Na U Amohetse ’Nete?
“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—BAROMA 12:2.
1, 2. Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho ba Mokreste oa ’nete kajeno?
HO BA Mokreste oa ’nete ha ho bonolo matsatsing ana a ho qetela—‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Ke ’nete hore motho o lokela ho hlōla lefatše e le hore a latele mohlala oa Kreste. (1 Johanne 5:4) Hopola seo Jesu a ileng a se bua ka tsela ea Bokreste ha a re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” O ile a boela a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.”—Matheu 7:13, 14; Luka 9:23.
2 Ha Mokreste a se a fumane tsela e patisaneng e isang bophelong, phephetso e latelang ke ho lula ho eona. Ke hobane’ng ha seo e le phephetso? Ke hobane boinehelo ba rōna le kolobetso li etsa hore Satane a re hlasele ka liketso tse bolotsana, kapa ka maqiti a poteletseng. (Baefese 6:11, NW; mongolo o botlaaseng ba leqephe) O hlokomela mefokolo ea rōna ’me o batla ho e sebelisa hampe ha a leka ho senya bomoea ba rōna. Ha e le hantle, o ile a leka ho sithabetsa Jesu, rōna a ka re tlohela joang?—Matheu 4:1-11.
Maqheka a Bolotsana a Satane
3. Satane o ile a jala lipelaelo joang kelellong ea Eva?
3 Leqheka le leng leo Satane a le sebelisang ke ho jala lipelaelo likelellong tsa rōna. O batla mefokolo lihlomong tsa rōna tsa moea. Ho tloha qalong feela, o ile a sebelisa leqheka lona leo ho Eva, ha a botsa a re: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” (Genese 3:1) Ka mantsoe a mang, Satane o ne a re, ‘Na kannete-nete ho ka etsahala hore Molimo a le etsetse thibelo e joalo? Na a ka le hanela ka ntho e molemo hakaale? Ka sebele Molimo oa tseba hore hona mohlang le jang litholoana tsa sefate seo mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe!’ Satane o ile a jala peō ea lipelaelo ’me a emela hore e mele.—Genese 3:5.
4. Ke lipelaelo life tse ka ’nang tsa ama ba bang kajeno?
4 Satane o sebelisa leqheka lee joang kajeno? Haeba re hlokomoloha ho bala Bibele, ho ithuta boinotšing, ho rapela le tšebeletso ea Bokreste le ho ea libokeng, re ka ’na ra ipepesetsa lipelaelo tse hlahisoang ke ba bang. Ka mohlala: “Re tseba joang hore ee ke ’nete eo Jesu a e rutileng?” “Na ka sebele aa ke matsatsi a ho qetela? Ha e le hantle re se re ntse re le lekholong la bo21 la lilemo.” “Na Armagedone e atametse, kapa na e sa le hōle?” Haeba lipelaelo tse joalo li hlaha, re ka etsa’ng ho li tlosa?
5, 6. Re lokela ho etsa’ng haeba re e-ba le lipelaelo?
5 Jakobo o ile a fana ka keletso e molemo ha a ne a ngola: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa. Empa a ’ne a kōpe ka tumelo, a sa belaele ho hang, kaha ea belaelang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le le fefoleloang koana le koana. Ha e le hantle, motho eo a se ke a nahana hore o tla amohela letho ho Jehova; ke motho ea hlōlehang ho etsa qeto, ea sa tsitsang litseleng tsohle tsa hae.”—Jakobo 1:5-8.
6 Joale, re lokela ho etsa’ng? Re lokela hore re ‘’ne re kōpe Molimo’ ka thapelo hore a re fe tumelo le kutloisiso le hore a re matlafatse ha re leka ho ithuta boinotšing le ha re e-na le lipotso leha e le life kapa lipelaelo. Re ka boela ra kōpa thuso ho ba matla tumelong, re se lekhonono hore Jehova o tla re fa tšehetso eo re e hlokang. Jakobo o ile a boela a re: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” E, lipelaelo tsa rōna li tla fela ha re ntse re atamela haufi le Molimo ka ho ithuta le ka ho rapela.—Jakobo 4:7, 8.
7, 8. Ke litekanyetso life tsa motheo tse ka sebelisoang ho etsa qeto ea hore na ke bolumeli bofe boo Jesu a neng a ruta ka bona, hona ke bo-mang ba finyellang litekanyetso tsee?
7 Ka mohlala, nahana ka potso ena: Re tseba joang hore re bolumeling boo Jesu a neng a ruta ka bona? Ho fumana karabo ea eona, re lokela ho nahana ka litekanyetso life? Bibele e bontša hore Bakreste ba sebele ba lokela ho ba le lerato la ’nete har’a bona. (Johanne 13:34, 35) Ba tlameha ho halaletsa lebitso la Molimo, Jehova. (Esaia 12:4, 5; Matheu 6:9) Ba lokela ho tsebahatsa lebitso leo.—Exoda 3:15; Johanne 17:26.
8 Tšobotsi e ’ngoe e khethollang bolumeli ba ’nete ke ho hlompha Lentsoe la Molimo, Bibele. Ke buka e ikhethang e senolang botho ba Molimo le merero ea hae. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17) Ho ekelletsa moo, Bakreste ba ’nete ba bolela ka ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Mareka 13:10; Tšenolo 21:1-4) Ba lula ba arohile lipolotiking tsa lefatše lena tse tletseng bobolu le tseleng ea lona ea bophelo e silafatsang. (Johanne 15:19; Jakobo 1:27; 4:4) Kajeno, ke bo-mang bao ka sebele ba finyeletseng litekanyetso tsee? Linnete li bontša karabo e le ’ngoe feela ea hore ke Lipaki tsa Jehova.
Ho Thoe’ng Haeba Lipelaelo li Qophella?
9, 10. Re ka etsa’ng ho hlōla lipelaelo tse qophellang?
9 Ho thoe’ng haeba re iphumana re hateletsoe ke lipelaelo? Joale re lokela ho etsa’ng? Morena Solomone ea bohlale o fana ka karabo ha a re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5.
10 Na oo hase mohopolo o hlollang? Haeba re ikemiselitse hore ka tieo re lebise tlhokomelo bohlaleng ba Molimo, re tla “fumana tsebo ea Molimo.” E, re ka fumana tsebo ea ’Musi Morena oa bokahohleng haeba re ikemiselitse ho amohela le ho ipolokela lipolelo tsa hae. Seo se bolela ho retelehela ho Jehova ka thapelo le ka ho ithuta boinotšing. Matlotlo a patiloeng a Lentsoe la hae a ka leleka lipelaelo tsohle ’me a re thusa ho bona leseli la ’nete.
11. Lipelaelo li ile tsa ama mohlanka oa Elisha joang?
11 Mohlala o hlakileng oa kamoo thapelo e ileng ea thusa mohlanka oa Molimo ea neng a e-na le tšabo le lipelaelo, o fumanoa ho 2 Marena 6:11-18. Mohlanka oa Elisha o ne a haelloa ke kutloisiso ea moea. O ne a sa utloisise hore ho na le mabotho a leholimo a tšehelitseng moprofeta oa Molimo, ea neng a hlasetsoe ke lebotho la ntoa la Syria. Ka lebaka la tšabo mohlanka enoa o ile a hoeletsa a re: “Oho, mong’a ka! Re tla etsa joang?” Elisha o ile a arabela joang? “U se ke ua tšoha, etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” Empa mohlanka eo o ne a tla kholisoa joang? O ne a sa bone mabotho a leholimo.
12. (a) Lipelaelo tsa mohlanka li ile tsa felisoa joang? (b) Re ka felisa lipelaelo tsohle tseo re nang le tsona joang?
12 “Elisha a qala ho rapela ’me a re: ‘Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo a hae, e le hore a ka bona.’ Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.” Boemong boo Jehova o ile a etsa hore mohlanka enoa a bone mabotho a ntoa a leholimo a neng a sirelelitse Elisha. Leha ho le joalo, kajeno ha rea lokela ho lebella hore Molimo a re thuse ka tsela e tšoanang le eo. Hopola hore mohlanka eo oa moprofeta o ne a se na Bibele e feletseng eo a neng a ka ithuta eona e le hore a matlafatse tumelo ea hae. Rōna re na le Bibele. Haeba re e sebelisa hamolemo, tumelo ea rōna e ka matlafatsoa ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, re ka ’na ra nahanisisa ka litlaleho tse ’maloa tse hlalosang Jehova a le sebakeng sa hae sa bolulo leholimong. Lintho tsena li felisa pelaelo ea hore Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o tšehetsang bahlanka ba hae mosebetsing oa thuto oa lefatše lohle kajeno.—Esaia 6:1-4; Ezekiele 1:4-28; Daniele 7:9, 10; Tšenolo 4:1-11; 14:6, 7.
Hlokomela Maqiti a Satane!
13. Satane o leka ka litsela life ho etsa hore re se ke ra khomarela ’nete ka tieo?
13 Litsela tse ling tsa Satane tse re fokolisang moeeng le tse etsang hore re se ke ra khomarela ’nete ka tieo ke life? E ’ngoe ea tsona ke boitšoaro bo bobe, ka mefuta eohle ea bona e sa tšoaneng. Lefatšeng la kajeno le hlanyetsang ho kopanela likobo, seo ho thoeng ke ho ikutsoa le motho e mong (poleloana e bebofatsang ho se tšepahale lenyalong) kapa ho potela ka bosiu bo le bong (bohlola ba batho ba sa tsotellaneng) se tloaelehile molokong ona o ikemiselitseng ho ithabisa ho sa tsotellehe liphello. Libaesekopo, TV le livideo li khothalletsa bophelo ba mofuta ona. Litšoantšo tsa bootsoa li tletse hohle mecheng ea litaba, haholo-holo ho Internet. Moleko o laletse ba bohelehele.—1 Bathesalonika 4:3-5; Jakobo 1:13-15.
14. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang e bile liphofu tsa maqiti a Satane?
14 Bakreste ba bang ba inehetse boheleheleng ’me ba silafalitse likelello le lipelo tsa bona ka ho shebella litšoantšo tse bontšang liketso tsa bootsoa ka tsela e sa totobalang haholo kapa esita le ho shebella tse bontšang bootsoa ka tsela e totobetseng haholo. Ba itihetse lerabeng la Satane le hohelang. Hangata ho etsa joalo ho feletse ka ho senyeheloa ke bomoea. Batho ba joalo ba hlōtsoe ho lula e le “bana mabapi le bobe.” Ha baa fetoha ba “hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” (1 Bakorinthe 14:20) Selemo ka seng, ba likete ba latsoa liphello tsa ho se khomarele melao-motheo le litekanyetso tsa Lentsoe la Molimo. Ba khaolitse ho apara “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.”—Baefese 6:10-13; Bakolose 3:5-10; 1 Timothea 1:18, 19.
A re Ananeleng Seo re Nang le Sona
15. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho ananela lefa la bona la moea?
15 Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Lipaki tse ngata li ile tsa tlameha ho tlohela tsela eo li neng li phela ka eona le bolumeli boo li neng li le ho bona. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha e-ba bonolo haholoanyane hore li ananele bolokolohi boo ’nete e bo tlisang. Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba leng ’neteng ba ka ’na ba thatafalloa ho ananela lefa la bona la moea. Ha e e-s’o be karolo ea bolumeli ba bohata kapa karolo ea lefatše lena le hatisang haholo taba ea ho batla menyaka, ho lemalla lithethefatsi, le boitšoaro bo bobe. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba sitoa ho bona phapang e khōlō pakeng tsa paradeise ea rōna ea moea le lefatše la Satane le senyehileng. Ba bang ba ka ba ba inehela molekong oa ho latsoa chefo ea lefatše ho bona hore na ba fetiloe ke eng!—1 Johanne 2:15-17; Tšenolo 18:1-5.
16. (a) Re ka ’na ra ipotsa lipotso life? (b) Re rutoa le ho khothalletsoa ho etsa eng?
16 Na ka sebele ho hlokahala hore re re ho tseba tsietsi ke ho feta ho eona? Na re ke ke ra ithuta ka liphihlelo tse bohloko tsa ba bang? Na ho hlokahala hore re qhafutse “seretseng” sa lefatše lee hore re bone hore na ho na le se re fetileng? (2 Petrose 2:20-22) Petrose o ile a hopotsa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo bao pele e neng e le karolo ea lefatše la Satane a re: “Nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ea lichaba ha le ne le tsoela pele liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlhōlisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.” Ka sebele ha ho hlokahale hore re ‘inehelle sekoting sa litšila se tlaase sa litakatso tsa nama’ ho bona hore na bophelo bo ka ba litšila hakae. (1 Petrose 4:3, 4) Ho fapana le hoo, re rutoa litekanyetso tsa Jehova tsa boitšoaro tse phahameng Liholong tsa rōna tsa ’Muso tseo e leng litsi tsa thuto ea Bibele. Re khothalletsoa ho sebelisa matla a rōna a ho nahana hore re ikholise hore re ’neteng, kahoo re amohele ’nete.—Joshua 1:8; Baroma 12:1, 2; 2 Timothea 3:14-17.
Lebitso la Rōna Hase Letšoao Feela
17. Re ka ba Lipaki tsa Jehova tse atlehang joang?
17 Haeba re amohela ’nete, re tla batla ho e abela ba bang ha ho hlaha monyetla o mong le o mong o loketseng. Sena ha se bolele hore re tla leka ho qobella ba sa bontšeng thahasello hore ba mamele. (Matheu 7:6) Ho e-na le hoo, re ke ke ra ba lihlong ho bolela hore re Lipaki tsa Jehova. Haeba ho e-na le tlhase e itseng ea hore motho oa thahasella ka ho botsa potso e bontšang hore o tiile kapa ka ho amohela sengoliloeng se itseng sa Bibele, re tla itokisetsa le ho ikemisetsa ho mo abela tšepo ea rōna. Ka sebele, sena se ne se tla re khothalletsa hore kamehla re be le mofuta o itseng oa lingoliloeng ho sa tsotellehe hore na re hokae—lapeng, mosebetsing, sekolong, lebenkeleng kapa libakeng tsa boikhathollo.—1 Petrose 3:15.
18. Ho bolela ka ho hlaka hore re Bakreste ho ka ’na ha e-ba molemo haholo joang bophelong ba rōna?
18 Ha re bolela ka ho hlaka hore re Bakreste, re itšireletsa ka matla haholoanyane khahlanong le litlhaselo tsa Satane tse bolotsana. Haeba ho entsoe moketjana oa letsatsi la tsoalo kapa oa Keresemese kapa lothari ea ofisi, hangata basebetsi-’moho le rōna ba tla re, “U se ke ua khathatseha ka eena. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Ka lebaka lona leo, batho ba ka ’na ba se ke ba tloaela ho etsa mesoaso e litšila ha re le teng. Kahoo, ho tsebisa batho boemo ba rōna ba Bokreste ho molemo haholo bophelong ba rōna, joalokaha moapostola Petrose a bontšitse ha a re: “Ka sebele, ke ofe motho ea tla le ntša kotsi haeba le chesehela se molemo? Empa esita le haeba le ka utloa bohloko ka lebaka la ho loka, lea thaba.”—1 Petrose 3:13, 14.
19. Re tseba joang hore re hare-hare matsatsing a ho qetela?
19 Molemo o mong oa hore re amohele ’nete ke hore re tla kholiseha hore ka sebele ana ke matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Re tla tseba hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo fihla sehlohlolong nakong ea rōna.a Temoso ea Pauluse ea hore “matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” e netefatsoa haholo ke liketsahalo tse tšosang tsa lekholo la lilemo le fetileng. (2 Timothea 3:1-5; Mareka 13:3-37) Sehlooho se seng sa koranta ea morao tjena se mabapi le lekholo la bo20 la lilemo se ne se re “Le Tla Hopoloa ka ho ba Mehla ea Boqaba.” Sehlooho sena se itse: “1999 e ile ea e-ba selemo sa tšollo ea mali e fetisisang halofong ea bobeli ea lekholo la lilemo la tšollo ea mali e fetisisang.”
20. Hona joale ke nako ea ho etsa’ng?
20 Hona joale hase nako ea ho qeaqea. Tlhohonolofatso ea Jehova e bonahala ka ho hlaka mosebetsing o moholohali oa thuto ea Bibele o ’nileng oa etsoa lefatšeng lohle e le bopaki ho lichaba. (Matheu 24:14) Amohela ’nete ’me u e abele ba bang. Bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng bo itšetlehile ka seo u se etsang hona joale. Ho hulanya maoto ho ke ke ha tlisa tlhohonolofatso ea Jehova. (Luka 9:62) Ho e-na le hoo, ke nako ea hore u be ea ‘tiileng, ea sa sutheng, kamehla u e-na le ho hongata hoo u ka ho etsang mosebetsing oa Morena, u tseba hore mosebetsi oa hao hase oa lefeela mabapi le Morena.’—1 Bakorinthe 15:58.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa January 15, 2000, leqepheng la 12-14. Serapa sa 13-18 se hlahloba lintlha tse tšeletseng tsa bopaki bo matla bo bontšang hore re ’nile ra phela matsatsing a ho qetela ho tloha ka 1914.
Na U sa Hopola?
• Re ka leleka lipelaelo joang?
• Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mohlanka oa Elisha?
• Re lokela ho itebela re sa khaotse khahlanong le meleko efe ea boitšoaro?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho bolela ka ho hlaka hore re Lipaki tsa Jehova?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho ithuta Bibele kamehla le ho rapela ho ka re thusa ho leleka lipelaelo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lipelaelo tsa mohlanka oa Elisha li ile tsa felisoa ke pono
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Re rutoa litekanyetso tse phahameng tsa Jehova tsa boitšoaro Liholong tsa ’Muso tse kang ena ea Benin