Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 2/1 maq. 25-29
  • Ho Fumana Thabo ho Jehova ho sa Tsotellehe Liteko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Thabo ho Jehova ho sa Tsotellehe Liteko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qaleho e Nyenyane
  • Liteko Tse Eketsehileng le Thabo
  • Khatelo-pele ea Puso ea Molimo Sehlekehlekeng
  • Kolobetso le Khōlo e Tsitsitseng
  • Kopano e Hlollang ea Thato ea Molimo
  • Ho Finyella Pakane ea Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Litlhohonolofatso tse Enneng Tsa Nakong e Fetileng le Tsa ka Moso
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 2/1 maq. 25-29

Ho Fumana Thabo ho Jehova ho sa Tsotellehe Liteko

JOALOKAHA HO BOLETSE GEORGE SCIPIO

Ka December 1945, ke ne ke robetse kamoreng ea bakuli sepetlele, ke shoele litho ka ho feletseng kantle ho matsoho le maoto. Ke ne ke nahana hore boemo bona ba ka ke ba nakoana, empa ba bang ba ne ba sa lumele hore ke tla boela ke tsamaee hape. E ne e le teko e kaakang bakeng sa mocha ea morolo ea lilemo li 17! Ha kea ka ka itumella ho nka ponelo-pele eo ea bona e le ’nete. Ke ne ke e-na le merero e mengata, ho kopanyelletsa oa leeto la ho ea Engelane le mohiri oa ka selemong se latelang.

KE NE ke le mohlaseluoa oa lefu la seoa la pholio le neng le hlasetse sehlekehleke sa rōna sa St. Helena. Le ile la bolaea batho ba 11 ’me la siea ba bangata ba holofetse. Ha ke robetse moo betheng, ke bile le nako e ngata ea ho nahana ka bophelo ba ka bo bokhutšoanyane le ka bokamoso ba ka. Ha ke ntse ke nahana joalo, ke ile ka lemoha hore ho sa tsotellehe mahlomola ao a ka, ke ne ke e-na le lebaka la ho thaba.

Qaleho e Nyenyane

Ka 1933 ha ke ne ke le lilemo li hlano, Ntate, Tom, eo e neng e le lepolesa ebile e le modiakone Kerekeng ea Baptiste, o ile a fumana libuka ho Lipaki tsa Jehova tse peli. E ne e le baevangeli ba nako e tletseng, kapa bo-pula-maliboho ba neng ba etetse sehlekehlekeng sa rōna ka nako e khutšoanyane.

E ’ngoe ea libuka tseo e ne e bitsoa The Harp of God. Ntate o ile a e sebelisa ho ithuta Bibele le lelapa leso le batho ba ’maloa ba neng ba thahasella. E ne e le boitsebiso bo thata ’me ke ne ke utloisisa bo fokolang feela. Empa ke hopola ke tšoaea Bibeleng ea ka lengolo le leng le le leng leo re neng re le tšohla. Ntate o ile a hlokomela ka potlako hore seo re neng re ithuta sona ke ’nete le hore se fapane le seo a neng a se ruta Kerekeng ea Baptiste. O ile a qala ho e bolella ba bang ’me a ruta a le sefaleng hore ha ho na Boraro-bo-bong, mollo oa lihele le moea o sa shoeng. Sena se ile sa tsosa pherekano e khōlō kerekeng.

Qetellong, ho ile ha tšoaroa seboka sa kereke hore ho rarolloe bothata boo. Ho ile ha botsoa potso, “Ke bo-mang ba emang ka lehlakoreng la Mabaptiste?” Boholo bo ile ba ema le ’ona. Potso e latelang e ile ea e-ba, “Ke bo-mang ba emang ka lehlakoreng la Jehova?” E ile ea e-ba batho ba ka bang 10 kapa 12. Ba ile ba lelekoa kerekeng.

Ena e ne e le qaleho e nyenyane ea bolumeli bo bocha St. Helena. Ntate o ile a ikopanya le ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e United States ’me a kōpa keramafono e khōlō hore a tsebe ho bapalla batho lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. O ile a bolelloa hore mochine oo o ne o le moholo haholo bakeng sa ho romeloa St. Helena. Ho ile ha romeloa keramafono e nyenyane, ’me hamorao barab’abo rōna ba ile ba odara tse ling hape tse peli. Ba ile ba tsamaea ka maoto le ka litonki ho pholletsa sehlekehleke sena, ba isa molaetsa ho batho.

Ha molaetsa o phatlalla, khanyetso le eona e ile ea tota. Sekolong, bana ba ne ba bina: “Tl’o utloeng, tl’o utloeng bente ea keramafono ea Tommy Scipio!” Sena e ne e le teko e matla ho ’na, ngoana ea kenang sekolo ea neng a batla ho amoheloa ke lithaka tsa hae. Ke eng e ileng ea nthusa hore ke mamelle?

Lelapa leso le leholo—la bana ba tšeletseng—le ne le e-ba le thuto ea lelapa ea Bibele kamehla. Re ne re boetse re bala Bibele kaofela hoseng ho hong le ho hong pele ho lijo tsa hoseng. Ha ho pelaelo hore sena ke sona se thusitseng lelapa leso haholo hore le tsoele pele le tšepahala ’neteng ka lilemo-lemo. ’Na ka bonna ke bile le lerato la Bibele ke sa le monyenyane haholo, ’me ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka tsoela pele le mokhoa oo oa ho bala Bibele kamehla. (Pesaleme ea 1:1-3) Nakong ea ha ke tlohela sekolo ke le lilemo li 14, ke ne ke tsitsitse ’neteng, ’me ke ne ke e-na le pelo e tšabang Jehova. Sena se ile sa etsa hore ke fumane thabo ho Jehova ho sa tsotellehe liteko tseo.

Liteko Tse Eketsehileng le Thabo

Ha ke robetse betheng eo ea bakuli ke ntse ke nahana ka lilemo tseo tsa pele le ka seo bokamoso ba ka bo ka ’nang ba e-ba sona, ke ne ke tseba ka seo ke ithutileng sona Bibeleng hore bokuli boo e ne e se teko e itseng kapa kotlo e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:12, 13) Leha ho le joalo, pholio e ne e le teko e bohloko, ’me liphello tsa eona li ne li tla sala le ’na bophelong bohle ba ka.

Ha ke fola, ke ile ka tlameha ho ithuta ho tsamaea hape. Ho hong hape, mesifa e meng liphakeng tsa ka e ne e se e sa sebetse. Ha ke tsebe hore na ke ne ke e-oa ka makhetlo a makae letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, ka thapelo e tiileng le boiteko ba kamehla, ka 1947 ke ile ka khona ho tsamaea ke ikokotlela ka lere.

Nakong eo, ke ile ka ratana le moroetsana e mong, Doris, ea neng a e-na le tumelo e tšoanang le ea ka ea bolumeli. Re ne re le banyenyane haholo hore re nahane ka lenyalo, empa seo se ile sa ntšusumelletsa hore ke tsoele pele ho ntlafatsa ho tsamaea ha ka. Ke ile ka tlohela le mosebetsi oa ka ka lebaka la hobane moputso o ne o le monyenyane bakeng sa hore nka nyala, ’me ke ile ka ipulela laboratori e sebetsanang le meno, e ileng ea sebetsa ka lilemo tse peli tse latelang. Re ile ra nyalana ka 1950. Ka nako eo, ke ne ke fumane chelete e lekaneng ho reka koloi e nyenyane. Joale ke ne nka isa barab’abo rōna libokeng le tšebeletsong ea tšimo.

Khatelo-pele ea Puso ea Molimo Sehlekehlekeng

Ka 1951, Mokhatlo o ile oa re romella moemeli oa oona oa pele. Enoa e ne e le Jacobus van Staden, mohlankana ea tsoang Afrika Boroa. Re ne re sa tsoa thothela ntlong e khōlō, kahoo re ile ra khona ho lula le eena selemo sohle. Kaha ke ne ke itšebetsa, re ne re qeta nako e ngata re le ’moho mosebetsing oa boboleli, ’me ke ile ka fumana koetliso ea bohlokoa haholo ho eena.

Jacobus, kapa Koos kamoo rōna re neng re ’mitsa kateng, o ile a hlophisa liboka tsa kamehla tsa phutheho, tseo kaofela ha rōna re ileng ra kopanela ho tsona ka thabo. Re ne re e-na le bothata ba lipalangoang hobane ho ne ho e-na le likoloi tse peli feela bathong bohle ba thahasellang. Sebaka sa mona se matsutla-tsutla ’me se maralla, ’me mehleng eo litsela tse ntle li ne li fokola. Ka hona, e ne e hlile e le mosebetsi ho finyellisa bohle libokeng. Ba bang ba ne ba tsamaea ka maoto esale ka matjeke. Ke ne ke palamisa ba bararo ka koloing ea ka e nyenyane ’me ke ba behe sebakanyana. Ba ne ba theoha ebe ba tsoela pele ka maoto. Ke ne ke khutlela morao, ke nka ba bang ba bararo ke ba bee sebakanyana, ba theohe e be kea khutla. Qetellong, bohle ba ne ba e-ba teng libokeng ka mokhoa ona. Ka mor’a liboka, re ne re sebelisa mokhoa o tšoanang hore e mong le e mong a fihle hae.

Koos o ile a boela a re ruta kamoo re ka behang taba ka katleho kateng matlong. Re ’nile ra ba le liphihlelo tse ngata tse monate, ’me tse ling li ne li se monate hakaalo. Empa thabo eo re bileng le eona tšebeletsong ea tšimo e feta hōle liteko tsohle tse ileng tsa bakoa ke ba neng ba le khahlanong le mosebetsi oa rōna oa boboleli. Hoseng ha letsatsi le leng, ke ne ke sebetsa le Koos. Ha re atamela monyako o mong, re ile ra utloa motho ea buang ka hare. Monna e mong o ne a balla Bibele holimo. Re ne re utloa ka ho hlaka mantsoe a tloaelehileng a Esaia khaolo ea bobeli. Ha a bala temana ea bone, re ile ra kokota. Monna-moholo ea botsoalle o ile a re re kene ka tlung, ’me re ile ra sebelisa Esaia 2:4 ho mo hlalosetsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena le hoja a ne a lula sebakeng se tšopholi. Re ne re tlameha ho theoha leralla, re tšele nōka ka ho hata holim’a majoe, re nyolose leralla le leng hape, e be hona re theohelang ha hae. Empa boiteko boo bo ne bo tšoaneleha. Monna-moholo enoa oa moikokobetsi o ile a amohela ’nete ’me a kolobetsoa. E le hore a fihle libokeng, o ne a ikokotlela ka mare a mabeli ho ea fihla moo ke neng nka khona ho mo nka teng hore a qetele tsela ka koloi. Hamorao, o ile a hlokahala e le Paki e tšepahalang.

Mokomishinara oa mapolesa o ne a hanyetsa mosebetsi oa rōna ’me ka makhetlo o ile a fana ka tšoso ea hore o tla leleka Koos sehlekehlekeng sena. O ne a bitsa Koos hang ka khoeli ho tla mo botsa lipotso. Taba ea hore kamehla Koos o ne a mo arabela ka ho toba ka Bibele e ne e mo senya pelo le ho feta. Ketsahalong ka ’ngoe, o ne a lemosa Koos hore o tlameha ho khaotsa ho bolela, empa o ne a fumana bopaki lekhetlo le leng le le leng. O ile a tsoela pele ho hanyetsa mosebetsi oo le ka mor’a hore Koos a tlohe St. Helena. Joale mokomishinara eo, eo e neng e le monna oa sehanyata, o ile a kula ka tšohanyetso ’me a ota haholo. Lingaka ha lia ka tsa fumana hore na o jeoa ke eng. Ka lebaka leo, o ile a tloha sehlekehlekeng sena.

Kolobetso le Khōlo e Tsitsitseng

Ka mor’a hore Koos a be sehlekehlekeng likhoeli tse tharo, o ile a bona ho tšoaneleha hore a phethe mosebetsi oa ho kolobetsa. E ile ea e-ba bothata ho fumana letamo le tšoanelehang. Re ile ra etsa qeto ea ho cheka letangoana, ho le lila ka samente le ho le tlatsa metsi. Bosiung ba pele ho letsatsi leo ho tla kolobetsoa ka lona, pula e ile ea na, ’me re ile ra thaba letsatsi le hlahlamang ha re fumana letangoana leo le tletse tsoete!

Hoseng ha Sontaha seo, Koos o ile a fana ka puo ea kolobetso. Ha a kōpa hore ba eang kolobetsong ba eme, re ile ra ema re le 26 ’me ra arabela lipotso tse tloaelehileng. Re bile le tokelo ea ho ba Lipaki tsa pele tsa ho kolobetsoa sehlekehlekeng sena. Leo e bile letsatsi la thabo e fetisisang ho ’na hobane kamehla ke ne ke ngongoreha hore Armagedone e tla fihla ke e-s’o kolobetsoe.

Ho ile ha qetella ho thehiloe liphutheho tse peli, e ’ngoe Levelwood ’me e ’ngoe Jamestown. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ba bararo kapa ba bane ba rōna ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse 13 ho ea phuthehong e ’ngoe ho ea tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso ka Moqebelo mantsiboea. Ka mor’a tšebeletso ea tšimo ka Sontaha hoseng, re ne re khutla ’me re ba le liboka tsona tseo, ’moho le Thuto ea Molula-Qhooa phuthehong ea rōna motšehareng oa mantsiboea le ka shoalane. Kahoo, mafelo-beke a rōna a ne a tletse ka mesebetsi e thabisang ea puso ea Molimo. Ke ne ke lakatsa ho etsa mosebetsi oa boboleli ka nako e tletseng, empa ke ne ke e-na le lelapa leo ke lokelang ho le hlokomela. Kahoo, ka 1952, ke ile ka khutlela mosebetsing oa ’muso ke le ngaka ea meno e sebetsang nako e tletseng.

Ka 1955, baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo, balebeli ba potoloho, ba ile ba qala ho etela sehlekehleke sena selemo le selemo, ’me karolo e ’ngoe ea nako ba ne ba lula haka nakong ea ketelo ea bona. Ba ile ba e-ba le tšusumetso e ntle lelapeng la rōna. Ka nako e batlang e tšoana, le ’na ke ile ka ba le tokelo ea ho kopanela ho bontšeng lifilimi tse tharo tsa Mokhatlo ho pholletsa le sehlekehleke sena.

Kopano e Hlollang ea Thato ea Molimo

Ka 1958, ke ile ka boela ka tlohela mosebetsi oa ’muso e le hore nka ba teng Kopanong ea Machaba ea Thato ea Molimo e neng e le New York. Kopano eo e bile ea bohlokoa haholo bophelong ba ka—e leng ketsahalo e ileng ea mpha lebaka le matla la ho fumana thabo ho Jehova. Ka lebaka la ho haella ha lipalangoang tsa kamehla sehlekehlekeng sena, re ile ra ba sieo likhoeli tse hlano le halofo. Kopano eo e ile ea nka matsatsi a robeli, ’me lenaneo le ne le qala ka hora ea borobong hoseng ho fihlela ka hora ea borobong bosiu. Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla ke khathalang ’me ke ne ke lebella ka cheseho letsatsi ka leng. Ke ile ka ba le tokelo ea ho emela St. Helena metsotso e ’meli lenaneong. Ho bua ka har’a letšoele le leholo joalo Yankee Stadium le Polo Grounds e ne e le phihlelo e tšosang.

Kopano eo e ile ea matlafatsa qeto ea ka ea ho bula maliboho. Puo ea phatlalatsa e neng e re, “’Muso oa Molimo oa Busa—Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?,” e ne e khothatsa ka ho ikhethileng. Ka mor’a kopano, re ile ra etela ntlo-khōlō ea Mokhatlo Brooklyn ’me ra bontšoa fektheri. Ke ile ka bua le Mor’abo rōna Knorr eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka tsoelo-pele ea mosebetsi St. Helena. O ile a re a ka rata ho etela sehlekehleke seo ka letsatsi le leng. Re ile ra khutla le litheipi tse rekotiloeng tsa lipuo tsohle hammoho le litšoantšo tsa mofuta oa libaesekopo tsa kopano ho tla li mamelisa le ho li bontša malapa a rōna le metsoalle.

Ho Finyella Pakane ea Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ha ke se ke khutlile, ke ile ka boela ka fuoa mosebetsi hona moo ke neng ke sebetsa teng pele kaha ho ne ho se na ngaka ea meno sehlekehlekeng sena. Leha ho le joalo, ke ile ka hlalosa hore ke ikemiselitse ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka mor’a lipuisano tse ngata, ho ile ha lumellanoa hore nka sebetsa matsatsi a mararo ka beke, empa ke fumana moputso o phahameng ho feta oa ha ke ne ke sebetsa matsatsi a tšeletseng ka beke. Mantsoe a Jesu a ile a ipaka e le ’nete: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Ho tsamaea libaka tse maralla tsa sehlekehlekeng mona ka maoto a ka a fokolang ho ne ho se bonolo kamehla. Leha ho le joalo, ke butse maliboho ka lilemo tse 14 ’me ke khonne ho thusa baahi-’moho le ’na ba bangata mona sehlekehlekeng hore ba tsebe ’nete—lebaka la hore ruri ke thabe haholo.

Ka 1961, ’muso o ile oa batla ho nthomella Lihlekehlekeng tsa Fiji bakeng sa koetliso ea mahala ea lilemo tse peli, e le hore nka ba ngaka ea meno e tšoanelehang ka ho feletseng. Ba ile ba fana le ka monyetla oa hore ke tsamaee le lelapa la ka. Ena e ne e le kōpo e behang motho tekong, empa ka mor’a ho nahanisisa hantle, ke ile ka e hana. Ke ne ke sa batle ho siea barab’eso nako e telele hakaalo le ho lahla tokelo eo ke neng ke e-na le eona ea ho ba sebeletsa. Ofisiri e ka sehloohong ea tsa bongaka e neng e hlophiselitse leeto leo e ile ea utloa bohloko haholo. E ile ea re: “Haeba u nahana hore bofelo bo haufi haholo, u ntse u ka sebelisa chelete eo u tla e fumana hona joale.” Empa ke ile ka ema ke tiile.

Selemo se latelang ke ile ka memeloa ho ea ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso Afrika Boroa, thupelo ea khoeli bakeng sa balebeli ba phutheho. Re ile ra fuoa koetliso ea bohlokoa e ileng ea re thusa hore re hlokomele likabelo tsa liphutheho tsa rōna ka mokhoa o atlehang. Ka mor’a sekolo seo, ke ile ka fumana koetliso e eketsehileng ka ho sebetsa le molebeli ea tsamaeang. Joale ka lilemo tse fetang leshome, ke ile ka sebeletsa liphutheho tse peli St. Helena ke le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo. Hamorao, bara ba bang babo rōna ba tšoanelehang ba ile ba fumaneha ’me ha sebelisoa mokhoa oa ho fapanyetsana.

Ka nako eo, re ne re tlohile Jamestown re ile Levelwood moo tlhokahalo e neng e le khōloanyane, ’me re ile ra lula teng lilemo tse leshome. Nakong ena, ke ne ke se na nako ea ho phomola—ke ne ke bula maliboho, ke sebeletsa ’muso matsatsi a mararo, ke bile ke e-na le lebenkele le lenyenyane la korosari. Ho phaella moo, ke ne ke sebetsa litaba tsa phutheho, ’me ’na le mosali oa ka re ne re hlokomela lelapa la rōna la bana ba bane. E le ho ipebofaletsa, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka oa matsatsi a mararo, ka rekisa lebenkele ’me ka isa lelapa lohle phomolong ea likhoeli tse tharo Cape Town, Afrika Boroa. Ka mor’a moo, re ile ra ea Sehlekehlekeng sa Ascension ’me ra lula moo selemo. Ka nako eo, re ile ra khona ho thusa ba bangata hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele.

Ha re se re khutletse St. Helena, re ile ra khutlela hape Jamestown. Re ile ra nchafatsa ntlo e neng e kopane le Holo ea ’Muso. Bakeng sa boipheliso, ’na le mora oa ka John re ile ra fetola vene ea Ford koloi ea ho rekisa ice cream, ’me re ile ra rekisa ice cream ka lilemo tse hlano tse latelang. Nakoana ka mor’a ho qala khoebo eo, ke ile ka hlaheloa ke kotsi ka vene eo. E ile ea phethoha ’me ea mpitla maoto. Ka lebaka leo, methapo e ka tlas’a mangole e ile ea shoa, ’me ho ile ha nkuka likhoeli tse tharo hore ke fole.

Litlhohonolofatso tse Enneng Tsa Nakong e Fetileng le Tsa ka Moso

Ka lilemo tse ngata, re bile le litlhohonolofatso tse ngata—mabaka a eketsehileng a ho ba ea thabileng. E ’ngoe ea tsona e bile leeto leo re neng re le nke ho ea kopanong ea kakaretso Afrika Boroa ka 1985, haesita le ho etela lehae le lecha la Bethele le neng le sa ntse le hahuoa. E ’ngoe e bile ea ho kenya ha ka le mora oa ka John letsoho ho hahuoeng ha Holo e ntle ea Kopano haufi le Jamestown. Re boetse re thabile hore ebe bara ba rōna ba bararo ba sebeletsa e le baholo, ’me setloholo sa rōna se seng se sebeletsa Bethele ea Afrika Boroa. ’Me ka sebele re kotutse thabo e khōlō le khotsofalo ka ho thusa ba bangata hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea Bibele.

Mosebetsi oa rōna o na le tšimo e fokolang, batho ba ka bang 5 000 feela. Leha ho le joalo, ho sebetsa tšimo e le ’ngoe joalo-joalo ho hlahisitse litholoana tse molemo. Ke batho ba fokolang ba sa re tšoareng hantle. St. Helena e tsebahala ka botsoalle ba eona, ’me u tla lumelisoa hohle moo u eang teng—ha u tsamaea tseleng kapa ha u khanna koloi. Ke ithutile hore ha u tseba batho haholoanyane, ho ba bonolo haholoanyane hore u ba pakele. Hona joale re na le bahoeletsi ba 150, le hoja ba bangata ba falletse mose.

Kaha bana bohle ba rōna ba hōlile ’me ba tsamaile, re boetse re setse re le babeli le mosali oa ka, ka mor’a lilemo tse 48 re nyalane. Lerato la hae le tšepahalang le tšehetso ea hae lilemong tsena tse fetileng li nthusitse hore ke tsoele pele ho sebeletsa Jehova ke thabile ho sa tsotellehe liteko. Matla a rōna ’meleng a ntse a fokotseha, empa matla a rōna moeeng a nchafatsoa letsatsi le letsatsi. (2 Bakorinthe 4:16) ’Na hammoho le lelapa la ka le metsoalle, re lebeletse ka thabo bokamoso bo hlollang boo ho bona ke tla nchafatsoa ’meleng hore ke be hantle le ho feta kamoo ke neng ke le ka teng ha ke le lilemo li 17. Takatso ea ka e fetang tsohle ke ea hore ke finyelle phetheho ka litsela tsohle, ’me ka holim’a tsohle, hore ke sebeletse Molimo oa rōna ea lerato le ea re tsotellang, Jehova, hammoho le Morena oa hae ea busang, Jesu Kreste ka ho sa feleng.—Nehemia 8:10.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

George Scipio le bara ba hae ba bararo ba sebeletsang e le baholo

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

George Scipio le mosali oa hae, Doris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela