Ho Folisa Bohloko bo Bakoang ke Ntoa
ABRAHAM o ne a le lebothong la likhukhuni ka lilemo tse 20.a Empa o khaolitse ho loana ’me a ke ke a hlola a khutlela ntoeng. Ha e le hantle, ba bang bao e neng e le lira tsa hae, ke metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo hona joale. O fetotsoe ke eng? Ke Bibele e mo fetotseng. E ile ea neha Abraham tšepo le temohisiso, ea mo thusa hore a bone litaba tsa batho ka tsela eo Molimo a li bonang ka eona. Bibele e ile ea tapisa takatso ea hae ea ho loana, eaba o qala ho folisa masoabi a hae, mesarelo, lehloeo le khalefo. O ile a fumana hore Bibele e na le moriana o matla oa pelo.
Bibele e thusa motho joang hore bohloko ba hae ba maikutlo bo fole? E ne e ke ke ea fetola se etsahalletseng Abraham. Ho ntse ho le joalo, ho bala le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ho ile ha etsa hore monahano oa hae o lumellane le oa ’Mōpi. Hona joale o na le tšepo ea nako e tlang, ’me o na le lintho tse ncha tse tlang pele bophelong ba hae. Lintho tsa bohlokoa ho Molimo li fetohile tsa bohlokoa ho eena. Ha sena se qala ho etsahala, bohloko bo pelong ea hae bo ile ba qala ho fola. Abraham o ile a thusoa ka eona tsela eo hore a fetohe.
O Ikakhela ka Setotsoana Ntoeng ea Lehae
Abraham o hlahetse Afrika ka bo-1930. Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, naha ea habo e ne e busoa ke baahelani ba matla, empa batho ba bangata ba naha ea habo Abraham ba ne ba batla boipuso. Ka 1961, Abraham e ile ea e-ba setho sa mokhatlo oa baitseki o ileng oa loana ntoa e matla ea bokhukhuni khahlanong le baahelani bao ba matla.
Abraham oa hlalosa: “E ne e le lira tsa rōna. Ba ne ba rera ho re bolaea, eaba rea futuha hore re ba bolaee.”
Abraham o ne a e-ba makhatheng a lefu hangata, kahoo ka 1982, ka mor’a lilemo tse 20 a le ntoeng, o ile a balehela Europe. Nakong ena o ne a atamela lilemo tse 50, ’me ha a fumana hore o na le nako, o ile a nahana ka tsela eo a phelang ka eona. Lipakane tsa hae li ne li feletse kae? Bokamoso bo ne bo mo tlela le life? Abraham o ile a kopana le ba bang ba Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho ea libokeng tsa bona. O ne a hopola hore lilemong tse seng kae tse fetileng ha a ne a le Afrika, o ile a bala pampitšana eo a neng a e filoe ke Paki. Pampitšana eo e ne e hlalosa paradeise e tlang lefatšeng le ’muso oa leholimo o neng o tla busa moloko oa batho. Na seo se ne se hlile se tla etsahala?
Abraham o re: “Bibeleng ke ile ka ithuta hore ke ne ke sentse nako ka lilemo tseo tsohle tseo ke li qetileng ke loana. Puso feela e neng e tla tšoara batho bohle ka toka ke ’Muso oa Molimo.”
Nakoana ka mor’a hore Abraham a kolobetsoe e le Paki ea Jehova, monna e mong ea bitsoang Robert o ile a baleha Afrika a ea motseng oa Europe oo Abraham a neng a lula ho oona. Robert le Abraham ba ne ba loanne ntoeng e le ’ngoe empa ba le ka mahlakoreng a loantšanang. Robert o ne a atisa ho ipotsa ka morero oa sebele oa bophelo. E ne e le motho oa bolumeli, ’me kaha o ne a balile likarolo tse ling tsa Bibele, o ne a tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova. Ha Lipaki tsa phutheho ea habo Abraham li ithaopela ho thusa Robert hore a utloisise Bibele hamolemo, o ile a lumela habonolo.
Robert oa hlalosa: “Qalong feela, ke ile ka khahloa ke tsela eo ka eona Lipaki li sebelisang lebitso la Jehova le la Jesu, li lumela hore ke batho ba babeli ba sa tšoaneng. Seo se ne se lumellana le seo ke neng ke se ke ntse ke se tseba ka Bibeleng. Lipaki li boetse li apara ka makhethe ’me li mosa ho ba bang, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe. Lintho tse joalo li ile tsa nthusa haholo.”
Lira li Fetoha Metsoalle
Robert le Abraham, bao e neng e le lira pele, hona joale ke metsoalle ea hlooho ea khomo. Ba sebetsa e le baboleli ba evangeli ba nako e tletseng phuthehong e le ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova. Abraham oa hlalosa: “Nakong ea ntoa, ke ne ke atisa ho ipotsa hore na ho tla joang hore batho ba linaha tse ahisaneng—ba bangata ba bona e le ba bolumeli bo le bong—ba hloeane. ’Na le Robert re ne re le litho tsa kereke e le ’ngoe, empa re ne re loantšana. Hona joale re Lipaki tsa Jehova re le babeli, ’me tumelo ea rōna e re kopantse.”
Robert oa phaella: “Phapang e hona moo. Hona joale re tumelong e re etsang karolo ea mokhatlo oo ka sebele e leng oa bara ba motho. Re ke ke ra hlola re loana hape.” Bibele e bile le tšusumetso e matla lipelong tsa bana bao e neng e le lira pele. Butle-butle lehloeo le khalefo li nketsoe sebaka ke ho tšepana le ho utloana.
Nakong eona eo ea ha Abraham le Robert ba ne ba le ntoeng, bahlankana ba bang ba babeli ba ne ba le ka mahlakoreng a loantšanang a khohlano e ’ngoe e neng e le lipakeng tsa linaha tse peli tse ahisaneng. Le bona Bibele e ile ea sebetsa joaloka moriana o matla o folisang lipelo tsa bona. Joang?
Bolaea—Ebe U Shoa Lefu la Moshoela-Tumelo
Gabriel, ea hōletseng lelapeng la bolumeli, o ne a rutiloe hore naha ea habo e khabong ea ntoa e halalelang. Kahoo, ha a le lilemo li 19, o ile a ithaopela ho kenela sesole ’me a kōpa hore a romeloe moleng o ka pele oa ntoa. Ka likhoeli tse 13 o ne a e-ba moo ho loanoang ea khumamela, ka linako tse ling a e-ba hōle le sera ka k’hilomithara le halofo feela. O re: “Ke hopola ketsahalo e le ’ngoe e khethehileng. Molaoli oa rōna o ne a re boleletse hore sera se tla hlasela hona bosiung boo. Re ne re hlahlile mahlo hoo likanono tsa rōna li ileng tsa thunya bosiu kaofela.” O ne a nka batho ba naha ea boahelani e le lira tsa hae, tse lokelang ho shoa. “Ke ne ke nahana ho bolaea ba bangata kamoo nka khonang. Joale, joaloka metsoalle ea ka e mengata, ke ne ke batla ho shoa lefu la moshoela-tumelo.”
Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng Gabriel o ile a felloa ke tšepo. O ile a balehela lithabeng, a tlōla moeli a nyonyobela naheng e sa jeleng paate, eaba o ea Europe. Ha aa ka a phetsa ho botsa Molimo hore na ke hobane’ng ha bophelo bo le boima hakana, le hore na ebe mathata ke likotlo tse tsoang ho Molimo. O ile a kopana le Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa mo bontša ka Bibele hore na ke hobane’ng ha bophelo bo tletse mathata hakana kajeno.—Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5.
Ha Gabriel a ntse a ithuta Bibele ka ho eketsehileng, o ile a hlokomela haholoanyane hore e fupere ’nete. “Ke ile ka ithuta hore re ka phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Se makatsang ke hore ntho eo ke e lakalitse ke sa le ngoana.” Bibele e ile ea tšelisa Gabriel ’me ea thoba pelo ea hae e neng e tšoenyehile ho tla fihlela ka nako eo. Bohloko ba hae ba maikutlo bo tebileng bo ile ba qala ho fola. Kahoo nakong eo Gabriel a neng a kopana le Daniel, eo e neng e le sera sa hae pele, ha aa ka a hlola a ikutloa a mo hloile. Empa ke eng e ileng ea etsa hore Daniel a ee Europe?
“Haeba U Hlile U Teng, ke Kōpa Hore U Nthuse!”
Daniel o hōlisitsoe e le Mok’hatholike ’me ha a le lilemo li 18 o ile a thaotheloa sesole. O ile a romeloa ho ea loana ntoeng e le ’ngoe le Gabriel empa a loana a le ka lehlakoreng la bohanyetsi. Haufi le mola o ka pele oa ntoa, Daniel o ne a palame tanka ha e otloa ke seqhomane. Metsoalle ea hae e ile ea shoa, ’me o ile a tsoa likotsi tse mpe eaba o nkoa e le motšoaruoa oa ntoa. O ile a lula likhoeli sepetlele le kampong e ’ngoe pele a isoa naheng e sa jeleng paate. Kaha o ne a se na mang oe!, o ile a nahana ho ipolaea. Daniel o ile a rapela Molimo, a re: “Haeba u hlile u teng, ke kōpa hore u nthuse!” Ka letsatsi le latelang feela, Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo etela ’me tsa khona ho araba boholo ba lipotso tsa hae. Qetellong, o ile a ea Europe e le mophaphathehi. Daniel o ile a boela a kopanela le Lipaki ’me a ithuta Bibele. Seo a ileng a ithuta sona se ile sa mo fokoletsa matšoenyeho le khalefo.
Hona joale Gabriel le Daniel ke metsoalle e meholo, e kopaneng bonngoeng ba mokhatlo oa bara ba motho oa moea e le Lipaki tsa Jehova tse kolobelitsoeng. Gabriel o re: “Lerato la ka ho Jehova le tsebo ea Bibele li nthusitse hore ke bone lintho kamoo a li bonang kateng. Daniel ha e sa le sera sa ka. Lilemong tse fetileng nka be ke ile ka thabela ho mo bolaea. Bibele e nthutile se fapaneng le seo ka ho feletseng—e leng ho ithaopela ho mo shoela.”
Daniel o re: “Ke bone batho ba malumeli a sa tšoaneng le lichaba tse sa tšoaneng ba bolaeana. Ho ne ho boetse ho e-na le batho ba bolumeli bo le bong ba bolaeanang ka mahlakoreng a loantšanang. Ha ke ne ke bona sena, ke ne ke ikutloa hore Molimo ke eena ea molato. Joale kea tseba hore Satane ke eena mohlohlelletsi oa lintoa tsohle. ’Na le Gabriel re balumeli-’moho hona joale. Le ka mohla re ke ke ra hlola re loana hape!”
“Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla”
Ke hobane’ng ha Abraham, Robert, Gabriel le Daniel ba ile ba fetoha hakaale-kaale? Ba ile ba khona joang ho hlakola lehloeo le mesarelo tse neng li metse ka metso lipelong tsa bona?
Monna e mong le e mong ho bana o ne a bala, a nahanisisa le ho ithuta ’nete e tsoang Bibeleng, e ‘phelang le e fanang ka matla.’ (Baheberu 4:12) Moqapi oa Bibele ke ’Mōpi oa batho, ea tsebang mokhoa o molemo oa ho susumetsa pelo ea motho ea ikemiselitseng ho mo mamela le ho ithuta. “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” Hang ha ’mali a lumela hore a tataisoe ke Bibele, o ba le melao le litekanyetso tse ncha. O qala ho ithuta hore na Jehova o talima lintho joang. Mokhoa ona o tlisa melemo e mengata, ho akarelletsa le oa ho folisoa ha bohloko bo bakoang ke ntoa.—2 Timothea 3:16.
Lentsoe la Molimo le hlalosa hore ha ho na sechaba, morabe, kapa moloko se molemo kapa se sebe ho feta se seng. “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” ’Mali ea amohelang sena o thusoa hore butle-butle a hlōle maikutlo a bomorabe kapa lehloeo la bochaba.—Liketso 10:34, 35.
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore haufinyane Molimo o tla etsa hore ’Muso oa hae oa Bomesia o nke sebaka sa tsamaiso ea hona joale ea puso ea motho. Ka ’muso ona, Molimo “o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” Ho tla tlosoa mekhatlo e hlohlelletsang lintoa le e khothalletsang batho ho loana lintoeng. Ba bolaoang ntoeng ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho phela lefatšeng la paradeise. Ho ke ke ha hlokahala hore ho be le motho ea balehang mohatelli kapa motubi.—Pesaleme ea 46:9, NW; Daniele 2:44; Liketso 24:15.
Bibele e bua sena ka batho ba tla beng ba phela nakong eo: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng . . . Ba ke ke ba sehlela lefeela, kapa ba tsoalla pherekano.” Ha ho na tšenyo kapa kotsi e sa tl’o felisoa. Ho lumela tšepong e joalo ho tlosa mesarelo le masoabi butle-butle pelong ea motho.—Esaia 65:21-23, NW.
Ha ho pelaelo hore Bibele ke moriana o matla oa pelo. Lithuto tsa eona li se li ntse li folisa bohloko bo bakiloeng ke ntoa. Bao e neng e le lira pele ba ntse ba momahana mokhatlong o le mong oa machaba oa bara ba motho. Morero ona oa pholiso o tla tsoela pele tsamaisong e ncha ea Molimo ho fihlela lehloeo le khalefo, masoabi le mesarelo li fela ka lipelong tsa batho. ’Mōpi o tšepisa hore “lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a sehloohong sena a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Bibeleng ke ile ka ithuta hore ke ne ke sentse nako ka lilemo tseo tsohle tseo ke li qetileng ke loana”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Bibele e ka ba le tšusumetso e matla lipelong tsa bao e neng e le lira pele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Butle-butle lehloeo le khalefo li ile tsa nkeloa sebaka ke ho tšepana le ho utloana
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ha ’mali a lumela hore a tataisoe ke Bibele, o ba le melao le litekanyetso tse ncha
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bao e neng e le lira pele ba ntse ba momahana mokhatlong o le mong oa machaba oa bara ba motho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Refugee camp: UN PHOTO 186811/J. Isaac