Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 6/15 maq. 12-16
  • Na U Ananela Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ea Boneng Mabotho a Leholimo
  • Ho Ithutela ho Utloisisa
  • Ho Cheka Temohisiso
  • Seo Esaia a se Boneng
  • Ezekiele o Ile a Bona Eng?
  • Lebotho le Matla la Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 6/15 maq. 12-16

Na U Ananela Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova?

“Jehova o itse: ‘Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka.’”—ESAIA 66:1, NW.

1, 2. (a) U ka supa bopaking bofe bo bonahalang ba hore Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng? (b) Jehova o lula hokae?

NA UA lumela hore Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u lumela seo? U ka ’na ua araba: ‘Hobane re na le Holo ea ’Muso. Re na le phutheho e hlophisehileng, e nang le sehlopha sa baholo. Re na le molebeli oa potoloho ea khethiloeng ka tsela e loketseng ea re etelang kamehla. Re ba teng likopanong tse hlophisehileng tse nyenyane le tse khōlō. Re na le ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower naheng ea habo rōna. Ka sebele, lintho tsena tsohle le tse ling tse eketsehileng li paka hore Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang.’

2 Litšobotsi tse joalo ke bopaki ba hore ho na le mokhatlo o hlophisitsoeng. Empa haeba sohle seo re se bonang le ho se hlokomela se mona lefatšeng feela, ha re utloisise mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka ho feletseng. Jehova o ile a bolella Esaia hore lefatše ke feela setuloana sa maoto a Hae, empa maholimo ke terone ea Hae. (Esaia 66:1, NW) Jehova o ne a bua ka “maholimo” afe? Na o ne a bua ka sepakapaka sa rōna? Kapa ka boemo bo bong ba bophelo? Esaia o bua ka “sebaka sa bolulo [sa Jehova] se phahameng sa khalalelo le botle,” ’me mopesaleme o hlalosa maholimo ana e le ‘nģalo ea bolulo ba hae.’ Kahoo, ho Esaia 66:1 (NW) “maholimo” a bolela sebaka sa moea se sa bonahaleng seo ho sona Jehova a lutseng bophahamong bo fetisisang, kapa ka holimo-limo.—Esaia 63:15, NW; Pesaleme ea 33:13, 14.

3. Re ka hlōla lipelaelo joang?

3 Ka lebaka leo, haeba ka sebele re batla ho utloisisa le ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, re tlameha ho talima maholimong. ’Me ba bang ba na le bothata tabeng ena. Kaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo ha o bonahale, re tseba joang hore o hlile o teng? Ba bang ba ka ’na ba ba le pelaelo, ba ipotsa, ‘Re ka tiiseha joang?’ Ha e le hantle, tumelo e ka hlōla pelaelo joang? Litsela tse peli tse ka sehloohong ke thuto ea botho e tebileng ea Lentsoe la Molimo le ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho nka karolo ho tsona. Joale re ka felisa lipelaelo tsa rōna ka leseli la ’nete. Ho ’nile ha e-ba le bahlanka ba bang ba Molimo ba bileng le lipelaelo. A re nahaneng ka taba ea mohlanka oa Elisha ha Iseraele e ne e hlasetsoe ke morena oa Syria.—Bapisa le Johanne 20:24-29; Jakobo 1:5-8.

Ea Boneng Mabotho a Leholimo

4, 5. (a) Mohlanka oa Elisha o ne a e-na le bothata bofe? (b) Jehova o ile a arabela thapelo ea Elisha joang?

4 Morena oa Syria o ile a romela lebotho la sesole le leholohali Dothane bosiu ho ea hapa Elisha. Ha mohlanka oa Elisha a tsoha esale hoseng ’me a tsoela ka ntle, mohlomong ho ea fumana moea o pholileng marulelong a bataletseng a sebaka sa bona sa bolulo sa Bochabela bo Hare, o ile a tšoha hakaakang! Lebotho lohle la ntoa la Basyria la lipere le likoloi tsa ntoa le ne le pota-potile motse ona, le emetse ho hapa moprofeta oa Molimo. Mohlanka enoa o ile a ipiletsa ho Elisha: “Jo! mong a ka, re tla etsa joang?” Ho totobetse hore, ka khutso le ka kholiseho, Elisha o ile a arabela: “Se tšabe, hobane ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata.” E tlameha ebe mohlanka enoa o ile a ipotsa, ‘Ba kae? Ha ke ba bone!’ Ka linako tse ling le rōna re ka ba le bothata boo—ba hore re hlōlehe ho bona ka mahlo a kutloisiso, kapa ho lemoha mabotho a leholimo.—2 Marena 6:8-16; Baefese 1:18.

5 Elisha o ile a rapella hore mahlo a mohlanka oa hae a tutubolohe. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? “Hang-hang Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, hoo a ileng a talima; ’me, bona! Sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo ho potoloha Elisha.” (2 Marena 6:17, NW) E, o ile a bona mabotho a leholimo, mabotho a ntoa a mangeloi a letetseng ho sireletsa mohlanka oa Molimo. Joale o ne a ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Elisha a ne a kholisehile.

6. Ke joang re ka fumanang kutloisiso mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo?

6 Na ka linako tse ling re ba le bothata ba ho utloisisa bo tšoanang le boo mohlanka oa Elisha a bileng le bona? Na re na le tšekamelo ea ho bona feela lehlakore la nama la maemo a re sokelang kapa a sokelang mosebetsi oa Bokreste linaheng tse itseng? Haeba ho joalo, na re ka lebella pono e khethehileng hore e re hlahe leseling? Che, kahobane re na le seo mohlanka oa Elisha a neng a se na sona—buka e feletseng e nang le lipono tse ngata, e leng Bibele, e ka re fang kutloisiso mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo. Lentsoe leo le bululetsoeng le boetse le fana ka melao-motheo e tataisang bakeng sa ho otlolla monahano oa rōna le tseleng ea rōna ea bophelo. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa boiteko ba ho batla temoho le ho hlaolela kananelo bakeng sa tokisetso ea Jehova. ’Me seo re ka se etsa ka thuto ea botho, hammoho le thapelo le ho nahanisisa.—Baroma 12:12; Bafilippi 4:6; 2 Timothea 3:15-17.

Ho Ithutela ho Utloisisa

7. (a) Ke bothata bofe boo e ka ’nang eaba ba bang ba na le bona mabapi le thuto ea botho ea Bibele? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho ba le thuto ea botho?

7 Batho ba bangata ha ba lebelle thuto ea botho ka thabo, joaloka bao ho seng mohla ba kileng ba thabela ho ithuta sekolong kapa ba ba le monyetla oa ho ba le eona. Leha ho le joalo, haeba re batla ho utloisisa le ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka mahlo a rōna a kutloisiso, re tlameha ho hlaolela takatso ea ho ithuta. Na u ka ja lijo tse monate ntle le hore u li apehe? Joalokaha seapehi sefe kapa sefe se koetlisitsoeng se ka u bolella, mosebetsi oa ho apeha lijo tse monate o mongata. Empa, li ka ’na tsa jeoa ka nako e etsang halofo ea hora kapa e ka tlaase ho moo. Ka lehlakoreng le leng, melemo ea thuto ea botho e ka ba ea bophelo bohle. Thuto ea botho e ka fetoha ntho eo re ithutang ho e thabela butle-butle ha re bona tsoelo-pele eo re ka e etsang. Ke ka nepo moapostola Pauluse a ileng a re re lokela ho ikela hloko kamehla le thuto ea rōna ’me re tsoele pele ho ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa. Ho hlokahala boiteko bo tsoelang pele, empa ho ka ba le melemo e sa feleng.—1 Timothea 4:13-16.

8. Liproverbia e buella boikutlo bofe?

8 Monna ea bohlale oa mehleng ea boholo-holo o itse: “Mora oa ka [kapa, morali oa ka], etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, u e sekehela tsebe, ’me u lebisa pelo ea hao kutloisisong, ke re, ha u ka bitsa masene, ua hooeletsa kutloisiso, ua [’na oa] e batla joalo ka silefera, ua [’na ua] e rafa joalo ka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5.

9. (a) Theko ea khauta e bapisoa le “tsebo ea Molimo” joang? (b) Re hloka lisebelisoa life ho fumana tsebo e nepahetseng?

9 Na ua hlokomela hore ke mang ea lokelang ho etsa boiteko? Ho pheta-phetoa poleloana ‘ha u.’ ’Me, hlokomela polelo ena, ‘ha u ntse u e rafa joalo ka matlotlo a patiloeng mobung.’ Nahana ka basebetsi ba merafong bao ka makholo a lilemo ba ’nileng ba rafa silevera le khauta Afrika Boroa, Bolivia, Mexico le linaheng tse ling. Ba ile ba sebetsa ka thata, ba sebelisa lipeke le likharafu, bakeng sa ho cheka lejoe leo ho lona ba neng ba tla fumana litšepe tsa bohlokoa. Ba ne ba nka khauta e le bohlokoa hoo morafong o mong oa California, U.S.A., ba ileng ba cheka likotopo tse bolelele ba lik’hilomithara tse 591, tseo botebo ba tsona bo ka etsang lik’hilomithara tse 1,5—feela hore ba fumane khauta. Empa, na u ka ja khauta? Ua noa khauta? Na e tla u fepa lehoatateng haeba u bolaoa ke tlala le lenyora? Che, theko ea eona e mehopolong feela le boikhethelong ba motho, e fetoha letsatsi le letsatsi joalokaha ho bontšoa limmarakeng tsa lefatše. Leha ho le joalo, batho ba e shoetse. Joale ke boiteko bo bokae bo lokelang ho etsoa ho fumana khauta ea moea, eona “tsebo ea Molimo”? Inahanele, eona tsebo ea ’Musi Morena oa bokahohleng, ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng le ea merero ea hae! Tabeng ena, re ka sebelisa lipeke le likharafu tsa moea. Tseo ke lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse re thusang ho cheka ka Lentsoeng la Jehova le ho lemoha moelelo oa lona.—Jobo 28:12-19.

Ho Cheka Temohisiso

10. Daniele o ile a bona eng ponong?

10 A re chekeng ka tsela ea moea e le hore re qale ho fumana eona tsebo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Bakeng sa temohisiso e ka sehloohong, a re reteleheleng ponong ea Daniele ea Moholo oa Matsatsi a le teroneng ea hae. Daniele oa ngola: “Ka talima ho fihlela literone li ba li beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joalo ka lehloa, moriri oa hlooho ea hae o no o le mosoeu joalo ka boea ba nku bo hlatsoehileng; terone ea hae e ne e tsoa malakabe a mollo, le mabili a eona a na a le joalo ka mollo o tukang. Nōka ea mollo e ne e tsoa ho eena, e matha pel’a hae; o na a sebeletsoa ke likete tsa likete, limilione tsa limilione li ne li eme pel’a hae; baahloli ba lula, ’me libuka tsa phetloa.” (Daniele 7:9, 10) Bana ba likete ba neng ba sebeletsa Jehova e ne e le bo-mang? Litšupiso tse ka thōko ho leqephe ho New World Translation, tse sebelisitsoeng e le “lipeke” le “likharafu,” li re lebisa litšupisong tse kang Pesaleme ea 68:17 le Baheberu 1:14. E, ho ne ho sebeletsa mangeloi a leholimo!

11. Ke joang pono ea Daniele e ka re thusang ho utloisisa mantsoe a Elisha?

11 Tlaleho ea Daniele ha e bolele hore o ile a bona mangeloi ’ohle a tšepahalang ao Molimo a a laolang. E ka ’na eaba ho na le a eketsehileng a limilione. Empa ka sebele hona joale re ka ananela lebaka leo ka lona Elisha a neng a ka re: “Ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata.” Lebotho la ntoa la morena oa Syria, le hoja le ne le tšehelitsoe ke mangeloi a sa tšepahaleng, bademona, le ne le fetoa ke mabotho a ntoa a Jehova a leholimo!—Pesaleme ea 34:7; 91:11.

12. Ke joang u ka tsebang se eketsehileng ka mangeloi?

12 Mohlomong u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka mangeloi ana, ho kang karolo eo a e phethang ho sebeletseng Jehova. Lentsoeng la Segerike le sebelisetsoang lengeloi, re ka bona hore ke manģosa hobane le boetse le bolela “lenģosa.” Leha ho le joalo, a na le mesebetsi e meng e mengata. Empa ho fumana hore na ke efe, u lokela ho cheka. Haeba u na le Insight on the Scriptures, u ka ithuta sehlooho “Angels,” kapa u ka sheba lihloohong tsa Molula-Qhooa tse fetileng tse buang ka mangeloi. U tla hlolloa ke lintho tse ngata tseo u tla ithuta tsona ka bahlanka bana ba Molimo ba leholimo ’me u tla ananela tšehetso ea bona. (Tšenolo 14:6, 7) Leha ho le joalo, mokhatlong o hlophisitsoeng oa leholimo oa Molimo, libōpuoa tse ling tsa moea li sebeletsa merero e khethehileng.

Seo Esaia a se Boneng

13, 14. Esaia o ile a bona eng ponong, ’me see se ile sa mo ama joang?

13 Joale a re chekeng ponong ea Esaia. Ha u bala khaolo ea 6, temana ea 1 ho ea ho ea 7, u lokela ho khahloa. Esaia o re o ile a “bona Jehova a lutse teroneng,” ’me “lirafime li ne li eme holimo ho eena.” Li ne li phatlalatsa khanya ea Jehova, li tlotlisa khalalelo ea hae. Le hona ho bala tlaleho ena feela ho lokela ho u ama. Esaia o ile a itšoara joang? “Eaba ke re: Ho malimabe ’na, ke timetse [sheole], hobane ke motho ea melomo e litšila, ke ahile har’a sechaba se melomo e litšila, ’me ke bone Morena, Jehova oa makhotla ka mahlo!” Pono eo e ne e mo khahlile hakaakang! Na le uena e u khahlile?

14 Ka hona Esaia o ile a khona joang ho mamella pono ee e khanyang? O hlalosa hore serafime se ile sa mo pholosa ’me sa re: “Bokhopo ba hao bo tlositsoe, sebe sa hao se phekotsoe.” (Esaia 6:7) Esaia o ne a ka tšepa mohau oa Molimo ’me a lebisa tlhokomelo mantsoeng a Jehova. Joale, na u ne u ke ke ua rata ho tseba ho eketsehileng ka libōpuoa tsee tsa moea tsa boemo bo phahameng? Joale u tlameha ho etsa eng? Cheka boitsebiso bo eketsehileng. Thuso e ’ngoe e ka sebelisoang ke Watch Tower Publications Index, ka ho latela litšupiso tsa eona tse lebisang mehloling e mengata ea boitsebiso bo hlalosang.

Ezekiele o Ile a Bona Eng?

15. Ke’ng se bontšang hore pono ea Ezekiele ea tšepahala?

15 Ka mor’a moo a re lebiseng tlhokomelo mofuteng o mong oa libōpuoa tsa moea. Ezekiele o ile a ba le tokelo ea ho bona pono e susumetsang e sa ntse e le motlamuoa Babylona. Phetla Bibele ea hao ho Ezekiele khaolo ea 1, litemaneng tse tharo tsa pele. Tlaleho eo e qala ka ho re’ng? Na e re, ‘Ba re e ne e re, naheng e ’ngoe e hōle . . . ’? Che, ena hase tšōmo ea nakong ea tšōmong. Temana ea 1 e re: “Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka khoeli ea bone, ka tsatsi la bohlano la khoeli, ha ke ne ke le har’a ba isitsoeng kholehong nōkeng ea Kebare, maholimo a phetloa, ’me ka bona pono tse hlollang tsa Molimo.” U hlokomela eng temaneng ee? E fana ka letsatsi le tobileng le sebaka se tobileng. Makolopetso ana a supa selemong sa bohlano sa botlamuoa ba Morena Jojakine, ka selemo sa 613 B.C.E.

16. Ezekiele o ile a bona eng?

16 Letsoho la Jehova le ile la tla holim’a Ezekiele, ’me o ile a qala ho bona pono e susumetsang tšabo ea Jehova a le teroneng koloing ea leholimo e khōlōhali e neng e e-na le mabili a maholo a nang le mahlo ho potoloha lirimi tsa ’ona. Makolopetso a tsosang thahasello ea rōna mona ke hore ho ne ho e-na le libōpuoa tse ’nè, se le seng se eme lebiling le le leng. “Ha e le tšobotsi ea tsona, li ne li na le tšobotsi ea batho. Se seng le se seng se ne se na le lifahleho tse ’ne, hape se seng le se seng se ne se na le lipheo tse ’ne. . . . Ha e le tšobotsi ea lifahleho tsa tsona, bone ba tsona li ne li na le sefahleho sa monna, le sefahleho sa tau ka ’nģa ho le letona; hape, bone ba tsona li ne li na le sefahleho sa poho ka ’nģa ho le letšehali; hape-hape, tse ’ne li ne li na le sefahleho sa ntsu.”—Ezekiele 1:5, 6, 10.

17. Lifahleho tse ’nè tsa likerubime li emela’ng?

17 Libōpuoa tsee tse phelang tse ’nè e ne e le eng? Ezekiele ka boeena o re bolella hore e ne e le likerubime. (Ezekiele 10:1-3, 14) Ke hobane’ng ha li ne li e-na le lifahleho tse ’nè? Ho emela litšoaneleho tse ’nè tse ikhethang tsa ’Musi Morena Jehova. Sefahleho sa ntsu se ne se tšoantšetsa bohlale bo bonelang hōle. (Jobo 39:27-29) Sefahleho sa poho se ne se emela’ng? Ka matla a maholohali a molala oa eona le mahetla, poho e loanang e ’nile ea tsebahala ka ho phahamisetsa pere le mokalli oa eona moeeng. Ka sebele, poho e tšoantšetsa matla a Jehova a se nang moeli. Tau e tšoantšetsa toka e sebete. Qetellong, sefahleho sa monna ka nepo se emela lerato la Molimo, kaha motho ke eena feela sebōpuoa sa lefatše se ka bontšang tšoaneleho ena ka mokhoa o bohlale.—Matheu 22:37, 39; 1 Johanne 4:8.

18. Moapostola Johanne o eketsa kutloisiso ea rōna ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo joang?

18 Ho na le lipono tse ling tse ka re thusang ho qetela setšoantšo sena. Tsena li akarelletsa lipono tseo Johanne a ileng a li pheta bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Eena, joaloka Ezekiele, o bona Jehova a le teroneng e khanyang a tsamaea le likerubime. Likerubime tsee li etsa’ng? Li pheta phatlalatso ea lirafime e ho Esaia khaolo ea 6, e reng: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.” (Tšenolo 4:6-8) Johanne o boetse o bona konyana pel’a terone. E ka ’na eaba e emela mang? Eona Konyana ea Molimo, Jesu Kreste.—Tšenolo 5:13, 14.

19. U fumane kutloisiso efe ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova thutong ee?

19 Ka hona, re fumane kutloisiso efe liponong tsee? Hore sehlohlolong sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo ke Jehova Molimo teroneng ea hae a e-na le Konyana, Jesu Kreste, eo e leng Lentsoe, kapa Logos. Joale re bone lebotho la leholimo la mangeloi, ho akarelletsa le lirafime le likerubime. Ke karolo ea mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng o moholo o kopaneng o sebeletsang merero ea Jehova. ’Me o mong oa merero eo ke ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara nakong ena ea bofelo.—Mareka 13:10; Johanne 1:1-3; Tšenolo 14:6, 7.

20. Ke potso efe e tla arajoa sehloohong se latelang?

20 Qetellong, re na le Lipaki tsa Jehova lefatšeng tse kopanelang Liholong tsa ’Muso tsa tsona e le hore li ithute tsela ea ho etsa thato ea ’Musi Morena. Ka sebele, hona joale re ka utloisisa hore bao re nang le bona ba feta bao Satane le lira tsa ’nete ba nang le bona ka bongata. Potso ea sala, Mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o amana joang le ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso? Sehlooho se latelang se tla hlahloba taba eo le tse ling.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ E le hore re ananele mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, re lokela ho utloisisa eng?

◻ Mohlanka oa Elisha o bile le phihlelo efe, ’me moprofeta eo o ile a mo khothatsa joang?

◻ Re lokela ho talima thuto ea botho joang?

◻ Ke joang Daniele, Esaia le Ezekiele ba fanang ka makolopetso mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Melemo ea thuto ea botho e feta hōle ea lijo tse apehiloeng hamonate

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Pono ea mabotho a leholimo e bile karabo ea Jehova thapelong ea Elisha

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela