Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/1 maq. 17-21
  • U ka Mamella ho Fihlela Qetellong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Mamella ho Fihlela Qetellong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phepo e Nepahetseng ke Tlamo
  • Bashebelli ba U Susumetsang
  • Lekanyetsa Lebelo la Hao ka Bohlale
  • Lula U Talimile Moputsong
  • Ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Ho Matha ka Mamello Peisong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Matha ka Mamello Peisong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • U Ntse U Titima Joang Peisong ea Bophelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Mathang ka Tsela Eo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/1 maq. 17-21

U ka Mamella ho Fihlela Qetellong

“A re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—BAHEBERU 12:1.

1, 2. Ho mamella ho bolela’ng?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo: “Ho hlokahala hore le be le mamello.” (Baheberu 10:36) Ha a hatisa bohlokoa ba tšoaneleho ena, moapostola Petrose ka ho tšoanang o ile a phehella Bakreste: “Le eketse tumelong ea lōna . . . mamello.” (2 Petrose 1:5, 6) Empa ha e le hantle mamello ke eng?

2 Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe ea Segerike le Senyesemane e hlalosa leetsi la Segerike bakeng sa “mamella” e le “ho lula ho e-na le ho baleha . . . ho se inehele, ho phehella.” Mabapi le lereho la Segerike bakeng sa “mamello,” buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Ke moea oa ho tiisetsa lintho, eseng feela ka ho inehela, empa ka tšepo e tiileng . . . Ke tšoaneleho e etsang hore motho a eme a ntse a shebisitse sefahleho ka moeeng. Ke tšobotsi e ka fetolang teko e boima ka ho fetisisa khanya hobane ka nģ’ane ho bohloko e bona pakane.” Joale, mamello e nolofalletsa motho ho ema a tiile ha a talimane le litšitiso le mathata ’me a se ke a felloa ke tšepo. Ke bo-mang bao ka ho khetheha ba hlokang tšoaneleho ee?

3, 4. (a) Ke bo-mang bao ho hlokahalang hore ba mamelle? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho mamella ho fihlela qetellong?

3 Bakreste bohle ka tsela ea tšoantšetso ba kopanela peisong e hlokang mamello. Hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., moapostola Pauluse o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena le molekane ea tšepahalang eo a tsamaeang le eena Timothea mantsoe ana a kholisang: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7) Ka polelo e reng “ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong,” Pauluse o ne a tšoantša bophelo ba hae e le Mokreste le peiso, e nang le tsela le khole tse bontšitsoeng. Ka nako eo, Pauluse o ne a atamela khole ea peiso ea hae a hlōtse, ’me ka kholiseho o ne a lebeletse ho amohela moputso. O ile a tsoela pele a re: “Ho tloha nakong ena ho ea pele ho bolokiloe moqhaka oa ho loka bakeng sa ka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso ka letsatsi leo.” (2 Timothea 4:8) Pauluse o ne a kholisehile hore o ne a tla fumana moputso hobane o ne a mameletse ho fihlela qetellong. Ho thoe’ng ka rōna kaofela?

4 Bakeng sa ho khothatsa ba leng peisong, Pauluse o ngotse: “A re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” (Baheberu 12:1) Re le Bakreste, re kena peisong ena ea mamello ha re inehela ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. Qalo e ntle tseleng ea ho ba morutuoa ke ea bohlokoa, empa ntho ea bohlokoa ke hore re fihle qetellong ea tsela ena. Jesu o itse: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) Moputso o letetseng ba phethang peiso ena ka katleho ke bophelo bo sa feleng! Kahoo, kaha re ipehetse pakane e itseng, re tlameha ho mamella ho fihlela qetellong. Ke’ng se tla re thusa ho finyella pakane eo?

Phepo e Nepahetseng ke Tlamo

5, 6. (a) Re lokela ho lebisa tlhokomelo ho eng, e le hore re mamelle peisong ea bophelo? (b) Re lokela ho sebelisa litokisetso life tsa moea, hona hobane’ng?

5 Pel’a motse oa Korinthe, Greece, ho ne ho e-na le sebaka seo Lipapali tsa Isthmus tse tummeng li neng li bapalloa ho sona linakong tsa boholo-holo. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a hlokomela hore barab’abo rōna ba Korinthe ba ne ba tloaelane le litlhōlisano tsa liatlelete le litlhōlisano tse ling tse neng li tšoareloa moo. A itšetlehile ka tsebo ea bona, o ile a ba hopotsa ka peiso ea bophelo eo ba neng ba le ho eona: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.” Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba ho lula peisong le ho hatela pele ho fihlela e phethoa. Empa ba ne ba tla thusoa ke eng ho etsa joalo? O ile a eketsa: “Monna e mong le e mong ea nkang karolo tlhōlisanong o sebelisa boitšoaro linthong tsohle.” E, ba neng ba kenela litlhōlisano tsa lipapali tsa boholo-holo ba ne ba ikoetlisa ka matla, ba e-ba hlokolosi ka seo ba se jang le seo ba se noang, ’me ba laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang e le hore ba ka hlōla.—1 Bakorinthe 9:24, 25.

6 Ho thoe’ng ka peiso eo Bakreste ba e kenetseng? Moholo e mong oa phutheho ea Lipaki tsa Jehova o re: “U tlameha ho lebisa tlhokomelo phepong ea hao ea moea e le hore u tle u mamelle peisong ea bophelo.” Nahana ka lijo tsa moea tseo Jehova, “Molimo ea fanang ka mamello,” a re fileng tsona. (Baroma 15:5) Mohloli oa rōna o ka sehloohong oa phepo ea moea ke Lentsoe la hae, Bibele. Na re ke ke ra ba le kemiso e ntle ea ho bala Bibele? Ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” Jehova o boetse o fane ka likoranta tse nakong tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng. (Matheu 24:45) Ho khothalla ho ithuta tsona ho tla re matlafatsa moeeng. E, re lokela ho nka nako—‘re reke nako e loketseng’—bakeng sa thuto ea botho.—Baefese 5:16.

7. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khotsofalla feela ho tseba lithuto tsa motheo tsa Bokreste? (b) Re lokela ho ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng’ joang?

7 Hore re lule tseleng ea ho ba barutuoa ba Bakreste, ho hlokahala hore re fetele ka nģ’ane ho “thuto ea mathomo” ’me re ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheberu 6:1) Ka hona, re lokela ho hlaolela thahasello ‘bophareng le boleleleng le bophahamong le botebong’ ba ’nete ’me re iphepe ka “lijo tse tiileng . . . tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng.” (Baefese 3:18; Baheberu 5:12-14) Ka mohlala, nahana ka litlaleho tse ’nè tse tšepahalang tsa bophelo ba Jesu ba lefatšeng—Likosepele tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ka ho ithuta litlaleho tsena tsa Kosepele ka hloko, re ke ke ra tseba feela lintho tseo Jesu a ileng a li etsa le hore na e ne e le motho oa mofuta ofe empa hape re tla tseba tsela ea ho nahana e neng e susumetsa liketso tsa hae. Joale re ka ‘ba le kelello ea Kreste.’—1 Bakorinthe 2:16.

8.Liboka tsa Bokreste li re thusa joang ho mamella peisong ea bophelo?

8 Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Liboka tsa Bokreste ke mohloli o mokaakang oa khothatso! ’Me ho khatholla hakaakang ho ba le bara le barali babo rōna ba lerato ba re thahasellang le ho batla ho re thusa ho mamella ho fihlela qetellong! Re ke ke ra khona ho nka tokisetso ena e lerato e tsoang ho Jehova habobebe. Ka thuto ea rōna ea botho e etsoang ka mafolofolo le ho ba teng libokeng kamehla, a re ‘beng ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.’—1 Bakorinthe 14:20.

Bashebelli ba U Susumetsang

9, 10. (a) Bashebelli e ka ba mohloli oa khothatso joang peisong ea mamello? (b) ‘Leru le leholo la lipaki le re pota-potileng’ le boletsoeng ho Baheberu 12:1 ke eng?

9 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na semathi se itokisitse hakae, ho ka ’na ha e-ba le lintho tse etsahalang tseleng tse ka etsang hore se khoptjoe. Pauluse o ile a botsa: “Le ne le matha hantle. Ke mang ea ileng a le sitisa hore le ’ne le tsoele pele ho mamela ’nete?” (Bagalata 5:7) Ka sebele, Bakreste ba bang ba Galatia ba ile ba e-ba le metsoalle e mebe ’me, ka lebaka la eona, ba ile ba khelosoa peisong ea bona ea bophelo. Ka lehlakoreng le leng, tšehetso le khothatso tsa ba bang li ka etsa hore ho be bonolo haholoanyane ho mamella peisong. Sena se tšoana haholoanyane le tšusumetso eo bashebelli ba papali ba ka bang le eona ho ba bapalang. Matšoele a chesehang a totisa thabo e etsang hore ba hlōlisanang ba lule ba susumeletsehile ho tloha qalong ho fihlela qetellong. Litlatse tsa bashebelli, hangata ha li kopana le ’mino o binoang ka mantsoe a phahameng le ho opa liatla, li ka fa libapali khothatso e eketsehileng eo li e hlokang ha li ntse li atamela qetellong. Ka sebele, bashebelli ba thoholetsang ba ka ba le tšusumetso e molemo ho ba leng peisong.

10 Peisong ea bophelo eo Bakreste ba e kenetseng, bashebelli ke bo-mang? Ka mor’a ho thathamisa lipaki tse tšepahalang tsa Jehova tsa pele ho Bokreste, joalokaha li tlalehiloe khaolong ea 11 ea Baheberu, Pauluse o ile a ngola: “Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, . . . a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rona.” (Baheberu 12:1) Ha a sebelisa papiso ea leru, Pauluse ha aa ka a sebelisa lentsoe la Segerike le hlalosang leru leo litšobotsi tsa lona tse ka sehloohong li bontšitsoeng ka ho hlaka, la boholo bo tobileng le sebōpeho se tobileng. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa leo ho latela mongoli oa buka e hlalosang mantsoe W. E. Vine le “bolelang maru a teteaneng a se nang sebōpeho a koahetseng maholimo.” Ho hlakile hore Pauluse o ne a nahanne ka letšoele le leholo la lipaki—tse ngata hoo li neng li tšoana le maru a teteaneng.

11, 12. (a) Ka puo ea tšoantšetso, lipaki tse tšepahalang tsa pele ho Bokreste li ka re thoholetsa joang hore re mathe peiso ka mamello? (b) Re ka rua molemo o feletseng haholoanyane joang ‘lerung le leholo la lipaki’?

11 Na lipaki tse tšepahalang tsa pele ho Bokreste e ka ba bashebelli ba sebele ba kajeno? Le hanyenyane. Kaofela li robetse lefung, li emetse tsoho. Leha ho le joalo, tsona ka botsona e ne e le limathi tse atlehang ha li sa ntse li phela, ’me mehlala ea tsona e sa ntse e le teng tlalehong ea Bibele. Ha re ntse re ithuta Mangolo, bana ba tšepahalang ba ka phela likelellong tsa rōna ’me ka puo ea tšoantšetso ba ka re thoholetsa hore re phethe peiso ena.—Baroma 15:4.a

12 Ka mohlala, ha menyetla ea lefatše e re hohela, na ho hlahloba kamoo Moshe a ileng a hana khanya ea Egepeta ho ke ke ha re susumelletsa ho lula tseleng? Haeba ho bonahala hore teko eo re talimaneng le eona e matla, ho hopola teko e matla eo Abrahama a ileng a talimana le eona ha a ne a kōptjoa ho nyehela mora oa hae Isaka ho ka hla ha re khothalletsa hore re se ke ra tela ntoeng ea tumelo. Tekanyo eo ka eona ‘leru lena le leholo’ la lipaki le re susumetsang tseleng ena e itšetlehile ka hore na re li bona hantle hakae ka mahlo a rōna a kutloisiso.

13. Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li re susumelletsa ketsong ka tsela efe peisong ea bophelo?

13 Hape re pota-potiloe ke Lipaki tsa Jehova tse ngata haholo mehleng ea kajeno. Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le banna le basali ba “bongata bo boholo” ba behile mohlala o motle hakaakang oa tumelo! (Tšenolo 7:9) Re ka bala lipale tsa bophelo ba bona nako le nako makasineng ena le ho lingoliloeng tse ling tsa Watch Tower.b Ha re ntse re nahana ka tumelo ea bona, re khothalletsoa ho mamella ho fihlela qetellong. ’Me ho babatseha hakaakang ho ba le tšehetso ea metsoalle e haufi le beng ka rōna ba sebeletsang Jehova ka botšepehi! E, ho na le ba bangata ba ka re susumelletsang ketsong peisong ena ea bophelo.

Lekanyetsa Lebelo la Hao ka Bohlale

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lekanyetsa lebelo la rōna ka bohlale? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le kahlolo e molemo ha re ipehela lipakane?

14 Ha semathi se matha peisong eo ho eona ho mathoang sebaka se selelele, e kang lebelo la mokoka, se lokela ho lekanyetsa lebelo la sona ka bohlale. Makasine ea New York Runner e re: “Ho matha haholo li sa tloha feela ho ka ’na ha fella ka ho hlōleha. Phello e ka ’na ea e-ba ho kikitlela ka nako e telele limaeleng [lik’hilomithareng] tse ’maloa tse qetellang kapa ho tlohela.” Semathi se seng sa lebelo la mokoka sea hopola: “Sebui se neng se bua thutong eo ke bileng ho eona ha ke ne ke itokisetsa peiso e itseng se ile sa lemosa ka ho hlaka: ‘U se ke ua leka ho bapa le limathi tse mathang kapele. Matha ka lebelo la hao. Ho seng joalo u tla khathala ’me u ka ’na ua tlameha ho tlohela.’ Ho ela hloko keletso ena ho ile ha nthusa hore ke phethe peiso eo.”

15 Peisong ea bophelo, bahlanka ba Molimo ba lokela ho ikitlaetsa ka matla. (Luka 13:24) Leha ho le joalo, morutuoa Jakobo o ile a ngola: ‘Bohlale bo tsoang holimo bo . . . na le kahlolo e molemo.’ (Jakobo 3:17) Le hoja mohlala o motle oa ba bang o ka re khothalletsa ho etsa ho eketsehileng, ho ba le kahlolo e molemo ho tla re thusa ho ipehela lipakane tsa sebele ho latela matla a rōna le maemo. Mangolo aa re hopotsa: “E mong le e mong a a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, ’me joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong. Etsoe e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagalata 6:4, 5.

16. Boinyenyefatso bo re thusa joang ha re lekanyetsa lebelo la rōna?

16 Ho Mikea 6:8, re botsoa potso ena e susumetsang motho ho nahana ka ho teba: “Jehova o batla eng ho uena haese . . . ho inyenyefatsa ho tsamaeeng ha hao le Molimo oa hao?” Boinyenyefatso bo akarelletsa ho hlokomela mefokolo ea rōna. Na ho kula kapa ho hōla ho fokotsa seo re ka se etsang tšebeletsong ea Molimo? A re se keng ra nyahama. Jehova o amohela boiteko ba rōna le boitelo ‘ho ea ka seo re nang le sona, eseng ho ea ka seo re se nang sona.’—2 Bakorinthe 8:12; bapisa le Luka 21:1-4.

Lula U Talimile Moputsong

17, 18. Jesu o ile a thusoa hore a mamelle thupa ea tlhokofatso ke ho lula a lebeletse eng?

17 Ha a bontša Bakreste ba Korinthe tlhokahalo ea ho mamella peisong ea bophelo, Pauluse o ile a bua ka karolo e ’ngoe ea Lipapali tsa Isthmus eo ho neng ho le molemo hore ba e ele hloko. Mabapi le ba hlōlisanang lipapaling tseo, Pauluse o ile a ngola: “Joale bona, ka ho hlakileng, ba [mathela] ho fumana moqhaka o ka bolang, empa rōna o ke keng oa bola. Ka hona, tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka ba ea otlang moea.” (1 Bakorinthe 9:25, 26) Moputso oa ea hlōlang lipapaling tseo tsa boholo-holo e ne e le moqhaka, kapa khare, e entsoeng ka makhasi a phaene kapa limela tse ling, kapa esita le celery ea naheng e ommeng—ka sebele ke “moqhaka o ka bolang.” Leha ho le joalo, Bakreste ba mamellang ho fihlela qetellong ba letetsoe ke eng?

18 Ha moapostola Pauluse a bua ka ’Mehi-mohlala oa rōna, Jesu Kreste, o ile a ngola: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheberu 12:2) Jesu o ile a mamella ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae ba motho oa nama ka ho talima moputsong oa hae ka nģ’ane ho thupa ea tlhokofatso, e leng o akarelletsang thabo eo a nang le eona ho tlatsetseng khalaletsong ea lebitso la Jehova, ho rekolleng lelapa la motho lefung le ho buseng e le Morena le Moprista ea Phahameng ha a ntse a busetsa batho ba ikokobelitseng bophelong bo sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Matheu 6:9, 10; 20:28; Baheberu 7:23-26.

19. Re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna ho eng ha re ntse re phehella tsela ea borutuoa ba Bokreste?

19 Nahana ka thabo e behiloeng ka pel’a rōna ha re ntse re phehella tsela ea borutuoa ba Bokreste. Jehova o re file mosebetsi o khotsofatsang ka mokhoa o tebileng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le oa ho fa ba bang tsebo ea Bibele e pholosang bophelo. (Matheu 28:19, 20) Ho thabisa hakaakang ho fumana e mong ea thahasellang Molimo oa ’nete le ho mo thusa ho kena peisong ea bophelo! ’Me ho sa tsotellehe karabelo ea batho bao re ba pakelang, ke tokelo ho ba le karolo mosebetsing o amanang le ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Ha re mamella tšebeletsong ho sa tsotellehe ho iphapanya kapa khanyetso ea ba leng tšimong eo re pakang ho eona, re thabisoa ke ho thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) ’Me moputso o moholo oo a re tšepisang oona ke bophelo bo sa feleng. E tla ba bo thabisang hakaakang! Ho hlokahala hore re lule re lebeletse litlhohonolofatso tsena ’me re tsoele pele peisong.

Ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

20. Peiso ea bophelo e ka ’na ea e-ba boima haholoanyane joang ha e se e tla fela?

20 Peisong ena ea bophelo, re tlameha ho loana le sera sa rōna se seholo, Satane Diabolose. Ha re ntse re atamela bofelo, ha a khaotse ho leka ho re khopa kapa ho etsa hore re khoehlise. (Tšenolo 12:12, 17) ’Me ha ho bonolo ho tsoela pele re le baboleli ba ’Muso ba inehetseng le ba tšepahalang ka lebaka la lintoa, litlala, mafu a seoa le mathata a mang ’ohle a tšoaeang ‘nako ea bofelo.’ (Daniele 12:4; Matheu 24:3-14; Luka 21:11; 2 Timothea 3:1-5) Ho feta moo, ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka bofelo bo hōle ho feta kamoo re neng re lebeletse, haholo-holo haeba re kene peisong lilemong tse mashome tse fetileng. Empa, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore bofelo bo tla tla. Jehova o re bo ke ke ba lieha. Bofelo ha bo hōle.—Habakuke 2:3; 2 Petrose 3:9, 10.

21. (a) Re tla matlafatsoa ke eng ha re ntse re tsoela pele peisong ea bophelo? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng ha bofelo bo ntse bo atamela?

21 Joale hore re atlehe peisong ea bophelo, re lokela ho fumana matla ho seo Jehova a faneng ka sona ka lerato bakeng sa phepo ea rōna ea moea. Re boetse re hloka khothatso eohle eo re ka e fumanang ka ho kopanela kamehla le balumeli-’moho le rōna, bao le bona ba mathang peisong ena. Esita leha mahloriso a matla le liketsahalo tse sa lebelloang tseleng li ka etsa hore peiso ea rōna e be boima haholoanyane, re ka mamella ho fihlela qetellong hobane Jehova o fana ka “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o batla hore re phethe tsela ena re hlōtse! Re ikemiselitse ka tieo, “a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna,” re kholisehile ka ho feletseng hore “ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Baheberu 12:1; Bagalata 6:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhahlobo ea Baheberu 11:1–12:3, bona Molula-Qhooa oa January 15, 1987, leqepheng la 10-20.

b Mehlala e meng ea morao tjena ea liphihlelo tse joalo tse khothatsang e ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa June 1, 1998, leqepheng la 28-31; September 1, 1998, leqepheng la 24-8; February 1, 1999, leqepheng la 25-9.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho mamella ho fihlela qetellong?

◻ Ke litokisetso life tsa Jehova tseo re sa lokelang ho li hlokomoloha?

◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lekanyetsa lebelo la rōna ka bohlale?

◻ Ke thabo efe e behiloeng ka pel’a rōna ha re ntse re tsoela pele peisong?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Fumana khothatso libokeng tsa Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela