa Mokreste. E le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a leka ho hlalosetsa moahloli ea okametseng nyeoe ea hae: “Ha ke tšokelo ’musong ona.”

Koatla! O ile a lateloa ke nkhono e mong ea lilemo li 72, le eena ke Mokreste. Molato oa hae ke ofe? Ho ba le likhatiso tse ’nè tsa Bibele tsa Mokhatlo oa Watch Tower, ho akarelletsa le kopi ea hae ea Bibele e Halalelang.

Ka kakaretso, baahi ba 64 ba Singapore, ba pakeng tsa lilemo tse 16 le tse 72, ba ile ba tšoaroa ’me ba fumanoa ba le molato. Ba 47 ba ile ba hana ho itefella ka lebaka la letsoalo ’me ba ile ba koalloa teronkong ka linako tse sa tšoaneng ho tloha ka beke e le ’ngoe ho isa ho tse ’nè. See se ka etsahala joang motse-naheng o ipusang o hlalosoang e le se seng sa libaka tse molemo ka ho fetisisa tseo motho a ka phelang ho tsona lefatšeng lohle? See se ka etsahala joang motse-naheng o ipusang o tummeng lefatšeng lohle ka moruo o tsitsitseng, ho ipabola tsoelo-peleng le mehahong e majabajaba ’me o ipolela hore o hlompha bolumeli?

Motse o Ipusang oa Kajeno

A re qale ka histori e khutšoanyane ea motse ona. Pale ea kajeno ea Singapore e qalile ka 1819 ha Monghali Thomas Stamford Raffles oa Brithani a fihla. Raffles, eo e neng e le moemeli oa East India Company, o ne a batla setsi seo a ka sebeletsang ho sona lefatšeng le ka Bochabela. O ile a rera ho hlahloba Singapore. Kahoo o ile a qala setsi sa khoebo se ileng sa susumetsa tsoelo-pele ea Asia Bochabela ho fihlela kajeno.

Pele e fumana boipuso ba eona, Singapore e ne e hlalosoa e le motse o bohlasoa. Kajeno, ha ho motho ea ka hlalosang Singapore e le motse o bohlasoa. E hlophisehile. Lilemong tse fetang 30 tse fetileng, hoo e ka bang motse oohle o ile oa hahuoa bocha, ha siuoa moo ho ka khonehang litšobotsi tsa motse oa pele ebang ke ka ho sireletsa marako a mehaho ea khale kapa ka ho kopanyelletsa le mehaho ea sejoale-joale. Singapore e mateanong a maholo a litsela tsa likepe ka Bochabela, moo hangata ho emang likepe tse ka bang 800 ka nako e le ’ngoe koung. Thepa ea kajeno ea theknoloji e tsoetseng pele e nolofalletsa likepe tse khōlō hore li laolloe ’me li be li laeloe ka lihoranyana tse seng kae feela. Mohloli o moholo oa lichelete oa motse o lefisa le ho fumana litša tsa mohaho ka tefiso e tlohang ho R280 200 kapa ho feta bakeng sa sekoere-mithara.

Bongata ba baahi ba ka bang 3400 000 ke ba motsoako oa Machaena, Mamalaye, Maindia, Maeurope le ba bang. Har’a lipuo tse buuoang ke Semandarine, Semalaye, Setamile le Senyesemane.

Tsamaiso e potlakileng ea baeti e tsamaeang lik’hilomithara tse 83 ka holimo le ka tlaase ho lefatše e etsa hore Singapore e be e ’ngoe e tsoetseng pele le e atlehang ka ho fetisisa tsamaisong ea baeti le thepa lefatšeng. Lirapa tsa boikhathollo tse tala li hasane hohle ho pholletsa le motse, li etsa motsoako ponahalong e hapang mahlo ea naha sebōpehong sa eona sa kajeno. Ho “hapang thahasello” ho mohahlauli eo e leng lekhetlo la pele a hahlaula moo ke Hotele ea Raffles e ntlafalitsoeng ka ho feletseng, eo hona joale e leng seemahale sa sechaba kaha e bile teng ka 1889. Hape ho na le setsi se nang le limela le se lenngoeng limela ka botsebi sa lihekthere tse 52, seo ho sona lihekthere tse ’nè li siuoeng e le mofero, moo mangau a kileng a solla teng.

Tokoloho ea Bolumeli e Tiisitsoe

E le ho tlatsetsa tsoelo-peleng ea moruo eo ho seng e ka bapisoang le eona, Singapore e tšepisa baahi bohle tokoloho ea bolumeli. Ka masoabi, Singapore ha ea phethahatsa tšepiso eo ea eona. Ka ho khetheha batho ba kopanelang le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ba fumane hore seo ke ’nete.

Molao oa Motheo oa Rephabliki ea Singapore, Temaneng ea 15(1), o fana ka tiiso ea motheo ea tokoloho ea borapeli: “Motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho bolela le ho sebelisa bolumeli ba hae le ho bo ntšetsa pele.”

Temana ea 15(3) ea Molao oa Motheo ea tiisa: “Sehlopha se seng le se seng sa bolumeli se na le tokelo—

(a) ea ho tsamaisa litaba tsa sona tsa bolumeli;

(b) ea ho theha le ho ntšetsa pele mekhatlo ka sepheo sa bolumeli kapa sa ho thusa bahloki; le

(c) ea ho reka le ho iphumanela litša le ho li sebelisa tumellanong le molao.”

Hoo e ka bang ka 1936, Lipaki tsa Jehova e bile karolo ea sechaba sa Singapore. Ka lilemo-lemo li ile tsa tsoela pele ho tšoarela liboka tsa tsona tsa phutheho tsa beke le beke Holong ea tsona ea ’Muso e 8 Exeter Road, malebana le ’maraka o phetheselang. Phutheho e ne e hōla haholo, ’me ka nako e tšoanang e tlatsetsa ka ho khetheha bophelong bo tsitsitseng ba sechaba.

Lipaki Tsa Jehova li Thibetsoe

Sena sohle se ile sa fetoha ka la 12 January, 1972. Ho ile ha ntšoa taelo ea ho leleka tlas’a Molao oa ’Muso oa Teleko Naheng, khaolong ea 109, e laelang hore moromuoa oa Mokreste Norman David Bellotti le mosali oa hae, Gladys, ba lutseng Singapore ka lilemo tse 23, ba tsoe ka hare ho naha. Ka potlako sena se ile sa lateloa ke taelo e hlakolang ho ngolisoa ka molao ha Phutheho ea Lipaki tsa Jehova, Singapore. Ka mor’a lihora li se kae Holo ea ’Muso e ile ea haptjoa ke mapolesa a ileng a thuha lemati le ka pele hore a kene. Ka nako le motsotso ho ile ha latela thibelo ea molao likhatisong tsohle tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Joale ho ile ha qaleha nako ea khatello ho Lipaki tsa Jehova.

Ho ileng ha latela e ile ea e-ba hore ’muso o rekise Holo ea ’Muso e le tsela e ’ngoe ea ho inkela molao matsohong, sena sohle se sa tsebisoa motho—ho sa etsoa nyeoe, ho sa qosoa, ho sa fanoa ka monyetla oa ho ikarabella.

Nako le nako ’muso oa Singapore o ile oa qotsa ho se kenelle ha Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea sesole e le sesosa sa hore li thibeloe ka ho feletseng ke molao. Morao tjena ka la 29 December, 1995, Monghali K. Kesavapany, moemeli oa nako e telele oa Singapore Machabeng a Kopaneng, Geneva, lengolong le neng le ngoletsoe Mohlomphehi Ibrahim Fall, Motlatsi oa Mongoli-Kakaretso oa Litokelo tsa Botho oa Machaba a Kopaneng, Geneva, o ile a ngola se latelang:

“Ho thibela ha ’Muso oa heso mokhatloana oa Lipaki tsa Jehova ho etsoa ka lebaka la ho nahanela tšireletseho ea sechaba. Ho tsoela pele ha mokhatloana ona ho ne ho tla beha boiketlo ba sechaba le botsitso ba Singapore kotsing. Khato eo ho ileng ha hlokahala hore e nkoe ha ho hlakoloa ho ngolisoa ha Lipaki tsa Jehova ka molao e ile ea e-ba ho thibela likhatiso tsohle tsa tsona e le ho matlafatsa thibelo mokhatloaneng ona le ho o thibela ho jala le ho phatlalatsa tumelo ea oona.”

Mabapi le boipelaetso ba ho behoa ha tšireletseho ea sechaba sa Singapore kotsing, a ho hlokomeloe hore bahlankana ba hanang tšebeletso ea sesole ba ka ba bahlano feela ka selemo. Singapore e na le lebotho la masole a ka bang 300 000. ’Muso oa Singapore o hanne esita le ho buisana ka litšebeletso tse ling tsa sechaba bakeng sa sehlotšoana sena sa batho ba amehang.

Ho Hatella ka Boikhakanyo

Ka mor’a lilemo tse ngata tsa mamello, ho ile ha qaleha khaolo e ncha ea ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ka boikhakanyo ka 1992 ha ho ne ho tšoaroa batho ba ’maloa—ba qosoa ka ho ba le libuka tse hanetsoeng tlas’a Molao oa Likhatiso tse sa Batleheng. Ka 1994 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa romela Singapore, W. Glen How ea lilemo li 75, ’Muelli ea Phahameng oa Molao Brithani, ebile e le e mong oa Lipaki tsa Jehova esale ho tloha boseeng ba hae. Boemo ba hae e le ’Muelli ea Phahameng oa Molao bo ile ba mo fa tokelo ea ho hlaha ka pel’a makhotla a Singapore. Ha ho talingoa tokoloho ea bolumeli eo Molao oa Motheo o e tiisang, boipiletso bo ile ba tekoa ka Lekhotleng le Phahameng la Singapore, bo kopanyelletsa boipelaetso ka ho tšoaroa ha batho le thibelo ea 1972. Ka la 8 August, 1994, boipiletso boo bo ile ba qhaloa ke Moahloli e Moholo Yong Pung How ka Lekhotleng le Phahameng la Singapore. Boiteko bo eketsehileng ba ho ipiletsa qetong e entsoeng bo ile ba hlōleha.

Mathoasong a 1995 ho ile ha bonahala eka ho ipelaetsa hona molaong ho thehiloeng Molaong oa Motheo oa Singapore ho qhololitse khatello e feteletseng. Tlas’a moralo oa sesole o bitsoang Operation Hope, mafokisi a Secret Societies Branch (Lekala la Mekhatlo ea Sephiri) Lefapheng la Patlisiso ea Bonokoane a ile a hlasela malapa a ’maloa ao lihlotšoana tsa Bakreste li neng li kopanela ho ’ona. Mapolesa a ka bang 70 hammoho le batlatsi ba ’ona ba ile ba futuha ka mokhoa oa sesole, ’me ba qetella ba tšoere batho ba 69. Bohle ba ile ba isoa litsing tsa ho hlongoa lipotso, ba bang ba ile ba hlongoa lipotso bosiu bohle, ’me bohle ba ile ba qosoa ka ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova le ho ba le likhatiso tsa Bibele. Ba bang ba ile ba koalloa boinotšing ka lihora tse ka bang 18, ba sitoa feela le ho founela ba malapa a bona.

Liqoso khahlanong le melata li ile tsa huloa. Empa baahi ba 64 ba Singapore ba ile ba qosoa ka lekhotleng bofelong ba 1995 le mathoasong a 1996. Bohle ba 64 ba ile ba fumanoa ba le molato. Ba 47, ba pakeng tsa lilemo tse 16 le tse 72, ha baa ka ba itefella liranta tse likete-kete ’me ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng nako ea beke e le ’ngoe ho isa ho tse ’nè.

Pele ba kenngoa ka liseleng tsa bona, banna le basali ba ile ba siuoa ba le feela ’me ba phenya-phenngoa ka pel’a batho ba bangata. Basali ba bang ba ile ba bolelloa hore ba otlolle matsoho a bona, ba kotsame ka makhetlo a mahlano, ’me ba ahlame le ho phahamisa maleme a bona. Bonyane mosali a le mong o ile a bolelloa hore a sebelise menoana ea hae ho ikopolla ka morao. Banna ba bang ba ile ba tlameha ho noa metsi a tsoang ka ntloaneng ha ba le teronkong. Basali ba bang ba bacha ba ile ba tšoaroa joalokaha eka ke linokoane tse kotsi, ba ile ba koalloa ba le bang nako eohle ea kahlolo ea bona, ’me ba fuoa halofo feela ea lijo tse fuoang batšoaruoa ba bang. Balebeli ba bang ba teronko ba ne ba bile ba hanela Lipaki ka Libibele tsa tsona.

Empa a re ke re shebeng litlhaloso tse seng kae tsa basali ba ileng ba kena teronkong. Litlaleho tsa seo ba se boneng li shanofatsa ponahalo ea kajeno ea motse oo o hloekileng.

“Sele e ne e le litšila. Sinki le ntloana li ne li le boemong bo soabisang. Li ne li nyonyeha ’me li le litšila. Ka tlas’a benche eo ke neng ke e lutse ho ne ho le litepo tsa likho le litšila.”

“Ke ile ka bolelloa hore ke sale ke le feela, ’me ka fuoa liaparo tsa batšoaruoa, sejana sa sesepa (se se na sesepa), le borashe ba meno. Ke ile ka bolelloa ke batšoaruoa ba bang ka seleng hore batšoaruoa ba nakoana ha ba fuoe sesepa sa meno leha e le pampiri e sebelisoang ntloaneng.”

“Re ne re le 20 ka seleng e le ’ngoe. Ntloaneng ea teng hoa kotsangoa ’me lebota la eona le nkhutla thekeng. Ntlo ea ho hlapela e ne e e-na le shaoara e le ’ngoe feela le sinki e le ’ngoe e nang le pompo. Re ne re lokela ho hlapa re le sehlopha sa batho ba tšeletseng ka nako e le ’ngoe—kaofela ha rōna ba ka seleng re ne re lokela ho shaoara ka halofo ea hora feela hoseng.”

Ho sa tsotellehe mathata a ho koalloa teronkong, bohle ba ne ba ho nka e le tokelo ho sebeletsa Molimo—neng le neng, kae le kae le ka tlas’a maemo ’ohle. Hlokomela tlhaloso e latelang ea mosetsana ea ka tlaase ho lilemo tse 20:

“Ho tloha nakong eo ke neng ke hata monyako oa teronko, ke ile ka lula ke ntse ke ikhopotsa lebaka leo ke neng ke le moo ka lona. Letsatsi le letsatsi ke ne ke rapela Jehova hore a ’ne a mamele thapelo ea ka ’me a se ke a ntahla. Ke ikutloa hore o arabetse thapelo ea ka kaha ke moea oa hae o halalelang o nthusitseng ho mamella. Ke nakong eo ke ileng ka qala ho hlokomela kamoo ke leng haufi le eena kateng, ’me ho ’matlafalitse haholo ho tseba hore o re hlokometse. Ke ho nka e le tokelo hore ebe ke khonne ho feta tlas’a teko ena molemong oa lebitso la hae.”

Ka potlako likoranta lefatšeng ho pota li ile tsa tseba ka boemo bona. Likoranta tsa Australia, Canada, Europe, Hong Kong, Malaysia, United States le libakeng tse ling li ile tsa tlaleha liketsahalo tsena ka makhetlo-khetlo. The Toronto Star, ea Canada, e ile ea akaretsa liketso tseo tse mabifi tlas’a sehlooho se reng “Nkhono o Fumanoe a le Molato oa ho ba le Bibele.” Ke ’nete hore lefatše le na le mathata a mangata a tebileng a amang batho ba bangata haholo, empa tabeng ena potso e botsoang ke batho ba maketseng ea tšoana hohle. “Na kannete see se etsahala Singapore?”

Ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bolumeli bo sebetsang ka bolokolohi tlas’a tšireletso e feletseng ea molao linaheng tse fetang 200 lefatšeng ho pota bo lokela ho etsoa phofu ea tlhoriso Singapore. Ho sa ntse ho le thata le ho feta ho utloisisa ha re talima hore ha ho bolumeli bo bong Singapore bo kileng ba tšoaroa ka ho hloka kutloelo-bohloko le ka mokhoa o hatellang joalo.

Ka sebele, motlatsi oa mookameli oa mapolesa ea neng a eteletse pele tlhaselong ea Lipaki tsa Jehova o ile a lumela ka khotla hore ena e bile eona nako feela eo eena le mapolesa a habo ba kileng ba laeloa hore ba qhale seboka sa bolumeli. Boitsebiso bona bo latelang bo qotsitsoe bopaking bo ngotsoeng:

Potso: (Ho paki ea mofapahlooho) Ho ea kamoo u tsebang kateng, na Secret Societies Branch e kile ea fuputsa le ho qosa sehlopha leha e le sefe sa bolumeli se sa ngolisoang ka molao, ntle ho Lipaki tsa Jehova?

Karabo: Che ha ho seo ke se tsebang.

Joale lipotso li tsoela pele.

Potso: (Ho paki ea mofapahlooho) Na uena ka seqo ka nako leha e le efe u kile ua kopanela tlhaselong e tšoanang le ee sehlotšoaneng sa bolumeli, se kopanelang lapeng ’me se sa ngolisoa ka molao tlas’a Molao oa Mekhatlo?

Karabo: Ha ke e-s’o kopanele ho eona.

Mohoo oa Hore ho Nkoe Khato

Amnesty International le International Bar Association li ile tsa romella e ’ngoe le e ’ngoe moshebelli oa eona ea khethehileng e le hore a hlokomele hore linyeoe li ahloloa ka botšepehi. Moshebelli ea sa eeng ka leeme oa Amnesty International, Andrew Raffell, eo e leng ’muelli e moholo oa molao, Hong Kong, o ile a bolela se latelang: “Tlalehong ea ka ke beha hore e ne e e-na le ponahalo ea nyeoe-’mōtoana.” O ile a tsoela pele ho hlalosa hore bahlanka ba ’muso ba ileng ba bitsoa hore ba fane ka bopaki ba ile ba sitoa ho hlalosetsa lekhotla lebaka leo ka lona likhatiso tsa Lipaki tsa Jehova li nkiloeng li sa amohelehe. Raffell, o ile a thathamisa tse ling tsa likhatiso tsa Bibele tse thibetsoeng ho akarelletsa Happiness—How to Find It le Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. O ile a phaella ka ho re ka sebele li ke ke tsa nkoa e le tse sa amoheleheng ka kutloisiso leha e le efe ea lentsoe leo.

Moshebelli ea tsoang International Bar Association, Cecil Rajendra, o boletse se latelang:

“Ho tloha qalong feela, ho ileng ha totobala ho ’na ke le moshebelli ke hore nyeoe ena e ne e mpa e le . . . mponeng, ho bontša lefatše hore demokrasi e sa ntse e sebetsa Singapore.

“Le pele nyeoe e qala le ha e ntse e tsoela pele le ho fihlela qetellong ho ile ha totobala hore baqosuoa bohle ba ne ba tla fumanoa ba le molato joalokaha ba ne ba qositsoe.

“Le hoja nyeoe eo e ne e tšoaretsoe lekhotleng le tlaasana ’me ha e le hantle liqoso e le tse fokolang tsa ho tlōla Molao oa Mekhatlo boemo ka khotla e ne e le ba tšabo le tsitsipano.

“Ena e ne e se tsitsipano feela tjee kaha ho ne ho lebetse mapolesa a apereng junifomo a ka bang 10 (a 6 a le ka khotla ’me a 4 a eme ka ntle) hammoho le banna ba ’maloa ba Lekala le Khethehileng ba ikaparetseng liaparo feela ba ituletse mathuleng.”

Ha a hlalosa kamoo nyeoe e ahlotsoeng kateng, Rajendra o ile a tsoela pele:

“Moahloli ea boletsoeng pejana, boitšoaro ba hae nakong ea kahlolo (esita le nakong ea nyeoe, joalokaha litlaleho li bontša) ho bonahala bo ne bo haelloa ke lintho tse ngata haholo. . . . Khahlanong le litekanyetso tsohle tsa nyeoe e hlokang leeme, nako le nako Moahloli o ne a khaoletsa moqosi ’me a ferekanya bopaki bo hlahisoang ke lipotso mabapi le lipontšuoa tse hlahisoang e le bopaki ka khotla, ka mohlala, phetolelo ea Bibele ea King James, e ileng ea hlahisoa ke moqosi e le pontšo ea hore moqosuoa o ne a e-na le likhatiso tse thibetsoeng!”

Bona ke boemo bo ammeng machaba haholo ka lebaka la ho hatakeloa ha litokelo tsa botho Singapore hoo makasine ea Belgium e bitsoang Human Rights Without Frontiers e ileng ea hatisa tlaleho e maqephe a 18 e qaqisang ka ho feletseng ho hlaseloa ha Lipaki tsa Jehova ke ’muso oa Singapore. A ngola ka bohlophisi, Willy Fautré, mohlophisi e moholo oa koranta eo, o ile a hlalosa ka ho qaqa litokelo tsa sebele tsa tokoloho ea batho naheng leha e le efe ea lipolotiki:

“Le hoja tokoloho ea bolumeli e le le leng la matšoao a molemo ka ho fetisisa a boemo bo akaretsang ba tokoloho ea batho sechabeng leha e le sefe, ke mekhatlo e seng mekae feela ea litokelo tsa botho e ’nileng ea ameha ebang ke ka ho sebeletsa ho felisa mefuta ea khethollo le ho hloka mamello e thehiloeng bolumeling kapa tumelong, kapa ke ka ho ntšetsa pele merero e tlang ho sireletsa le ho hōlisa tokoloho ea bolumeli.”

Human Rights Without Frontiers e ile ea hatisa lethathamo la eona la litlhahiso ka litlhaku tse ngotsoeng ka mongolo o motenya leqepheng la ho qetela la tlaleho ea eona.

Lipaki tsa Jehova li molemo Singapore. Li hlompha litokelo tsa baahisani ba tsona ’me li ke ke tsa etsa tlōlo leha e le efe ea molao ho bona. Ha ho moahi oa Singapore ea lokelang ho tšoenyeha ka hore lehae la hae le tla pshatloa kapa ka hore o tla tšoaroa poho, a otloe kapa a betoe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Tšebeletso ea tsona ea boithaopo ea phatlalatsa e matlafatsa le ho ntlafatsa bophelo ba lelapa ’me e li khothalletsa ho ba baahi ba molemo. Li khanna lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng le mang le mang ea batlang ho ithuta melao-motheo e hahang ea Bibele le kamoo a ka e sebelisang kateng bophelong ba hae. Liboka tsa tsona tsa ho bala Bibele le ho rapela ke karolo ea thuto ea tsona ea Bokreste. Sena se li entse hore e be baahi ba molemo.

Baahi ba Singapore ba hlomphang rephabliki ea bona le ba e batlelang bokamoso bo molemo ka ho fetisisa ba lokela ho phehella ’muso oa bona ho talima bocha boemo bo loketseng ba Lipaki tsa Jehova sechabeng sa Singapore. Ke nako ea hore ho tlosoe lithibelo khahlanong le tsona ’me li buseletsoe seo moahi e mong le e mong a nang le tokelo ea sona—tokoloho ea borapeli.

[Lebokose le leqepheng la 30]

Lefatše Le Shebile

1. “Ha mapolesa a Singapore a hlasela malapa a mahlano ka tlhaselo ea sesole bosiung bo bong ba February selemong se fetileng, banna, basali le bacha ba 69 ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa ntlo-khōlō ea sepolesa. E ne e se tsela eo seboka sa thuto ea bibele se neng se lokela ho fela ka eona.”−The Ottawa Citizen ea Canada, ea la 28 December, 1995, leqepheng la A10.

2. “E tla ba ho thabisang haholo ho bohle ba amehileng ka tokoloho ea bolumeli le ea litokelo tsa letsoalo haeba ’Muso oa Singapore o ka lokisa boemo ba oona mabapi le litho tsa sehlopha sena se se nang molato le se se nang kotsi ’me oa li lumella ho sebelisa le ho hasa tumelo ea tsona li sa tšabe thibelo kapa tšitiso.”—Moprofesa Bryan R. Wilson, oa Univesithi ea Oxford, Engelane.

3. “Letotong la linyeoe tse ileng tsa tsosa khanyetso ea mekhatlo ea machaba ea litokelo tsa botho, makhotla a Singapore a ile a fumana Lipaki tsa Jehova tse 63 li le molato ho tloha ka November selemong se fetileng.”—Asahi Evening News ea Japane, ea la 19 January, 1996, leqepheng la 3.

4. “Lipaki tsa Jehova li lokela ho lumelloa hore li bokane hammoho le ho sebelisa bolumeli ba tsona ka khotso li sa sokeloe ka ho tšoaroa leha e le ho kenngoa teronkong. Tokoloho ea bolumeli ke tokelo ea motheo eo Molao oa Motheo oa Singapore o fanang ka eona.”—Amnesty International, ea la 22 November, 1995.

5. Chan Siu-ching, molula-setulo oa Justice and Peace Commission e Taolong ea Mobishopo oa K’hatholike, Hong Kong, lengolong la hae le eang ho Letona le Khabane Lee Kuan Yew, Ofising ea Tona-khōlō, le ngotsoeng ka la 1 June, 1995, o ile a re: “Taba ea bohlokoa ke hore esita le haeba ’muso oa Singapore o nahana hore ba hanang tšebeletso ea sesole ba tlōla molao ’me ba lokela ho qosoa, litho tse ling tse mpang li kopanela lipokanong tsa bolumeli ka morero oa ho rapela ha lia lokela ho ameha. . . .

“Ka hona re ngola ho kōpa ’Muso oa lōna:

1. ho se thibele Lipaki tsa Jehova e le hore li ka thabela tokoloho ea borapeli le letsoalo;

2. ho khaotsa ho qosa litho tsa Lipaki tsa Jehova tse mpang li kopanela lipokanong tse reretsoeng bolumeli.

3. ho lokolla litho tsa Lipaki [tsa] Jehova tse sa tsoa tšoaroa morao tjena ka lebaka feela la ho kopanela mesebetsing ea bolumeli.”

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lipaki tsa Jehova ka lekhotleng ka mor’a hore li qosoe

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Paki ena e lilemo li 71 e ile ea bolella moahloli hore: “Ha ke tšokelo ho ’muso ona.” Leha ho le joalo e ile ea koalloa teronkong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela