Rorisang Jehova ka Lebaka la Liketso Tsa Hae Tse Khōlō!
“Moea oa ka o tlotlisa Jehova . . . hobane Ea matla o nketselitse liketso tse khōlō.”—Luka 1:46-49.
1. Re rorisa Jehova ka nepo ka lebaka la liketso life tse khōlō?
JEHOVA o lokela ho rorisoa ka lebaka la liketso tsa hae tse khōlō. Ha moprofeta Moshe a ne a pheta ka mokhoa o qaqileng ka ho lokolloa ha Baiseraele Egepeta, o ile a re: ‘Mahlo a lōna a bone liketso tsohle tse khōlō tsa Jehova.’ (Deuteronoma 11:1-7) Ka tsela e tšoanang, ha lengeloi Gabriele le ne le tsebisa moroetsana Maria hore o tla tsoala Jesu, o ile a re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova . . . hobane Ea matla o nketselitse liketso tse khōlō.” (Luka 1:46-49) Re le Lipaki tsa Jehova, re mo rorisa ka lebaka la liketso tse khōlō tse kang ho lokolloa ha Baiseraele botlamuoeng ba Baegepeta le ho emoloa ka mohlolo ha Mora oa hae ea ratoang.
2. (a) “Morero oa ka ho sa feleng” oa Molimo o bolela eng bakeng sa moloko oa batho o mamelang? (b) Johanne o ile a etsahalloa ke eng sehlekehlekeng sa Patmose?
2 Boholo ba liketso tsa Jehova tse khōlō bo amana le “morero oa ka ho sa feleng” oa hae oa ho hlohonolofatsa moloko oa batho o mamelang ka Mesia le puso ea hae ea ’Muso. (Baefese 3:8-13) Morero oo o ne o ntse o tsoela pele ha moapostola ea hōlileng Johanne a ne a lumelloa ponong ho hloelisa ka monyako o neng o butsoe leholimong. O ile a utloa lentsoe le kang terompeta le re: “Nyolohela mona, ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.” (Tšenolo 4:1) Ha Johanne a ntse a leleketsoe sehlekehlekeng sa Patmose ke ’muso oa Roma “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu,” o ile a amohela “tšenolo ka Jesu Kreste.” Seo moapostola a ileng a se bona le ho se utloa se ile sa senola ho hongata mabapi le morero oa ka ho sa feleng oa Molimo, kahoo se fana ka leseli la moea le khothatso e nakong ho Bakreste bohle ba ’nete.—Tšenolo 1:1, 9, 10.
3. Ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke baholo ba 24 ba bonoang ke Johanne ponong?
3 Ka monyako oo o neng o butsoe leholimong, Johanne o ile a bona baholo ba 24, ba lutse literoneng ’me ba roesitsoe meqhaka joaloka marena. Ba ne ba itihela fatše ka pel’a Molimo ’me ba re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšenolo 4:11) Baholo bao ba tšoantšetsa Bakreste bohle ba tsositsoeng ba batlotsuoa boemong bo phahameng boo Molimo a ba tšepisitseng bona. Ba susumelletseha ho rorisa Jehova ka lebaka la liketso tsa hae tse khōlō tse amanang le pōpo. Le rōna re hlolloa ke bopaki ba “matla le Bomolimo ba ka ho sa feleng” ba Jehova. (Baroma 1:20) Ha re ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova, re ba le lebaka le eketsehileng la ho mo rorisa ka lebaka la liketso tsa hae tse khōlō.
Phatlalatsa Liketso Tsa Jehova Tse Lokeloang ke Thoriso!
4, 5. Fana ka mehlala ea kamoo Davida a ileng a rorisa Jehova kateng.
4 Mopesaleme Davida o ile a rorisa Molimo ka lebaka la liketso tsa Hae tse khōlō. Ka mohlala, Davida o ile a bina: “Binelang Jehova, ea lulang Sione, lipina tsa thoriso; bolelang liketso tsa hae har’a lichaba. Mpontše mohau, Jehova; bona ho hlora ha ka ka lebaka la ba ntlhoileng, Uena ea mphahamisang lihekeng tsa lefu, e le hore nka bolela liketso tsohle tsa hao tse lokeloang ke thoriso lihekeng tsa morali oa Sione.” (Pesaleme ea 9:11, 13, 14) Ka mor’a hore Davida a fe mora oa hae Solomone polane ea mohaho ea tempele, o ile a boka Molimo le ho mo rorisa, a re: “Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao . . . ’Muso ke oa hao, Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim’a tsohle. . . . Joale, Molimo oa rōna, rea u leboha ’me re rorisa lebitso la hao le letle.”—1 Likronike 29:10-13.
5 Nako le nako Mangolo aa re mema, e, a re phehella hore re rorise Molimo, joaloka Davida. Buka ea Lipesaleme e na le lipolelo tse ngata tse rorisang Molimo, ’me hoo e ka bang halofo ea lipina tsena ke tsa Davida. O ne a sa phetse ho rorisa Jehova le ho mo leboha. (Pesaleme ea 69:30) Ho feta moo, ho tloha khale, lipina tse bululetsoeng ke Molimo tse qapiloeng ke Davida le ba bang li ’nile tsa sebelisetsoa ho rorisa Jehova.
6. Lipesaleme tse bululetsoeng li molemo joang ho rōna?
6 Lipesaleme li molemo hakaakang ho barapeli ba Jehova! Ha re batla ho rorisa Molimo ka lebaka la liketso tsohle tsa hae tse khōlō molemong oa rōna, likelello tsa rōna li ka leba mantsoeng a monate a fumanoang Lipesalemeng. Ka mohlala, ha re tsoha ka letsatsi le latelang, re ka ’na ra susumelletseha hore re bue lipolelo tse kang tsena: “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova le ho binela lebitso la hao lipina tsa thoriso, Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa; ho bolela mosa oa hao o lerato hoseng le botšepehi ba hao bosiu, . . . etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao; ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.” (Pesaleme ea 92:1-4) Ha re hlōla se re sitisang ho tsoela pele moeeng, re ka ’na ra thabela ho bontša thabo le teboho thapelong, feela joalokaha mopesaleme a entse ha a ne a bina, a re: “Tloong re hoeletseng ka thabo ho Jehova! A re hooeng ka tlhōlo ho Lefika la rōna la poloko. A re tleng ka pel’a hae ka liteboho; a re hoeletseng ka tlhōlo ho eena ka lipina tsa thoriso.”—Pesaleme ea 95:1, 2.
7. (a) Ke ntho efe ea bohlokoa ka lipina tse ngata tse binoang ke Bakreste? (b) Lebaka le leng la ho fihla pele ho nako libokeng le ho lula ho fihlela qetellong ke lefe?
7 Re atisa ho phahamisetsa Jehova mantsoe a rōna a thoriso ka lipina libokeng tsa phutheho, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Ke ntho ea bohlokoa hore ebe lipina tse ngata ho tsena li thehiloe likhopolong tse bululetsoeng tse tsoang bukeng ea Lipesaleme. Re thaba hakaakang hore ebe re na le pokello ea lipina tse nakong tse thabisang tse rorisang Jehova! Ho binela Molimo lithoriso ke lebaka le leng le letle haholo la ho fihla libokeng tsa rōna pele ho nako le ho ba teng ho fihlela qetellong, kahoo re kopanele le barapeli-’moho le rōna ho roriseng Jehova ka pina le ka thapelo.
“Rorisang Jah!”
8. Ke eng e kenyelelitsoeng lentsoeng “Halleluja,” ’me le atisa ho fetoleloa joang?
8 Ho rorisa Jehova ho kenyelelitsoe lentsoeng “Halleluja,” leo e leng poleloana ea Seheberu eo hoo e batlang e le kamehla e fetoleloang e le “Rorisang Jah.” Ka mohlala, ho Pesaleme ea 135:1-3, re fumana memo ena e mofuthu e boleloang ka matla: “Rorisang Jah! Rorisang lebitso la Jehova, fanang ka thoriso, lōna bahlanka ba Jehova, lōna ba emang ka tlung ea Jehova, mabaleng a ntlo ea Molimo oa rōna. Rorisang Jah, etsoe Jehova o molemo. Binelang lebitso la hae lipina tsa thoriso, etsoe lea khahlisa.”
9. Ke eng se re susumelletsang ho rorisa Jehova?
9 Ha re ntse re nahana ka mesebetsi ea Molimo e hlollang ea pōpo le liketso tsohle tsa hae molemong oa rōna, kananelo e tsoang botebong ba pelo e re susumelletsa ho mo rorisa. Ha re nahana ka mehlolo eo Jehova a e etselitseng batho ba hae linakong tse fetileng, lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho mo rorisa. Hape, ha re nahana ka litšepiso tsa lintho tse khōlō tseo Jehova a sa ntsaneng a tla li etsa, re batla litsela tsa ho bolela thoriso le ho bontša teboho.
10, 11. Boteng ba rōna ka bobona bo re fa lebaka la ho rorisa Molimo joang?
10 Boteng ba rōna ka bobona bo re neha lebaka le utloahalang la ho rorisa Jah. Davida o ile a bina, a re: “Ke tla u roka [Jehova] hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.” (Pesaleme ea 139:14) E, re “entsoe ka mokhoa o hlollang” ’me re na le limpho tsa bohlokoa tse kang ho bona, ho utloa le matla a ho nahana. Ka lebaka leo, na re ke ke ra phela bophelo ba rōna ka tsela eo ka eona re tla rorisa Moetsi oa rōna? Pauluse o ile a bua ntho e tšoanang ha a ne a ngola, a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.
11 Re tla etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Jehova haeba re mo rata e le kannete. Jesu o ile a re taelo ea pele ke e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30; Deuteronoma 6:5) Ka sebele re lokela ho rata Jehova le ho mo rorisa e le Moetsi oa rōna le Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17; Esaia 51:13; Liketso 17:28) Hoa utloahala hore re etse joalo hobane matla a rōna a ho nahana, a moea, le a ’mele—makhabane le litšoaneleho tsohle tsa rōna—a tsoa ho Jehova. Kaha ke ’Mōpi oa rōna, o tšoaneloa ke lerato la rōna le thoriso ea rōna.
12. U ikutloa joang ka liketso tsa Jehova tse khōlō le mantsoe a Pesaleme ea 40:5?
12 Liketso tsa Jehova tse khōlō li re fa mabaka a mangata haholo a ho mo rata le ho mo rorisa! Davida o ile a bina, a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.” (Pesaleme ea 40:5) Davida o ne a ke ke a pheta mesebetsi ea Jehova e hlollang kaofela ha eona, ’me le rōna re ke ke ra e pheta kaofela. Empa kamehla a re roriseng Molimo ha re hlokomelisoa ka liketso life kapa life tsa hae tse khōlō.
Mesebetsi e Hokahaneng le Morero oa ka ho sa Feleng oa Molimo
13. Tšepo ea rōna e tlamahane joang le liketso tsa Molimo tse khōlō?
13 Tšepo ea rōna bakeng sa ka moso e tlamahane le liketso tse khōlō le tse lokeloang ke thoriso tse amanang le morero oa ka ho sa feleng oa Molimo. Ka mor’a bofetoheli ba Edene, Jehova o ile a fana ka boprofeta ba pele bo fanang ka tšepo. Ha Molimo a ahlola noha o ile a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 3:15) Lipelo tsa batho ba tšepahalang ha lia ka tsa felloa ke tšepo Peōng e tšepisitsoeng ea mosali ka mor’a hore Jehova a etse ketso e khōlō ka ho boloka Noe le lelapa la hae Moroallong oa lefatše lohle o ileng oa felisa lefatše le khopo. (2 Petrose 2:5) Litšepiso tsa boprofeta ho banna ba tumelo ba kang Abrahama le Davida li ile tsa fana ka temohisiso e eketsehileng ka seo Jehova a neng a tla se finyella ka Peō eo.—Genese 22:15-18; 2 Samuele 7:12.
14. Mohlala o moholo ka ho fetisisa oa liketso tsa Jehova tse khōlō molemong oa moloko oa batho ke ofe?
14 Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea hore Jehova ke eena ea etsang liketso tse khōlō molemong oa moloko oa batho e ile ea bonahala ha a ne a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong—Peō e tšepisitsoeng, Jesu Kreste—e le sehlabelo sa thekollo. (Johanne 3:16; Liketso 2:29-36) Thekollo e ile ea fana ka motheo oa ho boelana le Molimo. (Matheu 20:28; Baroma 5:11) Jehova o ile a bokella ba pele ba boelaneng le eena phuthehong ea Bokreste e ileng ea thehoa ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka thuso ea moea o halalelang, ba ile ba bolela litaba tse molemo hohle, ba bontša kamoo lefu la Jesu le tsoho ea hae li bulang tsela kateng bakeng sa hore moloko oa batho o mamelang o fumane litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo.
15. Jehova o sebelitse ka tsela e hlollang joang mehleng ea rōna?
15 Mehleng ea rōna, Jehova o sebelitse ka tsela e hlollang ho bokella karolo ea ho qetela ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Meea ea timetso e tšoeroe e le hore ho fanoe ka sebaka sa ho tiisoa ha masala a ba 144 000, ba tla busa le Kreste leholimong. (Tšenolo 7:1-4; 20:6) Molimo o tiisitse hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba lopolotsoe bokhobeng ba moea ho “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:1-5) Topollo eo ea 1919 le tšireletso ea bomolimo eo esaleng a e fumana ho tloha ka nako eo li lumeletse masala a batlotsuoa hore a etse’ng? Hore a khanye ha a fana ka bopaki ba ho qetela pele Jehova a felisa tsamaiso ea lintho e khopo ea Satane ‘matšoenyehong a maholo’ a atamelang ka potlako.—Matheu 24:21; Daniele 12:3; Tšenolo 7:14.
16. Ho etsahala’ng ka lebaka la mosebetsi oa mehleng ee oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso?
16 Lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova ka cheseho li eteletse pele mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso. Ka lebaka leo, hona joale palo e ntseng e eketseha ea “linku tse ling” e fetoha barapeli ba Jehova. (Johanne 10:16) Re thabela hore ebe monyetla o sa ntse o bulehile oa hore ba bonolo ba lefatše ba ikopanye le rōna ho roriseng Jehova. Ba arabelang memong e reng “tloo,” ba mocheng oa ho bolokoa matšoenyehong a maholo, ka tebello ea ho rorisa Jehova ka ho sa feleng.—Tšenolo 22:17.
Ba Likete ba Khobokana Borapeling ba ’Nete
17. (a) Jehova o etsa liketso tse khōlō joang mabapi le mosebetsi oa rōna oa ho bolela? (b) Zakaria 8:23 e phethahatsoa joang?
17 Hona joale Jehova o etsa liketso tse khōlō le tse lokeloang ke thoriso mabapi le mosebetsi oa rōna oa ho bolela. (Mareka 13:10) Lilemong tsa morao tjena, o ‘butse menyako e meholo e isang tšebetsong.’ (1 Bakorinthe 16:9) Sena se entse hore ho be bonolo hore litaba tse molemo li boleloe masimong a maholo moo pele lira tsa ’nete li neng li li thibetse. Hona joale ba bangata ba neng ba phela lefifing la moea ba nka khato ka memo ea hore ba rapele Jehova. Ba phethahatsa mantsoe ana a boprofeta: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”’” (Zakaria 8:23) Batho bao “banna ba leshome” ba buang le bona ke Bajuda ba moea, masala a mehleng ena a Bakreste ba tlotsitsoeng. Kaha leshome le ka emela phetheho linthong tsa lefatše, “banna ba leshome” ba emela “bongata bo boholo” bo kopantsoeng le “Iseraele ea Molimo,” eo ba bōpang ‘mohlape o le mong’ le eona. (Tšenolo 7:9, 10; Bagalata 6:16) Ke thabo e kaakang ho bona ba bangata hakaalo hona joale ba nehelana ka tšebeletso e halalelang hammoho e le barapeli ba Jehova Molimo!
18, 19. Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa ho bolela?
18 Re thabela hore ebe mashome a likete—ha e le hantle, makholo a likete—a amohela borapeli ba ’nete linaheng tse kileng tsa busoa ke bolumeli ba bohata hoo ho neng ho bonahala eka batho ba teng ba ke ke ba amohela litaba tse molemo. Hlahloba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea morao-rao, ’me u bone linaha tse tlalehang bahoeletsi ba ’Muso ba 100 000 ho isa ho ba ka bang 1 000 000 hona joale. Sena ke bopaki bo matla ba hore mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o hlohonolofatsoa ke Jehova.—Liproverbia 10:22.
19 Re le batho ba Jehova, re rorisa Ntat’a rōna oa leholimo le ho mo leboha ka ho re fa morero oa sebele bophelong, mosebetsi o putsang tšebeletsong ea hae le tebello e khanyang bakeng sa bokamoso. Re phela re lebeletse ka tabatabelo phethahatso ea litšepiso tsohle tsa Molimo ’me re ikemiselitse ho ‘ipoloka leratong la Molimo ka tebello ea bophelo bo sa feleng.’ (Juda 20, 21) Re thaba hakaakang ho bona hore palo ea bongata bo boholo bo rorisang Molimo hona joale e ka ba 6 000 000! Ka tlhohonolofatso e totobetseng ea Jehova, masala a tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea ’ona ea linku tse ling ba hlophisitsoe ka liphutheho tse ka bang 91 000 linaheng tse 235. Bohle re feptjoa hantle moeeng ka boiteko bo sa khaotseng ba “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Mokhatlo o hlophisitsoeng o tsoelang pele oa puso ea Molimo o okametsoeng ka lerato o tsamaisa mosebetsi oa ’Muso liofising tsa makala tse 110 tsa Lipaki tsa Jehova. Re leboha hore ebe Jehova o susumelelitse lipelo tsa batho ba hae ‘ho mo hlompha ka lintho tsa bona tsa bohlokoa.’ (Liproverbia 3:9, 10) Ka lebaka leo, mosebetsi oa rōna oa ho bolela lefatšeng ka bophara o tsoela pele, ka libaka tse hahetsoeng khatiso, mahae a Bethele le a baromuoa, Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano tse ntseng li hahuoa ha ho hlokahala.
20. Ho nahana ka liketso tsa Jehova tse khōlō le tse lokeloang ke thoriso ho lokela ho re ama joang?
20 Ho ke ke ha etsahala hore re bolele liketso tsohle tsa Ntat’a rōna oa leholimo tse khōlō le tse lokeloang ke thoriso. Empa na ho na le motho ea nang le pelo e lokileng ea ka tlohelang ho ikopanya le letšoele la barorisi ba Jehova? Ha a eo! Kahoo, barati bohle ba Molimo ba ke ba hooe ka thabo, ba re: “Rorisang Jah! Rorisang Jehova ho tsoa maholimong, mo roriseng libakeng tse phahameng. Mo roriseng, lōna mangeloi ’ohle a hae . . . , lōna bahlankana le lōna baroetsana, lōna banna-baholo hammoho le bashanyana. Ba ke ba rorise lebitso la Jehova, etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa. Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.” (Pesaleme ea 148:1, 2, 12, 13) E, hona joale le ka ho sa feleng, a re roriseng Jehova ka lebaka la liketso tsa hae tse khōlō!
U ka Araba Joang?
•Liketso tse ling tsa Jehova tse lokeloang ke thoriso ke life?
•Ke hobane’ng ha u ikutloa u susumetseha ho rorisa Jehova?
•Tšepo ea rōna e hokahane joang le liketso tsa Molimo tse khōlō?
•Jehova o etsa liketso tse lokeloang ke thoriso joang mabapi le mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na u kopanela ka pelo eohle lipineng tse rorisang Jehova?
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Re thabela hore ebe monyetla o sa ntse o bulehile oa hore ba bonolo ba ikopanye le rōna ho roriseng Jehova