“Mathang ka Tsela Eo”
A K’U nahane u le ka har’a lebala la lipapali leo ho lona ho subuhlellaneng batho ba thabileng. Baatlelete ba kena ka har’a lebala. Letšoele lea luma ha bahale ba lona ba hlahella. Ba laolang lipapali ba teng ho tla tiisa hore ho bolokoa melao. Ha lipapali li ntse li tsoela pele, ho utloahala mehoo ea tlhōlo le lillo tsa ho soetseha. Molumo oa litlatse o thibang litsebe o thoholetsa bahlōli!
Seo u kopanetseng ho sona hase ketsahalo ea mehleng ea kajeno ea lipapali, empa ke e ileng ea tšoareloa Isthmus, Korinthe, lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Mona, lilemo tse ling le tse ling tse peli ho tloha lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ho ea lekholong la bone la lilemo C.E., ho ne ho tšoaroa Lipapali tsa Isthmus tse tummeng. Ka matsatsi a mangata ketsahalo ena e ne e hapa thahasello ea Greece eohle. Lipapali tsena e ne e se feela litlhōlisano tsa baatlelete tse tloaelehileng. Baatlelete ba ne ba tšoana le lebotho la ntoa le lulang e le malala a laotsoe. Bahlōli—ba neng ba nkoa joaloka bahale—ba ne ba fumana meqhaka e entsoeng ka makhasi a lifate. Ba ne ba fuoa limpho tse ngata, ’me motse o ne o ba fa penshene e ngata bophelo bohle ba bona.
Moapostola Pauluse o ne a tloaelane le Lipapali tsa Isthmus tse neng li e-ba pel’a Korinthe ’me o ile a tšoantša tsela ea Mokreste ea bophelo le tlhōlisano ea baatlelete. Ha a bua ka limathi, ba betanang, le bo-ralitebele, ka ho loketseng o ile a bontša meputso ea koetliso e ntle, boiteko bo loketseng le mamello. Ho hlakile hore Bakreste bao a neng a ba ngolla le bona ba ne ba tseba ka lipapali tsena. Kantle ho pelaelo ba bang ba bona ba ne ba ’nile ba e-ba har’a matšoele a hoeletsang lebaleng leo la lipapali. Kahoo ba ne ba tla utloisisa lipapiso tsa Pauluse habonolo. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Le rōna re peisong—ea bophelo bo sa feleng. Re ka rua molemo joang lintlheng tseo ho tsona Pauluse a buang ka litlhōlisano tseo?
‘Ho Kopanela Tlhōlisanong ho ea ka Melao’
Litlhokahalo tsa ho kopanela lipapaling tsena tsa boholo-holo li ne li le thata haholo. Sebui se ne se hlahisa moatlelete e mong le e mong ka pel’a bashebelli ’me se ntan’o hoeletsa: ‘Na o teng har’a lōna ea ka qosang monna enoa ka bonokoane leha e le bofe? Na ke lesholu kapa o lonya kapa na o phela bophelo bo litšila o bile o na le mekhoa e litšila?’ Ho latela Archaeologia Graeca, “ha ho motho ea neng a tumme ka bonokoane, kapa ea neng a e-na le kamano [e haufi] le motho leha e le ofe ea joalo, ea neng a lumelloa ho kena tlhōlisanong.” Ho tlōla melao ea lipapali ho ne ho fella ka kotlo e boima ea ho leleka batlōli litlhōlisanong.
Ntlha ena e re thusa ho utloisisa polelo ea Pauluse: “Haeba leha e le mang a kopanela tlhōlisanong esita le lipapaling, ha a roesoe moqhaka ntle leha a kopanetse tlhōlisanong ho ea ka melao.” (2 Timothea 2:5) Ka mokhoa o tšoanang, e le hore re ka matha peisong ea bophelo, re lokela ho finyella litlhokahalo tsa Jehova, re boloke litekanyetso tsa hae tse phahameng tsa boitšoaro joalokaha li thathamisitsoe ka Bibeleng. Leha ho le joalo, Bibele ea re lemosa: “Hobane tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21, NW) Kahoo, esita le ka mor’a hore re kene peisong, re lokela ho ba hlokolosi hore re tsoele pele ho kopanela tlhōlisanong ho ea ka melao e le hore re ka tsoela pele ho amoheloa ke Jehova le ho rua bophelo bo sa feleng.
Thuso e khōlōhali ea ho etsa joalo ke ho rata Molimo. (Mareka 12:29-31) Lerato le joalo le tla etsa hore re batle ho thabisa Jehova le ho etsa se lumellanang le thato ea hae.—1 Johanne 5:3.
‘Hlobolang Boima bo Bong le bo Bong’
Lipapaling tsa boholo-holo, limathi li ne li sa imeloe ke liaparo kapa lisebelisoa. Buka ea The Life of the Greeks and Romans e re: “Lipeisong tsa maoto, . . . ba hlōlisanang ba ne ba tloaetse ho hlaha ba se na le sa nketlana.” Ho se apare liphahlo ho ne ho etsa hore baatlelete ba khone ho matha ntle ho tšitiso, ho tsamaea ka bolokolohi, le ho ba bobebe. Ho ne ho se matla a senyehang ka lebaka la boima bo sa hlokahaleng. Mohlomong Pauluse o ne a nahanne ka sena ha a ngolla Bakreste ba Baheberu: “Le rōna a re hloboleng boima bo bong le bo bong . . . , ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—Baheberu 12:1.
Ke boima ba mofuta ofe bo ka re sitisang peisong ea bophelo? Boima bo bong e ka ba ho lakatsa ho bokella lintho tse sa hlokahaleng tse bonahalang kapa ho khomarela mokhoa o phahameng oa bophelo. Ba bang ba ka ’na ba talima leruo e le tšireletso kapa ba le nka e le mohloli oa thabo. Qetellong, “boima” bo bongata ka mokhoa o joalo bo ka sitisa semathi ho matha ho isa bohōleng boo ho bona se ka ’nang sa se hlole se tsotella Molimo hakaalo. (Luka 12:16-21) Bophelo bo sa feleng bo ka bonahala joaloka ntho e hōle le ho fihla. Motho a ka nahana hore, ‘Lefatše le lecha le tla tla ka letsatsi le leng, empa hona joale re ka ’na ra nka monyetla ka seo lefatše lena le fanang ka sona.’ (1 Timothea 6:17-19) Ho ba le pono ea ho rata lintho tse bonahalang ka mokhoa o joalo ho ka khelosa motho habobebe peisong ea bophelo kapa ha mo thibela esita le ho e simolla.
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ha ho le ea mong ea ka sebeletsang benghali ba babeli joaloka lekhoba; kaha lintho li peli, o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo joaloka makhoba.” Joale, eitse hobane a bolele kamoo Jehova a hlokomelang litlhoko tsa liphoofolo le limela kateng le ho bontša hore batho ke ba bohlokoa ho li feta, a eletsa: “Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja eng?’ kapa, ‘Re tla noa eng?’ kapa, ‘Re tla apara eng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka taba-tabelo. Etsoe Ntate oa lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:24-33.
‘Mathang ka Mamello’
Hase mabelo kaofela a boholo-holo ao ho ’ona ho neng ho mathoa sebaka se sekhutšoanyane. Lebelong le leng le neng le bitsoa doʹli·khos ho ne ho mathoa ho ea bohōleng ba lik’hilomithara tse ’nè. E ne e le teko e hlokang matla le mamello. Ho latela neano, ka 328 B.C.E., moatlelete e mong ea bitsoang Ageas, ka mor’a ho hapa lebelo lena, o ile a mathela motseng oa habo, Argos, ho ea tsebahatsa tlhōlo ea hae. Letsatsing leo, o ile a matha lik’hilomithara tse ka bang 110!
Peiso ea Bakreste le eona ke lebelo la mokoka le behang mamello ea rōna tekong. Ho hlokahala hore re mamelle ho isa bofelong ba peiso ena e le hore re fumane kamohelo ea Jehova le moputso oa bophelo bo sa feleng. Pauluse o ile a matha peisong ena ka tsela e joalo. Ho ella bofelong ba bophelo ba hae, o ile a khona ho re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho tloha nakong ena ho ea pele ho bolokiloe moqhaka oa ho loka bakeng sa ka.” (2 Timothea 4:7, 8) Joaloka Pauluse, re lokela ho matha “ho fihlela qetellong.” Haeba mamello ea rōna e qepha hobane feela peiso e batla e le telele ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng pele, re tla hlōleha ho fumana moputso oa rōna. (Baheberu 11:6) Eo e ne e tla ba tlokotsi e kaakang, kaha re le haufi haholo le ho tsoa khoeleng!
Moputso
Litlhōlisanong tsa boholo-holo tsa baatlelete tsa Greece, bahlōli ba ne ba fuoa meqhaka e entsoeng ka makhasi a lifate ’me ba roesoa mekhabiso ea lipalesa. Lipapaling tsa Delphi, bahlōli ba ne ba fumana moqhaka o entsoeng ka sehlahla sa laurel. Lipapaling tsa Olympia ba ne ba fumana meqhaka e entsoeng ka makhasi a sefate sa mohloaare, ha ka nako e tšoanang ba ne ba fuoa meqhaka e entsoeng ka phaene Lipapaling tsa Isthmus. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Bakeng sa ho tsosa ba hlōlisanang molota, nakong ea tlhōlisano meqhaka, meputso ea ho hlōla, le makala a palema li ne li lula holim’a setšehetso se maoto a mararo kapa tafoleng e behiloeng ka lebaleng la lipapali.” Ho mohlōli, ho roala moqhaka e ne e le letšoao la tlhompho e khōlō. Ha a khutlela hae, o ne a kena motseng ka tlhōlo a palame koloi ea lipere.
A hopotse sena, Pauluse o ile a botsa babali ba hae ba Korinthe: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang. . . . Joale bona, ka ho hlakileng, ba ho etsa e le hore ba ka fumana moqhaka o ka bolang, empa rōna o ke keng oa bola.” (1 Bakorinthe 9:24, 25; 1 Petrose 1:3, 4) Ke phapang e kaakang! Ho fapana le meqhaka e senyehang ea lipapaling tsa boholo-holo, moputso o letetseng ba mathang peisong ea bophelo ho isa qetellong ke o ke keng oa senyeha le ka mohla.
Ha a bua ka moqhaka ona o molemo haholoanyane, moapostola Petrose o ile a ngola: “Ha molisa ea ka sehloohong a bonahalitsoe, le tla amohela moqhaka o sa senyeheng oa khanya.” (1 Petrose 5:4) Na ho na le moputso leha e le ofe oo lefatše lena le ka fanang ka oona o ka bapisoang le ho se shoe, moputso oa bophelo bo ke keng ba bola khanyeng ea leholimo le Kreste?
Kajeno, bongata bo boholo ba limathi tsa Bakreste ha lia tlotsoa ke Molimo hore e be bara ba hae ba moea ’me ha li na tšepo ea ho phela leholimong. Ha li mathele moputso oa ho se shoe. Leha ho le joalo, Molimo o boetse o behile moputso o ke keng oa lekanngoa leha e le ofe ka pel’a tsona. Ke bophelo bo sa feleng phethehong lefatšeng la paradeise ka tlas’a ’Muso oa leholimo. Ho sa tsotellehe hore na ke moputso ofe oo semathi sa Mokreste se o phehellang, se lokela ho matha ka boikemisetso le ka sefutho ho feta semathi leha e le sefe se mathang tlhōlisanong ea baatlelete. Hobane’ng? Hobane moputso oo o ke ke oa senyeha le ka mohla: “Ho feta moo, ena ke eona ntho e tšepisitsoeng eo eena ka boeena a ileng a re tšepisa eona, bophelo bo sa feleng.”—1 Johanne 2:25.
Kaha ho e-na le moputso o joalo oo ho seng o ka bapisoang le oona ka pel’a sona, pono ea semathi sa Mokreste ka lintho tsa lefatše lee tse hohelang e lokela ho ba efe? E lokela ho tšoana le ea Pauluse, ea ileng a re: “Ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata.” Tumellanong le sena, Pauluse o ne a matha ka sekaja se sekaakang! “Barab’eso, ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso.” (Bafilippi 3:8, 13, 14) Pauluse o ne a matha a tsepamisitse mahlo moputsong. Le rōna re lokela ho etsa joalo.
Mohlala oa Rōna o Motle ka ho Fetisisa
Lipapaling tsa boholo-holo, bo-’mampoli ba ne ba hlomphuoa hohle. Liroki li ne li ngola ka bona, babetli ba litšoantšo ba ne ba betla liemahale tsa bona. Rahistori Věra Olivová o re ba ne ba “thoholetsoa hohle ’me ba thabela botumo bo fetang tekanyo.” Hape ba ne ba nkoa joaloka ba behelang bo-’mampoli ba banyenyane mohlala.
“’Mampoli” ea behelang Bakreste mohlala o molemohali ke mang? Pauluse oa arabela: “A re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna, ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheberu 12:1, 2) E, haeba re tla hlōla peisong ea rōna e isang bophelong bo sa feleng, re lokela hore ka hloko re talime ho ’Mehi-mohlala oa rōna, Jesu Kreste. Sena re ka se etsa ka ho bala litlaleho tsa Kosepele kamehla le ka ho thuisa ka litsela tseo re ka mo etsisang ka tsona. Thuto e joalo e tla re thusa ho utloisisa hore Jesu Kreste o ile a mamela Molimo le hore o ile a paka boleng ba tumelo ea hae ka mamello eo a bileng le eona. E le moputso oa mamello ea hae, o ile a fumana kamohelo ea Jehova Molimo hammoho le litokelo tse ngata tse babatsehang.—Bafilippi 2:9-11.
Ho hlakile hore tšobotsi ea Jesu e hlahelletseng haholo-holo e ne e le lerato. “Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) O ile a etsa hore lentsoe “lerato” le be le moelelo o tebileng haholoanyane ka ho re bolella hore re lokela ho rata esita le lira tsa rōna. (Matheu 5:43-48) Kaha o ne a rata Ntat’ae oa leholimo, Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Hae. (Pesaleme ea 40:9, 10; Liproverbia 27:11) Ha re talima ho Jesu joaloka ’Mehi-mohlala oa rōna le ea re etellang pele peisong e boima ea bophelo, hoo ho tla etsa hore re boele re rate Molimo le baahelani oa rōna ’me re fumane thabo ea sebele tšebeletsong ea rōna e halalelang. (Matheu 22:37-39; Johanne 13:34; 1 Petrose 2:21) Hopola hore Jesu ha a batle lintho tse ke keng tsa khoneha. Oa re tiisetsa: “Ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.
Joaloka Jesu, ho hlokahala hore re tsepamise mahlo a rōna moputsong o boloketsoeng bohle ba mamellang ho isa bofelong. (Matheu 24:13) Haeba re kopanela tlhōlisanong ho ea ka melao, haeba re hlobola boima bo bong le bo bong, le haeba re matha ka mamello, re ka kholiseha hore re tla hlōla. Pakane e larileng ka pele e re susumelletsa hore re ’ne re tsoele pele! E re fa matla a macha ka lebaka la thabo eo e re tlatsang eona, thabo e etsang hore ho be bobebe ho tsamaea tsela e ka pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Peiso ea Bokreste ke lebelo la mokoka—e hloka mamello
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho fapana le baatlelete ba fumanang meqhaka, Bakreste ba ka lebella moputso o sa senyeheng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Moputso o fumanoa ke bohle ba mamellang ho isa bofelong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Copyright British Museum