“Ke ’Na Enoa, Roma ’Na!”
JOALOKAHA HO BOLETSE WILFRED JOHN
Balebeli ba hlometseng ba sesole sa Burma ba ile ba re futuhela ba e-tsoa ka mahlakoreng ka bobeli a nōka. Ka lithipa tse kentsoeng lintlheng tsa lithunya tseo ba re korotseng ka tsona, ba itahlela ka har’a metsi a neng a ba khutla thekeng ’me ba re lika-liketsa ka tlas’a borokho ba ’mila o moholo.
’NA LE motsoalle oa ka re ne re tšohile haholo. Ho ne ho etsahala’ng? Le hoja re ne re sa tsebe puo ea bona, re ile ra phakisa ra utloisisa seo ba se bolelang—re ne re tšoeroe. Re itlamme feela ka lithaole mathekeng, re ntse re hlobotse joalo re ile ra khannoa ho isoa setsing se haufinyane sa sepolesa moo re ileng ra hlongoa lipotso ke ofisiri e buang Senyesemane.
E ne e le ka 1941, nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ’me re ne re belaelloa ka hore re ba senyang ka libomo. Ka mor’a hore re hlalose mosebetsi oa rōna oa Bokreste oa boboleli ho fihlela ofisiri eo e khotsofala, e ile ea re bolella hore re lehlohonolo hore ebe re pholohile tlhaselo eo re ntse re phela. O ile a re, babelaelloa ba bangata, ba ile ba thunngoa, ba sa botsoa letho. Re ile ra leboha Jehova ’me ra nka keletso ea ofisiri eo ea hore re se hlole re ntse re liila marokhong ka nako e tlang.
Ke joang ke ileng ka qetella ke kene boemong bo joalo Burma (eo hona joale e leng Myanmar)? E re nke ke hlalose le ho fana ka ho hong ka semelo sa ka.
Khetho e Entsoeng Lilemong tse Qalang tsa Bophelo
Ke hlahetse Wales ka 1917 ’me ha ke le lilemo li tšeletseng ke ile ka fallela New Zealand le batsoali ba ka le moena oa ka, moo ke ileng ka hōlela polasing ea ntate ea lebese. Ka letsatsi le leng o ile a tla le qubu ea libuka tsa khale tseo a neng a li rekile lebenkeleng le rekisang lintho tse seng li ile tsa sebelisoa. Har’a tsona ho ne ho e-na le meqolo e ’meli ea Studies in the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society. Tsena li ile tsa fetoha letlotlo la bohlokoa ho ’mè, ’me joaloka ’mè oa Timothea, Eunice, o ile a kenya ka ho ’na takatso ea ho sebelisa bocha ba ka lithahasellong tsa ’Muso oa Jehova.—2 Timothea 1:5.
Ka 1937 ke ile ka tobana le likhetho tse peli: ho nka boikarabelo polasing ea ntate ea lebese kapa ho re ho Jehova joalokaha ho ile ha etsa moprofeta oa Molimo Esaia, “Ke ’na enoa, roma ’na!” (Esaia 6:8) Ke ne ke sa le mocha, ke phetse hantle, ’me ke se na moroalo o mong. Ke ne ke ile ka latsoa bophelo ba polasing ’me ka bo thabela. Ka lehlakoreng le leng, ke ne ke se na phihlelo ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho. Ke tsela efe eo ke neng ke tla e khetha—ho sebetsa polasing kapa ho sebeletsa ke le pula-maliboho?
Libui tse neng li e-tsoa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Australia e bile mohloli oa khothatso. Li ile tsa etela tikolohong ea rōna New Zealand ’me tsa nkhothalletsa hore ke sebelise bocha ba ka ke sebeletsa Molimo. (Moeklesia 12:1) Ke ile ka tšohla taba ena le batsoali ba ka, ’me ba lumellana le bohlale ba ho beha thato ea Molimo ka pele ho tsohle. Ke ile ka boela ka nahana ka mantsoe a Jesu Kreste Thutong ea hae ea Thabeng: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka [ha Molimo] pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:33.
Ke ile ka etsa khetho! Kaha ka nako eo ho ne ho se na lekala la Lipaki tsa Jehova New Zealand, Ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa lekaleng la Australia le Sydney. Kahoo, ka 1937, ke ile ka kena sekepeng ho ea Australia ho ea ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Jehova Molimo.
Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke kabelo efe eo ke tlang ho e amohela?’ Leha ho le joalo, hoo ho ne ho tsotelleha ka eng? Kaha ke ne ke se ke itse, ho Jehova, ‘Ke ’na enoa. Ntšebelise hohle moo u ratang.’ Ka lilemo tse peli ke ile ka thusa ka ho etsa likramafono tse neng li sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova mehleng eo ho bapalla beng ba matlo lipuo tsa Bibele tse hatisitsoeng. Leha ho le joalo, koetliso ea ka e ka sehloohong lekaleng e ne e le mabapi le mosebetsi oa polokelo ea libuka.
Ho ea Singapore
Ka 1939, ke ile ka fumana kabelo ea ho ea Bochabela bo Hōle—ho ea sebeletsa polokelong ea thepa ea Mokhatlo e Singapore. Polokelo eo e ile ea sebeletsa e le setsi bakeng sa ho amohela le ho romela libuka tse tsoang Australia, Brithani, le United States ho ea linaheng tse ngata tse Asia.
Singapore e ne e le motse oo ho buuoang lipuo tse ngata ho oona le moo merabe ea Bochabela le ea Europe e tsoakaneng teng. Puo ea Malay ke eona mohloli o tloaelehileng oa puisano, kahoo e le hore re ka bolela ka ntlo le ntlo, rōna melata re ne re lokela ho ithuta eona. Re ne re e-na le hoo re ho bitsang ka hore ke likarete tsa bopaki, ka lipuo tse ngata. Li ne li e-na le nehelano e khutšoaane ea molaetsa oa ’Muso o hatisitsoeng ho tsona.
Seo ke ileng ka qala ka sona ke ho boloka ka hloohong molaetsa o neng o hatisitsoe kareteng ea bopaki ka puo ea Malay ’me eaba butle-butle ke ntse ke eketsa pokello ea ka ea mantsoe ka puo eo. Empa re ne re boetse re nka libuka tsa Bibele ka lipuo tse ling tse ngata. Ka mohlala, bakeng sa sechaba sa Maindia, re ne re e-na le libuka ka lipuo tsena: Bengali, Gujarati, Hindi, Malayalam, Tamil, le Urdu. Ho kopana le batho ba lihlopha tsa lipuo tse ngata hakaalo e ne e le phihlelo e ncha ho ’na.
Ke sa ntse ke hopola hantle tsebiso e tšosang, ea ho phatlalatsoa ha ntoa Europe ka September 1939. Re ile ra ipotsa, ‘Na ebe e tla tota hoo e tlang ho ama le Bochabela bo Hōle?’ Ho ’na ho ne ho bonahala eka ke selelekela sa Armageddone—ke ile ka nahana hore eo e ne e le nako e loketseng! Ke ile ka ikutloa ke khotsofetse hore ebe ke ne ke sebelisa bocha ba ka ka botlalo le ka ho nepahala.
Hammoho le mosebetsi oa ka polokelong ea libuka, ke ne ke nka karolo ka ho felletseng libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo. Ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele, ’me ba bang ka bomong ba ne ba arabela hamolemo ’me ba itlhahisa bakeng sa kolobetso ea metsing. Ba ile ba isoa lebōpong le haufi la leoatle ’me ba qoelisoa metsing a futhumetseng a kou ea Singapore. Re bile ra etsa qeto ea ho tšoara kopano, ’me ka lenyele ra fetisetsa limemo ho batho ba thahasellang. Re ile ra thabisoa ke ha ba ka bang 25 ba e-tla ho seo re neng re lumela hore e tla ba kopano ea rōna ea ho qetela pele ho Armageddone.
Puisano pakeng tsa makala a Mokhatlo e ile ea sitisoa hampe ke ntoa. Ka mohlala, polokelong ea rōna ea libuka Singapore, re ile ra amohela tsebiso e khutšoaane ea hore baena ba bararo ba bo-pula-maliboho ba Majeremane ba ne ba tla fihla Singapore neng-neng ka sekepe se sa boleloang lebitso ba le leetong la ho ea kabelong e sa tsebahatsoang. Libeke tse seng kae hamorao ba ile ba fihla ’me ba qeta lihora tse leshome tse thabisang ba e-na le rōna. Le hoja puo e ne e le bothata, re ile ra khona ho utloisisa hore ba ne ba abetsoe ho leba Shanghai.
Kabelo ea ka Shanghai
Selemo hamorao le ’na ke ile ka amohela kabelo ea ho ea sebeletsa Shanghai. Ke ne ke sa fuoa aterese ea seterata, ke ne ke filoe feela nomoro ea lebokose la poso. Ka mor’a hore ke fatisisoe ka lipotso posong, ke ile ka khona ho itsebahatsa ka ho lekaneng hore nka tsebisoa aterese ea bolulo ea Mokhatlo. Leha ho le joalo, Lechaena le neng le se le kene sebakeng seo le ile la ntsebisa hore lekala le se le faletse moo, ’me ha hoa boleloa sebaka seo le fallelang ho sona.
Ke ile ka ipotsa, ‘Ebe ke tla etsa joang joale?’ Ke ile ka rapela ke khutsitse ho kōpa tataiso. Ha ke sheba holimo, ke ile ka bona banna ba bararo, ba batlang ba le ba teletsana ho feta batho ka kakaretso ba phetheselang moo ’me ba batla ba e-na le ponahalo e fapaneng. Ka sebele ba ne ba tšoana le banna bane ba bararo ba Majeremane ba kileng ba khefutsa Singapore ka lihora tsane tse ’maloa tse ileng tsa feta ka potlako. Ka potlako, ke ile ka ba eta ka pele.
Ke ile ka kokotletsa ke thabile, “Ke kōpa, tšoarelo.” Ba ile ba ema ’me ba ntonela mahlo ka ho leka ho nkhopola ’me ba ntalima ka mahlo a batlisisang. Ke ile ka ba botsa, “Singapore. Lipaki tsa Jehova. Na lea nkhopola?”
Ka mor’a nakoana, ba ile ba arabela: “Ja! Ja! Ja!” Re ile ra ipona feela re se re hakane, ’me meokho ea thabo ea keleketla sefahlehong sa ka. Ka har’a batho ba limillione, ho ne ho tlile joang hore banna bao ba bararo ho etsahale hore ba fete sebakeng seo ka nako eo ka ho khetheha? Habonolo feela ke ile ka re, “Kea u leboha Jehova.” Malapa a mararo a Machaena, Majeremane a mararo, le ’na ka nako eo e ne e le rōna feela Lipaki Shanghai.
Hong Kong ’me ka Morao ho Moo Burma
Ka mor’a hore ke sebeletse Shanghai ka likhoeli tse ’maloa, ke ile ka abeloa ho ea Hong Kong. Ha pula-maliboho eo ke neng ke mo lebeletse hore a tl’o sebetsa le ’na ea tsoang Australia a hlōleha ho fihla, ke ile ka iphumana ke le mong feela, eo e leng Paki koloning eo. Hape, ke ne ke lokela ho ikhopotsa hore ke itse ho Jehova, “Ke ’na enoa, roma ’na!”
Ke ile ka lebisa tšebeletso ea ka haholo-holo ho batho ba Machaena ba buoang Senyesemane, leha ho le joalo ke ne ke thulana le bothata ba ho kena lihekeng tse kenang mehahong ea bolulo, kaha basebetsi ba beiloeng moo ba ne ba bua Sechaena feela. Kahoo ke ile ka ithuta mantsoe a seng makae a Sechaena ka lipuo tse peli tse sebelisoang haholo moo. Hoo ho ile ha sebetsa! Ke ne ke ee ke atamele mosebeletsi ea lebelang, ebe ke ntša karete ea ka ea khoebo, ke bue mantsoe a seng makae ao ke a tsebang a Sechaena, ’me hangata ke ne ke buleloa hore ke kene.
Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke chaketse sekolong, ke ile ka latela mokhoa ona ka boiteko ba hore ke bue le mosuoe-hlooho. Ke ile ka kopana le tichere e tlaasana monyakong o moholo o kenang ka mohahong. Ke ile ka mo sala morao ho phunyeletsa litlelase tse ’maloa, ke ile ka ananela liketso tse bontšang hlompho tsa bana, ’me ke ne ke se ke itokiselitse ho ea hlahisoa ka pel’a mosuoe-hlooho. Tichere e ile ea kokota, ea bula monyako, ea chechella morao, ’me ea ntšupisa pele. Ho makaleng ha ka ho kopaneng le khalefo, ka tlhompho e ne e nkisitse ka ntloaneng ea boithuso! Ho bonahala Sechaena sa ka se sa ka sa utloisisoa hantle le hore joalokaha mosuoe-hlooho a ile a mpolella hamorao, ka phoso ke ile ka nkelloa hore ke mohlahlobi oa tsamaiso ea metsi le likhoere-khoere.
Ka mor’a likhoeli tse ’nè tsa tšebeletso, mapolesa a Hong Kong a ile a ntsebisa hore mosebetsi oa rōna oa ho bolela o thibetsoe le hore ke ne ke tla lokela ho khaotsa ho o etsa kapa ke lelekoe naheng eo. Ke ile ka khetha ho lelekoa kaha monyetla oa ho ntšetsa pele boboleli o ne o ntse o bulehile libakeng tse itseng. Ha ke ntse ke le Hong Kong, ke ne ke ile ka aba libuka tse 462 ’me ka thusa ba babeli ho kopanela tšebeletsong.
Ha ke tloha Hong Kong, ke ile ka abeloa ho ea Burma. Moo ke ile ka bula maliboho le ho thusa mosebetsing oa polokelo ea libuka Rangoon (eo hona joale e leng Yangon). E ’ngoe ea liphihlelo tse thahasellisang ka ho fetisisa e ne e le ea ho bolela litoropong le metseng e hasaneng pel’a ’mila o moholo o tlohang Rangoon ho ea Mandalay le ka ’nģane ho isa toropong ea Machaena e moeling ea Lashio. ’Na le pula-maliboho eo ke sebetsang le eona re ile ra beha tlhokomelo e khōlō sechabeng se buang Senyesemane, ra fumana lipeeletso tse makholo a ’maloa tsa Consolation (eo hona joale e leng makasine oa Tsoha!). Ho ile ha iketsahalla feela tjee hore, ’mila ona o moholo o tlohang Rangoon ho ea Mandalay o tsebahale e le Burma Road, ’mila oo phepelo ea lihlomo tsa Amerika tsa ntoa li neng li romelloa Chaena ka ’ona.
Ho fukhutsa lepoqong le khutlang maqaqailaneng hangata ho ne ho re etsa hore re ikutloe re hloka ho tola. Sena ke sona se ileng sa lebisa ketsahalong e boletsoeng qalong, ea ho tšoaroa ha re ntse re tola ka nōkeng ka tlas’a borokho. Kapele ka morao ho moo tsamaiso ea sesole le ho kula li ile tsa re qobella ho khutlela Rangoon. Ke ile ka khona ho lula Burma ho fihlela ka 1943, ha ho eketseha ha ntoa ho nqobella ho khutlela Australia.
Ha ke se ke Khutletse Australia
Khabareng, mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova e ne e thibetsoe Australia. Leha ho le joalo, thibelo e ile ea tlosoa kapele, ’me qetellong ke ile ka boela ka memeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala. Hamorao, ka 1947, ke ile ka nyala Betty Moss, ea neng a ntse a sebetsa lekaleng la Mokhatlo le Australia. Ntate oa Betty le ’mè oa hae e ne e le bo-pula-maliboho, ’me ba ile ba khothaletsa Betty le khaitseli ea hae Bill ho etsa bopula-maliboho mosebetsi oa bona bophelong. Betty o ile a qala ho bula maliboho ha a qeta sekolong, a le lilemo li 14. Ke ile ka nahana hore re tla tsoella hamolemo hammoho, kaha le eena, ka ho tšoanang, a ne a itse ho Jehova, “Ke ’na enoa, roma ’na!”
Kamor’a hore re qete selemo re nyalane, ke ile ka memeloa mosebetsing oa potoloho, ke etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova. Ho sebetsa libakeng tse ka thōko tsa mahaeng tsa Australia e ne e le phephetso ea sebele. Likhohola tse matla hangata li ne li baka mathata a ho tsamaea, haholo-holo litseleng tse thellang tsa letsopa. Lehlabula mocheso o ne o phahamela ho 43 degrees Celsius moriting. Ho phela ka har’a litente tsa lesela, re ne re fumana lehlabula le bataolang e le le nang le mocheso o sa mamelleheng ha mariha e le a batang ka ho tšabehang.
E ne e le thabo ho sebeletsa ke le molebeli oa setereke ha ho ne ho e-na le litereke tse peli feela Australia. Donald MacLean o ne a sebeletsa setereke se seng, le ’na ke sebeletsa se seng. ’Me re ne re ee re fapanyetsane ka tsona. Ke ho hlollang ho bala ka liphutheho tse teng hona joale moo ka nako e ’ngoe re kileng ra sebeletsa. Ka sebele lipeō tsa ’nete ea Bibele li ile tsa mela ’me tsa beha!
Ho Khutlela Moo Tsohle li Ileng tsa Qaleha Teng
Ka 1961, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba sehlopheng sa pele sa sekolo sa boromuoa sa Gileade ka mor’a hore se fallele Brooklyn, New York. Ke ne ke ile ka fumana limemo tsa ho tla sekolong sena pejana empa ke ne nke ke ka li amohela ka mabaka a bophelo bo seng botle. Qetellong ea koetliso ea likhoeli tse leshome, ke ile ka memeloa ho amohela New Zealand e le kabelo ea ka.
Kahoo ho tloha ka January 1962, ’na le Betty haesale re le mona New Zealand, e ’ngoe ea linaha tse karolong e ka tlaase ea lefatše. Hangata ho buuoa ka eona e le e ’ngoe ea liperela tsa Pacific. Tabeng ea puso ea Molimo, e bile thabo ho ’na ho sebeletsa potolohong le mosebetsing oa setereke. Ka lilemo tse 14 tse fetileng, ho tloha ka April 1979, re ’nile ra sebeletsa ofising ea lekala New Zealand.
’Na le Betty hona joale re bohareng ba lilemo tsa bo-70, ’me hammoho re qetile lilemo tse 116 re ntse re tsoela pele re sa khaotse ka tšebeletso ea nako e tletseng ea ’Muso. Betty o ile a qala ho bula maliboho ka January 1933, ’me ’na ka April 1937. Re bile le thabo e khōlō ea ho bona bana ba rōna ba moea le litloholo tsa moea ba etsa seo re ileng ra se etsa ha re sa le bacha, e leng, ho ela hloko keletso ea Moeklesia 12:1: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”
Ke tokelo e kaakang ho sebelisa hoo e batlang e le nako ea bophelo bohle ba rōna re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho etsa barutuoa, joalokaha Morena oa rōna Jesu Kreste a laetse! (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Re thabetse hore ebe re ile ra arabela memong ea Molimo joalokaha ho ile ha etsa moprofeta Esaia khale-khale, “Ke ’na enoa, roma ’na!”