Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/1 maq. 5-7
  • Litlhohonolofatso Tsa ’Muso e ka ba Tsa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlhohonolofatso Tsa ’Muso e ka ba Tsa Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phetoho e Tlisitseng Litlhohonolofatso
  • U ne U Tla Etsa Eng?
  • Thuso ea Fumaneha
  • Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso—Ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Motho ea Rutehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/1 maq. 5-7

Litlhohonolofatso Tsa ’Muso e ka ba Tsa Hao

MOAPOSTOLA PAULUSE oa Mokreste o ne a tseba ho bua tse ling tsa lipuo tse ka sehloohong tsa mehleng ea hae ka tsela e phollatsi. O ne a e-na le thuto e lekanang hantle le ea univesithi kajeno. O ne a thabela menyetla le litokelo tsohle tsa moahi oa Roma. (Liketso 21:37-40; 22:3, 28) Mangolo ana a bopaki a ka be a ile a mo nolofalletsa ho ba morui le ho tuma. Empa, o ile a re: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste . . . ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” (Bafilipi 3:7, 8) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a fana ka tlaleho e joalo?

Kaha pele o ne a tsejoa e le Saule oa Tarsase mohlorisi oa litho tsa “Tsela Eo,” Pauluse o ile a fetoha molumeli ka mor’a hore a bontšoe pono ea Jesu ea tsositsoeng le ea halalelitsoeng. (Liketso 9:1-19) Pono ena ea tseleng e eang Damaseka e bile bopaki bo sa belaetseng ho Pauluse hore Jesu e ne e le eena Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste, ’musi oa nako e tlang oa ’Muso o tšepisitsoeng. E ile ea boela ea tlisa liphetoho tse khōlō bophelong ba Pauluse, joalokaha tlaleho ea hae e matla e ka holimo e bontša. Ka mantsoe a mang, ka tieo le ka pelo e tšepahalang, Pauluse o ile a baka.—Bagalata 1:13-16.

Hangata, ka Bibeleng, leetsi “baka” le fetoleloa ho tsoa lentsoeng la Segerike leo ha e le hantle le bolelang “ho tseba ka morao,” e leng se hanyetsanang le “ho tseba esale pele.” Kahoo, pako e bolela ho fetola kelello ea hao, boitšoaro, kapa morero, ho tlohela mekhoa ea hao ea pele kaha e sa khotsofatse. (Liketso 3:19; Tšenolo 2:5) Tabeng ea Pauluse, ha aa ka a tlohella ketsahalo eo ea bohlokoa e etsahetseng tseleng e eang Damaseka hore e be ntho feela ea maikutlo kapa esita le ntho eo ho thoeng ke phihlelo ea moea. Ho eena e ne e le ketsahalo e ileng ea mo phaphamisa hore a bone hore tsela ea hae ea pele ea bophelo, ea ho se natse Kreste, e ne e le lefeela. Le eena, o ile a hlokomela hore, e le hore a ka rua molemo tsebong e ncha eo a e fumaneng ka Kreste, o lokela ho etsa ho hong ho lokisa tsela ea hae ea bophelo.—Baroma 2:4; Baefese 4:24.

Phetoho e Tlisitseng Litlhohonolofatso

Nakong e fetileng, tsebo ea Molimo eo Pauluse a neng a e-na le eona o e fumane sehlopheng sa Bafarisi, seo e neng e le setho sa sona. Tumelo ea bona e ne e akarelletsa boholo ba filosofi le neano ea batho. Ka lebaka la khethollo ea bolumeli, cheseho ea Pauluse le boiteko ba hae li ne li lebisitsoe hosele. Le hoja a ne a nahana hore o sebeletsa Molimo, ha e le hantle o ne a mo loantša.—Bafilipi 3:5, 6.

Ka mor’a hore a be le tsebo e nepahetseng ka Kreste le karolo ea hae morerong oa Molimo, Pauluse o ne a bona hore o tobane le khetho: Na o ne a lokela ho lula e le Mofarisi le ho tsoela pele a thabela maemo le tlhompho, kapa na o ne a lokela ho fetola tsela ea hae ea bophelo le ho qala ho etsa eng kapa eng e neng e hlokahala hore a fumane kamohelo ea Molimo? Ho thabisang ke hore Pauluse o ile a etsa qeto e nepahetseng, hobane o ile a re: “Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo, ho Mojuda pele le ho Mogerike.” (Baroma 1:16) Pauluse o ile a fetoha ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo tse mabapi le Kreste le ’Muso.

Lilemo tsa ngata hamorao, Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena: “Ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 3:13, 14) Pauluse o ile a rua molemo litabeng tse molemo hobane ka boikhethelo o ile a tlohela ntho e neng e mo sutuletsa hōle le Molimo ’me ka pelo eohle a phehella lipakane tse lumellanang le morero oa Molimo.

U ne U Tla Etsa Eng?

Mohlomong u sa tsoa utloa litaba tse molemo tsa ’Muso. Na tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng e phethahetseng ea ipiletsa ho uena? E lokela ho etsa joalo, hobane kaofela ha rōna re na le takatso ea tlhaho ea ho phela le ho thabela bophelo bo nang le khotso le tšireletseho. Bibele e re Molimo o kentse “nako e sa lekanyetsoang” ka lipelong tsa rōna. (Moeklesia 3:11) Kahoo, ke ntho ea tlhaho hore re lebelle nako eo ka eona batho ba tla phela ka ho sa feleng ka khotso le thabo. ’Me ke sona seo litaba tse molemo tsa ’Muso li fanang ka sona.

Leha ho le joalo, e le hore u fetole tšepo eo ntho ea sebele, u lokela ho batlisisa le ho fumana hore na litaba tse molemo li fupere eng. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: ‘Ipakele e le uena thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:2) Kahoo, joaloka Pauluse, ka mor’a hore u fumane tsebo le kutloisiso, u lokela ho etsa khetho.

Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha etsahala hore ebe u na le maikutlo a itseng malebana le bokamoso ba hao. Hopola hore Saule o ne a se a ntse a e-na le maikutlo a hae ka thato ea Molimo pele e e-ba moapostola Pauluse. Empa ho e-na le ho lebella tšenolo ea mohlolo e tsoang ho Molimo, ke hobane’ng ha u sa hlahlobisise lintho ntle ho leeme? Ipotse: ‘Na ke hlile ke tseba thato ea Molimo malebana le moloko oa batho le lefatše? Ke na le bopaki bofe ba ho netefatsa tumelo ea ka? Na bopaki ba ka bo ka tiea ha bo hlahlojoa ka Lentsoe la Molimo, Bibele?’ U ke ke ua lahleheloa ke letho ka ho hlahloba tumelo ea hao ea bolumeli ka tsela ena. Ha e le hantle, u lokela ho batla ho etsa joalo hobane Bibele e re khothalletsa ho etsa joalo: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Ebile, na ho amoheloa ke Molimo hase eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa?—Johanne 17:3; 1 Timothea 2:3, 4.

Baeta-pele ba bolumeli ba ka ’na ba re tšepisa bokamoso bo sa feleng. Empa haeba tšepiso eo e sa thehoa lithutong tsa Bibele, e ke ke ea re thusa ho rua litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a eletsa ka matla Thutong e tummeng ea hae ea Thabeng: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Matheu 7:21.

Hlokomela kamoo Jesu a hatisang taba ea ho etsa thato ea Ntate oa hae e le motheo oa ho amohela litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo. Ka mantsoe a mang, ntho e nang le sebōpeho sa tšabo ea bomolimo hase hore ea amoheleha ho Molimo. Ha e le hantle, Jesu o ile a tsoela pele ho re: “Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.” (Matheu 7:22, 23) Ka ho hlakileng, ntho ea bohlokoa ke hore re lokela ho etsa bonnete ba hore re utloisisa ka ho nepahetseng hore na litaba tse molemo tsa ’Muso ke eng le ho itšoara tumellanong le tsona.—Matheu 7:24, 25.

Thuso ea Fumaneha

Ka lilemo tse fetang 100, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka lingoliloeng le ka molomo, li thusa batho lefatšeng ka bophara ho fumana tsebo e nepahetseng ka ’Muso, le litlhohonolofatso tseo o tla li tlisa, le seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba ka rua litlhohonolofatso tseo.

Re u khothalletsa ho nka khato ka molaetsa o ntseng o boleloa ke Lipaki tsa Jehova. Ka ho amohela le ho sebetsa tumellanong le litaba tse molemo, u ka amohela litlhohonolofatso tse khōlō eseng hona joale feela empa le nakong e tlang ha ’Muso oa Molimo o busa lefatšeng lohle.—1 Timothea 4:8.

Nka khato hona joale, kaha litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo li atametse!

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka lingoliloeng le ka molomo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela