Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso—Ke Eng?
Selemong se fetileng linaheng tse 235 lefatšeng ho pota, batho ba 6 035 564, ba banyenyane le ba baholo, ba ile ba qeta lihora tse 1 171 270 425 ba buisana le ba bang ka tsona. Ntle ho ho li bolela ka molomo, ba ile ba fa batho lingoliloeng tse hatisitsoeng tse fetang limilione tse 700, e le ho li phatlalatsa le ho li hlalosa. Ba ile ba boela ba li phatlalatsa ka ho aba lik’hasete tse ngata tsa video le tse hatisitsoeng mantsoe feela. Ebe ke li’ng tsona ‘tseo’?
‘TSEO’ ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kannete, ha ho mohla historing ea motho “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li kileng tsa boleloa ka mokhoa oo li boleloang ka oona kajeno.—Matheu 24:14.
Batho kaofela ba etsang mosebetsi ona oa ho bolela le oa ho ruta lefatšeng lohle ke baithaopi. Ha ba talingoa ka tsela eo e seng ea bolumeli, ba ka bonahala eka ha ba tšoanelehe. Ebe joale ke eng e ba susumeletsang ho ba sebete le ho ba ba atlehang? Matla a litaba tse molemo tsa ’Muso ke tšusumetso e khōlō, hobane ke litaba tse mabapi le litlhohonolofatso tse tla tlela moloko oa batho. Tsena ke litlhohonolofatso tseo batho kaofela ba li labalabelang—thabo, tokoloho mathateng a moruo, ’muso o molemo, khotso le tšireletseho, le ntho e ’ngoe eo batho ba sa itšoenyeng ka ho e nahana—e leng bophelo bo sa feleng! Ka sebele tsena ke litaba tse monate ho batho ba batlang morero oa bophelo. E, kaofela litlhohonolofatso tsena e ka ba tsa hao haeba u arabela le ho itšoara ka mokhoa o amohelehang ha u bolelloa litaba tse molemo tsa ’Muso.
’Muso ke Eng?
Leha ho le joalo, ’Muso ona o boleloang e le litaba tse molemo ke eng? Ke ’Muso oo ba bangata ba rutiloeng ho o rapella ka mantsoe ana a tloaelehileng: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.
Ke ’Muso oo moprofeta oa Moheberu Daniele a ileng a bua ka oona lilemong tse 2 500 tse fetileng ha a ne a ngola: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.
Kahoo, litaba tse molemo li mabapi le ’Muso, kapa puso, e laoloang ke Molimo e tla tlosa bokhopo bohle ’me e buse lefatše lohle ka khotso. O tla phethahatsa morero oa mathomo oa ’Mōpi mabapi le moloko oa batho le lefatše.—Genese 1:28.
“’Muso oa Maholimo o Atametse”
Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, litaba tse molemo tsa ’Muso li ile tsa boleloa ka lekhetlo la pele ke monna ea inehetseng eo ponahalo le mekhoa ea hae e neng e etsa hore a eloe hloko. Monna eo e ne e le Johanne Mokolobetsi, mor’a moprista oa Mojuda Zakaria le mosali oa hae, Elizabetha. Johanne o ne a apara seaparo sa boea ba kamele, a itlama lethekeng ka senyepa sa letlalo, joaloka moprofeta Elia, ea neng a mo tšoantšetsa. Empa molaetsa oa hae e ne e le oona o neng o hapa tlhokomelo ea ba bangata. O ne a phatlalatsa: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.”—Matheu 3:1-6.
Bamameli ba Johanne e ne e le Bajuda ba neng a ipolela hore ke barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova. E le sechaba, ba ne ba filoe selekane sa Molao ka Moshe lilemong tse ka bang 1 500 pejana. Tempele e ntle haholo e ne e sa ntse e le teng Jerusalema, moo ba neng ba nyehela mahlabelo teng tumellanong le Molao. Bajuda ba ne ba kholisehile hore borapeli ba bona bo ne bo lokile mahlong a Molimo.
Leha ho le joalo, ka ho mamela Johanne, batho ba bang ba ile ba lemoha hore borapeli ba bona e ne e se boo ba neng ba nahana hore ke bona. Meetlo ea Bagerike le lifilosofi tsa bona li ne li khukhunetse lithuto tsa Bojuda tsa bolumeli. Molao oo Molimo a neng a fane ka oona ka Moshe o ne o se o ekelitsoe, le ho etsoa lefeela, ke litumelo le lineano tse entsoeng ke batho. (Matheu 15:6) Batho ba ne ba khelositsoe ke baeta-pele ba bona ba pelo li thata le ba se nang mohau, ba bangata ba ne ba se ba sa rapele Molimo ka mokhoa o amohelehang. (Johanne 1:27) Ba ne ba lokela ho bakela libe tsa bona khahlanong le Molimo le selekane sa Molao.
Nakong eo, Bajuda ba bangata ba ne ba lebeletse ho hlaha ha Mesia, kapa Kreste, ea tšepisitsoeng, ’me ba bang ba ne ba ipotsa ka Johanne: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?” Leha ho le joalo, Johanne o ile a latola hore hase eena ’me ho e-na le hoo o ile a ba supisa motho e mong, eo a ileng a re ka eena: ‘Eo ha ke tšoanelehe ho tlamolla maqhoele a meqathatso ea hae.’ (Luka 3:15, 16) Ha a tsebisa Jesu barutuoa ba hae, Johanne o ile a re: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!”—Johanne 1:29.
Ka sebele tseo e ne e le litaba tse molemo, hobane, ha e le hantle, Johanne o ne a bontša batho bohle tsela e isang bophelong le thabong—e leng Jesu, ea “tlosang sebe sa lefatše.” Joaloka litloholo tsa Adama le Eva, batho bohle ba tsoalloa ka tlas’a khahlapetso ea sebe le lefu. Baroma 5:19 ea hlalosa: “Feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” Jesu, joaloka konyana ea sehlabelo, o ne a lokela ho ‘tlosa sebe’ le ho fetola boemo bo aparetsoeng ke masoabi ba litaba tsa batho. Bibele e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.
E le motho ea phethahetseng—ha e le hantle, e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela—Jesu o ile a etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Tlaleho ea Bibele ho Mareka 1:14, 15 e re: “Joale ka mor’a hore Johanne a tšoaroe Jesu a kena Galilea, a ntse a bolela litaba tse molemo tsa Molimo a re: ‘Nako e behiloeng e phethehile, ’me ’muso oa Molimo o atametse. Bakang, ’me le be le tumelo litabeng tse molemo.’”
Ba ileng ba sebetsa tumellanong le molaetsa oa Jesu le ba ileng ba ba le tumelo litabeng tse molemo ba ile ba hlohonolofatsoa haholo. John 1:12 e re: “Ba bangata ba ileng ba amohela [Jesu], o ile a ba fa matla a ho ba bana ba Molimo, hobane ba ne ba bontša tumelo lebitsong la hae.” Kaha e ne e le bana, kapa bara, ba Molimo, ba ne ba le mocheng oa ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng.—1 Johanne 2:25.
Empa tokelo ea ho fumana litlhohonolofatso tsa ’Muso e ne e se ntho e amang batho ba lekholong la pele la lilemo feela. Joalokaha ho boletsoe pejana, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa le ho rutoa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona kajeno. Kahoo, litlhohonolofatso tsa ’Muso li sa ntse li fumaneha. Ke eng seo u lokelang ho se etsa hore u fumane litlhohonolofatso tse joalo? Sehlooho se latelang se tla hlalosa.